Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 6/1 maq. 7-10
  • Matlafatsa ho Tšepa ha Hao Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Matlafatsa ho Tšepa ha Hao Jehova
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nako ea ho Itekola
  • Motheo oa ho Tšepa Jehova
  • Litsela Tsa ho Matlafatsa ho mo Tšepa ha Rōna
  • Ho Paka Hore re Tšepa Jehova
  • U ka Tšepa Bara le Barali Babo Rona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Ho Tšepa ba Bang ke Habohlokoa Hore Motho a Thabele Bophelo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Tšepa Jehova ka Linako Tsohle!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Etsa Jehova Tšepo Ea Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 6/1 maq. 7-10

Matlafatsa ho Tšepa ha Hao Jehova

Ho reriloe leano la polao. Balaoli bohle ba phahameng ba naha ba eletsane ’me ba fihletse qeto ea hore ho etsoe molao o mocha. Ba batla hore e be tlōlo ea molao eo kotlo ea eona e leng lefu haeba mang kapa mang a ka rapela ka tsela e sa amoheloeng ke ’Muso.

NA TABA ee e utloahala e le ncha litsebeng tsa hao? Histori e tletse mehlala ea batho ba ileng ba sebelisa bobe ka molao. Mohlala o ka holimo ke oa se ileng sa etsahala ’Musong oa Persia mehleng ea moprofeta Daniele. Molao o ileng oa kenngoa tšebetsong ke Morena Dariuse o ne o bolela ka mokhoa o qaqileng: “Mang kapa mang ea etsang kōpo e matla ho molimo leha e le ofe kapa motho ka matsatsi a mashome a mararo haese ho uena, morena, o lokela ho lahleloa ka sekoting sa litau.”—Daniele 6:7-9.

Daniele o ne a tla etsa joang ha a tšosoa ka lefu? Na o ne a tla ’ne a tšepe Molimo oa hae, Jehova, kapa na o ne a tla sekisetsa ’me a phethe taelo ea morena? Tlaleho ea re bolella: “Daniele, hang ha a tsebile hore se ngotsoeng se ne se saennoe, a kena ka tlung ea hae, ’me, lifensetere tsa kamore ea hae e marulelong li ne li bulehetse nģ’a Jerusalema bakeng sa hae, esita le ka makhetlo a mararo ka letsatsi o ne a khumama ka mangole ’me a rapela le ho fana ka thoriso ka pel’a Molimo oa hae, joalokaha a ne a ntse a etsa kamehla pele ho sena.” (Daniele 6:10) Tlaleho e latelang ea taba ena ea tsebahala. Daniele o ile a lahleloa ka lemeneng la litau ka lebaka la tumelo ea hae, empa Jehova o ile a “thiba melomo ea litau” ’me a pholosa mohlanka oa hae ea tšepahalang.—Baheberu 11:33; Daniele 6:16-22.

Nako ea ho Itekola

Kajeno, bahlanka ba Jehova ba phela lefatšeng le tletseng bora, ba talimane le lintho tse ngata tse sokelang boiketlo ba bona ’meleng le moeeng. Ka mohlala, ha ho qhoma lehloeo le sehlōhō la merabe linaheng tse itseng, ho ’nile ha bolaoa Lipaki tse ngata. Libakeng tse ling, bahlanka ba Jehova ba ’nile ba tobana le likhaello tsa lijo, mathata a lichelete, likoluoa tsa tlhaho, ho kula haholo le maemo a mang a behang bophelo kotsing. Ho phaella moo, ba ’nile ba tlameha ho mamella mahloriso, likhatello tsa mesebetsing le liteko tse sa tšoaneng tsa hore ba etse liphoso, tseo kaofela ha tsona li ka ’nang tsa sokela bomoea ba bona. Ka sebele, Satane, Sera se seholo, o ikemiselitse ho timetsa bahlanka ba Jehova ka mekhoa leha e le efe e ka atlehang.—1 Petrose 5:8.

Ha re talimane le maemo a joalo, re ka etsa joang? Le hoja ho tloaelehile hore motho a tšohe ha bophelo ba hae bo sokeloa, re ka hopola mantsoe a khothatsang a moapostola Pauluse, a reng: “[Jehova] o itse: ‘Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.’ E le hore re ka ba sebete ’me ra re: ‘Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba. Motho a ka nketsa’ng?’” (Baheberu 13:5, 6) Re ka kholiseha hore Jehova o ikutloa ka tsela e tšoanang ka bahlanka ba hae kajeno. Leha ho le joalo, ho tseba litšepiso tsa Jehova ke ntho e fapaneng le ho kholiseha hore o tla nka khato molemong oa rōna. Ka lebaka leo, ke habohlokoa hore re hlahlobe hore na motheo oa ho tšepa Jehova o hahiloe holima eng le hore re etse sohle seo re ka se khonang ho matlafatsa le ho boloka ho mo tšepa hoo. Ha re etsa joalo, “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa [rōna] le matla a [rōna] a kelello ka Kreste Jesu.” (Bafilipi 4:7) Joale, ha liteko li tla, re tla khona ho nahana ka mokhoa o hlakileng ’me re sebetsane le tsona ka bohlale.

Motheo oa ho Tšepa Jehova

Ka sebele re na le mabaka a mangata a ho tšepa Jehova, ’Mōpi oa rōna. Lebaka la pele ke ’nete ea hore Jehova ke Molimo ea lerato eo ka sebele a hlokomelang bahlanka ba hae. Ho na le liketsahalo tse ngata tse tlalehiloeng ka Bibeleng tse buang ka tlhokomelo e lerato eo Jehova a nang le eona ho bahlanka ba hae. Ha Moshe a hlalosa litšebelisano tsa Jehova le sechaba sa hae se khethiloeng sa Iseraele, o ile a ngola: “O mo fumane naheng ea lefeella, le lehoatateng le feela, le se nang letho. A qala ho mo pota-pota, ho mo hlokomela, ho mo sireletsa joaloka thaka ea leihlo la hae.” (Deuteronoma 32:10) Mehleng ea joale, Jehova o ntse a hlokomela batho ba hae hantle haholo, e le sehlopha le batho ka bomong. Ka mohlala, ha Lipaki tse ling li ne li le tlaleng e khōlō nakong ea ntoa ea lehae ea Bosnia, Jehova o ile a tiisa hore li fumana lijo tse hlokahalang ka boiteko bo etsoang ka sebete ba barab’abo bona ba tsoang Croatia le Austria, ba ileng ba beha bophelo ba bona kotsing ka ho tsamaea sebakeng se kotsi haholo e le hore ba isetse barab’abo bona liphallelo.a

Kaha Jehova Molimo o Matla ’Ohle, ha ho pelaelo hore o khona ho sireletsa bahlanka ba hae maemong afe kapa afe. (Esaia 33:22; Tšenolo 4:8) Empa leha Jehova a lumella bahlanka ba bang ba hae hore ba bontše botšepehi ho fihlela lefung, o ntse a ba tšehetsa le ho ba thusa ho lula ba tšepahetse, a ba nolofalletsa ho lula ba tiile, ba thabile, ba bile ba e-na le khutso ho fihlela qetellong. Ka lebaka leo, re ka kholiseha ka tsela e tšoanang le ea mopesaleme: “Molimo ke setšabelo le matla a rōna, thuso e fumanoang hang-hang nakong ea mahlomola. Ke ka lebaka leo re ke keng ra tšaba, le hoja lefatše le fetoha le hoja lithaba li sisinyeha ho kena ka har’a leoatle le leholo.”—Pesaleme ea 46:1, 2.

Bibele e boetse e senola hore Jehova ke Molimo oa ’nete. Sena se bolela hore o phethahatsa litšepiso tsa hae kamehla. Ha e le hantle, Bibele e hlalosa hore ke Molimo “ea ke keng a bua leshano.” (Tite 1:2) Kaha Jehova o ne a pheta-pheta boikemisetso ba hae ba ho sireletsa le ho boloka bahlanka ba hae, re ka kholiseha ka ho feletseng hore o khona ho phethahatsa litšepiso tsa hae ebile o loketse ho li phethahatsa.—Jobo 42:2.

Litsela Tsa ho Matlafatsa ho mo Tšepa ha Rōna

Le hoja re e-na le mabaka a feletseng a ho tšepa Jehova, ha rea lokela ho nka taba ena habobebe. Lebaka ke hore lefatše ka kakaretso ha le lumele ho Molimo, ’me ho bonolo hore boikutlo bo joalo bo fokolise ho tšepa ha rōna Jehova. Ka lebaka leo, re lokela ho ikitlaelletsa ho matlafatsa le ho boloka ho mo tšepa hoo. Jehova o bona sena hantle, ’me o fane ka mokhoa oo re ka etsang joalo ka oona.

Pele ho tsohle, o fane ka Bibele, e leng Lentsoe le ngotsoeng la hae, e tlalehang liketso tse ngata tse matla tseo a ileng a li etsa molemong oa bahlanka ba hae. Ak’u nahane, motho eo u mo tsebang ka lebitso feela, u ka mo tšepa hakae? Mohlomong haeba ho ka etsahala, u ka mo tšepa hanyenyane feela. U lokela ho tseba mekhoa ea hae le liketso e le hore u mo tšepe, na ha ho joalo? Ha re bala le ho nahanisisa ka litlaleho tse joalo tsa Bibele, tsebo ea rōna ea Jehova le litsela tse hlollang tsa hae ea teba, ’me re ananela haholo kamoo a tšepahalang kateng. Kahoo tšepo ea rōna ho eena ea matlafala. Mopesaleme o ile a beha mohlala o motle ka ho fetisisa ha a re ho Molimo thapelong e etsoang ka tieo: “Ke tla hopola liketso tsa Jah; etsoe ke tla hopola ketso ea hao e hlollang ea khale. Ka sebele ke tla thuisa ka mosebetsi oohle oa hao, ke tla nahanisisa ka mesebetsi ea hao.”—Pesaleme ea 77:11, 12.

Hammoho le Bibele, re na le mohloli o enneng oa lijo tsa moea ka hare ho lingoliloeng tsa Bibele tse etsoang ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Har’a lintho tse ling, lingoliloeng tsena li atisa ho ba le litlaleho tse susumetsang tsa bahlanka ba Molimo ba mehleng ena, tse bontšang kamoo Jehova a ileng a ba thusa le ho ba imolla ha ba ne ba oetse maemong a hlokisang tšepo. Ka mohlala, Martin Poetzinger, eo hamorao e ileng ea e-ba setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova, o ile a kula haholo ha e ntse e le pula-maliboho libakeng tsa Europe hōle le naha ea habo. O ne a se na chelete, ’me ho ne ho se ngaka e batlang ho mo phekola. Empa Jehova ha aa ka a mo lahla. Qetellong, ho ile ha uoa ho setsebi se seholo sa sepetlele sa moo. Kaha monna enoa ea mosa o ne a lumela Bibele ka tieo, o ile a hlokomela Mor’abo rōna Poetzinger joalokaha a ne a ka hlokomela mora oa hae, a etsa joalo mahala. Ha ho pelaelo hore ho bala lipale tse joalo ho ka matlafatsa ho tšepa ha rōna Ntat’a rōna oa leholimo.

Thuso e ’ngoe ea bohlokoahali eo Jehova a fanang ka eona ho matlafatsa ho mo tšepa ha rōna ke tokelo ea bohlokoa ea thapelo. Moapostola Pauluse o re bolella ka lerato: “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo.” (Bafilipi 4:6) ‘Ntho e ’ngoe le e ’ngoe’ e ka akarelletsa maikutlo a rōna, litlhoko tsa rōna, lintho tseo re li tšabang le matšoenyeho a rōna. Ha re rapela khafetsa le ka mokhoa o tlohang botebong ba pelo, re tla tšepa Jehova ka matla haholoanyane.

Ha Jesu Kreste a ne a le lefatšeng, ka linako tse ling o ne a e-ea libakeng tse thōko a le mong ho ea rapela a sa tšoenngoe. (Matheu 14:23; Mareka 1:35) Pele a etsa liqeto tse matla, o bile a qeta bosiu bohle a rapela Ntat’ae. (Luka 6:12, 13) Ha ho makatse hore ebe Jesu o ne a tšepa Jehova ka matla hoo a ileng a khona ho mamella teko e tšosang ka ho fetisisa e kileng ea tlela mang kapa mang. Mantsoe a hae a ho qetela thupeng ea tlhokofatso e bile a reng: “Ntate, ke beha moea oa ka matsohong a hao.” Polelo eo e bontšang kholiseho e bontša hore ho fihlela qetellong tšepo ea hae ho Ntat’ae ha ea ka ea fela, le hoja Jehova a sa ka a kenella ho mo pholosa.—Luka 23:46.

Mokhoa o mong hape oo ka oona re ka hōlisang ho tšepa ha rōna Jehova ke ka ho kopanela kamehla le ba mo tšepang ka pelo eohle. Jehova o laetse batho ba hae hore ba bokane kamehla hore ba ithute haholoanyane ka eena le ho khothatsana. (Deuteronoma 31:12; Baheberu 10:24, 25) Ho kopana joalo ho matlafalitse ho tšepa ha bona Jehova, ho ba nolofalletsa ho mamella liteko tsa bohlokoa tsa tumelo. Naheng e ’ngoe ea Afrika, moo mosebetsi oa boboleli o neng o thibetsoe, Lipaki tsa Jehova li ne li sa lumelloe tšireletso ea sepolesa, ho fumana litokomane tsa ho eta, mangolo a lenyalo, ho phekoloa lipetlele le ho hiroa. Ha ntoa ea lehae e qhoma sebakeng se seng, litho tse 39 tsa phutheho e haufi le moo, tse neng li akarelletsa bana, li ile tsa phela tlas’a borokho bo bokhutšoanyane lehoatateng ka likhoeli tse ka bang ’nè, e le hore li pholohe ho qhomisoa ha libomo motseng oa habo tsona. Bothateng boo bo fetisisang, li ne li matlafatsoa haholo ke puisano ea letsatsi le letsatsi ea temana ea Bibele le liboka tse ling. Kahoo, li ile tsa khona ho mamella ketsahalo eo e bohloko li ntse li tiile moeeng. Ketsahalo ena e bontša ka ho hlaka molemo oa ho kopana kamehla le batho ba Jehova.

Qetellong, e le hore re matlafatse ho tšepa ha rōna Jehova, re lokela ho lula re le mafolofolo mosebetsing oa boboleli ba ’Muso, kamehla re lule re loketse ho bolella ba bang litaba tse molemo. Sena se ile sa bontšoa ke phihlelo e susumetsang ea mohoeletsi e monyenyane ea chesehang oa Canada ea neng a kulela lefu ke kankere ea mali. Ho sa tsotellehe hore o ne a kula haholo, o ne a batla ho ba pula-maliboho oa kamehla, ke hore, mosebeletsi oa nako e tletseng. Nakong e khutšoanyane eo ho kula ho neng ho kokobetse ka eona, o ne a phela hantle hoo a ileng a qeta khoeli e le ’ngoe e le pula-maliboho ea thusang. Ka mor’a moo o ile a kula haholo, ’me a shoa likhoeli tse seng kae hamorao. Empa o ile a lula a le matla moeeng ho fihlela qetellong, ho se mohla ho tšepa ha hae Jehova ho thekeselang le ka motsotsoana. ’M’ae o sa hopola: “Ho fihlela qetellong, o ne a amehile haholo ka ba bang ho feta ka eena. O ne a ba khothalletsa ho ithuta Bibele, a re ho bona, ‘Re tla kopanang Paradeiseng.’”

Ho Paka Hore re Tšepa Jehova

“Joalokaha ’mele o se nang moea o shoele, kahoo le tumelo e se nang mesebetsi e shoele.” (Jakobo 2:26) Ho tšepa ha rōna Molimo ho tšoana le seo Jakobo a se boletseng ka tumelo ho Molimo. Ho sa tsotellehe hore na re re re tšepa Molimo haholo hakae, ha ho bolele letho ha re sa bontše ho mo tšepa hoo ka liketso. Abrahama o ne a tšepa Jehova ka ho feletseng ’me o ile a bontša ho mo tšepa hoo ka ho mamela litaelo tsa hae a sa belaele, hoo a neng a bile a utloisisa ho etsa sehlabelo ka mora oa hae, Isaka. Ka lebaka la ho tšepa Molimo le ho mo utloa ka tsela e totobetseng joalo, Abrahama o ile a tsejoa e le motsoalle oa Jehova.—Baheberu 11:8-10, 17-19; Jakobo 2:23.

Ha ho hlokahale hore re eme ho fihlela re oeloa ke teko e matla hore re bontše hore re tšepa Jehova. Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Motho ea tšepahalang ho se senyenyane o tšepahala le ho se seholo, ’me motho ea sa lokang ho se senyenyane ha aa loka le ho se seholo.” (Luka 16:10) Ho hlokahala hore re ithute ho tšepa Jehova liketsong tsohle tsa rōna tsa letsatsi le letsatsi, re mo mamele le linthong tse ka ’nang tsa bonahala e se tsa bohlokoa. Ha re bona melemo e tlisoang ke ho mamela hoo, ho tšepa ha rōna Ntat’a rōna oa leholimo hoa matlafala, ho re thusa ho talimana le liteko tse khōloanyane kapa tse tšosang haholoanyane.

Ha lefatše le atamela bofelo ba lona bo bakang tlokotsi, batho ba Jehova ba tlameha ho feta litekong le likotsing tse eketsehileng. (Liketso 14:22; 2 Timothea 3:12) Ha re matlafatsa ho tšepa ha rōna Jehova le ho ho etsa hore e be ho feletseng hona joale, re ka lebella ka thabo ho pholohela lefatšeng la hae le lecha le tšepisitsoeng—ebang ke ka ho pholoha matšoenyeho a maholo kapa ka ho tsoha bafung. (2 Petrose 3:13) E se eka le ka mohla re ke ke ra senya kamano ea rōna ea bohlokoa le Jehova ka ho haelloa ke ho mo tšepa ka tsela leha e le efe. Joale, se ileng sa boleloa ka Daniele ka mor’a hore a lopolloe lemeneng la litau se ka boleloa le ka rōna: “Ho hang ho ne ho se kotsi e fumanoeng ho eena, hobane o ne a tšepile Molimo oa hae.”—Daniele 6:23.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa makolopetso, bona Molula-Qhooa oa November 1, 1994, leqepheng la 23-7.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Ho bala litlaleho tsa bahlanka ba tšepahalang ba Jehova, ba kang Martin Poetzinger, ho matlafatsa tumelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela