Lifate Tse Phelang Nako e Telele
Ho ka ’na ha bonahala eka lefika hase sebaka se setle seo u ka hahang ntlo ho sona, haholo-holo ha le le holimo lithabeng. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe ho ka ’nang ha bonahala e le likhoreletso, lifate tse ling tsa lithabeng li tseparela ka thata mafikeng a joalo, li mamella serame se bohale sa mariha le likomello tsa lehlabula.
HANGATA lifate tsena tse mamellang mathata ha li hōlele holimo joaloka mefuta e meng ea habo tsona e melang mabalane. Li ka ’na tsa ba le likutu tse matsutla le tse sothehileng ’me ha li lelefale. Li khokhopantsoe ke boemo bo batang ba leholimo le letsoatlare leo li hōlelang ho lona.
Kaha li mamella tse ling tsa libaka tse mpe ka ho fetisisa lefatšeng, u ka ’na ua nka hore lifate tse joalo li ne li ka phela nako e khutšoanyane. Empa ha ho joalo. Ba bang ba na le maikutlo a hore sefate se bitsoang Methusela, sa phaene ea mofuta oa bristlecone se metseng bophahamong ba limithara tse 3 000 Lithabeng tse Tšoeu tsa California, se na le lilemo tse 4 700. The Guinness Book of Records 1997 e qotsa mofuta ona e le sefate se tsofetseng ka ho fetisisa polaneteng ena. Edmund Schulman, ea ileng a ithuta lifate tsena tsa boholo-holo, o ile a hlalosa, a re: “Phaene ea bristlecone . . . ho bonahala e phelisoa ke maemo a thata. Lifate tse ling kaofela tsa phaene tse Lithabeng tse Tšoeu li fumanoa haufi le moo bophahamo ba teng e leng limithara tse 3 000 lefeelleng le ommeng le le mafika.” Schulman o fumane hape hore mefuta ea khale haholoanyane ea liphaene tse ling le eona e hōlela maemong a mabe.
Le hoja li tlameha ho mamella maemo a thata, lifate tsena tse behang mohlala oa mamello li atlehisoa ke melemo e ’meli eo li nang le eona. Sebaka se boinotšing seo li melang ho sona, moo limela tsa teng li qalikaneng, se li sireletsa mellong ea meru, e leng tšokelo e ’ngoe e khōlō ka ho fetisisa lifateng tse khōlō. Ntho ea bobeli, metso ea tsona e etsa hore li tseparele ka thata mafikeng hoo e leng tšisinyeho ea lefatše feela e ka li sisinyang.
Bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba tšoantšoa le lifate ka Bibeleng. (Pesaleme ea 1:1-3; Jeremia 17:7, 8) Le bona ba ka tobana le mahlomola ka lebaka la maemo ao ba bang ho ’ona. Mahloriso, ho kula, kapa bofutsana bo feteletseng li ka leka tumelo ea bona ka matla, haholo-holo ha liteko li tsoela pele li sa khaotse. Leha ho le joalo, ’Mōpi oa bona, ea entseng lifate tse mamellang maemo a thata hantle haholo, o tiisetsa barapeli ba hae hore o tla ba tšehetsa. Bibele e tšepisa ba lulang ba tiile: “O tla le tiisa, o tla le matlafatsa.”—1 Petrose 5:9, 10.
Moelelo oa leetsi la Segerike le atisang ho fetoleloa ka Bibeleng e le “mamello,” ke ‘ho ema u tiile, ho se sisinyehe kapa ho phehella.’ Joaloka lifate tsa lithabeng, metso e metseng hantle ke sona senotlolo sa mamello. Tabeng ea Bakreste, ho hlokahala hore ba mele ka tieo ho Jesu Kreste e le hore ba eme ba tiile. Pauluse o ile a ngola, a re: “Joalokaha le amohetse Kreste Jesu Morena, le tsoele pele le tsamaea bonngoeng le eena, le metse ka metso ’me le ntse le hahuoa ho eena ’me le ntse le tsitsisoa tumelong, feela joalokaha le ile la rutoa, le khaphatseha tumelo litebohong.”—Bakolose 2:6, 7.
Pauluse o ne a utloisisa hore metso e matla ea moea ea hlokahala. Eena ka boeena o ne a loana le “moutloa nameng,” ’me o ne a mameletse mahloriso a sehlōhō tšebeletsong eohle ea hae. (2 Bakorinthe 11:23-27; 12:7) Empa o ile a sibolla hore a ka tsoela pele ka matla a Molimo. O ile a re: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.”—Bafilipi 4:13.
Joalokaha mohlala oa Pauluse o bontša, mamello e atlehileng ea Bokreste ha ea itšetleha ka maemo a matle. Joaloka lifate tsa lithabeng tse atlehang ho mamella lifefo ka makholo a lilemo, re ka lula re tiile tumelong haeba re metse ka metso ho Kreste ’me re itšetlehile ka matla ao Molimo a fanang ka ’ona. Ho feta moo, haeba re mamella ho isa qetellong, re lebeletse ho bona phethahatso ea tšepiso ena ea Molimo: “Matsatsi a sechaba sa ka a tla lekana le matsatsi a lifate.”—Esaia 65:22; Matheu 24:13.