Na U na le Moea o sa Shoeng?
MOAPOSTOLA PAULUSE o ile a ngola: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka.” (2 Timothea 3:16) E, Bibele ke buka ea ’nete e tsoang ho Molimo oa ’nete, Jehova.—Pesaleme ea 83:18.
Kaha Jehova ke ’Mōpi oa lintho tsohle, ho kopanyelletsa le batho, o tseba hantle se etsahalang ka rōna ha re e-shoa. (Baheberu 3:4; Tšenolo 4:11) Lentsoeng la hae le bululetsoeng, e leng Bibele, o fane ka likarabo tsa ’nete le tse khotsofatsang mabapi le bophelo ka mor’a lefu.
Moea ke Eng?
Ka Bibeleng, mantsoe a fetoletsoeng e le “moea” (spirit) ha e le hantle a bolela “phefumoloho.” Empa sena ha se bolele feela ho hema. Ka mohlala, mongoli oa Bibele Jakobo o re: “’Mele o se nang moea o shoele.” (Jakobo 2:26) Kahoo, moea ke ntho e phelisang ’mele.
Matla ana a phelisang e ke ke ea e-ba phefumoloho feela, kapa moea o fokang, o tsamaeang matšoafong. Hobane’ng? Hobane ho latela The World Book Encyclopedia, ha motho a khaotsa ho phefumoloha, bophelo bo sala bo le teng liseleng tsa ’mele ka nako e khutšoanyane—“ka metsotso e ’maloa.” Ka lebaka lena, boiteko ba ho etsa hore motho a boele a heme bo ka atleha. Empa hang ha tlhase ea bophelo e tima liseleng tsa ’mele, boiteko leha e le bofe ba ho khutlisa bophelo ke ba lefeela. Phefumoloho, kapa moea o fokang, leha e ka ba e ngata ka mekhoa eohle, e ke ke ea tsosolosa sele leha e le ’ngoe. Kahoo, moea ke matla a bophelo a sa bonahaleng—tlhase ea bophelo e bolokang lisele le motho a ntse a phela. Matla ana a bophelo a bolokoa ka ho hema.—Jobo 34:14, 15.
Na ke batho feela ba nang le moea? Bibele e re thusa hore re etse qeto e nepahetseng tabeng ena. Morena Solomone ea bohlale o ile a lumela hore batho le liphoofolo “kaofela ba na le moea o le mong,” ’me o ile a botsa: “Ke mang ea tsebang moea oa bara ba moloko oa batho, hore na o nyolohela holimo; le moea oa phoofolo, hore na o theohela tlaase lefatšeng?” (Moeklesia 3:19-21) Kahoo ho boleloa hore liphoofolo esita le batho ba na le moea. Joang?
Moea, kapa matla a bophelo, a ka tšoantšoa le matla a motlakase a phallang ka har’a mochine kapa ka har’a sesebelisoa. Motlakase o sa bonahaleng o ka sebelisoa ho phetha mesebetsi e sa tšoaneng, ho itšetlehile ka mofuta oa thepa eo o e fang matla. Ka mohlala, setofo sa motlakase se ka etsoa hore se ntše mocheso, k’homphieutha ea etsoa hore e hlophise boitsebiso ’me thelevishene e ka etsoa hore e hlahise litšoantšo le molumo. Leha ho le joalo, ha ho mohla matla a motlakase a fetohang thepa eo a etsang hore e sebetse. A sala e ntse e le matla feela. Ka ho tšoanang, matla a bophelo ha a nke litšobotsi tsa libōpuoa tseo a li phelisang. Hase motho ebile ha a na matla a ho nahana. Batho le liphoofolo “ba na le moea o le mong.” (Moeklesia 3:19) Kahoo, ha motho a shoa, moea oa hae ha o tsoele pele o phela sebakeng se seng e le sebōpuoa sa moea.
Joale, boemo ba bafu ke bofe? Hona ho etsahala’ng ka moea ha motho a shoa?
“U Tla Khutlela Lerōleng”
Ha motho oa pele, Adama, a tlōla taelo ea Molimo ka boomo, O ile a re ho eena: “U tla ja bohobe ka mofufutso oa phatla ea hao ho fihlela u khutlela mobung, kaha u ntšitsoe ho oona. Etsoe u lerōle ’me u tla khutlela lerōleng.” (Genese 3:19) Adama o ne a le hokae pele Jehova a mo bōpa ka lerōle? O ne a se kae kapa kae! Ho hang o ne a le sieo. Kahoo ha Jehova Molimo a re Adama o tla “khutlela lerōleng,” o ne a bolela hore Adama o tla shoa ’me e boele e be lerōle. Adama o ne a ke ke a fallela sebakeng sa moea. Lefung Adama o ne a tla boela a be sieo. Kotlo ea hae e ne e le lefu—ho se phele—eseng ho fallela sebakeng se seng.—Baroma 6:23.
Ho thoe’ng ka ba bang ba shoeleng? Boemo ba bafu bo hlakisoa ho Moeklesia 9:5, 10, moo re balang: “Bafu bona ha ho letho leo ba le tsebang . . . Lebitleng, moo u eang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa morero, kapa tsebo, kapa bohlale.” (Bibele—Phetolelo e Ncha) Kahoo, lefu ke ho se phele. Mopesaleme o ile a ngola hore ha motho a shoa, “moea oa hae oa tsoa, eena o khutlela lerōleng la hae; ka letsatsi leo menahano ea hae ea timela.”—Pesaleme ea 146:4.
Ka ho hlakileng, bafu ha ba phele. Ba ke ke ba tseba letho. Ba ke ke ba u bona, ba u utloa kapa ba u buisa. Ba ke ke ba u thusa kapa ba u ntša kotsi. Ka sebele ha ho hlokahale hore u tšabe bafu. Empa moea ‘o tsoa’ joang ho motho ha a shoa?
Moea “o Khutlela ho Molimo oa ’Nete”
Bibele e re ha motho a shoa, “moea o khutlela ho Molimo oa ’nete ea ileng a fana ka oona.” (Moeklesia 12:7) Na see se bolela hore ka sebele moea o haola sepakapakeng ho ea moo Molimo a leng teng? Le letho! Tsela eo ka eona Bibele e sebelisang lentsoe “khutlela” ha e bolele motsamao oa sebele ho tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng. Ka mohlala, Baiseraele ba sa tšepahaleng ba ile ba bolelloa: “‘Khutlelang ho ’na, ’me ke tla khutlela ho lōna,’ ho boletse Jehova oa mabotho.” (Malakia 3:7) Ho ‘khutlela’ ha Baiseraele ho Jehova ho ne ho bolela ho furalla tsela e fosahetseng le ho boela ba lumellana le tsela e lokileng ea Molimo. ’Me ho ‘khutlela’ ha Jehova ho Baiseraele ho ne ho bolela ho boela a lebisa tlhokomelo ea hae sechabeng sa hae ka tsela e bontšang hore oa se amohela. Maemong ana ka bobeli ho ‘khutlela’ ho ne ho ama boikutlo, eseng ho tloha ha sebele sebakeng se seng ho ea ho se seng.
Ka ho tšoanang, ha moea o “khutlela” ho Molimo lefung, ha ho letho le tsamaeang ho tloha lefatšeng ho ea sebakeng sa leholimo. Hang ha matla a bophelo a fela mothong, ke Molimo feela ea nang le matla a ho a busetsa ho eena. Kahoo moea “o khutlela ho Molimo oa ’nete” ka kutloisiso ea hore tšepo leha e le efe ea bokamoso bakeng sa motho eo e se e itšetlehile ka ho feletseng ka Molimo.
Ka mohlala, nahana ka seo Mangolo a se bolelang ka lefu la Jesu Kreste. Luka, mongoli oa Kosepele, o re: “Eaba Jesu o hoeletsa ka lentsoe le phahameng o re: ‘Ntate, ke beha moea oa ka matsohong a hao.’ Ha a buile sena, a shoa.” (Luka 23:46) Ha moea oa Jesu o tsoa ka ho eena, o ne a se tseleng e eang leholimong ka kutloisiso ea sebele. Jesu ha aa ka a tsosoa bafung ho fihlela ka letsatsi la boraro, ’me ho ile ha feta matsatsi a 40 pele a nyolohela leholimong. (Liketso 1:3, 9) Leha ho le joalo, nakong ea lefu la hae, ka kholiseho Jesu o ile a beha moea oa hae matsohong a Ntate oa hae, a tšepile ka ho feletseng matla a Jehova a ho mo khutlisetsa bophelong.
E, Molimo a ka khutlisetsa motho bophelong. (Pesaleme ea 104:30) See se hlahisa tebello e hlollang hakaakang!
Tšepo e Tiileng
Bibele e re: “Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe [la Jesu] ’me ba tsoe.” (Johanne 5:28, 29) E, Jesu Kreste o ile a tšepisa hore bohle ba leng khopolong ea Jehova ba tla tsosoa, kapa ba khutlisetsoe bophelong. Ka sebele har’a bona ho tla ba le ba ileng ba latela tsela e lokileng e le bahlanka ba Jehova. Empa batho ba bang ba limilione ba shoele ba e-s’o ka ba bontša hore na ba ne ba tla lumellana le litekanyetso tse lokileng tsa Molimo kapa che. Ho ka etsahala hore ba ne ba sa tsebe seo Jehova a se hlokang kapa ha baa ka ba e-ba le nako e lekaneng ea ho etsa liphetoho tse hlokahalang. Batho ba tjena le bona ba khopolong ea Molimo ’me ba tla tsosoa, etsoe Bibele e re: “Ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.”—Liketso 24:15.
Kajeno, lefatše le tletse lehloeo le ntoa, pefo le tšollo ea mali, tšilafalo le maloetse. Haeba bafu ba ne ba ka khutlisetsoa bophelong lefatšeng le tjena, ka sebele thabo eo ba ka bang le eona e ne e tla ba ea nako e khutšoanyane. Empa ’Mōpi o tšepisitse hore haufinyane o tla felisa mokhatlo oa batho oa hona joale oa lefatše o laoloang ke Satane Diabolose. (Liproverbia 2:21, 22; Daniele 2:44; 1 Johanne 5:19) Mokhatlo o lokileng oa batho—“lefatše le lecha”—ka nako eo e tla ba ntho ea sebele e hlollang.—2 Petrose 3:13.
Ka nako eo “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24) Esita le bohloko bo bakoang ke lefu bo tla felisoa, etsoe Molimo “o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:4) Ee ke tebello e hlollang hakaakang ho ba leng “mabitleng a khopotso”!
Ha Jehova a felisa bokhopo lefatšeng, a ke ke a felisa ba lokileng hammoho le ba khopo. (Pesaleme ea 37:10, 11; 145:20) Ha e le hantle, “bongata bo boholo” ba batho ‘bo tsoang lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle’ bo tla pholoha ‘matšoenyeho a maholo,’ a tlang ho felisa lefatše la hona joale le khopo. (Tšenolo 7:9-14) Kahoo, ho tla be ho e-na le bongata bo boholo bo tla amohela bafu.
Na u labalabela ho bona baratuoa ba hao hape? Na u batla ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng? Haeba ho joalo, u lokela ho rua tsebo e nepahetseng ka thato ea Molimo le merero ea hae. (Johanne 17:3) Thato ea Jehova ke hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.”—1 Timothea 2:3, 4.
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
“U lerōle ’me u tla khutlela lerōleng”
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Moea o ka tšoantšoa le motlakase
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Tsoho e tla tlisa thabo e sa feleng