Pale ea Bophelo
Leseli la Moea Lea Khanya Bochabela bo Hare
JOALOKAHA HO BOLETSE NAJIB SALEM
Lekholong la pele la lilemo C.E., leseli la Lentsoe la Molimo le ile la khanya ho tloha Bochabela bo Hare la ea fihla likhutlong tsa lefatše. Lekholong la bo20 la lilemo, leseli leo le ile la khutla ho tla khantša karolo eo ea lefatše hape. E-re ke phete hore na sena se etsahetse joang.
KE TSOALETSOE motseng oa Amioun, ka leboea la Lebanone, ka 1913. Selemo seo e bile sa ho qetela seo ka sona lefatše le bileng le botsitso le khutso ka tsela e itseng hobane Ntoa ea I ea Lefatše e ile ea qhoma selemong se latelang. Ha ntoa eo e lala ka 1918, Lebanone, e neng e tsejoa e le perela ea Bochabela bo Hare e ne e putlame moruong le lipolotiking.
Ka 1920, ha litšebeletso tsa poso li qala ho sebetsa hape Lebanone, ho ne ho amoheloa poso e tsoang ho batho ba Lebanone ba neng ba phela linaheng lisele. Ba bang ba bona e ne e le Malome Abdullah le Malome George Ghantous. Ba ne ba ngolla ntat’a bona, e leng Ntate-moholo Habib Ghantous, ba mo bolella ka ’Muso oa Molimo. (Matheu 24:14) Ntate-moholo o ne a songoa ka lebaka la ho bolella batho ba motse oa habo seo bara ba hae ba mo ngollang sona. Batho ba motse ba ile ba tlatsa leshano la hore bara ba Habib ba khothalletsa ntat’a bona hore a rekise setša sa hae, a reke esele, ’me a e’o bolela litaba tse molemo.
Leseli le Qala ho Jaloa
Selemong se latelang, ka 1921, Michel Aboud, ea neng a lula Brooklyn, New York, U.S.A., o ile a khutlela Tripoli, Lebanone. O ne a fetohile Seithuti sa Bibele, kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa kateng ka nako eo. Le hoja boholo ba metsoalle le beng ka Mor’abo rōna Aboud ba sa ka ba amohela molaetsa oa Bibele, o ile oa amoheloa ke batho ba babeli ba tsebahalang, e leng moprofesa, Ibrahim Atiyeh le ngaka ea meno, Hanna Shammas. Ha e le hantle, Dr. Shammas o ile a bula ntlo ea hae le kamore ea hae ea bongaka bakeng sa liboka tsa Bokreste.
Ke ne ke sa le moshanyana e monyenyane ha Mor’abo rōna Aboud le Mor’abo rōna Shammas ba etela Amioun, moo ke neng ke lula teng. Leeto la bona le ile la nkama ka botebo, ’me ke ile ka qala ho tsamaea le Mor’abo rōna Aboud mosebetsing oa boboleli. Re ne re le bo-mphato kamehla tšebeletsong ka lilemo tse 40, ho fihlela ha Mor’abo rōna Aboud a hlokahala ka 1963.
Pakeng tsa 1922 le 1925, leseli la ’nete ea Bibele le ile la saballa metsaneng e mengata e ka leboea Lebanone. Batho ba ka bang 20 ho isa ho ba 30 ba ne ba bokana ho buisana ka Bibele malapeng, joaloka haeso Amioun. Baruti ba ne ba romela bana hore ba otlanye makotikoti le hore ba hoeletse le ho tlerola ka boiteko ba ho senya liboka tsa rōna, kahoo, ka linako tse ling re ne re kopanela morung oa lifate tsa phaene.
Ha ke sa le monyenyane, ke ile ka rehoa lebitso la bosoasoi la Timothea kahobane ke ne ke chesehela tšebeletso le ho ba teng sebokeng se seng le se seng sa Bokreste. Motsamaisi oa sekolo o ile a ntaela hore ke khaotse ho ea ho seo a neng a se bitsa “liboka tseo.” Ha ke hana, ke ile ka lelekoa sekolong.
Ho Paka Linaheng Tsa Bibele
Kapele ka mor’a hore ke kolobetsoe ka 1933, ke ile ka qala tšebeletso ea nako e tletseng , eo Lipaki tsa Jehova li e bitsang bopula-maliboho. Le hoja ka nako eo re ne re fokola ka palo, re ne re sa bolele metseng e mengata ea Lebanone feela empa re ile ra fihla Beirut le metse-toropong ea teng, ’me ra theosa ho ea fihla Lebanone ka boroa. Lilemong tseo tsa pele, re ne re tloaetse ho tsamaea ka maoto kapa re ne re palama liesele, joaloka Jesu Kreste le balateli ba hae ba lekholong la pele la lilemo.
Ka 1936, Yousef Rahhal, eo e neng e le Paki ea Molebanone e lutseng United States ka lilemo tse ngata, o ile a khutlela Lebanone a etile. O ile a tla le thepa ea libuela-hōle le likeramafono tse ’maloa. Re ile ra beha thepa ena koloing ea Ford ea moetso oa 1931 eaba re haola le Lebanone le Syria, re isa molaetsa oa ’Muso libakeng tse thōko. Sebuela-hōle se ne se utloahala bohōle ba lik’hilomithara tse fetang leshome. Batho ba ne ba hloella marulelong a matlo a bona hore ba utloe seo ba neng ba re ke mantsoe a tsoang leholimong. Ba masimong ba ne ba siea mosebetsi ’me ba atamela ho tla mamela.
Leeto le leng la ho qetela leo ke ileng ka le nka le Yousef Rahhal e bile la ho ea Aleppo, Syria, mariheng a 1937. Pele a khutlela United States, re ile ra etela Palestina. Teng re ile ra etela metse ea Haifa le Jerusalema, hammoho le metsana e mathōkong a teng. E mong eo re ileng ra kopana le eena ke Ibrahim Shehadi, eo ke neng ke mo tsebile pejana ka ngollano. Ibrahim o ne a tsoetse pele tsebong ea Bibele hoo a ileng a qala ho kopanela le rōna tšebeletsong ea ntlo le ntlo ha re ne re mo etetse.—Liketso 20:20.
Ke ne ke boetse ke chesehela ho kopana le Moprofesa Khalil Kobrossi, eo e neng e le Mok’hatholike ea chesehang ea neng a ntse a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova ka ngollano. O ne a fumane aterese ea Lipaki tsa Lebanone joang? Lebenkeleng le leng la Haifa, mong’a lebenkele o ne a ile a phuthela thepa e ’ngoe ea Khalil ka pampiri e tabotsoeng ho se seng sa lingoliloeng tsa Lipaki tsa Jehova. Pampiri eo e ne e ngotsoe aterese ea rōna. Re ile ra thabela ho mo etela, ’me hamorao, ka 1939, o ile a tla Tripoli ho tla kolobetsoa.
Ka 1937, Petros Lagakos le mosali oa hae ba ile ba fihla Tripoli. Ka lilemo tse seng kae tse latelang, boraro ba rōna re ile ra akaretsa boholo ba Lebanone le Syria, re etela batho malapeng ka molaetsa oa ’Muso. Ha Mor’abo rōna Lagakos a hlokahala ka 1943, Lipaki li ne li isitse leseli la moea metseng le metsaneng e mengata ea Lebanone, Syria le Palestina. Ka linako tse ling, e le hore re fihle libakeng tse hōle, re ne re qala leeto la koloi kapa la bese ka hora ea boraro ka matjeke re le batho ba ka bang 30.
Ka bo-1940, Ibrahim Atiyeh o ne a fetolela Molula-Qhooa ka Searabia. Ka mor’a moo, ke ne ke ngola ka letsoho likopi tse ’nè tsa makasine ena ebe ke li romella ho Lipaki tsa Palestina, Syria le Egepeta. Mehleng eo ea Ntoa ea II ea Lefatše, mosebetsi oa rōna oa boboleli o ne o hanyetsoa ka matla, empa re ne re e-na le mokhoa oa ho kopana le barati bohle ba ’nete ea Bibele Bochabela bo Hare. Ke ne ke etsa limmapa tsa metse le metsana e e likolohileng, ’me re ne re tiisa hore re fihla ho eona ka litaba tse molemo.
Ka 1944, ha ho ntse ho hlanakoa Ntoa ea II ea Lefatše, ke ile ka nyala Evelyn, morali oa Michel Aboud, mphato oa ka oa pula-maliboho. Qetellong re ile ra ba le bana ba bararo, morali le bara ba babeli.
Ho Sebetsa le Baromuoa
Nakoana ka mor’a hore ntoa e lale, liithuti tsa pele tse fumaneng mangolo Sekolong sa Gileade li ile tsa fihla Lebanone. Ka lebaka leo, ho ile ha thehoa phutheho ea pele Lebanone, ’me ke ile ka khetheloa ho ba mohlanka oa phutheho. Ka 1947, Nathan H. Knorr le mongoli oa hae, Milton G. Henschel, ba ile ba etela Lebanone ’me ba khothatsa barab’abo rōna haholo. Kapele feela ho ile ha fihla baromuoa ba eketsehileng, ’me ba ile ba re thusa haholo ho hlophiseng tšebeletso ea rōna le ho tšoareng liboka tsa phutheho.
Ka lekhetlo le leng ha re ne re etetse metsaneng e thōko ea Syria, re ile ra hanyetsoa ke mobishopo oa sebaka seo. O ile a re qosa ka hore re aba seo a ileng a re ke lingoliloeng tsa Masione. Ntho e makatsang ke hore pele ho 1948 baruti ba ne ba atisa ho re bitsa “Makomonisi.” Lekhetlong lena, re ile ra tšoaroa le ho hlongoa lipotso ka lihora tse peli, ’me nakong eo re ile ra fana ka bopaki bo botle haholo.
Qetellong, moahloli ea neng a mametse nyeoe o ile a re: “Le hoja ke nyatsa ralitelu [e leng kamoo a neng a bitsa mobishopo kateng] ea le qositseng, ke tlameha ho mo leboha hore ebe o mphile monyetla oa ho kopana le lōna le ho tseba lithuto tsa lōna.” Eaba o kōpa tšoarelo ka tšitiso eo re e etselitsoeng.
Ha ke ne ke e-ea Beirut ka bese lilemong tse leshome hamorao, ke ile ka qala moqoqo le monna ea neng a lutse pel’a ka oa moenjiniere oa temo. Ka mor’a metsotso e se mekae a mametse seo re se lumelang, o ile a bolela hore o kile a utloa taba e tšoanang le eo ka motsoalle e mong Syria. Motsoalle eo e ne e le mang? E ne e le moahloli ea neng a ile a mamela nyeoe ea rōna lilemong tse leshome tse fetileng!
Ka bo-1950, ke ile ka etela Lipaki tsa Iraq ’me ka kopanela le tsona bopaking ba ntlo le ntlo. Ke ile ka boela ka etela hangata Jordane le West Bank. Ka 1951, ke ne ke le sehlopheng sa Lipaki tse ’nè tse ileng tsa ea Bethlehema. Re ile ra keteka Lijo tsa Morena tsa Shoalane teng. Hoseng ha letsatsi leo, bohle ba neng ba tlile ketsahalong eo ba ne ba ile ka bese Nōkeng ea Jordane, moo ba 22 ba ileng ba kolobetsoa ho tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Jehova. Hohle moo re neng re hanyetsoa teng sebakeng seo, re ne re re: “Re tlil’o le bolella hore e mong oa bara ba naha ea habo lōna e tla ba Morena oa lefatše lohle! Le halefetse’ng? Le tšoanetse ho thaba!”
Ho Paka Har’a Mathata
Hangata batho ba Bochabela bo Hare ba pelo li ntle, ba ikokobelitse ebile ba amohela baeti ka mofuthu. Ba bangata ba thahasella ho mamela molaetsa oa ’Muso oa Molimo. Ka sebele, ha ho letho le ka khathollang ho feta ho tseba hore haufinyane tšepiso ena ea Bibele e tla phethahala: “Molimo o tla ba le [batho ba hae]. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.”—Tšenolo 21:3, 4.
Ke fumane hore batho ba bangata ba hanyetsang mosebetsi oa rōna ha ba hlile ha ba utloisise mosebetsi oa rōna le molaetsa oo re o tsamaisang. Baruti ba Bokreste-’mōtoana ba entse lintho tse ngata ho re senya lebitso! Kahoo, ntoeng ea lehae e qalileng Lebanone ka 1975 le e ileng ea kupa ka lilemo tse fetang 15, Lipaki li ile tsa thulana le mathata a mangata.
Ka nako e ’ngoe ke ne ke khannela batho ba lelapa le neng le chesehela kereke thuto ea Bibele. Tsoelo-pele ea bona e ntle ea ho ithuta linnete tsa Bibele e ile ea halefisa baruti. Ka lebaka leo, bosiung bo bong sehlopha sa moo sa bolumeli se ile sa hlohlelletsa batho ba sona ho hlasela lebenkele la lelapa leo, ’me ba ile ba chesa thepa e rekisoang e ka fihlang ho R77 000. Bosiung bona boo, ba ile ba tla nkoetela. Leha ho le joalo, ke ile ka khona ho behelana mabaka le moeta-pele oa bona, ke hlalosa hore haeba e le Bakreste kannete, ba ne ba ke ke ba itšoara ka mokhoa oa bobatana. Eaba o laela hore ho emisoe koloi ’me a ntaela hore ke theohe.
Ketsahalong e ’ngoe ke ile ka koeteloa ke banna ba bane ba lulang e le malala-a-laotsoe bakeng sa ho kena sesoleng. Ka mor’a ho ntšosa ka makhetlo a mangata, moeta-pele oa bona ea neng a itse o tla nthunya, o ile a fetola maikutlo a hae ka tšohanyetso, eaba kea lokolloa. Ba babeli ba banna bana ba chankaneng hona joale ka lebaka la ho bolaea le bosholu, ’me ba bang ba babeli ba ile ba ahloleloa lefu.
Menyetla e Meng ea ho Paka
Ke bile le menyetla e mengata ea ho tsamaea ka sefofane linaheng tse fapa-fapaneng. Ka lekhetlo le leng ha ke ne ke le leetong la sefofane ho tloha Beirut ho ea United States, ke ile ka lula pel’a Charles Malek, e leng letona la mehleng la litaba tsa ka ntle ho naha la Lebanone. O ile a mamela ka hloko, a leboha temana e ’ngoe le e ’ngoe eo ke neng ke mo balla eona Bibeleng. Qetellong, o ile a bolela hore o kene sekolo Tripoli ’me tichere ea hae e ne e le Ibrahim Atiyeh, monna eo mohoe oa ka a neng a mo tsebisitse ’nete ea Bibele! Monghali Malek o ile a bolela hore Ibrahim o ne a mo rutile ho hlompha Bibele.
Leetong le leng la sefofane ke ile ka lula pel’a moemeli oa Palestina Machabeng a Kopaneng. Ke ile ka ba le monyetla oa ho mo bolella litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Qetellong o ile a ntsebisa lelapa la moen’ae New York, ’me ke ne ke ba etela hangata. Ke ne ke boetse ke e-na le mong ka ’na ea neng a sebetsa mehahong ea Machaba a Kopaneng New York. Ka lekhetlo le leng ha ke mo etetse ke ile ka lula lihora tse tharo, ’me ka nako eo ke ile ka khona ho mo pakela ka ’Muso oa Molimo.
Hona joale ke lilemo li 88, ’me ke sa ntsane ke khona ho hlokomela boikarabelo ba phutheho ka mokhoa o chatsi. Mosali oa ka Evelyn, o ntse a sebeletsa Jehova le ’na. Morali oa rōna o ile a nyaloa ke molebeli ea tsamaeang oa Lipaki tsa Jehova, hona joale monna o sebeletsa e le moholo phuthehong e ’ngoe ea Beirut. Morali oa bona le eena ke Paki. Mora oa rōna oa ho fela le mosali oa hae ke Lipaki, ’me morali oa bona le eena o ’neteng. Mora oa rōna e moholo eena, re ile ra tebisa tumelo ea Bokreste pelong ea hae, ’me ke na le tšepo ea hore ka nako ea teng, o tla e amohela.
Ka 1933, ke ile ka khetheloa ho sebetsa ke le pula-maliboho—oa pele Bochabela bo Hare. Ha ho tsela e molemo eo nka beng ke e khethile bophelong ho feta ena ea ho sebeletsa Jehova ke le pula-maliboho ka lilemo tsena tse fetileng tse 68. Ke ikemiselitse ho tsoela pele ke tsamaea leseling la moea leo a fanang ka lona.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Najib ka 1935
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Koloing e nang le sebuela-hōle Lithabeng tsa Lebanone ka 1940
[Litšoantšo tse leqepheng la 25]
Holimo ho tloha ka ho le letšehali: Najib, Evelyn, morali oa bona, Mor’abo rōna Aboud le mora e moholo oa Najib, 1952
Tlaase (mola o ka pele): Barab’abo rōna Shammas, Knorr, Aboud le Henschel lapeng ha Najib, Tripoli, 1952
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Najib le mosali oa hae, Evelyn