Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 9/15 leq. 28
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo o Amohela Borapeli ba Bo-mang?
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Bakreste ba Rapela ka Moea le ka ’Nete
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tataisoa ke Moea oa Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Ho Tataisoa ke Moea oa Molimo Lekholong la Pele la Lilemo le Kajeno
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 9/15 leq. 28

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ho rapela Jehova “ka moea” ho bolela eng?

Ha Jesu Kreste a ne a pakela mosali oa Mosamaria ea neng a tlil’o kha metsi selibeng sa Jakobo haufi le motse oa Sykare, o ile a re: “Molimo ke Moea, ’me ba mo rapelang ba tla rapela ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:24) Borapeli ba ’nete bo lokela ho etsoa “ka ’nete” ka kutloisiso ea hore bo lokela ho lumellana le seo Jehova Molimo a se senotseng ka Bibeleng ka eena le merero ea hae. Hape, re lokela ho sebeletsa Molimo ka moea ka kutloisiso ea hore re be ba chesehang le ba susumetsoang ke lipelo tse tletseng lerato le tumelo. (Tite 2:14) Leha ho le joalo, moelelo oa taba o bontša hore ha Jesu a bua ka ‘ho rapela Molimo ka moea’ o ne a bolela se fetang boikutlo boo re sebeletsang Jehova ka bona.

Puisano eo Jesu a bileng le eona le mosali eo selibeng seo e ne e sa ame ho ba le cheseho kapa ho se be le cheseho borapeling. Esita le borapeli ba bohata bo ka etsoa ka mahlahahlaha kapa ka boinehelo. Ho e-na le hoo, ka mor’a ho bolela hore Ntate o ne a ke ke a rapeloa thabeng ea Samaria kapa tempeleng ea Jerusalema—tseo bobeli ba tsona e leng libaka tsa sebele—Jesu o ile a bontša mokhoa o mocha oa ho rapela o thehiloeng holim’a boleng ba sebele ba Molimo. (Johanne 4:21) O ile a re: “Molimo ke Motho oa moea.” (Johanne 4:24, Charles B. Williams) Molimo oa ’nete ha a tšoarehe ’me kahoo a ke ke a bonoa kapa a phopholetsoa. Borapeli ba hae ha boa itšetleha ka tempele e bonahalang kapa thaba. Kahoo, Jesu o ile a bua ka tšobotsi e sa bonoeng ea borapeli.

Ntle le hore borapeli bo amohelehang bo etsoe ka ’nete, bo lokela hore hape bo tataisoe ke moea o halalelang—e leng matla a sa bonahaleng a sebetsang a Molimo. Moapostola Pauluse o ile a ngola, a re: “Moea [o halalelang] o batla ka hare ho lintho tsohle, esita le lintho tse tebileng tsa Molimo.” O ile a eketsa: “Ha rea ka ra amohela moea oa lefatše, empa re amohetse moea o tsoang ho Molimo, e le hore re ka tseba lintho tseo re li filoeng ka mosa ke Molimo.” (1 Bakorinthe 2:8-12) E le hore re rapele Molimo ka ho amohelehang, re lokela ho ba le moea oa hae le ho tsamaisoa ke oona. Ho feta moo, hoa hlokahala hore meea ea rōna, kapa likelello tsa rōna, li lumellane le moea oa Molimo ka ho ithuta le ho sebelisa Lentsoe la hae.

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Rapela Molimo “ka moea le ka ’nete”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela