Na U ka Ntlafatsa Lefatše?
“Lipolotiki li sitoa ho momahanya mokhatlo oa batho hape. Ha li na seo li ka tsosolosang ka sona boitšoaro bo neng bo amoheleha khale. Maano a molemo ka ho fetisisa a ke ke a khutlisa litekanyetso tsa nakong e fetileng tsa lefereho kapa tsa lenyalo, a etsa hore bo-ntate ba ikarabelle ka bana ba bona, a etsa hore batho ba halefe kapa ba hlajoe ke lihlong moo ho loketseng . . . Molao o ke ke oa felisa mathata a mangata a boitšoaro a re tšoenyang.”
NA U ikutloa u lumellana le mantsoe ao a letona la mehleng la United States? Haeba ho joalo, ebe mathata a mangata a kajeno a bakoang ke meharo, ho hloka lerato la tlhaho ka malapeng, boitšoaro bo hlephileng, ho hloka tsebo le lintho tse ling tse senyang tse ntseng li senya mokhatlo oa batho, a ka rarolloa ka eng? Batho ba bang ba nahana hore ha ho na pheko, kahoo ba tsoela pele le bophelo ba bona hamolemo kamoo ho ka khonehang kateng. Ba bang ba na le tšepo ea hore moeta-pele e mong ea nang le tšusumetso le ea bohlale, esita le haeba e le moeta-pele oa bolumeli, o tla hlaha ’me a ba bontše tsela e nepahetseng.
Ha e le hantle, lilemong tse fetileng tse likete tse peli, batho ba ne ba batla ho etsa Jesu Kreste morena oa bona hobane ba ne ba lemoha hore o rometsoe ke Molimo le hore e ne e ka ba ’musi ea tšoanelehang ka ho fetisisa. Leha ho le joalo, ha Jesu a hlokomela boikemisetso ba bona, o ile a ba nyamella kapele. (Johanne 6:14, 15) Hamorao o ile a hlalosetsa ’musisi oa Moroma, a re: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena.” (Johanne 18:36) Leha ho le joalo, mehleng ena ke ba fokolang ka palo ba etsisang Jesu, ’me ho hlōleha le baeta-pele ba bolumeli ba bolelang hore ke balateli ba hae. Ba bang ba bona ba lekile ho ntlafatsa lefatše lena, ebang ke ka ho leka ho susumetsa babusi ba lefatše kapa ka ho lula litulong tsa bopolotiki ka bobona. Sena re ka se bona ka ho sheba liketsahalo tsa bo-1960 le bo-1970.
Boiteko ba Bolumeli ba ho Ntlafatsa Lefatše
Qetellong ea bo-1960, baruti ba bang ba thuto ea bolumeli ba linaha tsa Latin-America ba ile ba kena ntoeng ea ho loanela mafutsana le ba hateletsoeng. E le hore ba finyelle sena, ba ile ba qapa bolumeli ba tokoloho, boo ho bona ho neng ho hlalosoa hore Kreste ha a sa pholosa feela ka Bibele empa o se a pholosa le ka lipolotiki le moruo. Baeta-pele ba bangata ba kereke ba United States ba neng ba amehile ka botebo ka ho lahloa ha melao ea boitšoaro ba ile ba qapa mokhatlo o bitsoang Moral Majority. Morero oa oona e ne e le hore litulong tsa lipolotiki ho kene batho ba neng ba tla etsa melao e nang le litekanyetso tse molemo tsa lelapa. Ka ho tšoanang, linaheng tse ngata tsa Mamosleme, ho na le lihlopha tse lekileng ho thibela bobolu le ho fetella ka ho khothalletsa hore ho khomareloe Koran.
Na u lumela hore boiteko boo bo ntlafalitse lefatše? Linnete li bontša hore, ka kakaretso, litekanyetso tsa boitšoaro li ntse li theoha ’me lekhalo pakeng tsa barui le mafutsana le ntse le hōla, ho akarelletsa le linaheng tseo tokoloho ea bolumeli e neng e atile ho tsona.
Kaha mokhatlo oa Moral Majority o ile oa hlōleha mererong ea oona e ka sehloohong United States, Jerry Falwell, o ile a o qhala ka 1989. Mekhatlo e meng e nkile sebaka sa oona. Leha ho le joalo, Paul Weyrich, moqapi oa poleloana “moral majority” (bongata bo nang le litekanyetso), o ile a ngola makasineng ea Christianity Today: “Esita leha re khona ho beha bakhethoa ba rōna litulong, ho hlōla ha rōna ha ho felle ka maano ao re lumelang hore ke a bohlokoa.” O ile a boela a ngola: “Meetlo e ntse e fetoha e hlephileng haholoanyane. Re tšoasitsoe ho oeng ho hoholohali ha meetlo, ho oa ho hoholo hoo ho tsietsang bo-ralipolotiki.”
Mongoli oa koranta eo hape e leng sengoli, e leng Cal Thomas o boletse seo a bonang hore ke phoso e ka sehloohong boitekong ba ho ntlafatsa mokhatlo oa batho ka lipolotiki: “Phetoho ea sebele e tla ha batho ba ntse ba fetoha, e seng ha ho ntse ho hlōloa lipolotiking, hobane mathata a rōna a maholo ke a boitšoaro le a moea, hase a moruo le lipolotiki.”
U ka rarolla mathata a boitšoaro le a moea joang lefatšeng le se nang litekanyetso tse hlomamisitsoeng, moo batho ba iketsetsang liqeto tsa se nepahetseng le se fosahetseng? Haeba batho ba nang le tšusumetso le merero e metle—ebang ke ba bolumeli kapa hase ba bolumeli—ba sitoa ho ntlafatsa lefatše lee, le ka ntlafatsoa ke mang? Joalokaha re tla bona sehloohong se latelang, karabo e teng. Ha e le hantle, karabo eo ke lebaka le ka sehloohong leo ka lona Jesu a ileng a bolela hore ’Muso oa hae hase oa lefatše lena.
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 2]
COVER: Dirty water: WHO/UNICEF photo; globe: Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 3]
Children: UN photo; globe: Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.