Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 11/1 maq. 3-4
  • U Lokela ho ba le Letsoalo le Koetlisitsoeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Lokela ho ba le Letsoalo le Koetlisitsoeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Letsoalo la Hao le Koetlisitsoe Hantle?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Letsoalo la Hao le Bua le Uena
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • U ka Lula U E-na le Letsoalo le Molemo Joang?
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Na Letsoalo la Hao ke Motataisi ea Tšepahalang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 11/1 maq. 3-4

U Lokela ho ba le Letsoalo le Koetlisitsoeng

E ne e lokela ho ba letsatsi leo bapalami le basebetsi ba Sefofane sa 901 sa Air New Zealand se eang Antarctica ba neng ba ke ke ba le lebala le ka mohla. Ho ne ho lokisitsoe lik’hamera, ho thabiloe ha sefofane sena sa jete sa moetso oa DC-10 se atamela k’honthinenteng ena e tšoeu ebile se fofela tlaase hore bapalami ba ka bona Antarctica hantle.

MOLAOLI, eo e bileng motsamaisi oa lifofane ka lilemo tse 15, o ne a qetile lihora tse ka holimo ho 11 000 a fofisa lifofane. Pele sefofane se tloha fatše, ka hloko o ne a ile a ngolisa litaelo tsa ho fofa k’homphieutheng ea sefofane, a sa hlokomele hore lipalo tseo a li filoeng li ne li fosahetse. Nakong eo se fofang se phunyeletsa leru se le ka tlaasana feela ho bophahamo ba limithara tse 600, sefofane sena sa DC-10 se ile sa soahlamana mosikong oa Thaba ea Erebus, ’me bapalami bohle ba 257 ba e-shoa.

Feela joalokaha lifofane kajeno li itšetlehile ka lik’homphieutha bakeng sa ho li tataisa ho fofa sepakapakeng, le batho ba fuoe letsoalo hore le ba tataise tseleng ea bona ea bophelo. ’Me koluoa ea Sefofane sa 901 e ka re ruta thuto ea bohlokoa ka matsoalo a rōna. Ka mohlala, feela joalokaha leeto le sireletsehileng la sefofane le itšetlehile ka ho sebetsa hantle ha tsamaiso ea sefofane le litšupiso tse nepahetseng, ka ho tšoanang hore re phele hantle moeeng, boitšoarong esita le ’meleng ho itšetlehile ka letsoalo le sebetsang le le tataisoang ke litšupiso tsa boitšoaro tse nepahetseng.

Ka masoabi, lefatšeng kajeno, litšupiso tse joalo li ntse li e-ea li nyamela kapa li hlokomolohuoa. Tichere e ’ngoe ea Amerika e ile ea re: “Kajeno ke ntho e tloaelehileng ho utloa kamoo Nchanyana a sa tsebeng ho bala, a sa tsebeng ho ngola, a bile a sa tsebe moo Fora e fumanoang teng ’mapeng. Ke ’nete hape hore Nchanyana ha a tsebe ho khetholla ntho e nepahetseng ho e fosahetseng. Ntle le ho se tsebe ho bala le ho ngola hammoho le ho se tsebe lipalo, re tlameha ho eketsa pherekano e tebileng boitšoarong letotong la mathata a thuto.” E ile ea boela ea hlokomela hore “bacha ba kajeno ba phela lefifing mabapi le boitšoaro. Botsa e mong oa bona hore na ho na le phapang pakeng tsa ‘ntho e nepahetseng le e fosahetseng’ na, ’me u tla bona motho oa teng a ferekana, a itōma leleme, a hloka boiketlo a bile a tsieleha. . . . Ho e-na le hore ho ferekana hona ho fokotsehe ho eketseha le ho feta hang ha ba e-ea kolecheng.”

Sesosa se seng sa ho ferekana hona ke thuto ea hore ho nepahala kapa ho fosahala ha boitšoaro ho itšetlehile ka palo e itseng ea batho, e leng pono e atileng ea hore litekanyetso li fapana ho latela khetho ea motho ka mong kapa ea setso. Ak’u nahane hore na ho ne ho tla etsahala eng hoja batsamaisi ba lifofane ba ne ba ke ke ba tataisoa ke litšupiso tse tsitsitseng, empa ba tataisoa ke matšoao a feto-fetohang ao ka linako tse ling a nyamelang ka ho feletseng! Kantle ho pelaelo likoluoa tse kang ena e etsahetseng Thabeng ea Erebus li ne li ka ja setsi. Ka ho tšoanang, ka ho khaotsa ho latela mekhoa e tsitsitseng ea boitšoaro, lefatše le kotula mahlomola le masisa-pelo a ntseng a eketseha a mesarelo le lefu ha malapa a aroloa ka lehare ke ho se tšepahale lenyalong ’me ba limilione ba utloa bohloko ka lebaka la AIDS kapa mafu a mang a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate.

Thuto ea kajeno ea hore ho nepahala kapa ho fosahala ha boitšoaro ho itšetlehile ka palo e itseng ea batho e ka ’na ea utloahala e tsoetse pele, empa ha e le hantle, balateli ba eona ba tšoana le baahi ba Ninive ea boholo-holo bao ho hang ba neng ba sa tsebe phapang pakeng tsa ‘letsoho la bona le letona le letsoho la bona le letšehali.’ Batho ba latelang thuto ea hore ho nepahala kapa ho fosahala ha boitšoaro ho itšetlehile ka palo e itseng ea batho ba tšoana le Baiseraele ba bakoenehi ba neng ba re “botle ke bobe le bobe ke botle.”—Jonase 4:11; Esaia 5:20.

Ha ho le joalo, ke hokae moo re ka eang teng bakeng sa melao e hlakileng le e sa belaetseng le melao-motheo eo ka eona re ka koetlisang matsoalo a rōna e le hore e ka ba tataiso e sireletsehileng? Ba limilione ba lemohile hore Bibele e fana ka seo se hlokahalang ka ho phethahetseng. Ho qala ka ho nepahala le ho fosahala ha boitšoaro ho isa boitšoarong bo amohelehang mosebetsing le ho tloha ho koetliseng bana ho isa ho rapeleng Molimo, Bibele ha e siee letho la bohlokoa. (2 Timothea 3:16) E ipakile e tšepahala ka ho feletseng ka makholo a lilemo. Ka lebaka la hore litekanyetso tsa Bibele tsa boitšoaro li thehiloe ke ea nang le matla a phahameng ka ho fetisisa a bolaoli, ’Mōpi oa rōna, li molemo bakeng sa batho bohle. Kahoo ha re na lebaka la ho phela bophelo bo tletseng lipelaelo.

Leha ho le joalo, mehleng ena eo re phelang ho eona letsoalo la hao le ka tlas’a tlhaselo e mabifi ho feta leha e le neng pele. Ho tla joang hore ho be joalo? Hona u ka sireletsa letsoalo la hao joang? Tsela e molemo ea ho qala ho etsa joalo ke ho tseba mong’a tlhaselo eo le maqheka a hae. Sena se tla tšohloa sehloohong se latelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela