Jesu oa Sebele
KA MOR’A hore baapostola ba hae mo bolelle seo batho ba se nahanang ka eena, Jesu o ile a ba botsa a re: “Leha ho le joalo, lōna le re ke mang?” Tlaleho ea Kosepele ea Matheu e bontša hore moapostola Petrose o ile a araba: “U Kreste, Mora oa Molimo ea phelang.” (Matheu 16:15, 16) Ba bang le bona ba ne ba nahana joalo. Nathanaele, eo hamorao e ileng ea e-ba e mong oa baapostola, o ile a re ho Jesu: “Rabi, u Mora oa Molimo, u Morena oa Iseraele.” (Johanne 1:49) Jesu ka boeena o ile a bua ka bohlokoa ba karolo ea hae a re: “Ke ’na tsela le ’nete le bophelo. Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na.” (Johanne 14:6) Liketsahalong tse fapaneng, o ile a ipitsa “Mora oa Molimo.” (Johanne 5:24, 25; 11:4) ’Me o ile a paka hore seo ke ’nete ka ho etsa mehlolo, esita le ho tsosa bafu.
Na ke Lipelaelo Tse Nang le Motheo o Utloahalang?
Empa na kannete re lokela ho tšepa tlaleho ea Likosepele e mabapi le Jesu? Na li bontša Jesu oa sebele? Eo e kileng ea e-ba moprofesa oa ho hlahlobisisa Bibele le ho e hlalosa Univesithing ea Manchester, Engelane, Frederick F. Bruce, o ile a re: “Hangata ha ho khonehe ho bontša ka mabaka a histori bonnete ba makolopetso ’ohle a mengolong ea boholo-holo, ebang a hlaha ka Bibeleng kapa che. Ho nka hore ka kakaretso mongoli oa tšepahala ho lekane; haeba ho le joalo, ho na le bopaki bo tiileng ba hore mohlomong makolopetso ao a fanang ka ’ona ke ’nete. . . . Testamente e Ncha hase tlaleho ea histori e ke keng ea tšeptjoa hakaalo hobane feela Bakreste ba e nka e le buka ‘e halalelang.’”
Ka mor’a hore a hlahlobisise lipelaelo tse mabapi le Jesu kamoo a hlahisoang kateng Likosepeleng, moprofesa oa bolumeli Kolecheng ea Jamestown, Dakota Leboea, U.S.A., James R. Edwards, o ile a ngola: “Re ka paka ka kholiseho hore Likosepele li bolokile bopaki bo pharaletseng boo hape e leng ba bohlokoa ba seo e hlileng e leng ’nete mabapi le Jesu. . . . Karabo e utloahalang haholo potsong e reng na ke hobane’ng ha Likosepele li hlahisa Jesu ka tsela eo li mo hlahisang ka eona ke hore ha e le hantle seo ke sona seo Jesu a neng a le sona. Ka botšepehi Likosepele li bolokile maikutlo ao a ileng a siea balateli ba hae ba e-na le ’ona, a hore kannete o ne a rometsoe ke Molimo ’me a nehiloe matla a ho ba Mor’a Molimo le Mohlanka oa hae.”a
Ho Batla Jesu
Ho thoe’ng ka litšupiso tse buang ka Jesu Kreste empa li sa amane le Bibele? Li talingoa joang? Lingoliloeng tsa Tacitus, Suetonius, Josephus, Pliny e Monyenyane, le bangoli ba bang ba seng bakae ba tsebahalang li kopanyelletsa litšupiso tse ngata tse buang ka Jesu. Ha e bua ka bona, The New Encyclopædia Britannica (1995) e re: “Litlaleho tsena tse ikemetseng li bontša ka ho hlaka hore mehleng ea boholo-holo esita le bahanyetsi ba Bokreste ha ho mohla ba kileng ba latola bonnete ba histori ea Jesu, bo ileng ba belaelloa ka lekhetlo la pele ebile e le ka mabaka a fokolang bofelong ba lekholo la bo18 la lilemo, ho pholletsa le lekholo la bo19 la lilemo le mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo.”
Ka masoabi, ho bonahala eka litsebi tsa morao-rao tjena, ha li ntse li batla Jesu oa “sebele” kapa oa “historing,” li patile boitsebahatso ba hae ba ’nete ka tlas’a liqubu tsa khopolo-taba e se nang motheo, lipelaelo tse se nang morero le likhopolo tse sa thehoang mabakeng a utloahalang. Ka kutloisiso e itseng, li molato oa ho iqapela litšōmo tseo ka tsona li qosang bangoli ba Likosepele ka phoso. Litsebi tse ling li labalabela ho iketsetsa mabitso mahlong a batho le ho amahanya mabitso a tsona le khopolo e ncha e makatsang hoo li hlōlehang ho hlahloba ka botšepehi bopaki bo mabapi le Jesu. Ha tseo tsohle li ntse li etsahala, li bōpa “Jesu” oa maiketsetso ea inahaneloang ke litsebi feela.
Bakeng sa ba batlang ho mo fumana, Jesu oa sebele oa fumaneha ka Bibeleng. Moprofesa oa Testamente e Ncha le tšimoloho ea Bokreste Sekolong sa Candler sa Thuto ea Bolumeli Univesithing ea Emory, Luke Johnson, o pheha khang ea hore lipatlisiso tse ngata tsa Jesu oa historing li qhelela sepheo sa Bibele ka thōko. O re e ka ’na ea e-ba ho thahasellisang ho hlahloba maemo a kahisano, a lipolotiki, a bophelo ba batho le a sechaba a bophelong ba Jesu le nakong ea hae. Leha ho le joalo, o phaella ka hore ho sibolla seo litsebi li reng ke Jesu oa historing “ho hang hase sepheo sa Mangolo,” a “amehileng haholo ka ho hlalosa botho ba Jesu,” molaetsa oa hae le karolo ea hae joaloka Molopolli. Ha ho le joalo, Jesu e ne e hlile e le motho oa mofuta ofe ’me molaetsa oa hae e le oa mofuta ofe?
Jesu oa Sebele
Likosepele—litlaleho tse ’nè tse hlahang ka Bibeleng tsa bophelo ba Jesu—li hlahisa monna ea neng a e-na le kutloelo-bohloko e khōlō. Jesu o ne a susumetsoa ke qenehelo le kutloelo-bohloko hore a thuse batho ba neng ba kula, ba foufetse le ba neng ba e-na le mefokolo e meng. (Matheu 9:36; 14:14; 20:34) Lefu la motsoalle oa hae Lazaro le mesarelo eo le ileng la e bakela likhaitseli tsa Lazaro li ile tsa etsa hore Jesu ‘a bobole moeeng ’me a ntše meokho.’ (Johanne 11:32-36) Ha e le hantle, Likosepele li senola maikutlo a Jesu a mangata a sa tšoaneng—o ile a utloela motho ea tšoeroeng ke lepera bohloko, a nyakalla ka lebaka la katleho ea barutuoa ba hae, a halefela batho ba khomarelang molao ba se nang kutloelo-bohloko ’me a hlomoha kahobane Jerusalema e ne e hana Mesia.
Ha Jesu a ne a etsa mohlolo, hangata o ne a lebisa tlhokomelo karolong e phethiloeng ke motho ea folisitsoeng ketsahalong eo: “Tumelo ea hao e u folisitse.” (Matheu 9:22) O ile a babatsa Nathanaele ka hore ke “Moiseraele oa sebele,” ha a re: “Ha ho thetso ea letho ho eena!” (Johanne 1:47, Today’s English Version) Ha ba bang ba ne ba nahana hore mpho e bontšang kananelo eo mosali e mong a faneng ka eona e ne e le tšenyo ea chelete, Jesu o ile a mo emela ’me a re tlaleho ea ho fana ha hae ka seatla se bulehileng e tla hopoloa ka nako e telele. (Matheu 26:6-13) O ile a ipaka e le motsoalle oa ’nete le ea nang le lerato ho balateli ba hae, ‘a ba rata ho isa bofelong.’—Johanne 13:1; 15:11-15.
Likosepele li boetse li bontša hore Jesu o ne a potlakela ho lemoha litlhoko tsa batho ba bangata bao a neng a teana le bona. Ebang ke ha a ne a bua le mosali selibeng, moruti oa bolumeli serapeng kapa motšoasi oa litlhapi haufi le letša, o ile a ama lipelo tsa bona hang-hang. Ka mor’a hore Jesu a qale moqoqo, ba bangata ba batho bana ba ile ba mo senolela menahano ea bona e tebileng ka ho fetisisa. O ile a ama lipelo tsa bona. Le hoja batho ba mehleng ea hae ba ne ba ka ’na ba qoba ho kopana le batho ba nang le bolaoli, Jesu eena o ne a bokaneloa ke batho. Ba ne ba thabela ho ba ’moho le Jesu; ba ne ba ikutloa ba phutholohile ha ba e-na le eena. Bana ba ne ba lokoloha ha ba e-na le eena, ’me ha a ne a sebelisa ngoana e le mohlala, o ne a sa mo emise ka pel’a barutuoa ba hae feela empa o ne a boetse “a mo kopa ka matsoho.” (Mareka 9:36; 10:13-16) Ka sebele, Likosepele li bontša Jesu e le motho ea neng a atameleha haholo hoo batho ba neng ba lula matsatsi a mararo e le hore feela ba ka mamela mantsoe a hae a hapang maikutlo.—Matheu 15:32.
Phetheho ea Jesu e ne e sa etse hore a tsamaee a ntse a tšoaea liphoso kapa hore a ikakase leha e le hore a ikhohomosetse batho ba sa phethahalang, ba baetsalibe bao a neng a phela har’a bona a bile a ba pakela. (Matheu 9:10-13; 21:31, 32; Luka 7:36-48; 15:1-32; 18:9-14) Ha ho mohla Jesu a kileng a batla hore ba bang ba etse ho fetang hoo ba ka ho khonang. O ne a sa ekeletse batho meroalo. Ho e-na le hoo, o ile a re: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang . . . ke tla le khatholla.” Barutuoa ba hae ba ile ba fumana a le ‘maikutlo a bonolo ’me a ikokobelitse pelong’; joko ea hae e ne e le mosa ’me mojaro oa hae o le bobebe.—Matheu 11:28-30.
Litlaleho tsa Likosepele li senola botho ba Jesu ka tsela e hlakileng le e ka tšeptjoang. Ho ne ho ke ke ha e-ba bonolo ho batho ba bane ba fapaneng ho iqapela motho ea ikhethang ebe ba fana ka lintlha tse lumellanang ka eena litlalehong tsohle tsa bona tse arohaneng. Ho ne ho ke ke ha etsahala hore bangoli ba bane ba fapaneng ba hlalose motho a le mong ebe ba fana ka lintlha tse lumellanang ka hohle-hohle haeba ho se mohla motho eo a kileng a ba teng.
Rahistori Michael Grant o botsa potso e susumelletsang motho ho nahana ka ho teba, o re: “Ho tla joang hore ebe, ho pholletsa le lineano tsohle tsa Likosepele, ho buuoa ka monna a le mong e mocha ea khahlehang ea itsoakanyang le basali ba mefuta eohle, ho akarelletsa le ba nyatsehang e le kannete, ho se mohlala oa ho nkeha maikutlo, ho etsa lintho ka mokhoa o sa tloaelehang, kapa ho boloka melao ea boitšoaro ka tsela e feteletseng, empa, ka tlas’a maemo ’ohle, a boloka sebōpeho se bonolo ka botšepehi?” Karabo e utloahalang ke hore monna ea joalo kannete o kile a ba teng ’me a itšoara kamoo Bibele e bolelang kateng.
Jesu oa Sebele le Bokamoso ba Hao
Ntle le hore e fane ka setšoantšo sa sebele sa bophelo ba Jesu ha a sa le lefatšeng, Bibele e bontša hore pele e e-ba motho oa nama, o kile a ba teng e le Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo, “letsibolo la pōpo eohle.” (Bakolose 1:15) Lilemong tse likete tse peli tse fetileng, Molimo o ile a fetisetsa bophelo ba Mora oa hae oa leholimo pōpelong ea moroetsana oa Mojuda e le hore a tsoaloe e le motho. (Matheu 1:18) Nakong ea tšebeletso ea hae lefatšeng, Jesu o ne a phatlalatsa ’Muso oa Molimo e le oona tšepo feela bakeng sa moloko oa batho o khathatsehileng, ’me o ile a koetlisa barutuoa ba hae hore ba tsoele pele ka mosebetsi ona oa boboleli.—Matheu 4:17; 10:5-7; 28:19, 20.
Ka la 14 Nisane (hoo e ka bang ka la 1 April), 33 C.E., Jesu o ile a tšoaroa, a qosoa, a ahloloa ’me a bolaoa ka qoso ea bohata ea ho hlohlelletsa bofetoheli. (Matheu 26:18-20, 48–27:50) Lefu la Jesu le sebetsa e le thekollo, le lokolla moloko oa batho o lumelang boemong ba oona ba sebe, kahoo le bulela bohle ba bontšang tumelo ho eena tsela e isang bophelong bo sa feleng. (Baroma 3:23, 24; 1 Johanne 2:2) Jesu o ile a tsosoa bafung ka la 16 Nisane, ’me nakoana ka morao ho moo o ile a nyolohela leholimong. (Mareka 16:1-8; Luka 24:50-53; Liketso 1:6-9) E le Morena ea khethiloeng ke Jehova, Jesu ea tsositsoeng bafung o na le matla a feletseng a ho phethahatsa morero oa Molimo ea mathomo ka batho. (Esaia 9:6, 7; Luka 1:32, 33) E, Bibele e hlahisa Jesu e le eena ea ka sehloohong phethahatsong ea merero ea Molimo.
Lekholong la pele la lilemo, batho ba bangata ba ile ba amohela Jesu a le seo a neng a le sona—e le Mesia ea tšepisitsoeng kapa Kreste, ea rometsoeng lefatšeng ho tla tlosa qoso lebitsong la Jehova le ho shoa e le thekollo bakeng sa moloko oa batho. (Matheu 20:28; Luka 2:25-32; Johanne 17:25, 26; 18:37) Ha ba tobane le mahloriso a sehlōhō, batho ba ne ba ke ke ba susumelletseha ho ba barutuoa ba Jesu haeba ba ne ba sa mo tsebe. Ka sebete le ka cheseho, ba ile ba ikakhela ka setotsoana thōmong eo a ba fileng eona, ea ho ‘etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa.’—Matheu 28:19.
Kajeno limilione tsa batho ba tšepahalang le Bakreste ba nang le tsebo lia tseba hore Jesu hase motho oa tšōmong. Li mo amohela e le Morena ea behiloeng teroneng oa ’Muso oa Molimo o hlonngoeng leholimong, ea tla tloha a laola lefatše le litaba tsa lona ka ho feletseng. ’Muso ona oa Molimo ke litaba tse thabisang hobane o tšepisa hore o tla re lokolla mathateng a lefatše. Bakreste ba ’nete ba bonahatsa ho tšehetsa ha bona ka ho sa sekisetseng Morena ea khethiloeng ke Jehova ka ho bolella ba bang “litaba tsena tse molemo tsa ’muso.”—Matheu 24:14.
Ba tšehetsang tokisetso ea ’Muso o matsohong a Kreste, Mor’a Molimo ea phelang, ba tla phelela ho thabela litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng. Le uena u ka rua litlhohonolofatso tseo! Bahatisi ba makasine ena ba tla thabela ho u thusa ho tseba Jesu oa sebele.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa tlhahlobo e qaqileng ea litlaleho tsa Kosepele, bona khaolo ea 5 ho ea ho ea 7 bukeng e nang le sehlooho se reng, Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]
Seo ba Bang ba se Buileng
“Ke ’nile ka hlompha Jesu oa Nazaretha e le e mong oa mesuoe e matla ka ho fetisisa eo lefatše le kileng la e-ba le eona. . . . Ke re ho Mahindu ’ohle bophelo ba lōna e tla ba bo sa fellang ntle leha ka tlhompho e khōlō le ka ithuta lithuto tsa Jesu.” Mohandas K. Gandhi, The Message of Jesus Christ.
“Motho ea sa lateleng mehato ea motho e mong, ea sa haelloeng ke letho, ea sa feto-fetoheng, ea phethahetseng, ea tšoanang le batho ka kakaretso le hoja a phahametse boholo bohle ba batho haholo, ho ke ke ha etsahala hore e be oa maiketsetso kapa tšōmo. . . . Ke motho ea nang le matla a fetang a Jesu feela ea neng a ka qapa Jesu.” Philip Schaff, History of the Christian Church.
“Taba ea hore molokong o le mong batho ba seng bakae ba tloaelehileng ba iqapetse motho ea matla le ea ipiletsang hakaalo, tekanyetso ea boitšoaro e phahameng le pono ea bara ba motho e susumetsang hakaalo, e ne e tla ba mohlolo oo ho neng ho tla ba thata ho o lumela ho feta mohlolo leha e le ofe o tlalehiloeng Likosepeleng.” Will Durant, Caesar and Christ.
“Ho ka ’na ha bonahala e le ntho e sa utloahaleng hore ebe tsamaiso e tsejoang lefatšeng lohle ea bolumeli e qapiloe ke motho eo ho seng mohla a kileng a ba teng ea neng a mpa a iqapetsoe joaloka sesebelisoa sa boholo-holo sa ho thaotha, ha ho nahanoa hore ho na le batho ba bangata ba sebele ba lekileng ho theha malumeli empa ba hlōlehile.” Gregg Easterbrook, Beside Still Waters.
‘Ke le rahistori oa libuka ke kholisehile ka botlalo hore ho sa tsotellehe hore na Likosepele ke eng, hase litšōmo. Ha lia khabisoa ka ho lekaneng hore e ka ba litšōmo. Likarolo tse ngata tsa bophelo ba Jesu ha re li tsebe, ’me ha ho batho ba qapang tšōmo ba neng ba ka lumella seo.’ C. S. Lewis, God in the Dock.
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Likosepele li senola maikutlo a Jesu a mangata a sa tšoaneng