Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 5/15 maq. 5-9
  • Likosepele—Na ke ’Nete Kapa ke Tšōmo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Likosepele—Na ke ’Nete Kapa ke Tšōmo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • LIPOTSO TSEO HO KA NAHANOANG KA TSONA
  • QETO EA HAO KE EFE?
  • Na ho na le Likosepele Tse Ling Tse Nang le Linnete Tse Patiloeng ka Jesu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Likosepele—Phehisano e Tsoela Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Melaetsa—Na ke ’Nete Kapa ke Tšōmo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Na re ka Tšepa Likosepele?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 5/15 maq. 5-9

Likosepele—Na ke ’Nete Kapa ke Tšōmo?

LEFATŠENG kaofela pale ea Jesu oa Nazaretha—mohlankana ea ileng a fetola tsela ea histori ea batho—e kenelletse ka botebo mokhatlong oa batho. Ke karolo ea thuto e hlophisitsoeng le e sa hlophisoang ea batho. Ba bangata ba nahana hore Likosepele ke mohloli oa maele le linnete tsa kamehla tse kang, “Etsang feela hore lentsoe la lōna E le bolele E, Che ea lōna, Che.” (Matheu 5:37) Ka sebele, mohlomong litlaleho tsa Likosepele e ’nile ea e-ba motheo oa lithuto tseo batsoali ba hao ba u rutileng tsona, ebang e ne e le Bakreste kapa e se bona.

Ho ba limilione bao e leng balateli ba tšepahalang ba Kreste, Likosepele li fane ka tlhaloso ea monna eo ba ’nileng ba ithaopela ho sotleha le ho shoa ka lebaka la hae. Likosepele li boetse li fane ka motheo le tšusumetso ea khothatso, mamello, tumelo le tšepo. Joale, na u ke ke ua lumela hore ho ka hlokahala bopaki bo ke keng ba hanyetsoa ho qhelela ka thōko litlaleho tsee ka hore ke tšōmo feela tjee? Ha u nahana ka tšusumetso e khōlō eo litlaleho tsa Kosepele li bileng le eona monahanong oa batho le boitšoarong ba bona, na u ke ke ua batla bopaki bo kholisang ha motho a batla ho belaella bonnete ba tsona?

Re u mema hore u nahane ka lipotso tse ’maloa tse fatang maikutlo mabapi le Likosepele. Iponele seo liithuti tse itseng tsa Likosepele li se nahanang ka litaba tsena, le hoja tse ling tsa tsona li sa ipitse Bakreste. Joale u ka iketsetsa qeto u e-na le tsebo.

LIPOTSO TSEO HO KA NAHANOANG KA TSONA

◆ Na ho ka etsahala hore Likosepele e be ntho e iqapetsoeng ka bohlale?

Robert Funk, mothehi oa Seboka se Mabapi le Jesu, o re: “Matheu, Mareka, Luka le Johanne ‘ba tsebahalitse Mesia’ ka tsela e etsang hore a lumellane le thuto ea Bokreste e hlahileng ka mor’a lefu la Jesu.” Leha ho le joalo, ha ho ntse ho ngoloa Likosepele, ba bangata ba neng ba utloile lipolelo tsa Jesu, ba bone liketso tsa hae, ba bile ba mo bone ka mor’a tsoho ea hae ba ne ba ntse ba phela. Ha baa ka ba qosa bangoli ba Likosepele ka mofuta leha e le ofe oa bolotsana.

Nahana ka lefu la Kreste le tsoho ea hae. Hase Likosepele feela tse fupereng litlaleho tse tšepahalang tsa lefu la Jesu le tsoho ea hae, ho joalo le ka lengolo la pele leo e leng karolo ea mangolo a halalelang la moapostola Pauluse le eang ho Bakreste ba Korinthe ea boholo-holo. O ile a ngola: “Ke ile ka le neha, har’a lintho tsa pele, seo le ’na ke ileng ka se amohela, hore Kreste o ile a shoela libe tsa rōna ho ea ka Mangolo; le hore o ile a patoa, e, hore o tsositsoe ka letsatsi la boraro ho ea ka Mangolo; le hore o ile a bonahala ho Kefase, ea ntan’o ba ho ba leshome le metso e ’meli. Ka mor’a moo o ile a bonahala ho barab’abo rōna ba ka holimo ho makholo a mahlano ka nako e le ’ngoe, bao boholo ba bona ba setseng ho fihlela joale, empa ba bang ba robetse lefung. Ka mor’a moo o ile a bonahala ho Jakobo, ea ntan’o ba ho baapostola bohle; empa qetellong ho bohle a bonahala le ho ’na joalokaha eka ke ho ea hlahileng pele ho nako.” (1 Bakorinthe 15:3-8) Lipaki tse joalo e ne e le basireletsi ba linnete tsa histori mabapi le bophelo ba Jesu.

Moea oa boqapi o boleloang ke bahlahlobisisi ba Bibele ba kajeno ha o fumanehe ka Mangolong a Segerike a Bakreste. Ho e-na le hoo, o hlaha litokomaneng tsa lekholo la bobeli la lilemo C.E. Kahoo, liqaqiso tse itseng tseo e seng tsa Mangolo tse buang ka Kreste li ile tsa hlaha ha ho koeneha Bokresteng ba ’nete ho ne ho hōla har’a lihlopha tse neng li ikarohantse le phutheho ea baapostola.—Liketso 20:28-30.

◆ Na mohlomong Likosepele e ka ba litšōmo?

C. S. Lewis, eo e leng mongoli e bile e le mohlahlobisisi, o ile a thatafalloa ke ho talima Likosepele e le litšōmo feela tjee. O ile a ngola: “Joaloka setsebi sa histori ke kholisehile ka ho feletseng hore ho sa tsotellehe hore na Likosepele ke eng, hase litšōmo. Bokhoni boo li ngotsoeng ka bona hase ba ntho e iqapetsoeng hoo e ka bang litšōmo. . . . Ha re tsebe boholo ba bophelo ba Jesu, ’me ha ho batho ba qapang tšōmo ba neng ba ka lumella hore ho be joalo.” Ho boetse hoa thahasellisa hore le hoja rahistori ea tsebahalang H. G. Wells a sa ka a ipolela hore ke Mokreste, o ile a lumela: “[Bangoli ba Likosepele] ba bane, kaofela baa lumellana ha ba re neha setšoantšo sa motho oa sebele ka ho feletseng; ba fetisa . . . tlaleho ea ho kholiseha ka ntho ea sebele.”

Nahana ka ketsahalo e ’ngoe ea ha Jesu ea tsositsoeng a ne a hlaha ho barutuoa ba hae. Moqapi ea hloahloa oa litšōmo a ka be a ile a hlahisa Jesu ea khutlang ka meeka, a fana ka puo e susumetsang, kapa a apesitsoe ke khanya le boholo. Ho e-na le hoo, bangoli ba Likosepele ba mo hlalosa ka mokhoa o bonolo a eme ka pel’a barutuoa ba hae. Ka mor’a moo a botsa: “Bana ba banyenyane, ha le na ntho leha e le efe e jeoang, na le na le eona?” (Johanne 21:5) Setsebi Gregg Easterbrook o phetha ka ho re: “Makolopetso ana ke a mofuta o fanang ka maikutlo a tlaleho ea ’nete, eseng a ho qapa tšōmo.”

Qoso ea hore Likosepele ke litšōmo e boetse e sitisana le mokhoa oa ho ruta o thata-thata oa bo-rabi o neng o tloaelehile ka nako ea ha ho ngoloa Likosepele. Mokhoa oo o ne o tšoarelletse ka thata ho ithuteng ka kelello e sa nahaneng—mokhoa oa ho tšoara taba ka hlooho ka ho ithuta eona ka temalo kapa ho pheta-pheta. Sena se emela tlaleho e nepahetseng le e etsoang ka hloko ea lipolelo tsa Jesu le mesebetsi ea hae ho fapana le ho qaptjoa ha tlaleho e ntlafalitsoeng.

◆ Haeba Likosepele e ne e le litšōmo, na li ka be li bokelletsoe hammoho ka potlako hakaalo ka mor’a lefu la Jesu?

Ho ea ka bopaki bo teng, Likosepele li ngotsoe lipakeng tsa selemo sa 41 le sa 98 C.E. Jesu o shoele ka selemo sa 33 C.E. Sena se bolela hore litlaleho tsa bophelo ba hae li ile tsa kopanngoa hoo e batlang e le ka nako e khutšoanyane ka mor’a hore tšebeletso ea hae e fele. Sena se baka tšitiso e matla tabeng ea khang ea hore litaba tsa Likosepele ke litšōmo feela tjee. Ho hloka nako hore litšōmo li ntše ntlha. Ka mohlala nahana ka Iliad le Odyssey tsa seroki sa boholo-holo sa Mogerike se bitsoang Homer. Ba bang ba na le maikutlo a hore taba e ngotsoeng ea litšōmo tsena tse peli tsa thothokiso e ile ea ntlafatsoa le ho tsitsisoa ka makholo a lilemo. Ho thoe’ng ka Likosepele?

Bukeng ea hae Caesar and Christ, rahistori Will Durant oa ngola: “Taba ea hore batho feela tjee ba seng bakae . . . ba iqapetse botho bo matla le bo ipiletsang hakaalo, tekanyetso ea boitšoaro e phahameng le pono ea bara ba motho e susumetsang hakaalo, e ne e tla ba mohlolo oo ho neng ho tla ba thata ho o lumela ho feta mohlolo leha e le ofe o tlalehiloeng Likosepeleng. Ka mor’a lilemo tse makholo a mabeli tsa Tlhahlobisiso e Phahameng ea Bibele, litlaleho tsa bophelo ba Kreste, botho ba hae le thuto ea hae li lula li ntse li utloahala ka ho hlakileng, ’me li bōpa karolo e thahasellisang ka ho fetisisa ea histori ea motho oa Bophirimela.”

◆ Na hamorao Likosepele li ile tsa fetoloa hore li lumellane le litlhoko tsa mokhatlo oa Bakreste ba pele?

Bahlahlobisisi ba bang ba Bibele ba beha lebaka la hore mekhoa ea lipolotiki ea mokhatlo oa Bakreste ba pele e entse hore bangoli ba Likosepele ba fetole pale ea Jesu kapa ba e eketse. Leha ho le joalo, ha ho hlahlobisisoa Likosepele, ha ho bonahale moo ho kileng ha kena-kenanoa le tsona joalo. Haeba litlaleho tsa Kosepele tse mabapi le Jesu li ile tsa fetoloa ka lebaka la bolotsana ba Bakreste ba lekholo la pele la lilemo, ke hobane’ng ha litlaleho tse mpe tse mabapi le Bajuda le Balichaba li ntse li le teng tabeng e ngotsoeng?

Mohlala o le mong o ka fumanoa ho Matheu 6:5-7, moo Jesu a qotsoang a re: “Ha le rapela, le se ke la ba joaloka baikaketsi; hobane ba rata ho rapela ba eme ka lisynagogeng le likhutlong tsa litsela tse sephara hore ba bonahale ho batho. Kannete ke re ho lōna, Ba se ba e-na le moputso oa bona ka botlalo.” Ho hlakile hore sena se ne se nyatsa baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda. Jesu o ile a boela a re: “Ha u rapela, u se ke ua pheta-pheta lintho tse tšoanang, feela joalokaha batho ba lichaba [Balichaba] ba etsa, kaha ba nahana hore ba tla utluoa ka lebaka la ho sebelisa ha bona mantsoe a mangata.” Ka ho qotsa Jesu ka tsela ena, bangoli ba Likosepele ba ne ba sa leke ho hapa basokolohi. Ba ne ba mpa ba tlaleha lipolelo tse hlileng tsa boleloa ke Jesu Kreste.

Nahana hape ka litlaleho tsa Likosepele tse mabapi le basali ba ileng ba etela lebitleng la Jesu ’me ba bona hore ha le na letho. (Mareka 16:1-8) Ho ea ka Gregg Easterbrook, “mekhoeng ea kahisano ea Bochabela bo Hare ba boholo-holo, bopaki ba basali bo ne bo nkoa e le bo ke keng ba tšeptjoa ka tlhaho: ka mohlala, lipaki tse peli tsa batho ba batona li ne li lekane ho fana ka bopaki ba hore mosali a ahloloe ka bofebe, le hoja ho ne ho se bopaki ba mosali bo neng bo ka etsa hore monna a ahloloe.” Ka sebele, barutuoa ba Jesu ka bobona ba ne ba sa lumele basali! (Luka 24:11) Kahoo, ho bonahala ho ke ke ha etsahala hore ebe pale e joalo e ne e ka qaptjoa ka morero.

Bosieo ba lipapiso liepistoleng le bukeng ea Liketso ke lebaka le matla la hore lipapiso tse Likosepeleng ha lia kenngoa ke Bakreste ba pele empa li ile tsa boleloa ke Jesu ka boeena. Ho phaella moo, ha Likosepele le liepistole li bapisoa ka hloko, ho totobala hore mantsoe a Pauluse kapa a bangoli ba bang ba Mangolo a Segerike ha aa ka a fetoloa ka bohlale le ho rehelloa ka Jesu. Haeba mokhatlo oa Bakreste ba pele o ne o entse ntho e joalo, re lokela ho lebella hore bonyane re fumane litaba tse ling tse tsoang liepistoleng ka litlalehong tsa Likosepele. Kaha ha re li fumane, ka kholiseho re ka fihlela qeto ea hore taba e ka Likosepeleng e tsoa mohloling ebile ke ea ’nete.

◆ Ho thoe’ng ka seo ho bonahalang eka ke ho ikhanyetsa ka Likosepeleng?

Bahlahlobisisi ba Bibele ke khale ba bolela hore Likosepele li tletse ho ikhanyetsa. Rahistori Durant o ile a batla ho hlahloba litlaleho tsa Likosepele ka sepheo se seng leeme ka ho feletseng—e le litokomane tsa histori. Le hoja a bolela hore ho na le ho bonahalang eka ke ho ikhanyetsa ho tsona, o fihlela qeto ena: “Ho ikhanyetsa hona ke makolopetso a sa reng letho [ao e seng a bohlokoa], hase moko-taba; linthong tsa bohlokoa likosepele tse tharo tsa pele li lumellana ka mokhoa o tsotehang, ’me li etsa setšoantšo se lumellanang sa Kreste.”

Seo ho bonahalang eka ke ho ikhanyetsa ka litlalehong tsa Likosepele hangata se rarolleha habonolo. Ka mohlala: Matheu 8:5 e bolela hore “molaoli oa lebotho la ntoa a tla ho [Jesu], a mo kōpa ka tieo” hore a phekole mohlanka. Ho Luka 7:3, re bala hore ofisiri ena ‘e ile ea romela banna ba baholo ba Bajuda ho [Jesu] hore a tle ’me a pholose lekhoba [lena].’ Ofisiri ena e ile ea rōma baholo bana e le baemeli ba eona. Matheu o bolela hore ofisiri ena ea lebotho la ntoa e ile ea kōpa Jesu ka tieo hobane e ile ea mo kōpa ka baholo, bao e neng e le molomo oa eona. Ona ke mohlala o le mong feela o bontšang hore seo ho thoeng ke ho se lumellane ka Likosepeleng ho ka rarolloa.

Ho thoe’ng ka lipolelo tsa bahlahlobisisi ba Bibele tsa hore Likosepele ha li finyelle tekanyetso ea histori ea sebele? Durant o tsoela pele: “Ka lebaka la cheseho ea bona linthong tseo ba li sibollang, ba lefapha la Tlhahlobisiso ea Bibele, ba entse liteko tsa ho fumana bonnete ba Testamente e Ncha tse matla hoo ka tsona banna ba bangata ba hlaheletseng ba boholo-holo—ba kang, Hammurabi, Davida, Socrates—ba neng ba tla fetoha batho ba tšōmong feela. Ho sa tsotellehe leeme le lithuto tsa bolumeli tse nahannoeng esale pele ke baevangeli, ba tlaleha liketsahalo tse ngata tseo baqapi feela tjee ba ka beng ba li patile—tlhōlisano ea baapostola bakeng sa libaka tse phahameng ’Musong, ho baleha ha bona ka mor’a ho tšoaroa ha Jesu, tatolo ea Petrose . . . Ha ho na motho ea balang litlaleho tsena ea ka belaelang hore motho ea tummeng eo li buang ka eena e ne e le oa sebele.”

◆ Na Bokreste ba kajeno bo emela Jesu oa Likosepeleng?

Seboka se Mabapi le Jesu se boletse hore lipatlisiso tsa sona ka Likosepeleng “ha lia itšetleha ka litaelo tsa makhotla a likereke.” Empa rahistori Wells o ile a hlokomela hore ho na le phapang e khōlō lipakeng tsa lithuto tsa Jesu joalokaha li hlaha ka Likosepeleng le lithuto tsa Bokreste-’mōtoana. O ngotse: “Ha ho na bopaki ba hore baapostola ba Jesu ba kile ba utloa ka thuto ea Boraro-bo-bong—bonyane ho eena . . . Leha e le hore [Jesu] o kile a bua letho ka borapeli ba ’m’ae Maria, a apere joaloka Isis, Mofumahali oa leholimo. O ile a hlokomoloha ntho eohle e mabapi le borapeli ba Bokreste-’mōtoana le mekhoa ea bona.” Kahoo, motho a ke ke a ahlola molemo oa Likosepele ka lithuto tsa Bokreste-’mōtoana.

QETO EA HAO KE EFE?

Ka mor’a ho hlahloba lintlha tse fetileng, maikutlo a hao ke afe? Na ho na le bopaki ba sebele le bo kholisang ba hore Likosepele ke tšōmo feela tjee? Ba bangata ba fumana lipotso le lipelaelo tse phahamisoang ka bonnete ba Likosepele li se na motheo ebile li sa kholise. Hore u be le maikutlo ao e leng a hao, ho hlokahala hore u bale Likosepele ka kelello e seng leeme. (Liketso 17:11) Ha u hlahloba tumellano, botšepehi le ho nepahala tseo Likosepele li hlahisang botho ba Jesu ka tsona, u tla hlokomela hore litlaleho tsena ka sebele hase pokella ea lipale.a

Haeba ka hloko u hlahloba Bibele le ho sebelisa keletso ea eona, u tla bona kamoo e ka ntlafatsang bophelo ba hao. (Johanne 6:68) Sena ke ’nete ka ho khetheha ka lipolelo tsa Jesu tse tlalehiloeng Likosepeleng. Ho feta moo, ho tsona u ka ithuta ka bokamoso bo hlollang bo tlelang moloko oa batho o mamelang.—Johanne 3:16; 17:3, 17.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona khaolo ea 5 ho ea ho ea 7 bukeng ea Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? le bukana e reng Buka ea Batho Bohle. Ea pele e hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., ’me ea bobeli ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.

Bopaki ba Hore Tlaleho e Entsoe ka Botšepehi

LILEMONG tse itseng tse fetileng, sengoli se seng sa Australia seo e neng e kile ea e-ba mohlahlobisisi oa Bibele se ile sa lumela: “Ka lekhetlo la pele bophelong ba ka ke ile ka etsa seo ka tloaelo e leng tšoanelo ea pele ea moqolotsi oa litaba: ka hlahloba lintlha tsa ka. . . . ’Me ka tšoha hobane seo ke neng ke se bala [litlalehong tsa Likosepele] e ne e se tšōmo hape e ne e se pale e iqapetsoeng eo ka sebele e utloahalang e le pale feela tjee. E ne e le tlaleho ea litaba. Lipolelo tse tsoang mohloling le tse phetoang ke ba bang tsa liketsahalo tse sa tloaelehang . . . Tlaleho ea litaba e na le letšoao le e khethollang, ’me letšoao leo le teng ka Likosepeleng.”

Ka ho tšoanang, E. M. Blaiklock, moprofesa oa lingoliloeng tsa Greece le Roma tsa boholo-holo Univesithing ea Auckland, o ile a beha lebaka le latelang: “Ke ipolela hore ke rahistori. Mehato eo ke e nkang ha ke ithuta Lingoliloeng e thehiloe historing. Ke u tiisetsa hore ’nete e kholisang ea bophelo, lefu le tsoho tsa Kreste e pakoa hamolemo ho feta lintlha tse ngata haholo tsa histori ea boholo-holo.”

[’Mapa/Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

FOENISIA

GALILEA

Nōka ea Jordane

JUDEA

[Litšoantšo]

“’Nete e kholisang ea bophelo, lefu le tsoho tsa Kreste e pakoa hamolemoho ho feta lintlha tse ngata haholo tsa histori ea boholo-holo.”—MOPROFESA E. M. BLAIKLOCK

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Background maps: Based on a map copyrighted by Pictorial Archive (Near Eastern History) Est. and Survey of Israel.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela