Melaetsa—Na ke ’Nete Kapa ke Tšōmo?
BA BITSOANG bafuputsi ba phahameng ke khale ba hlasetse litaba tsa Molaetsa oa bophelo ba Jesu lintlheng tse ngata tsa bohlokoa: Ba bolela hore litlaleho tsena li tletse ho se tšoane ’me li ngotsoe khale haholo kamor’a liketsahalo hore li ka nkuoa e le histori e ka amoheloang. Ba nyahlatsa likaroloana tse buang ka mehlolo ka hore ke lintho feela tse iqapetsoeng.
Bukeng ea hae Caesar and Christ, rahistori Will Durant o lekile ho hlahloba litaba tsa Molaetsa ponong e se nang leeme ho hang—joaloka lingoloang tsa histori. A amohela hore ho na le ho se nyalane ho bonahalang le mathata litabeng tsa Molaetsa, leha ho le joalo a qeta ka hore: “Ho se nyalane hoo ke ho fokolang [hoa litaba tse se nang thuso], e seng hoa bohlokoa; mokong oa taba melaetsa e fanang ka taba e tšoanang e lumellana hantle ka mokhoa o hlollang, ’me e bōpa setšoantšo se tšoanang sa Kreste.”
Empa ho thoe’ng ka lipolelo tsa bafuputsi ba phahameng tsa hore Melaetsa ena ha e na litekanyetso tsa histori ea sebele? Durant o tsoetse pele: “Chesehong e khōlō ka litšibollo tsa bona, Bofuputsi bo Phahameng bo sebelisitse liteko tsa bonnete ba taba Testamenteng e Ncha tse thata hoo ka tsona batho ba makholo ba tummeng ba nako e fetileng—joaloka Hammurabi, Davida, Socrates—ba neng ba tla nkoa e le ba tšōmong feela. Ho sa tsotellehe khethollo le maikutlo a bolumeli ao baevangeli ba neng ba e-na le oona pele, ba tlaleha liketsahalo tse ngata tseo baiqapeli feela ba ka beng ba li patile—tlhōlisano ea baapostola bakeng sa litulo tse phahameng ’Musong, ho baleha hoa bona kamor’a ho tšoaroa hoa Jesu, ho latola hoa Petrose . . . Ha ho le ea mong ea balang liketsahalo tsena ea ka belaellang hore li ngotsoe ke motho oa sebele.”
Rahistori Durant a qetella: “Hore e be batho ba seng bakae ba sa rutehang ba ne ba ka qapa molokong o le mong feela botho bo matla le bo ipiletsang hakana, melao-metheo ea boitšoaro e phahameng hakana le pono e susumetsang hakana ea boena ba batho, e ne e tla ba mohlolo oo ho leng thata haholo ho o lumela ho feta ofe kapa ofe o tlalehiloeng Melaetseng. Kamor’a makholo a mabeli a lilemo a Bofuputsi bo Phahameng, libopeho tsa bophelo, tšobotsi le thuto tsa Kreste, li sala li ntse li hlakile ka mokhoa o utloahalang, ’me li etsa tšobotsi e hlasimollang ka ho fetisisa historing ea motho oa Bophirimela.”