Na ho na le Likosepele Tse Ling Tse Nang le Linnete Tse Patiloeng ka Jesu?
“ENA ke taba e khōlō. E tlil’o halefisa batho ba bangata.” “Taba ena e fetola seo re neng re se tseba ka Bokreste ha bo qala.” Mantsoe ana a buuoe ke litsebi tse neng li thabetse ho fumanoa ha buka ea “Kosepele ea Judase,” eo ho thoeng e ne e lahlehile ka lilemo tse fetang 1 600 (e bontšitsoeng ka holimo).
Batho ba se ba boetse ba thahasella likosepele tsena tseo ho thoeng li na le litaba tse patiloeng ka Jesu. Ba bang ba bolela hore likosepele tsena li senola lithuto le liketsahalo tsa bohlokoa tsa bophelo ba Jesu, tse neng li patiloe ka nako e telele. Empa likosepele tsee ke eng? Na kannete li ka re ruta ’nete eo re ke keng ra e fumana ka Bibeleng ka Jesu le Bokreste?
Likosepele Tsa ’Nete le Tseo e Seng Tsa ’Nete
Pakeng tsa selemo sa 41 le sa 98 C.E., Matheu, Mareka, Luka le Johanne ba ile ba ngola “histori ea Jesu Kreste.” (Matheu 1:1) Ka linako tse ling litlaleho tsena li bitsoa Likosepele, e leng lentsoe le bolelang “litaba tse molemo” ka Jesu Kreste.—Mareka 1:1.
Le hoja e ka ’na eaba ho ne ho ntse ho e-na le lintho tse mabapi le Jesu tseo batho ba li buang le ho li ngola, Likosepele tsena e ne e le tsona feela tse neng li nkoa li bululetsoe ke Molimo ’me e le tsona tse lokelang ho ba karolo ea Mangolo a Halalelang—e leng tsona tse fanang ka “bonnete ba lintho” mabapi le bophelo ba Jesu ha a le lefatšeng le seo a neng a se ruta. (Luka 1:1-4; Liketso 1:1, 2; 2 Timothea 3:16, 17) Likosepele tsena tse ’nè li teng hohle linthong tsa boholo-holo tse thathamisitseng Mangolo a Segerike a Bakreste. Ha ho na lebaka la ho belaela hore Likosepele tseo li nepahetse le hore ke karolo ea Lentsoe la Molimo le bululetsoeng.
Leha ho le joalo, ha nako e ntse e e-ea, ho ile ha hlaha libuka tse ling tseo ba bang ba ileng ba re le tsona ke likosepele. Likosepele tsena li ile tsa bitsoa likosepele tsa apocrypha.a
Qetellong ea lekholo la bobeli la lilemo, Irenaeus oa Lyon, o ile a ngola hore batho ba neng ba koenehile Bokresteng ba ne ba e-na le “mangolo a mangata feela ao e seng karolo ea Bibele hammoho le libuka tsa bohata,” ho kopanyelletsa le likosepele tseo “ba iqapetseng tsona, e le hore ba thetse batho ba thetsehang habonolo.” Ka lebaka leo, ho bala likosepele tsa apocrypha esita le ho ba le tsona ho ile ha qetella ho nkoa ho le kotsi.
Leha ho le joalo, baitlami ba banna ba boholo-holo le bakopitsi ba ile ba boloka likosepele tseo le ho li kopitsa e le hore li lule li le teng. Lilemong tsa bo-1800, batho ba ile ba thahasella likosepele tsena haholo ’me ha fumaneha le libuka tse ngata tse neng li ntlafalitsoe hammoho le likosepele tse ling tse ’maloa. Kajeno libuka tsena li fumaneha ka lipuo tse tloaelehileng tsa mehleng ena.
Likosepele Tsa Apocrypha: Ho Hang ha li Bue ’Nete ka Jesu
Hangata likosepele tsena li ipuela ka batho bao ho buuoang hanyenyane feela ka bona kapa bao ho hang ho sa buuoeng ka bona Likosepeleng tsa ’nete. Hape li bua ka liketsahalo tsa ha Jesu e sa le lesea tseo ho se nang bopaki ba hore li etsahetse. Hlahloba mehlala e meng ea sena.
◼ “Kosepele ea Khale ea Jakobo,” eo hape e bitsoang “Ho Tsoaloa ha Maria,” e bua ka tsoalo ea Maria, ha e ne e sa le ngoana, haesita le ha a ne a nyaloa ke Josefa. Ke ho utloahalang hore ebe buka eo e ile ea hlalosoa e le tšōmo ea bolumeli. E buella khopolo ea hore Maria e lula e le moroetsana ’me ho hlakile hore morero oa eona e ne e le ho mo tlotlisa.—Matheu 1:24, 25; 13:55, 56.
◼ “Kosepele ea Bongoana ea Thomase” e ipuela ka Jesu ha a le pakeng tsa lilemo tse 5 le 12 ’me e mo babatsa ka hore o ne a etsa mehlolo e mengata e makatsang. (Sheba Johanne 2:11.) Jesu o hlalosoa e le ngoana ea sa utloeng, oa sefela-peloana ea ratang ho iphetetsa, ea sebelisang matla a hae a ho etsa mehlolo ho itefeletsa ho matichere, ho baahelani le ho bana ba bang bao ba bang ba bona a ileng a ba foufatsa, a ba holofatsa a ba a ba bolaea.
◼ Likosepele tse ling, tse kang “Kosepele ea Petrose,” li bua haholo ka liketsahalo tse amanang le nyeoe, lefu le tsoho ea Jesu. Tse ling, tse kang ea “Liketso Tsa Pilato,” e leng karolo ea “Kosepele ea Nikodemase,” li bua haholo ka batho ba amanang le liketsahalo tseo. Kaha likosepele tsena li ipuela ka lintho tse iqapetsoeng esita le ka batho ba e-song ho ka ba phela lefatšeng, li ke ke tsa tšeptjoa. “Kosepele ea Petrose” e hlahisa Ponse Pilato a se na molato ’me e bua ka tsoho ea Jesu joalokaha eka ke tšōmo.
Likosepele Tsa Apocrypha le Bakreste ba Bakoenehi
Ka December 1945, haufi le Nag Hammadi, Egepeta e ka Holimo, lihoai li ile tsa oela libuka tse 13 tse ngotsoeng ka letsoho tsa loli tse nang le litemana tse 52. Lingoliloeng tsena tsa lekholong la bone la lilemo li ngotsoe ke mokhatlo oa bolumeli le filosofi o bitsoang Bognostic. Ka lebaka la hore mokhatlo ona o kopanya khopolo-taba, bohetene, filosofi ea Bagerike, Bolumeli ba Sejuda le Bokreste, o khelositse ba bang ba ipitsang hore ke Bakreste.—1 Timothea 6:20, 21.
“Kosepele ea Thomase,” “Kosepele ea Filipi” le “Kosepele ea ’Nete,” tse ileng tsa fumanoa “Libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tse fumanoeng haufi le Nag Hammadi,” li ne li bua ka lintho tse fapa-fapaneng tsa Bognostic joalokaha eka li tsoa ho Jesu. “Kosepele ea Judase” e fumanoeng morao tjena le eona e balloa likosepeleng tsa Bognostic. E bua ka Judase e le motho ea molemo eo e neng e le eena feela moapostola ea neng a utloisisa hore na ha e le hantle Jesu e ne e le mang. Setsebi se seng se re kosepeleng ena Jesu o hlalosoa e le “mosuoe le ea senolang bohlale le tsebo, eseng mopholosi ea shoelang libe tsa lefatše.” Likosepele tse bululetsoeng tsona li ruta hore Jesu o ile a shoa lefu la sehlabelo bakeng sa libe tsa lefatše. (Matheu 20:28; 26:28; 1 Johanne 2:1, 2) Ho hlakile hore morero oa likosepele tsa Bognostic hase ho matlafatsa tumelo eo batho ba nang le eona Bibeleng, empa ke ho e fokolisa.—Liketso 20:30.
Se Ikhethang ka Likosepele Tsa ’Nete
Ho hlahlobisisa likosepele tsa apocrypha hoa li senola hore ke tsa bohata. Ha li bapisoa le Likosepele tsa Bibele, hoa hlaka hore hase karolo ea mangolo a bululetsoeng. (2 Timothea 1:13) Kaha li ngotsoe ke batho ba sa kang ba tseba Jesu kapa baapostola ba hae, ha ho linnete tse patiloeng tseo li li senolang ka Jesu le ka tumelo ea Bokreste. Ho e-na le hoo, li tletse litlaleho tse fosahetseng, tse iqapetsoeng le tse inahaneloang, tse ke keng tsa re thusa ka letho haeba re batla ho tseba ka Jesu le seo a se rutang.—1 Timothea 4:1, 2.
Ka lehlakoreng le leng, Matheu le Johanne e ne e le ba bang ba baapostola ba 12; Mareka e ne e le motsoalle oa hlooho ea khomo oa Petrose ’me Luka e le motsoalle oa Pauluse. Ba ile ba ngola Likosepele tsa bona ba tataisoa ke moea o halalelang oa Molimo. (2 Timothea 3:14-17) Ka lebaka lena, Likosepele tse ’nè li na le sohle seo motho a se hlokang e le hore a lumele hore “Jesu ke Kreste, Mora oa Molimo.”—Johanne 20:31.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lentsoe “apocrypha” le tsoa lentsoeng la Segerike le bolelang “ho pata.” Qalong lentsoe lena le ne le emela polelo e neng e utloisisoa feela ke balateli ba sehlopha se itseng ’me e ne e pateloa batho bao e neng e se karolo ea sona. Empa qetellong lentsoe leo le ile la sebelisoa ha ho buuoa ka libuka tse neng li sa nkoe e le karolo ea libuka tse nepahetseng tsa Bibele.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 18]
Kenneth Garrett/National Geographic Stock