Na re ka Tšepa Likosepele?
“Hona joale likosepele li se li lokela ho nkoa e le litšōmo tsa Bakreste ba boholo-holo.”—Burton L. Mack, moprofesa ea behileng meja fatše oa lipatlisiso tse mabapi le Testamente e Ncha.
MOPROFESA eo mantsoe a hae a qotsitsoeng ka holimo hase eena feela ea nang le maikutlo ao. Litsebi tse ngata li ’nile tsa ipotsa hore na Kosepele ea Matheu, ea Mareka, ea Luka le ea Johanne li ka tšeptjoa—e leng litlaleho tsa Bibele tse buang ka bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae. Ke hobane’ng ha ba bang ba nka hore Likosepele tseo ke litšōmo? Na maikutlo a bona a lokela ho u susumelletsa hore u belaelle bonnete ba Likosepele tseo? A re hlahlobeng bopaki bo seng bokae.
Ba Belaella Bonnete ba Likosepele
Lilemong tsa pele tse 1 700 tsa Mehla ea rōna e Tloaelehileng, ho ne ho se na lipelaelo tse kaalo mabapi le hore na Likosepele li ka tšeptjoa kapa che. Leha ho le joalo, haholo-holo ho tloha lilemong tsa bo-1800 ho ea pele, barutehi ba bangata ba ’nile ba nka hore Likosepele ha lia bululeloa ke Molimo empa li iqapetsoe ke batho. Ho phaella moo, ba ’nile ba hana taba ea hore batho ba ngotseng Likosepele ba bone ka mahlo liketsahalo tse amanang le Jesu ’me ba phehella hore ha baa tlaleha litaba tse ka tšeptjoang. Ho feta moo, ba fihletse qeto ea hore tsela e tšoanang eo litaba tsa Likosepele tsa pele tse tharo li hlophisitsoeng le ho ngoloa ka eona e bontša hore bangoli ba tsona ba ile ba kopiletsana. Hape bahlahlobisisi ba ’nile ba latola mehlolo ea Jesu le tsoho ea hae e hlalositsoeng Likosepeleng tseo. Ebile ba bang ba re Jesu ha aa ka a ba teng ho hang!
Batho bona bana ba fihletse qeto ea hore e tlameha ebe Mareka ke eena ea ngotseng Kosepele ea hae pele, kaha ho bonahala ho se letho le lekaalo leo a le eketsang ho se ngotsoeng Kosepeleng ea Matheu le ea Luka. Bahlahlobisisi ba boetse ba nahana hore Matheu le Luka ba ile ba kopitsa bukeng ea Mareka ha ba ngola Likosepele tsa bona le hore ho na le mohloli o mong oa litaba oo ba ileng ba o sebelisa—e leng tokomane eo litsebi li reng ke Q (e tsoang lentsoeng la Sejeremane le bitsoang Quelle, kapa “mohloli”). Setsebi sa Bibele se bitsoang A. F. J. Klijn, se re mohopolo ona o atileng “o ile oa etsa hore bangoli ba Likosepele ba nkoe e le baqolotsi feela ba litaba.” Maikutlo a joalo a etsa hore bangoli ba Likosepele ba hlahe eka ke baqapi ba litšōmo le ba utsoang litaba tsa bangoli ba bang. A entse hore batho ba se ke ba lumela hore Bibele e bululetsoe ke Molimo.—2 Timothea 3:16.
Na Bangoli ba Likosepele ba Ile ba Utsoa Litaba Tsa Bangoli ba Bang?
Na ruri ho tšoana ha Likosepele tsee ho paka hore bangoli ba tsona ba ile ba kopiletsana? Ha ho joalo. Hobane’ng re rialo? Lebaka le leng ke hore Jesu o ile a tšepisa barutuoa ba hae hore moea o halalelang o ne o tla ‘ba hopotsa lintho tsohle tseo a ba boleletseng tsona.’ (Johanne 14:26) Ka lebaka leo, ha ho makatse hore ebe liketsahalo tse ling tseo bangoli ba Likosepele ba ileng ba li hopola ba ba ba li tlaleha lia tšoana. Ke ’nete hore e ka ’na eaba bangoli ba bang ba Bibele ba ile ba bala lingoliloeng tsa ba bang ’me ba li qotsa, empa ho etsa joalo ho ne ho tla be ho sa bontše hore ba utsoitse litaba tsa bona, empa hore ba ne ba fuputsa ka hloko. (2 Petrose 3:15) Ho phaella moo, The Anchor Bible Dictionary e re: “Kaha litaba li ne li fetisoa ka molomo e ka ’na eaba ke lona lebaka le entseng hore lipolelo tsa Jesu tse sa lebaleheng li tlalehoe ka tsela e tšoanang.”
Luka o ile a re o buile le lipaki tse ngata tse boneng ka mahlo ’me a ‘sala lintho tsohle morao ho tloha qalong ka ho nepahala.’ (Luka 1:1-4) Na o utloahala joaloka motho ea utsoitseng litaba tsa bangoli ba bang kapa moqapi oa litšōmo? Le hanyenyane! Moepolli oa lintho tsa khale ea bitsoang William Ramsay o ile a bua tjena ka mor’a ho hlahlobisisa lingoliloeng tsa Luka: “Luka ke rahistori oa popota: tsela eo a behileng litaba ka eona ea tšepahala, ebile o ne a tseba litaba tsa hae . . . Mongoli enoa o lokela ho balelloa har’a bo-rahistori ba itlhommeng pele ka ho fetisisa.”
Bopaki ba Bangoli ba boholo-holo ba Lithuto Tsa Bokreste, ho akarelletsa le ba setsebi sa thuto ea bolumeli sa lilemong tsa bo-200 se bitsoang Origen, bona bo fana ka maikutlo a hore moapostola Matheu ke eena ea ngotseng Kosepele ea hae pele. Origen o itse: “Ea pele e ngotsoe ke Matheu, eo e neng e le molekhetho, empa ka mor’a moo ea e-ba moapostola oa Jesu Kreste, ’me o e ngotse ka Seheberu, hobane o ne a e ngolla basokolohi ba Bajuda.” Ho hlakile hore ho ne ho sa hlokahale hore Matheu, eo e neng e le moapostola le paki e boneng ka mahlo, a utsoe litaba tsa Mareka, eo e neng e se paki e boneng ka mahlo, ebe o etsa eka ke tsa hae. Joale, na ho na le mabaka a tšehetsang taba ea hore Matheu le Luka ba kopilitse litaba ho Mareka le tokomaneng e bitsoang Q?
Na Kosepele ea Mareka e Ngotsoe Pele?
The Anchor Bible Dictionary e re maikutlo a hore Kosepele ea Mareka e ngotsoe pele ’me Matheu le Luka ba itšetleha ka eona ha aa thehoa “bopaking leha bo le bong bo utloahalang le bo kholisang.” Leha ho le joalo, litsebi tse ngata li lumela hore Mareka o ngotse Kosepele ea hae pele ho Matheu le Luka hobane li re ha ho letho le lekaalo leo a le eketsang ho se ngotsoeng Likosepeleng tse ling. Ka mohlala, setsebi sa Bibele sa lilemong tsa bo-1800 se bitsoang Johannes Kuhn se ile sa lomahanya meno hore e tlameha ebe Kosepele ea Mareka e ngotsoe pele. Kuhn o re haeba ha ho joalo, “e tlameha ebe Mareka o ile a nka mona le mane libukeng tsena tse peli tsa Matheu le Luka eaba o ngola ea hae.”
Kaha Kosepele ea Mareka ke eona e khutšoanyane ka ho fetisisa, ha ho makatse ha e se na litaba tse ngata hakaalo tse khethehileng. Leha ho le joalo, seo hase bopaki ba hore e tlameha e ngotsoe pele. Ho phaella moo, hase ’nete hore ha ho letho leo a le eketsang ho se ngotsoeng Kosepeleng ea Matheu le ea Luka. Tlalehong ea Mareka e khutšoanyane le e matla e buang ka tšebeletso ea Jesu, ho na le litemana tse fetang 180 hammoho le lintlha tse thahasellisang tse sieo Kosepeleng ea Matheu le ea Luka, e leng se etsang hore e be tlaleho e khethehileng e buang ka bophelo ba Jesu.—Sheba lebokose le leqepheng la 13.
Tokomane e Bitsoang Q Eona?
Re ka re’ng ka tokomane e bitsoang Q, eo ba bang ba reng litaba tsa Matheu le Luka li tsoa ho eona? James M. Robinson, e leng moprofesa litabeng tsa bolumeli, o re: “Ha ho pelaelo hore tokomane ea Bakreste e bitsoang Q ke ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re nang le eona.” Mantsoe ao aa makatsa hobane tokomane eo ea Q ha e eo kajeno; ha e le hantle ha ho motho ea ka pakang hore e kile ea e-ba teng! Ho nyamela ha eona ka ho feletseng ho makatsa le ho feta hobane litsebi li re e tlameha ebe ho ne ho entsoe likopi tse ngatanyana tsa eona. Ho phaella moo, ha ho mohla Bangoli ba Lithuto Tsa Bokreste ba kileng ba e qotsa.
Nahana. Ho lumeloa hore tokomane e joalo e bitsoang Q e ne e le teng ’me e tšehetsa maikutlo a hore Kosepele ea Mareka e ngotsoe pele ho tse ling. Na hase ho kalla nyeoe feela? Litabeng tse kang tsena, e ka ba bohlale hore re hopole maele a reng: “Kamehla ea se nang tsebo ke tumela-khoèèla, empa ea bohlale eka khona a ikholise.”—Liproverbia 14:15, Bibele—Phetolelo e Ncha.
Likosepele ke ’Nete Ebile li ka Tšeptjoa
Ka lebaka la lintho tseo litsebi tse tšoaea-tšoaeang liphoso li inahanelang tsona le likhopolo tse se nang motheo, li entse hore batho ba bangata ba se ke ba hlahloba litlaleho tse tšepahalang tsa Kosepele tse buang ka bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae. Litlaleho tsena li bontša ka ho hlaka hore Bakreste ba boholo-holo ba ne ba sa nke liketsahalo tse amanang le bophelo ba Jesu, tšebeletso ea hae, lefu la hae le tsoho ea hae e le litšōmo. Lipaki tse makholo tse boneng ka mahlo li ile tsa tiisa hore litaba tsena ke ’nete. Bakreste bana ba boholo-holo, ba neng ba ikemiselitse ho hlorisoa le ho shoa ka lebaka la ho latela Jesu, ba ne ba hlokomela ka ho hlakileng hore e ne e tla ba ho sa utloahaleng ho ba Mokreste haeba tšebeletso le tsoho ea Jesu e ne e le tšōmo feela.—1 Bakorinthe 15:3-8, 17, 19; 2 Timothea 2:2.
George W. Buchanan, e leng moprofesa oa thuto ea bolumeli, o buile tjena mabapi le khang e amanang le khopolo ea hore e tlameha ebe Mareka o ngotse Kosepele ea hae pele ho tse ling hammoho le tokomane ea mohlolo e lahlehileng e bitsoang Q: “Ho khathatseha haholo ka likhopolo-taba tse mabapi le mohloli oa lengolo lena ho etsa hore seithuti sa Bibele se se ke sa ithuta taba e ka har’a lona.” Maikutlo ao a lumellana le keletso eo moapostola Pauluse a ileng a e fa Timothea ha a ne a re a se ke a “ela hloko lipale tsa bohata le maloko, tseo qetello ea tsona e leng lefeela, empa tse hlahisang lipotso bakeng sa phuputso ho e-na le ho aba ntho leha e le efe e tsoang ho Molimo mabapi le tumelo.”—1 Timothea 1:4.
Likosepele li ka tšeptjoa. Li na le litlaleho tse tšepahalang tse tsoang ho lipaki tse boneng ka mahlo. Li etselitsoe lipatlisiso ka hloko. Li re bolella linnete tse ngata tse hlollang tse buang ka bophelo ba Jesu Kreste. Ka lebaka leo, joaloka Timothea oa boholo-holo, re lokela ho sekehela mantsoe ana a Pauluse tsebe: “U tsoele pele linthong tseo u ileng ua ithuta tsona le tseo u ileng ua susumelletsoa hore u li lumele.” Re na le mabaka a utloahalang a ho lumela hore “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo”—ho akarelletsa le Likosepele tse ’nè.—2 Timothea 3:14-17.
[Lebokose le leqepheng la 13]
Hoja Mareka ha ea Ngoloa, re ka be re sa Tsebe Hore . . .
Jesu o ile a ba ea ka mahlo ka khalefo, a saretsoe haholo ka lebaka la ho hloka boikutlo ha lipelo tsa bona (Mareka 3:5)
Johanne le Jakobo ba ne ba boetse ba bitsoa Boanergese (Mareka 3:17)
mosali ea neng a e-na le phallo ea mali o ne a sebelisitse sohle seo a nang le sona (Mareka 5:26)
Herodiase o ne a jere Johanne Mokolobetsi ka pelo le hore Heroda o ne a tšaba Johanne ’me o ne a mo sirelelitse (Mareka 6:19, 20)
Jesu o ile a re barutuoa ba hae ba phomole hanyenyane (Mareka 6:31)
Bafarisi ba ne ba hlatsoa matsoho a bona ho fihlela litsoeng (Mareka 7:2-4)
Jesu o ile a sika bana (Mareka 10:16)
Jesu o ile a ikutloa a rata ’musi e mocha (Mareka 10:21)
Petrose, Jakobo, Johanne le Andrease ba ile ba botsa Jesu boinotšing (Mareka 13:3)
mohlankana ea itseng o ile a siea seaparo sa hae sa line (Mareka 14:51, 52)
Ho feta moo, e ’ngoe ea lipapiso tsa Jesu le mehlolo e ’meli eo a e entseng e hlaha bukeng ea Mareka feela.—Mareka 4:26-29; 7:32-37; 8:22-26.
Kosepele ea Mareka e na le litaba tse ling tse ngata tse sieo Likosepeleng tse ling. Ka sebele re tla e ananela le ho feta ha re ka ipha nako ea ho nahanisisa ka botebo ka molemo oa litaba tse joalo tsa bohlokoa.