Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 5/15 maq. 3-4
  • Likosepele—Phehisano e Tsoela Pele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Likosepele—Phehisano e Tsoela Pele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likosepele—Na ke ’Nete Kapa ke Tšōmo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Na ho na le Likosepele Tse Ling Tse Nang le Linnete Tse Patiloeng ka Jesu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Na re ka Tšepa Likosepele?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lebaka Leo ka Lona U ka Tšepang Likosepele Tsa Bibele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 5/15 maq. 3-4

Likosepele—Phehisano e Tsoela Pele

Na litlaleho tsa Kosepele tsa ho tsoaloa ha Jesu Kreste ke ’nete?

Na o ile a fana ka Thuto ea Thabeng?

Na ke ’nete hore Jesu o ile a tsosoa?

Na ka sebele o ile a re: “Ke ’na tsela le ’nete le bophelo”?​—JOHANNE 14:6.

LITABA tsa mofuta ona li ile tsa tšohloa ke litsebi tse ka bang 80 Sebokeng se Mabapi le Jesu, se ’nileng sa tšoaroa habeli ka selemo ho tloha ka 1985. Sehlopha sena sa litsebi se arabile lipotso tse joalo ka tsela e sa tloaelehang. Ba nkang karolo sebokeng sena ba ’nile ba lahla lotho bakeng sa polelo e ’ngoe le e ’ngoe eo ho thoeng ke ea Jesu ka Likosepeleng. Lotho e khubelu e fetisa maikutlo a hore polelo eo e fela e boletsoe ke Jesu. Lotho e pinki e bolela hore polelo eo e emela ntho eo e ka ’nang eaba Jesu o e boletse. Lotho e putsoa e bontša hore maikutlo ao a batlile a tšoana le a Jesu, empa hase eena ea buileng. Lotho e ntšo e hanyetsa seo ka ho feletseng, e fana ka maikutlo a hore polelo eo e nkiloe neanong ea moraonyana.

Ka ho latela mokhoa ona, ba nkang karolo Sebokeng se Mabapi le Jesu ba qheletse ka thōko lintlha tsohle tse ’nè tse hlahisitsoeng e le lipotso qalong. Ha e le hantle, ba lahlile lotho e ntšo bakeng sa karolo ea 82 lekholong ea mantsoe ao ho thoeng ke a Jesu ka Likosepeleng. Ho latela maikutlo a bona, ke karolo ea 16 lekholong feela ea liketsahalo tse boletsoeng mabapi le Jesu ka Likosepeleng le libukeng tse ling tseo ho bonahalang e le tsa ’nete.

Hase ntho e ncha hore Likosepele li nyatsuoe ka tsela ena. Tlhaselo ea Likosepele e ile ea hlaha ka 1774 ha buka e ngotsoeng ka letsoho e maqephe a 1 400 ea Hermann Reimarus, moprofesa oa lipuo tsa Bochabela oa Hamburg, Jeremane, e ne e phatlalatsoa ka mor’a lefu la hae. Ho eona Reimarus o ne a e-na le lipelaelo tse tebileng ka bonnete ba histori ba Likosepele. Liqeto tsa hae li ne li thehiloe ho sekasekoeng ha puo le seo ho bonahalang e le ho ikhanyetsa ho fumanoang litlalehong tsa Likosepele tsena tse ’nè tsa bophelo ba Jesu. Ho tloha nakong eo, hangata bahlahlobisisi ba Bibele ba ’nile ba bolela hore ba belaella bonnete ba Likosepele, ka tekanyo e itseng ba ne ba etsa hore batho ba be le tšepo e fokolang libukeng tsena.

Tšobotsi e tloaelehileng har’a litsebi tsena ke hore li nka tlaleho ea Likosepele e le tšōmo ea bolumeli e neheletsanoeng ke batho ba sa tšoaneng. Lipotso tse tloaelehileng tse botsoang ke litsebi tse nang le lipelaelo ke tsena: Na ebe mohlomong seo bangoli ba Likosepele tse ’nè ba neng ba se lumela se entse hore ba ntlafatse linnete tsa se hlileng se etsahetseng? Na mekhoa ea lipolotiki ea mokhatlo oa pele oa Bakreste e ile ea etsa hore o fetole kapa o eketse litaba tsa Jesu? Ke likarolo life tsa Likosepele tseo e ka ’nang eaba ke tlaleho ea ’nete ho e-na le ho ba ho qaptjoa ha litšōmo?

Batho ba hōletseng har’a batho ba sa lumeleng boteng ba Molimo kapa ba lumelang linthong tsa lefatše ba lumela hore Bibele—ho akarelletsa le Likosepele—ke buka e tletseng litšōmo le lipale. Ba bang bona ba nyahamisoa ke histori ea Bokreste-’mōtoana ea tšollo ea mali, khatello, karohano le boitšoaro boo e seng ba bomolimo. Batho ba joalo ha ba bone lebaka la ho ela hloko libuka tseo Bokreste-’mōtoana bo li nkang li halalela. Ba ikutloa hore libuka tse hlahisitseng bolumeli ba boikaketsi e tlameha e be ke litšōmo tse se nang thuso.

Maikutlo a hao ke afe? Na u lokela ho lumella litsebi tse itseng tse belaellang bonnete ba histori ba Likosepele hore li tsose lipelaelo tse tšoanang kelellong ea hao? Ha u utloa lipolelo tse mabapi le seo ho thoeng ke ho qapa litšōmo ha bangoli ba Likosepele, na u lokela ho lumella see hore se etse hore tšepo ea hao ho seo ba se ngotseng e thekesele? Na tlaleho ea Bokreste-’mōtoana ea ho se tšabe Molimo e lokela ho u etsa hore u belaelle ho tšepahala ha Likosepele? Re u mema hore u hlahlobe linnete tse ling.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Na Likosepele li fupere litšōmo kapa linnete?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

Jesus Walking on the Sea/The Doré Bible Illustrations/Dover Publications

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela