Na U sa Hopola?
Na u thabetse ho bala litokollo tsa morao tjee tsa Molula-Qhooa? Haeba ho joalo, bona hore na u ka araba lipotso tse latelang:
•Lekhotla la Molao oa Motheo la Jeremane le ile la tlatsetsa tlhōlong efe e amang bolumeli?
Lekhotla leo le ile la etsolla qeto e mpe ea lekhotla le leng mabapi le Lipaki tsa Jehova le ho ngolisoa ha tsona ka molao e le mokhatlo o amoheloang ke molao oa sechaba. Qetong e tlisitseng tlhōlo ho ile ha boleloa hore ka hare ho meeli ea tokoloho ea bolumeli motho a ka ’na a “mamela melao ea tumelo” ho feta litaelo tsa Naha.—8/15, leqepheng la 8.
•Jobo o ile a ba mahlomoleng ka nako e kae?
Buka ea Jobo ha e bontše hore o ile a ba mahlomoleng ka lilemo tse ngata. Mahlomola a Jobo le ho fela ha ’ona e ka ’na eaba e bile ntho ea likhoeli tse seng kae, mohlomong nako e ka tlaase ho selemo.—8/15, leqepheng la 31.
•Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Diabolose hase tumela-khoela feela?
Jesu Kreste o ne a tseba hore Diabolose ke motho oa sebele. Jesu o ile a lekoa ke motho oa sebele, eseng bobe feela bo ka ho eena. (Matheu 4:1-11; Johanne 8:44; 14:30)—9/1, leqepheng la 5-6.
•Liproverbia 10:15 e re: “Lintho tsa bohlokoa tsa morui ke motse oa hae o matla. Tšenyeho ea ba tlaase ke bofutsana ba bona.” See ke ’nete joang?
Maruo a ka sebetsa e le tšireletso maemong a itseng a sa tsitsang bophelong, feela joalokaha ka tsela e itseng, motse o matla o sireletsa ba lulang ho oona. Ka lehlakoreng le leng, bofutsana bo ka senya ha maemo a fetoha ka tšohanyetso.—9/15, leqepheng la 24.
•Batho ba ile ba qala “ho ipiletsa lebitsong la Jehova” ka kutloisiso efe mehleng ea Enoshe? (Genese 4:26)
Lebitso la Molimo le ne le ntse le sebelisoa ho tloha tšimolohong ea moloko oa batho; kahoo, ha ba qala ho ipiletsa lebitsong la Jehova mehleng ea Enoshe, ba ne ba sa ho etse ka tumelo. Mohlomong batho ba ne ba itšebelisetsa lebitso la Molimo ka mokhoa o nyefolang kapa ba le sebelisa ho ba bang bao ba neng ba iketsa eka ba rapela Molimo ka bona.—9/15, leqepheng la 29.
•Lentsoe “taeo,” joalokaha le sebelisitsoe ka Bibeleng, le bolela’ng?
Lentsoe lena ha le fetise maikutlo leha e le afe a ho khahlapetsa kapa sehlōhō. (Liproverbia 4:13; 22:15) Lentsoe la Segerike bakeng sa “taeo” le amana haholo le thupelo, thuto, khalemelo ’me ka linako tse ling le amana le ho shapa ka tieo empa e le ka lerato. Tsela e molemo eo batsoali ba ka etsisang Jehova ka eona ke ka ho loanela ho buisana le bana ba bona kamehla. (Baheberu 12:7-10)—10/1, leqepheng la 8, 10.
•Bakreste ba ’nete kajeno ba bontša joang hore ba emela puso ea Molimo?
Ha Lipaki tsa Jehova li buella ’Muso oa Molimo, ha li kena-kenane le lipolotiki kapa hona ho fehla bofetoheli, esita le linaheng tseo Lipaki li thibetsoeng ho tsona. (Tite 3:1) Li kenya letsoho ka mokhoa o molemo ka tsela eo Jesu le barutuoa ba hae ba pele ba entseng ka eona ’me li loanela ho thusa batho hore ba amohele mekhoa e molemo ea Bibele, e kang botšepehi, boitšoaro bo hloekileng le mekhoa e metle ea ho sebetsa.—10/15, leqepheng la 6.
•Metsi a phelisang a phalla joang Andes?
Lipaki tsa Jehova sebakeng sena li ikitlaelletsa ho isa linnete tsa Bibele ho batho, esita le ka lipuo tse peli tsa moo, e leng Sequechua le Seaymara. Lipaki li etela batho ba lulang lihlekehlekeng tsa Lake Titicaca, ho akarelletsa lihlekehleke “tse phaphametseng” tsa lehlaka le melang ka letšeng.—10/15, leqepheng la 8-10.
•Molimo o re file eng e re supisang tsela e ka tšoantšoang le sesupa-tsela sa k’homphieutha se lifofaneng tsa kajeno tsa baeti?
Molimo o hlomelletse batho ka matla a ba tataisang boitšoarong, e leng boikutlo bo ka ho motho ba boitšoaro. Matla ana ke letsoalo leo re le futsitseng. (Baroma 2:14, 15)—11/1, leqepheng la 3-4.
•Ke hobane’ng ha lefu la Jesu e le la bohlokoa haholo?
Ha motho ea phethahetseng Adama a etsa sebe, o ile a itahlela bophelo eena le bana ba hae. (Baroma 5:12) Jesu o ile a tela bophelo ba hae ba motho ea phethahetseng oa nama, kahoo a fana ka topollo e etsang hore batho ba tšepahalang ba fumane bophelo bo sa feleng.—11/15, leqepheng la 5-6.
•Baskitha ba boletsoeng ho Bakolose 3:11 e ne e le bo-mang?
Baskitha e ne e le sechaba sa bo-hloma-u-hlomole masabasabeng a Eurasia, ba ileng ba busa ho tloha ka 700 ho ea ho 300 B.C.E. E ne e le bapalami ba hloahloa ba lipere le bahlabani. Mohlomong Bakolose 3:11 e ne e sa akarelletse sechaba se itseng, empa e ne e akarelletsa maqaba a fetisisang.—11/15, leqepheng la 24-5.
•Ke hobane’ng ha re ka bolela hore Molao oa Khauta ke thuto eo re lokelang ho e ela hloko kamehla?
Molao ona oa motheo o buelloa Bojudeng, Bobuddheng, filosofing ea Bagerike le Bonconfuciaseng. Leha ho le joalo, seo Jesu a se laetseng Thutong ea Thabeng se hloka khato e nang le kutloisiso, ’me se ama bophelo ba batho ba libakeng tsohle le ba lilemo tsohle. (Matheu 7:12)—12/1, leqepheng la 3.