Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 1/1 maq. 3-4
  • Mathata a ho Khethollana ka Maemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mathata a ho Khethollana ka Maemo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ho na le Tlhase ea Tšepo?
  • Na ho ka Khoneha Hore ho be le Mokhatlo oa Batho ba sa Khethollaneng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Ho Phehella ho Lekana
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Tlokotsi e Teng Hona Joale ea ho se Leka-lekane
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Na Khethollo ea Merabe e Tla ke e Fele?—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?
    Lihlooho Tse Ling
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 1/1 maq. 3-4

Mathata a ho Khethollana ka Maemo

“E KA ’NA EABA KE TOKELO HORE BATHO BOHLE BA LEKANE, EMPA LEFATŠENG MONA HA HO NA ’MUSO O KA PHETHAHATSANG SEO.”

Ao ke mantsoe a Honoré de Balzac, ralipale oa lekholong la bo19 la lilemo. Na u lumellana le eena? Ba bangata ba na le maikutlo a hore ho khethollana ka maemo ho fosahetse. Leha ho le joalo, esita le lekholong lena la bo21 la lilemo, mokhatlo oa batho o sa ntsane o arohane ka maemo a mangata a sa tšoaneng.

CALVIN COOLIDGE, eo e neng e le mopresidente oa United States ho tloha ka 1923 ho ea ho 1929, o ne a amehile ka bothata ba ho khethollana ka maemo ’me o ile a bua ka hore “qetellong maemo ’ohle a khethehileng a tla felisoa.” Leha ho le joalo, ka mor’a hore ho fete lilemo tse ka bang 40 Coolidge e le mopresidente, Moifo oa Kerner, o neng o khethetsoe ho ithuta likamano pakeng tsa merabe, o ile oa bolela hore o tšoenyehile hore ntle ho boikhethelo United States e tla ba mekhatlo e ’meli: “oa ba batšo le oa ba basoeu—e arohaneng le e sa lekaneng.” Ba bang ba bolela hore polelo ena e boletsoeng esale pele e se e phethahetse le hore “lekhalo le bakoang ke maemo a moruo le morabe le ntse le hōla” naheng eo.

Ke hobane’ng ha ho le thata hakaale ho phethahatsa khopolo ea hore batho baa lekana? Lebaka le ka sehloohong ke litšekamelo tsa batho. William Randolph Hearst, eo e neng e le setho sa paramente sa United States, o kile a re: “Bonyane ke ntlheng e le ’ngoe moo batho bohle ba bōpiloeng ba lekana, ’me ntlha eo ke takatso ea bona ea hore ba se ke ba lekana.” O ne a bolela’ng? Mohlomong ralitšoantšiso oa lekholong la bo19 la lilemo Henry Becque o ile a bolela taba ena ka mokhoa o hlakileng haholoanyane ha a re: “Se etsang hore ho be thata hore batho ba lekane ke hore re batla ho lekana le batho ba re phahametseng feela.” Ka mantsoe a mang, batho ba batla ho lekana le ba ba phahametseng sechabeng; empa hase ba bangata ba ka thabelang ho fokotsa litokelo tsa bona le menyetla ea bona ka hore ba itekanye le bao ba nkang hore ba tlas’a bona.

Linakong tse fetileng, batho ba ne ba tsoaloa e le bafo, e le karolo ea batho ba phahameng, esita le ho tsoaloa e le litho tsa lelapa la borena. Ho sa ntsane ho le joalo libakeng tse seng kae. Leha ho le joalo, linaheng tse ngata kajeno, ke chelete—kapa ho hloka chelete—e rerang hore na motho ke oa boemo bo tlaase, bo hare kapa bo phahameng. Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ling tse bontšang maemo, tse kang morabe, thuto le tsebo. Libakeng tse ling, ntho e ka sehloohong eo motho a khetholloang ka lebaka la eona ke bong, basali ba nkoa e le batho ba boemo bo tlaase.

Na ho na le Tlhase ea Tšepo?

Melao ea litokelo tsa botho e thusitse ho tlosa khethollano e ’ngoe e bakoang ke maemo. United States ho ile ha fetisoa melao e hanyetsang khethollo. Khethollo ea ’mala e ile ea felisoa ka molao Afrika Boroa. Bokhoba, le hoja bo sa ntsane bo le teng, bo haneloa ka molao karolong e khōlō ea lefatše. Liqeto tsa molao li qobelletse hore ho hlokomeloe litokelo tsa mobu tsa matsoalloa a linaha tse itseng, ’me melao e hanyetsang khethollo e lopolotse batho ba bang ba maemo a sa natsoeng.

Na see se bontša hore khethollo ea maemo ea fela? Che. Le hoja hona joale khethollo e ’ngoe ea maemo e ka ’na eaba e feletsoe ke matla, ho ntse ho hlaha likarohano tse ncha. Buka ea Class Warfare in the Information Age e re: “Ho bonahala eka kajeno ha hoa lokela ho arola batho ka maemo a bahiri le bahiruoa, empa ho joalo kahobane batho ba maemo ana a ka sehloohong ba ikarotse ka lihlotšoana tsa batho ba halefileng.”

Na ho khethollana ka maemo ho tla arola batho ka ho sa feleng? Ha e le hantle, joalokaha sehlooho se latelang se tla bontša, tšepo e teng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela