Na ho ka Khoneha Hore ho be le Mokhatlo oa Batho ba sa Khethollaneng?
JOHN ADAMS, eo e ileng ea e-ba mopresidente oa bobeli oa United States, ke e mong oa ba ileng ba saenela se tummeng ka ho re ke Phatlalatso ea Boipuso, e neng e akarelletsa mantsoe ana a babatsehang: “Re nka linnete tsena e le tsa sebele, hore batho bohle ba bōpiloe ba lekana.” Leha ho le joalo, ho hlakile hore John Adams o ne a belaela hore kannete batho bohle baa lekana, hobane o ile a ngola, a re: “Ho se Lekane ka Monahano le ’Mele ho hlomamisitsoe ke Molimo ea Matla ’Ohle ha a ne a Tiisa Botho ba Motho ’me ha ho na morero kapa leano tse ka etsang hore ba lekane.” Ha ho bapisoa, rahistori oa Lenyesemane H. G. Wells o ile a bona ka kelello mokhatlo oa batho ba lekanang o thehiloeng linthong tse tharo: lefatše le tloaelehileng empa e le le hloekileng le le se nang letheba bolumeling, le nang le thuto e tšoanang bakeng sa bohle le le se nang mabotho a hlometseng.
Ho fihlela joale bophelong, ha ho e-s’o hlahe mokhatlo o lekanang oo Wells a ileng a o bona ka mahlo a kelello. Ho hang batho ha ba lekane, ’me ho khethollana ka maemo e ntse e le karolo e hlahelletseng mokhatlong oa batho. Na maemo aa a ruisitse mokhatlo oa batho ka kakaretso molemo oa letho? Che. Litsamaiso tse khethollang batho ka maemo li arotse batho, ’me li feletse ka mohono, lehloeo, masisa-pelo le tšollo ea mali a mangata. Bophahamo ba nakong e fetileng ba motho e mosoeu Afrika, Australia le Amerika Leboea bo ile ba tlisetsa batho ba seng basoeu mahlomola—ho akarelletsa le ho felisoa ka ho feletseng ha matsoalloa a Van Diemen’s Land (e leng Tasmania kajeno). Ho khesoa ha Bajuda Europe e bile selelekela sa Polao e Sehlōhō (ea Bajuda). Leruo le lengata haholo la batho ba maemo a phahameng le ho se khotsofale ha batho ba maemo a tlaase le ba maemo a bohareng e bile lisosa tsa Phetohelo ea Puso ea Fora lekholong la bo18 la lilemo le Phetohelo ea Puso ea Mabolshevike Russia lekholong la bo20 la lilemo.
Monna ea bohlale oa nakong e fetileng o ile a ngola a re: ‘Motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’ (Moeklesia 8:9) Mantsoe a hae ke ’nete ho sa tsotellehe hore na ho busa motho a le mong kapa lihlopha. Ha batho ba maemo a itseng ba iphahamisetsa ba bang, phello e ke keng ea qojoa ke mahlomola le ho utloa bohloko.
Bohle Baa Lekana Mahlong a Molimo
Na ho na le batho ba maemo a itseng bao ka tlhaho ba phahametseng ba bang? Mahlong a Molimo ha ho joalo. Bibele e re: “[Molimo] o entse ho tsoa mothong a le mong sechaba se seng le se seng sa batho, ho lula holim’a lefatše lohle.” (Liketso 17:26) Ho feta moo, ’Mōpi ‘ha aa bontša leeme ho likhosana le ho nahanela ea hlomphehang ho feta ea tlaase, etsoe kaofela ha bona ke mosebetsi oa matsoho a hae.’ (Jobo 34:19) Batho kaofela baa amana, ’me mahlong a Molimo bohle ba tsoetsoe ba lekana.
Hape, u hopole hore ha motho a e-shoa, boipoleliso bohle ba hore o phahametse ba bang boa fela. Baegepeta ba boholo-holo ba ne ba sa lumele seo. Ha Faro a ne a e-shoa, ba ne ba kenya lintho tsa theko e boima haholo ka lebitleng la hae e le hore a ka li thabela ha a ntse a le setulong sa hae se phahameng bophelong ba ka mor’a lefu. Na o ne a li thabela? Che. Boholo ba matlotlo ao bo ne bo fella liatleng tsa batho ba utsoang mabitleng, ’me thepa e ngata eo masholu a sa kang a e utsoa e ka bonoa kajeno libakeng tsa polokelo ea lintho tsa khale.
Faro eo o ne a ke ke a sebelisa thepa eo ea theko e boima hobane o ne a shoele. Lefung, ha ho na batho ba boemo bo holimo le ba boemo bo tlaase, ha ho na leruo ’me le bofutsana ha bo eo. Bibele e re: “Batho ba bohlale ba tlameha ho shoa; batho ba se nang kelello, batho ba kang liphoofolo, baa timela kaofela. Etsoe batho ba tšoana le lipoho tse felloang ke bophelo, ba tšoana le likhomo tse nang le nako e khutšoanyane.” (Pesaleme ea 49:10, 12, The New English Bible) Ebang re marena kapa makhoba, mantsoe ana a bululetsoeng a sebetsa ho rōna kaofela ha a re: “Ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho, leha e le hore ba sa na le moputso . . . Ha ho mosebetsi kapa morero kapa tsebo kapa bohlale Sheole, e leng sebaka seo u eang ho sona.”—Moeklesia 9:5, 10.
Re tsoaloa re lekana kaofela mahlong a Molimo, ’me qetellong rea lekana kaofela lefung. Kahoo, ho phahamisetsa batho ba maemo a itseng ka holim’a ba bang ka nakoana ena eo re phelang ka eona, ke halefeela hakaakang!
Mokhatlo oa Batho ba sa Khethollaneng o ka Finyelloa Joang?
Leha ho le joalo, na ho na le tšepo ea hore ka letsatsi le leng ho tla ba le mokhatlo oa batho oo ho oona maemo e sa tl’o ba ntho ea bohlokoa? E, e teng. Hoo e ka bang lilemong tse fetileng tse 2 000 ha Jesu a ne a le lefatšeng mona, ho ile ha raloa motheo bakeng sa mokhatlo o joalo. Jesu o ile a fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo sa thekollo bakeng sa moloko oohle o lumelang oa batho e le hore “e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16.
E le ho bontša hore ha ho le ea mong oa balateli ba hae ea lokelang ho iphahamisetsa ka holim’a balumeli-’moho le eena, Jesu o itse: “Lōna, le se ke la bitsoa Rabi, kaha mosuoe oa lōna o mong, athe lōna bohle le bara ba motho. Ho feta moo, le se ke la bitsa mang kapa mang ntat’a lōna lefatšeng, kaha Ntat’a lōna o mong, Oa leholimo. Leha e le hore le bitsoe ‘baeta-pele,’ kaha Moeta-pele oa lōna o mong, Kreste. Empa e moholo har’a lōna e lokela ho ba mosebeletsi oa lōna. Mang kapa mang ea iphahamisang o tla kokobetsoa.” (Matheu 23:8-12) Mahlong a Molimo, barutuoa bohle ba ’nete ba Jesu baa lekana tumelong.
Na Bakreste ba pele ba ne ba nka hore baa lekana? Ba ileng ba utloisisa thuto ea Jesu ba ne ba nka hore baa lekana. Ba ne ba nka hore baa lekana tumelong ’me sena ba ne ba se bontša ka ho bitsana “mor’eso.” (Filemone 1, 7, 20) Ho ne ho se ea khothalletsoang ho nka hore o molemo ho feta ba bang. Ka mohlala, nahana ka tsela ea boikokobetso eo Petrose a itlhalositseng ka eona lengolong la hae la bobeli ha a re: “Simone Petrose, lekhoba le moapostola oa Jesu Kreste, ho ba fumaneng tumelo, eo e leng tokelo e lekanang le ea rōna.” (2 Petrose 1:1) Petrose o ne a rutiloe ke Jesu ka seqo, ’me joaloka moapostola, o ne a e-na le boemo ba bohlokoa ba boikarabelo. Leha ho le joalo, o ne a nka hore ke lekhoba ’me a lemoha hore Bakreste ba bang ba na le tumelo ka tokelo e lekanang le ea hae.
Ba bang ba ka ’na ba bolela hore molao-motheo oa ho lekana o hanyetsoa ke ’nete ea hore mehleng ea pele ho Bokreste Molimo o ne a entse Baiseraele sechaba sa hae se khethehileng. (Exoda 19:5, 6) Ba ka ’na ba bolela hore sena ke mohlala oa bophahamo ba morabe, empa ha ho joalo. Ke ’nete hore Baiseraele, joaloka bana ba Abrahama, ba ne ba thabela kamano e khethehileng le Molimo ’me ba ile ba sebelisoa e le mocha oa tšenolo e tsoang ho Molimo. (Baroma 3:1, 2) Empa morero oa sena e ne e se ho ba phahamisa ka tsela e sa tšoanelang. Ho e-na le hoo, e ne e le hore ‘ho tle ho hlohonolofatsoe lichaba tsohle.’—Genese 22:18; Bagalata 3:8.
Boholo ba Baiseraele ha baa ka ba etsisa tumelo ea moholo-holo oa bona Abrahama. Ba ne ba sa tšepahale ’me ba ile ba hana hore Jesu ke Mesia. Ka lebaka leo, Molimo o ile a ba lahla. (Matheu 21:43) Leha ho le joalo, ba bonolo molokong oa batho ha baa ka ba fetoa ke litlhohonolofatso tse tšepisitsoeng. Ka Pentekonta ea 33 C.E., ho ile ha tsoaloa phutheho ea Bokreste. Mokhatlo ona o hlophisitsoeng oa Bakreste ba neng ba tlotsitsoe ka moea o halalelang o ile oa bitsoa “Iseraele ea Molimo,” ’me o ile oa sebetsa e le mocha oo litlhohonolofatso tseo li neng li tla tla ka oona.—Bagalata 6:16.
Litho tse ling tsa phutheho eo li ne li hloka ho rutoa taba ea ho lekana. Ka mohlala, morutuoa Jakobo o ile a khalemela ba neng ba tlotla Bakreste ba ruileng ho feta ba futsanehileng. (Jakobo 2:1-4) Ntho eo e ne e le phoso. Moapostola Pauluse o ile a bontša hore ka sebele Bakreste ba Balichaba ba ne ba se ka tlaase ho Bakreste ba Bajuda, le hore ka sebele Bakreste ba batšehali ba ne ba se ka tlaase ho ba batona. O ile a ngola, a re: “Ha e le hantle, kaofela le bara ba Molimo ka tumelo ea lōna ho Kreste Jesu. Etsoe lōna kaofela ba ileng ba kolobetsoa ho kena ho Kreste le apere Kreste. Ha ho Mojuda kapa Mogerike, le lekhoba kapa motho ea lokolohileng, ha ho e motona kapa e motšehali; etsoe kaofela le motho a le mong bonngoeng le Kreste Jesu.”—Bagalata 3:26-28.
Batho ba sa Khethollaneng Kajeno
Lipaki tsa Jehova kajeno li leka ho phela tumellanong le melao-motheo ea Mangolo. Lia tseba hore mahlong a Molimo ho arohana ka maemo hase ntho ea bohlokoa. Kahoo, ha lia aroloa ka baruti le phutheho, ’me ha lia aroloa ka lebala kapa leruo. Le hoja tse ling li ruile, ha li na pono ea “pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso,” hobane lia lemoha hore lintho tse joalo ke tsa nakoana. (1 Johanne 2:15-17) Ho e-na le hoo, li momahantsoe kaofela ke ho rapela Jehova Molimo, ’Musi oa Bokahohle.
Paki e ’ngoe le e ’ngoe e amohela boikarabelo ba ho kopanela mosebetsing oa ho bolella batho ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso. Joaloka Jesu, li tlotla ba hateletsoeng le ba sa natsoeng ka ho ba etela malapeng a bona, li ithaopela ho ba ruta Lentsoe la Molimo. Tse futsanehileng li sebetsa le tseo ba bang ba ka nkang hore ke tsa maemo a phahameng. Ntho ea bohlokoa ke litšoaneleho tsa moea eseng maemo. Joaloka lekholong la pele la lilemo, bohle ke bara le barali ba motho tumelong.
Ho Lekana Hase ho Tšoana
Ha e le hantle, ho lekana hase ho tšoana ka ho feletseng. Banna le basali, ba baholo le ba banyenyane, ba teng kaofela mokhatlong ona o hlophisitsoeng oa Bakreste o akarelletsang batho ba tsoang merabeng e mengata, lipuong tse ngata, lichabeng tse ngata le maemong a mangata a moruo. Mokreste ka mong o na le bokhoni bo sa tšoaneng le ba ba bang kelellong le ’meleng. Empa ho se tšoane hona ha ho etse hore ba bang e be ba phahameng kapa ba bang e be ba tlaase. Ho e-na le hoo, ho se tšoane hona ho etsa phapang e thabisang. Bakreste bana ba hlokomela hore litalenta tsohle tseo ba nang le tsona ke limpho tse tsoang ho Molimo le hore hase lebaka la boiphahamiso.
Ho arohana ka maemo ke phello ea hore motho a leke ho ipusa ho e-na le hore a latele tataiso ea Molimo. Haufinyane ’Muso oa Molimo ke oona o tla busa lefatše lena letsatsi le leng le le leng, ’me sena se tla felisa ho khethollana ka maemo ho entsoeng ke batho, hammoho le lintho tse ling tsohle tse bakileng mahlomola ka lilemo tsena tsohle. Ka nako eo, “ba bonolo ba tla rua lefatše” ka ho feletseng. (Pesaleme ea 37:11) Ho tla be ho felile mabaka ’ohle a ho ithorisa ka seo motho a nahanang hore o phahame ka lebaka la sona. Maemo a ke ke a hlola a lumelloa ho arola mokhatlo oa bara ba motho oa lefatše ka bophara.
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 5]
’Mōpi ‘ha aa nahanela ea hlomphehang ho feta ea tlaase, etsoe kaofela ha bona ke mosebetsi oa matsoho a hae.’—Jobo 34:19.
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Lipaki tsa Jehova li tlotla baahelani ba tsona
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Litšoaneleho tsa moea ke tsona tsa bohlokoa har’a Bakreste ba ’nete