Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 1/15 maq. 8-9
  • Ho Bolela Lentsoe’ Hoa Khatholla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Bolela Lentsoe’ Hoa Khatholla
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mohloli oa Thabo
  • Basebeletsi ba Khatholohileng
  • Ba Khatholloang
  • “E-eang ’me le Etse . . . Barutuoa”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
  • “E-eang ’me le Etse Batho ba Lichaba Tsohle Barutuoa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Mosebetsi o Khathollang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • “Tloong ho ’Na, . . . ’Me ke Tla le Khatholla”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 1/15 maq. 8-9

“Tloong ho ’na, . . . ’me ke Tla le Khatholla”

Ho Bolela Lentsoe’ Hoa Khatholla

O NE a phethahetse, a etsa mosebetsi oa bohlokoa. Mekhoa ea hae ea ho ruta e ne e atleha hoo ‘bongata bo ileng ba hlolloa ke tsela ea hae ea ho ruta.’ (Matheu 7:28) Hape e ne e le ’moleli ea mafolofolo. O ne a sebelisa nako ea hae, matla le matlotlo ka ho khetheha bakeng sa ho bolela ka ’Muso oa Molimo. Ka sebele Jesu Kreste o ne a tsamaea ho pholletsa le naha ea habo e le ’moleli le mosuoe ea ipabolang.—Matheu 9:35.

Mosebetsi oa Jesu o potlakileng e ne e le ho bolela “litaba tse molemo tsa ’muso” ho batho ba mehleng ea hae le ho koetlisetsa barutuoa ba hae mosebetsi oo lefatšeng lohle. (Matheu 4:23; 24:14; 28:19, 20) Na balateli ba hae ba sa phethahalang le ba nang le mefokolo ba ne ba tla imeloa ke mosebetsi oa bona oa ho bolela, boholo ba oona le ho potlaka ha oona?

Le hanyenyane! Ka mor’a ho ruta barutuoa ba hae ho rapela “Mong’a kotulo,” Jehova Molimo, hore a romele basebetsi ba eketsehileng, Jesu o ile a ba roma ho ea ruta batho. (Matheu 9:38; 10:1) Eaba o ba tiisetsa hore boikarabelo ba ho ba balateli ba hae—ho akarelletsa le mosebetsi oa ho bolela—bo ne bo tla ba imolla e le kannete le ho ba khothatsa. Jesu o itse: “Tloong ho ’na, . . . ’me ke tla le khatholla.”—Matheu 11:28.

Mohloli oa Thabo

Memo eo e bontša kutloelo-bohloko, lerato le mosa tse kaakang! E bontša hore Jesu o ameha haholo ka balateli ba hae. Barutuoa ba hae baa khatholoha ha ba phethahatsa boikarabelo ba bona ba ho bolela “litaba tse molemo” tsa ’Muso oa Molimo. Sena se ba tlisetsa thabo ea ’nete le khotsofalo.—Johanne 4:36.

Khale pele Jesu a e-tla lefatšeng, Mangolo a ile a hatisa hore thabo e lokela ho ba tšobotsi ea tšebeletso e halalelang ho Molimo. Sena se ile sa hlaka ha mopesaleme a ne a bina a re: “Hooang ka tlhōlo ho Jehova, lōna batho bohle ba lefatše. Sebeletsang Jehova ka thabo. Kenang ka pel’a hae ka mohoo oa nyakallo.” (Pesaleme ea 100:1, 2) Kajeno, batho ba lichaba tsohle ba ithabela ho Jehova, ’me lipolelo tsa bona tsa thoriso li tšoana le mohoo oa tlhōlo oa lebotho le hlōlang. Ba inehetseng ho Molimo e le kannete ba tla ho eena “ka mohoo oa nyakallo.” ’Me ka sebele seo se loketse hobane Jehova ke “Molimo ea thabileng,” ea batlang hore bahlanka ba hae ba thabele ho phethahatsa boinehelo ba bona ho eena.—1 Timothea 1:11.

Basebeletsi ba Khatholohileng

Ho tla joang hore mosebetsi o boima oa tšimo o se ke oa re khathatsa empa ha e le hantle o re khatholle? Ka sebele, ho Jesu ho etsa mosebetsi oa Jehova ho ne ho tšoana le lijo tse matlafatsang. O itse: “Lijo tsa ka ke hore ke etse thato ea ea nthomileng le hore ke qete mosebetsi oa hae.”—Johanne 4:34.

Ka ho tšoanang, baboleli ba Bakreste ba chesehang kajeno ba fumana nyakallo ha ba ntse ba ‘bolela lentsoe.’ (2 Timothea 4:2) Connie, mosali oa Mokreste ea lilemong tse bohareng ea qetang lihora tse fetang 70 ka khoeli a le mosebetsing oa ho bolela, o re: “Ka mor’a ho kopanela tšebeletsong, ke ikutloa ke khotsofetse, ke thabile, le haeba ke khathetse qetellong ea letsatsi leo.”

Ho thoe’ng haeba molaetsa oa ’Muso o sa amoheloe? Connie o tsoela pele: “Ho sa tsotellehe hore na batho ba arabela joang, ha ho mohla nkileng ka ikoahlaela ho kopanela tšebeletsong. Ntle le ho tseba hore ke etsa se khahlisang Jehova, ke nka hore ho bua ka ’nete hoa thabisa hobane ha ke ntse ke bua ka eona, tšepo e babatsehang e tsoang ka Bibeleng e ba matla pelong ea ka.”

Ba bang ba hlokomela hore ho thusa batho ho fumana tsebo e nepahetseng ea Molimo ho etsa hore bophelo ba bona bo be le morero. Meloney, moroetsana eo khoeli le khoeli a qetang lihora tse fetang 50 mosebetsing oa ho bolela, o re: “Tšebeletso ea khatholla hobane e etsa hore ke tsepamise bophelo ba ka nthong e itseng ’me ke be le morero. Mathata a ka le likhatello tsa letsatsi le letsatsi lia bebofala ha ke kopanela tšebeletsong.”

Millicent, mosebeletsi e mong ea chesehang oa Lipaki tsa Jehova, o re: “Tšebeletso e etsa hore letsatsi ka leng leo ke le qetang ke bua le ba bang ka morero oa Molimo bakeng sa moloko oa batho le ho hlalosa kamoo Paradeise e tla tsosolosoa kateng, e be la bohlokoa. E etsa hore Jehova e be motho oa sebele ho ’na letsatsi le letsatsi ’me e etsa hore ke be le khotso le thabo ea pelo tse ke keng tsa finyelloa ka litsela tse ling.”

Ba Khatholloang

Ka sebele baboleli ba ’Muso ba khatholloa ke tšebeletso ea Bokreste, ’me ba amohelang molaetsa oo o fanang ka bophelo, oa ba khothatsa. Le hoja mosuoe e mong oa sekolo Portugal a ne a koetlisitsoe ke baitlami le baprista, o ne a e-na le boikutlo ba hore kereke ea hae ha e khotsofatse litlhoko tsa hae tsa moea. Lipotso tsa hae tsa Bibele li ile tsa lula li sa arajoa. E mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a mo khannela thuto ea Bibele ea kamehla e ileng ea ntšetsa pele kutloisiso ea hae ea Mangolo hanyane ka hanyane. Mosuoe enoa o ile a thaba. A re: “Ke ne ke letela thuto ea ka ka thahasello Laboraro le leng le le leng, ha lipotso tsa ka li ntse li arajoa ka bonngoe ka bopaki ba Bibele bo kholisang.” Kajeno mosali enoa ke mohlanka oa Jehova ea inehetseng, ’me le eena o khatholla ba bang ka ’nete ea Bibele.

Joale, ho hlakile hore Lipaki tsa Jehova ha li tsielehisoe ke ho teba ha mosebetsi oa tsona oa boboleli kapa boholo ba tšimo ea tsona ea lefatše lohle. Ha li nyahamisoe ke ho se thahaselle kapa ho hanyetsoa. Li ikakhetse ka setotsoana ha li etsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso. Li bolella batho litaba tse molemo kae kapa kae moo li ba fumanang—moo literaka li emang teng United States (1), seemelong sa lifofane sa Korea (2), Andes (3), kapa ’marakeng oa London (4). Balateli ba Jesu ba kajeno ka thabo ba tsoela pele ka mosebetsi oa bona o putsang lefatšeng ka bophara. ’Me tumellanong le tšepiso ea hae, o ba khatholotse o bile o ba sebelisitse hore ba khatholle ba bang ba bangata.—Tšenolo 22:17.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela