Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 3/15 maq. 29-31
  • Ho Tlotsa Setopo Hore se se ke sa Senyeha na ho Nepahetse ho Bakreste?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tlotsa Setopo Hore se se ke sa Senyeha na ho Nepahetse ho Bakreste?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tloaelo ee e Qalile Hokae?
  • Na ho Nepahetse ho Bakreste?
  • Na U sa Hopola?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Re u Lome Tsebe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Limpho Tsa ho Fuoa Marena
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Jesu oa Patoa
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 3/15 maq. 29-31

Ho Tlotsa Setopo Hore se se ke sa Senyeha na ho Nepahetse ho Bakreste?

Ha a le makhatheng a lefu, mopatriareka Jakobo o ile a etsa kōpo ena ea ho qetela: “Mpateng le bo-Ntate lehaheng le tšimong ea Efrone Mohethe, lehaheng le tšimong ea Makpela e ka pel’a Mamre naheng ea Kanana.”—Genese 49:29-31.

JOSEFA o ile a hlompha kōpo ea ntat’ae ka ho sebelisa tloaelo e neng e atile Egepeta ka nako eo. O ile a laela “bahlanka ba hae, lingaka, hore li tlotse setopo sa ntat’ae.” Ho latela tlaleho e ho Genese khaolo ea 50, lingaka tsena li ile tsa nka matsatsi a tloaelehileng a 40 li lokisa setopo. Ho tlotsoa ha setopo sa Jakobo hore se se ke sa senyeha ho ile ha lumella hore sehlopha se tsamaeang butle sa litho tsa lelapa le bahlomphehi ba Egepeta se tsamaee lik’hilomithara tse ka bang 400 ho isa setopo sa Jakobo Hebrone moo se ileng sa patoa teng.—Genese 50:1-14.

Na ho ka etsahala hore ka letsatsi le leng ho fumanoe setopo sa Jakobo se tlotsitsoeng? Ho ka etsahala le hoja e ka ba ka thata. Iseraele e ne e le sebaka se mongobo, e leng ho lekanyetsang mefuta ea lintho tseo baepolli ba lintho tsa khale ba li fumanang sebakeng seo. (Exoda 3:8) Ho tletse lintho tsa boholo-holo tsa tšepe le majoe, empa boholo ba lintho tse senyehang habonolo, joaloka lesela, letlalo le litopo tse tlotsitsoeng, ha lia khona ho mamella mongobo le ho fetoha ha linako.

Ha e le hantle, ho tlotsa setopo ke eng? Ke hobane’ng ha ho ’nile ha etsoa? Na ho nepahetse ho Bakreste?

Tloaelo ee e Qalile Hokae?

Ho tlotsa setopo ho ka hlalosoa hamolemo e le ho boloka setopo sa motho kapa sa phoofolo hore se se ke sa senyeha. Bo-rahistori baa lumellana hore ho tlotsa setopo ho qalile Egepeta empa ho ne ho boetse ho etsoa ke Baassyria ba boholo-holo, Bapersia le Baskitha. Mohlomong qalong ho thahasella hammoho le ho leka mokhoa ona oa ho tlotsa setopo ho ile ha bakoa ke ho fumanoa ha litopo tse ngata tse neng li patiloe lehlabatheng la mahoatateng ’me li sa senyeha. Ho patoa ho joalo ho ne ho tla thibela hore mongobo le moea li se ke tsa kena setopong, ’me ho etse hore se se ke sa senyeha ka potlako. Ba bang ba bolela hore ho tlotsa setopo ho qalile ha ho ne ho fumanoa litopo tse tlotsitsoeng ka natron (sodium carbonate), e leng letsoai le atileng Egepeta le libakeng tse e potolohileng.

Sepheo sa motho ea tlotsang litopo e mpa e le ho thibela seo baktheria e se etsang ka tlhaho lihora tse seng kae ka mor’a lefu, se etsang hore setopo se senyehe. Haeba sena se ka qojoa, setopo se ke ke sa bola kapa bonyane se tla lieha ho bola. Ho hlokahala lintho tse tharo: ho boloka setopo se le boemong boo ho bona ekang sea phela, ho qoba hore se se ke sa senyeha le ho etsa hore setopo se se ke sa jeoa ke likokoanyana.

Baegepeta ba boholo-holo ba ne ba tlotsa litopo haholo-holo ka mabaka a bolumeli. Maikutlo a bona a hore ho na le bophelo ka mor’a lefu ke ’ona a neng a etsa hore ba lakatse hore bafu ba ’ne ba buisane le ba phelang. Ba ne ba lumela hore litopo tsa bona li ne li ka sebelisoa ka ho sa feleng ’me tsa kenngoa bophelo hape. Le hoja ho tlotsa setopo ho ne ho tloaelehile, kajeno ha ho e-s’o fumanoe tlaleho ea Baegepeta ea kamoo ho neng ho etsoa kateng. Tlaleho e molemo ka ho fetisisa ke ea rahistori oa Mogerike Herodotus oa lekholong la bohlano la lilemo B.C.E. Leha ho le joalo, ho ’nile ha tlalehoa hore ha hoa ba le katleho e kaalo ha ho ne ho lekoa ho latela litaelo tse fanoeng ke Herodotus.

Na ho Nepahetse ho Bakreste?

Setopo sa Jakobo se ile sa tlotsoa ke batho ba neng ba e-na le bolumeli bo sa tšoaneng le ba hae. Leha ho le joalo, ha ho utloahale ho nahana hore ha Josefa a ne a nehelana ka setopo sa ntat’ae ho lingaka, o ile a batla le lithapelo le neano e neng e sebelisoa ha ho tlotsoa setopo Egepeta ka nako eo. Jakobo le Josefa ba ne ba e-na le tumelo e matla. (Baheberu 11:21, 22) Le hoja ho hlakile hore e ne e se ka taelo ea Jehova, Mangolo ha a bue hampe ka ho tlotsoa ha setopo sa Jakobo. Ho tlotsoa ha setopo sa Jakobo ho ne ho sa rereloa hore e be mohlala ho sechaba sa Iseraele kapa ho phutheho ea Bokreste. Ha e le hantle, ha ho na litaelo tse tobileng tabeng ena Lentsoeng la Molimo. Ka mor’a hore setopo sa Josefa se tlotsoe Egepeta, ha ho sa buuoa ka ketso ena ka Mangolong.—Genese 50:26.

Litopo tse senyehileng tse fumanoeng mabitleng a Palestina li bontša hore e ne e se tloaelo ea Baheberu ho tlotsa litopo, haholo-holo ho li tlotsa hore li se ke tsa senyeha ka nako e telele. Ka mohlala, setopo sa Lazaro se ne se sa tlotsoa. Le hoja a ne a thatetsoe ka lesela, batho ba ne ba amehile ha lejoe le neng le koetse lebitla la hae le lokela ho tlosoa. Kaha Lazaro o ne a se a shoele ka matsatsi a mane, khaitseli ea hae e ne e kholisehile hore ho tla utloahala monko o mobe ha ho buloa lebitla.—Johanne 11:38-44.

Na setopo sa Jesu Kreste se ile sa tlotsoa hore se se ke sa senyeha? Litlaleho tsa Kosepele ha li bontše hore se ile sa tlotsoa hore se se ke sa senyeha. Ka nako eo, tloaelo ea Sejuda e ne e le ho tšela setopo ka linōko le lioli tse nkhang hamonate pele se patoa. Ka mohlala, bakeng sa ho sebetsa setopo sa Jesu, Nikodemase o ile a nehelana ka linōko tse ngata bakeng sa sena. (Johanne 19:38-42) Ke hobane’ng ha a ile a nehelana ka linōko tse ngata hakaalo? Ho ka etsahala hore ebe lerato le tebileng le tlhompho ho Jesu ke tsona tse ileng tsa mo susumelletsa hore a fane ka seatla se bulehileng hakaalo. Ha ho hlokahale hore re etse qeto ea hore tšebeliso e joalo ea linōko e ne e reretsoe ho boloka setopo hore se se ke sa senyeha.

Na Mokreste o lokela ho ba khahlanong le tloaelo ea ho tlotsa setopo? Ho bua ’nete, ho tlotsa setopo e mpa e le ho liehisa seo qetellong se tla etsahala. Re ntšitsoe lerōleng, ’me re khutlela lerōleng ha re e-shoa. (Genese 3:19) Leha ho le joalo, ho tla feta nako e kae pele mofu a patoa? Haeba litho tsa lelapa le metsoalle ba tsoa hōle ’me ba lakatsa ho bona setopo, ha ho pelaelo hore setopo se lokela ho tlotsoa ka tekanyo e itseng.

Kahoo ho latela Mangolo, ha ho lebaka la ho khathatseha haeba sebakeng sa heno ho hlokoa hore ho tlotsoe setopo kapa litho tsa lelapa li batla hore se tlotsoe. Bafu “ha ba tsebe letho.” (Moeklesia 9:5) Haeba ba khopolong ea Molimo, ba tla tsosetsoa bophelong lefatšeng la hae le lecha le tšepisitsoeng.—Jobo 14:13-15; Liketso 24:15; 2 Petrose 3:13.

HO TLOTSA SETOPO NAKONG E FETILENG LE KAJENO

Egepeta ea boholo-holo, mokhoa oo setopo se neng se tlotsoa ka oona o ne o itšetlehile ka boemo ba lelapa. Ho ka etsahala hore ebe lelapa le ruileng le ne le ka khetha mokhoa ona:

Boko bo ne bo tla huloa le ka linkong ho sebelisoa tšepe. Ka mor’a moo, lehata le ne le tla sebetsoa ka meriana e loketseng. Mohato o latelang e ne e tla ba ho ntša litho tsohle tse ka hare ntle ho pelo le liphio. E le hore ho fihloe ka mpeng, ho ne ho tla lokela hore ho sehoe setopo, empa sena se ne se nkoa e le sebe. E le ho qoba ketso ena e bakang likhang, batho ba Egepeta ba tlotsang litopo ba ne ba khetha motho ea bitsoang mosehi hore a sehe setopo. O ne a baleha hang ha a qeta ho etsa sena, etsoe kahlolo ea tlōlo ena ea molao e ne e le lithohako le ho tlepetsoa ka majoe.

Ha litho tse ka mpeng li ntšitsoe, mpa e ne e hlatsuoa ka ho feletseng. Rahistori Herodotus o ile a ngola: “Ba tlatsa mpa ka myra e hloekileng ka ho fetisisa e tutsoeng, le cassia, le senōko se seng le se seng ntle ho libano tse tšoeu, ebe ba rōka lesoba le entsoeng.”

Ka mor’a moo, setopo se ne se omisoa ka ho ineloa ka har’a natron ka matsatsi a 70. Ka mor’a moo, setopo se ne se hlatsuoa ’me se phutheloa ka bohlale ka line. Joale line e ne e tlotsoa ka boka kapa mokelikeli o mamarelang o neng o sebetsa e le sekhomaretsi, ’me setopo se tlotsitsoeng ka metsoako e thibelang ho bola se ne se kenngoa ka har’a lekese la lehong le khabisitsoeng haholo le entsoeng sebōpeho sa motho.

Kajeno, setopo se ka tlotsoa ka nako e khutšoanyane haholo. Hangata sena se etsoa ka ho kenya mekelikeli e lekaneng e tlotsang setopo methapong ea mali esita le ka har’a mpa le sefubeng. Ha lilemo li ntse li feta, metsoako e mengata e ’nile ea etsoa le ho sebelisoa. Leha ho le joalo, ka lebaka la theko ea oona le ho sireletseha ha oona, motsoako oa ho tlotsa setopo oa formaldehyde ke oona o sebelisoang haholo.

[Setšoantšo]

Lekese la khauta la Morena Tutankhamen

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela