Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 4/15 leq. 30
  • Na U sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U sa Hopola?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tlotsa Setopo Hore se se ke sa Senyeha na ho Nepahetse ho Bakreste?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Bohloeki ha e le Hantle bo Bolela’ng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Bohloeki ke ba Bohlokoa Hakae?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 4/15 leq. 30

Na U sa Hopola?

Na u thabetse ho bala litokollo tsa morao tjee tsa Molula-Qhooa? Joale, bona haeba u ka arabela lipotso tse latelang:

• U ka ’na ua sebelisa lenaneo lefe la botho le amang Thuto ea Thabeng ho fokotsa khatello kelellong?

Letsatsi ka leng, u ka bala e ’ngoe ea lithuto tsa Jesu tsa motheo e boletsoeng thutong eo kapa Likosepeleng tse ling. Ka ho thuisa ka thuto eo le ka ho leka ho e sebelisa bophelong, u ka ’na ua fumana thabo e eketsehileng ua ba ua fokotsa khatello kelellong.—12/15, leqepheng la 12-14.

• Ke mabaka afe a mararo a utloahalang a etsang hore baholo ba phutheho ba koetlisetse bahlanka ba sebeletsang ho jara boikarabelo bo eketsehileng?

Ka lebaka la keketseho ea lenane la Lipaki tsa Jehova, ho hlokahala banna ba eketsehileng ba nang le boikarabelo hore ba thuse ba sa tsoa kolobetsoa ho hatela pele. Mathata a botsofali le ho kula a lekanyetsa seo baholo ba bang ba khale ba ka khonang ho se etsa. Hape baholo ba bang ba nang le tsebo ba jara boikarabelo libakeng tse ling ntle ho liphuthehong tsa habo bona feela, kahoo ba ka ’na ba sitoa ho etsa ho hongata joaloka pele liphuthehong tsa habo bona.—1/1, leqepheng la 29.

• Batho ba tšepa melimo eo e seng ea sebele joang?

Ba bangata ba rapela melimo ea malumeli a bona, empa ena ke melimo e sa pheleng e sitoang ho pholosa feela joaloka Baale mehleng ea Elia. (1 Marena 18:26, 29; Pesaleme ea 135:15-17) Ba bang ba tlotlisa likhalala tsa boithabiso kapa tsa lipapali, tse ke keng tsa fana ka tšepo leha e le efe ea sebele ea nakong e tlang. Ka lehlakoreng le leng, Jehova o teng ’me o phethahatsa merero ea hae.—1/15, leqepheng la 3-5.

• Re ithuta eng tseleng eo Kaine a ileng a itšoara ka eona ha Molimo a mo lemosa?

Molimo o re file bolokolohi ba ho ikhethela, ’me re ka ikhethela ho etsa se nepahetseng ho e-na le ho furalla ho etsa se molemo, e leng seo Kaine a ileng a se etsa. Tlaleho eo ea Bibele e boetse e bontša hore Jehova o phethahatsa likahlolo tsa hae ho ba sa bakeng.—1/15, leqepheng la 22-3.

• Ke hobane’ng ha bohloeki e le ba bohlokoa ka ho khetheha hona joale?

Ha litloaelo tsa bophelo li ntse li fetoha, batho ba bangata ba qeta nako e fokolang ba hloekisa mahae a bona ho feta kamoo ba neng ba tloaetse ho etsa kateng. Ho hlokomoloha bohloeki lijong le metsing ho ka ba kotsi bophelong. Ho phaella bohloeking ba ’mele, Bibele e totobatsa ho ela hloko bohloeki moeeng, boitšoarong le kelellong.—2/1, leqepheng la 3-6.

• Mabapi le lipaki tsa pele ho Bokreste, Pauluse o ile a re ha li na ho ‘etsoa tse phethahetseng kantle le rōna.’ Joang? (Baheberu 11:40)

Lilemong tse Sekete tse tlang, Kreste le barab’abo ba tlotsitsoeng ba leholimong, ba sebeletsang e le marena le baprista, ba tla abela ba tsositsoeng bafung melemo ea thekollo. Kahoo ba tšepahalang joaloka ba boletsoeng ho Baheberu khaolo ea 11 ba tla “etsoa ba phethahetseng.”—2/1, leqepheng la 23.

• Pauluse o ne a bolela’ng ha a re ho Baheberu: “Le ka mohla ha le e-s’o hanyetse ho fihlela maling”? (Baheberu 12:4)

O ne a bolela ho hanyetsa ho isa bohōleng ba ho shoa. Ho na le mehlala ea histori ea ba ileng ba tšepahala ho isa lefung. Le hoja Baheberu bao Pauluse a neng a ba ngolla ba ne ba e-s’o lekoe ho isa bohōleng boo, ba ne ba lokela ho tsoela pele ho hōla tsebong, ba hahe tumelo ea bona e le hore ba mamelle ntho leha e le efe e ka ’nang ea hlaha.—2/15, leqepheng la 29.

• Ke hobane’ng ha ho le molemo ho qoba ho re Jehova o bebofatsa toka ea hae ka mohau?

Lipuong tse ling, “ho bebofatsa” ho ka bolela ho fokotsa kapa ho thibela. Jehova ke Molimo oa toka le oa mohau, ’me ha a bonahatsa litšobotsi tseo, li sebetsa ka tumellano. (Exoda 34:6, 7; Deuteronoma 32:4; Pesaleme ea 116:5; 145:9) Toka ea Jehova ha e hloke ho nolofatsoa kapa ho bebofatsoa ke mohau.—3/1, leqepheng la 30.

• Na ho loketse hore Mokreste a tlotse setopo sa ea ratoang hore se se ke sa senyeha?

Ho tlotsa setopo ke tsela ea ho se thibela ho bola. Batho ba bang ba boholo-holo ba ne ba sebelisa tloaelo ena ka mabaka a bolumeli. Ha ho joalo ka barapeli ba ’nete. (Moeklesia 9:5; Liketso 24:15) Ho tlotsa setopo e mpa e le ho liehisa ntho e ke keng ea qojoa, e leng hore ’mele o khutlele lerōleng. (Genese 3:19) Empa ha ho hlokahale hore re tšoenyehe haeba molao o hloka hore setopo se tlotsoe, litho tse ling tsa lelapa li lakatsa ho se tlotsa, kapa ho hlokahala hore se tlotsoe hobane ba bang ba lokela ho tsamaea sebaka se selelele ho ea moo se tlang ho bolokeloa teng.—3/15, leqepheng la 29-31.

• Ke mehlala efe ea Bibele e re rutang hore Molimo o amohela batho ba lichaba tsohle?

Jehova o ile a romela moprofeta Jonase ho ea lemosa batho ba Ninive, ’me Molimo a phehella Jonase hore a amohele pako ea bona. Jesu o ile a khothalletsa ho bontša Basamaria lerato ka mantsoe le ka liketso. Moapostola Petrose le moapostola Pauluse ba ile ba kenya letsoho ho iseng litaba tse molemo ho bao e seng Bajuda. Mehlaleng eo, re ka bona hore ho hlokahala hore re leke ho thusa batho ba limelo tsohle.—4/1, leqepheng la 21-4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela