Batla Molimo ka Pelo le Kelello ea Hao
Bokreste ba ’nete bo khothalletsa ho sebelisa pelo le kelello ho haheng tumelo e khahlisang Molimo.
HA E le hantle, mothehi oa Bokreste, Jesu Kreste, o rutile hore re lokela ho rata Molimo ‘ka likelello tsa rōna tsohle,’ kapa matla a rōna a ho nahana, ho phaella ho mo rateng ‘ka lipelo tsa rōna tsohle’ le ‘ka meea ea rōna eohle.’ (Matheu 22:37) E, matla a rōna a kelello a lokela ho phetha karolo ea bohlokoa borapeling ba rōna.
Ha a ne a khothalletsa bamameli ba hae ho nahana ka seo a se rutang, Jesu o ne a atisa ho re: “Le nahana joang?” (Matheu 17:25; 18:12; 21:28; 22:42) Moapostola Petrose le eena o ile a ngolla balumeli-’moho le eena ho ‘tsosa matla a bona a hlakileng a ho nahana.’ (2 Petrose 3:1) Moromuoa e mong oa mehleng ea pele ea neng a tsamaea libaka tse ngata, e leng moapostola Pauluse, o ile a khothalletsa Bakreste hore ba sebelise ‘matla a bona a ho nahana’ ’me ba ‘ipakele e le [bona] thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.’ (Baroma 12:1, 2) Bakreste ba ka haha tumelo e khahlisang Molimo le e ka emelanang le liteko tse hlahang bophelong hafeela ba sekaseka seo ba se lumelang ba bile ba se hlahlobisisa.—Baheberu 11:1, 6.
E le hore ba thuse ba bang ho haha tumelo e joalo, baevangeli ba pele ba Bakreste ba ne ba “behelana mabaka le bona ka Mangolo, [ba] hlalosa le ho paka ka litšupiso” lintho tseo ba li rutang. (Liketso 17:1-3) Katamelo eo e nang le monahano o hlakileng e ile ea susumelletsa ba lipelo li tšepahalang ho arabela hantle. Ka mohlala, batho ba ’maloa ba motse oa Berea, Macedonia, “ba ile ba amohela lentsoe [la Molimo] ka tabatabelo e khōlō ea kelello, ba hlahloba Mangolo ka hloko letsatsi le leng le le leng mabapi le hore na lintho tsena [tse hlalosoang ke Pauluse le metsoalle ea hae] li joalo kapa che.” (Liketso 17:11) Ho na le lintho tse peli tse hlokang ho eloa hloko mona. Ea pele, Baberea ba ne ba labalabela ho mamela Lentsoe la Molimo; ea bobeli, ha baa ka ba ea le khongoana holimo ka hore seo ba se utloang se nepahetse, empa ba ile ba se hlahlobisisa ka Mangolo. Ka tlhompho moromuoa oa Mokreste Luka o ile a babatsa Baberea ka sena, a re ‘ba na le likelello tse bulehileng.’ Na le uena u bontša ho ba le kelello e bulehileng joalo litabeng tsa moea?
Kelello le Pelo Lia Sebelisana
Joalokaha ho boletsoe pejana, borapeli ba ’nete bo akarelletsa kelello le pelo. (Mareka 12:30) Nka papiso e boletsoeng sehloohong se etellang sena pele, ea motho ea hiretsoeng ho penta ea sebelisang mebala e fosahetseng ho penta ntlo. Haeba a ne a ile a mamela ka hloko litaelo tsa mong’a hae, a ka be a entse mosebetsi oa hae ka pelo le moea ’me a ka be a kholisehile hore mong’a ntlo o tla amohela mosebetsi oa hae. Ho joalo le ka borapeli ba rōna.
Jesu o ile a re: “Barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:23) Kahoo, moapostola Pauluse o ile a ngola: “Ke ka lebaka leo . . . re sa khaotsang ho le rapella le ho kōpa hore le ka tlala tsebo e nepahetseng ea thato ea hae ka bohlale bohle le kutloisiso ea moea, e le hore le tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Jehova e le hore le mo khahlise ka botlalo.” (Bakolose 1:9, 10) “Tsebo [eo] e nepahetseng” e nolofalletsa batho ba tšepahalang ho rapela ka pelo le moea borapeling ba bona ba kholisehile ka ho feletseng hobane ba “rapela seo [ba] se tsebang.”—Johanne 4:22.
Ka mabaka ana, Lipaki tsa Jehova ha li kolobetse masea kapa batho ba sa tsoa thahasella ba e-s’o ithute Mangolo ka hloko. Jesu o ile a laela barutuoa ba hae: “Le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, . . . le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 28:19, 20) Ke feela ka mor’a ho fumana tsebo e nepahetseng ea thato ea Molimo liithuti tse tšepahalang tsa Bibele li ka etsang qeto ka seo li se tsebang ka borapeli. Na u etsa boiteko ba ho fumana tsebo eo e nepahetseng?
Ho Utloisisa Thapelo ea Morena
Hore re bone phapang pakeng tsa ho ba le tsebo e nepahetseng ea Bibele le ho tloaelana le seo e se buang, a re ke re nahaneng ka seo ka tloaelo ho thoeng ke Thapelo ea Ntat’a Rōna, kapa ea Morena, e tlalehiloeng ho Matheu 6:9-13.
Ba limilione ba peteketsa thapelo eo ea Jesu ea mohlala kamehla likerekeng. Empa ke ba bakae ba rutiloeng seo e se bolelang, haholo-holo mantsoe a qalang a thapelo eo a buang ka lebitso la Molimo le ’Muso? Lintlha tsena ke tsa bohlokoa hoo Jesu a qalileng ka tsona thapelong.
E qala ka ho re: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe,” ho bolelang hore le khethehe, kapa le nkoe le halalela. Hlokomela hore Jesu o itse re rapelle hore lebitso la Molimo le halaletsoe. Ho ba bangata, seo se hlahisa bonyane lipotso tse peli. Ea pele, lebitso la Molimo ke mang? Ea bobeli, ke hobane’ng ha le lokela ho halaletsoa?
Karabo ea potso e qalang e ka fumanoa libakeng tse ka holimo ho 7 000 ka Bibeleng lipuong tsa eona tsa qalong. Sebakeng se seng ke ho Pesaleme ea 83:18: “E le hore batho ba ka tseba hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.” Ka lebitso leo la Molimo, Jehova, Exoda 3:15 e re: “Lena ke lebitso la ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang, ’me sena ke sehopotso sa ka ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.”a Empa ke hobane’ng ha lebitso la Molimo, le emelang bohloeki le khalalelo, le lokela ho halaletsoa? Hobane le ’nile la rohakoa le ho nyefoloa ho tloha qalehong ea histori ea batho.
Molimo o ile a bolella Adama le Eva, Edene, hore ba tla shoa ha ba ka ja tholoana e thibetsoeng. (Genese 2:17) Satane o ile a hanyetsa Molimo ka ho toba, a re ho Eva: “Ka sebele le ke ke la shoa.” Kahoo, Satane o ile a qosa Molimo ka hore o bua leshano. Empa ha aa ka a fella moo. O ile a boela a phaella thohako lebitsong la Molimo, a bolella Eva hore Molimo o mo patetse ka leeme tsebo ea bohlokoa. “Etsoe Molimo oa tseba hore letsatsing leo ka lona le jang tsa [sefate sa tsebo ea botle le bobe] mahlo a lōna a tla tutuboloha ’me le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe.” Ke ketselletso e kaakang!—Genese 3:4, 5.
Ka ho ja tholoana e thibetsoeng Adama le Eva ba ile ba ema ka lehlakoreng la Satane. Ho tloha nakong eo, batho ba bangata ebang baa tseba kapa ha ba tsebe ba phaelletse thohakong eo ea qalong ka ho hana litekanyetso tsa Molimo tse lokileng. (1 Johanne 5:19) Batho ba ntse ba nyefola Molimo ka ho mo jarisa molato ka matšoenyeho a bona—le hoja e ka ’na eaba a tlisoa ke litsela tsa bona tse mpe. Liproverbia 19:3 e re: “Bothoto ba motho bo timetsa bophelo ba hae, ka pelong ea hae a korotlele Morena.” (Bibele—Phetolelo e Ncha) Na u bona lebaka leo ka lona Jesu, ea ratang Ntate oa hae e le kannete, a ileng a rapella hore lebitso la Hae le halaletsoe?
“’Muso oa Hao o ke o Tle”
Ka mor’a ho rapella hore lebitso la Molimo le halaletsoe, Jesu o ile a re: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Matheu 6:10) Temaneng eo, re ka ’na ra botsa: ‘’Muso oa Molimo ke eng? Hona ho tla ha oona ho amana kae le ho etsoa ha thato ea Molimo lefatšeng?’
Lentsoe “’muso” ha e le hantle ka Bibeleng le bolela “bobusi ba morena.” Ka ho utloahalang, joale, ’Muso oa Molimo o ne o tla bolela bobusi, kapa puso ea Molimo, ka morena eo a mo khethileng. Morena eo ke Jesu Kreste ea tsositsoeng bafung—“Morena oa marena le Khosi ea likhosi.” (Tšenolo 19:16; Daniele 7:13, 14) Moprofeta Daniele o ile a ngola sena ka ’Muso oa Molimo oa Bomesia o matsohong a Jesu Kreste: “Matsatsing a marena ao [mebuso ea batho e busang hona joale] Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang,” ka mantsoe a mang, ka ho sa feleng.—Daniele 2:44.
Ka sebele, ’Muso oa Molimo o tla laola tsamaiso eohle ea lefatše, o felise bokhopo bohle ho eona ’me o buse “ho isa linakong tse sa lekanyetsoang,” ke hore ka ho sa feleng. Ka hona, ’Muso oa Molimo ke tokisetso eo Jehova a halaletsang lebitso la hae ka eona, a tlosang thohako eohle ea leshano la Satane le batho ba khopo.—Ezekiele 36:23.
’Muso oa Molimo joaloka mebuso e meng eohle o na le bafo. Ke bo-mang? Bibele ea araba: “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.” (Pesaleme ea 37:11) Le Jesu o ile a re: “Ho thaba ba maikutlo a bonolo, kaha ba tla rua lefatše.” Ke ’nete hore bana ba na le tsebo e nepahetseng ea Molimo, e hlokahalang hore ba phele.—Matheu 5:5; Johanne 17:3.
Na u ka inahanela lefatše lohle le tletse batho ba bonolo, ba maikutlo a bonolo ba ratang Molimo e le kannete le ba ratanang? (1 Johanne 4:7, 8) Ke sona seo Jesu a neng a se rapella ha a re: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” Na u utloisisa lebaka leo ka lona Jesu a rutileng balateli ba hae hore ba rapele joalo? Habohlokoa le ho feta, na u bona kamoo ho phethahala ha thapelo eo ho ka ’nang ha u ama kateng?
Ba Limilione Hona Joale ba Nahana ka Mangolo
Jesu o ile a bolela esale pele ka phutuho ea lefatše lohle ea thuto ea moea e tla phatlalatsa ’Muso oa Molimo o tlang. O ile a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo [ba lefatše lena, kapa tsamaiso ena] bo tla tla.”—Matheu 24:14.
Lefatšeng ka bophara Lipaki tsa Jehova tse ka bang limilione tse tšeletseng li abelana le baahelani ba tsona litaba tsena tse molemo. Li u mema hore u ithute ka ho eketsehileng ka Molimo le ’Muso oa hae ka ho “hlahloba Mangolo ka hloko,” u sebelisa matla a hao a ho nahana. Ho etsa joalo ho tla u matlafatsa tumelong ’me ho etse hore mahlo a hao a khanye tšepo ea bophelo lefatšeng la paradeise, le tla “tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.”—Esaia 11:6-9.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Litsebi tse ling li khetha ho sebelisa “Yahweh” ho e-na le “Jehova.” Leha ho le joalo, bafetoleli ba bangata ba Bibele kajeno ba tlositse lebitso la Molimo liphetolelong tsa bona ka sebōpeho leha e le sefe, ba le nkela sebaka ka litlotla tse akaretsang “Morena” kapa “Molimo.” Bakeng sa puisano e tebileng ka taba ea lebitso la Molimo, ka kōpo bona bukana ea Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]
ETSISA MOSUOE E MOHOLO
Jesu o ne a atisa ho ruta ka ho lebisa tlhokomelo tabeng e itseng e tobileng ea Bibele. Ka mohlala, ka mor’a tsoho ea hae o ile a hlalosetsa barutuoa ba babeli ba neng ba tsielehile ke lefu la hae, karolo eo a e phethang morerong oa Molimo. Luka 24:27 e re: “A qala ka Moshe le Baprofeta kaofela a ba hlalosetsa lintho tse amanang le eena ka Mangolong ’ohle.”
Hlokomela hore Jesu o ile a khetha taba e tobileng—“eena,” e le Mesia—le hore puisanong ea hae o ile a qotsa “Mangolong ’ohle.” Ha e le hantle, Jesu o ile a nka litemana tsa Bibele tse buang ka taba e tšoanang a li kopanya joaloka likhechana tsa morabaraba, e leng ho ileng ha nolofalletsa barutuoa ba hae ho bona ’nete ea moea ka ho hlaka. (2 Timothea 1:13) Ka hona, hase feela hore ba ile ba ba le tsebo empa ba ile ba susumelletseha ka ho teba. Tlaleho ea re bolella: “Ba buisana ba re: ‘Na lipelo tsa rōna li ne li sa chese ha a ntse a bua le rōna tseleng, ha a ntse a re bulela Mangolo ka botlalo?’”—Luka 24:32.
Lipaki tsa Jehova li leka ka matla ho etsisa Jesu tšebeletsong ea tsona. Likofuto tsa tsona tse ka sehloohong tsa ho ruta ke bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? le buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Li tšohla boholo ba lihlooho tsa Bibele tse thahasellisang, tse kang: “Molimo ke Mang?,” “Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Mahlomola?,” “U ka Fumana Bolumeli ba ’Nete Joang?,” “Ana ke Matsatsi a Qetello!” le “Ho Haha Lelapa le Hlomphang Molimo.” Thuto ka ’ngoe e na le litemana tse ’maloa.
U lokolohile ho iteanya le Lipaki tsa Jehova tse sebakeng sa heno kapa ho ngolla atereseng e leqepheng la 2 la makasine ena bakeng sa thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng ka lihlooho tsena le tse ling.
[Setšoantšo]
Finyella pelo ea seithuti sa hao ka ho tšohla lihlooho tse itseng tse tobileng tsa Bibele
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Na u utloisisa moelelo oa thapelo ea Jesu ea mohlala?
“Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe . . . ”
“’Muso oa hao [oa Bomesia] o ke o tle . . . ”
“Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong”