Ho Rekolohela ke Senotlolosa ho Bontša Mosale Qenehelo
HELEN KELLER o ile a ngola a re: “Hafeela u ka thoba bohloko ba motho e mong, bophelo bo na le morero.” Ka sebele Keller o ne a utloisisa ho khena. Ha a le likhoeli li 19, o ile a kula ’me a foufala le ho thibana litsebe ka ho feletseng. Empa mosuoe e mong ea qenehelang o ile a ruta Helen ho bala le ho ngola ka mongolo oa Braille ’me hamorao, a mo ruta ho bua.
Ann Sullivan, mosuoe oa Keller, o ne a tseba hantle pherekano eo motho a bang le eona ha a loana le ho holofala ’meleng. Le eena o ne a hlile a sa bone hantle. Empa Ann ka tiisetso o ile a qapa tsela ea ho buisana le Helen ka “ho mo peletela” mantsoe ka ho ngola litlhaku ka seatleng sa Helen. Kaha Helen o ile a susumetsoa ke ho rekolohela ha mosuoe oa hae, o ile a etsa qeto ea ho itella ho thusa lifofu le litholo. Kaha o ne a ile a ikitlaetsa hore a hlōle bohole, o ne a qenehela ba holofetseng. O ne a batla ho ba thusa.
Mohlomong u hlokometse hore lefatšeng lena la boithati, ho bonolo hore u ‘koale monyako oa qenehelo ea hao e bonolo’ ebe u hlokomoloha litlhoko tsa ba bang. (1 Johanne 3:17) Leha ho le joalo, Bakreste ba laeloa hore ba rate baahelani ba bona le hore ba ratane ka matla. (Matheu 22:39; 1 Petrose 4:8) Leha ho le joalo, mohlomong u hlokomela ’nete ena: Le hoja re ikemiselitse ka ho feletseng hore re ratane, hangata re hlokomoloha menyetla ea ho imolla ba bang bohloko ba bona. Sena se ka ’na sa bakoa ke hore ha re hlokomele hore na ba hloka’ng. Ho rekolohela ho ka ’na ha re thusa hore re be ba mosa le ba qenehelang.
Ho Rekolohela ke Eng?
Ho rekolohela ke “ho llela letsetse.” Ho boetse ho hlalositsoe hore ke tsebo ea ho ipeha boemong ba motho e mong. Kahoo, ntho ea pele, ho rekolohela ho batla hore re utloisise maemo a motho e mong ’me ntho ea bobeli ke hore re utloisise hore na maemo ao a mo susumelletsa ho etsa’ng. E, ho rekolohela ho etsa hore lipelong tsa rōna re utloe bohloko boo motho e mong a bo utloang.
Lentsoe “ho rekolohela” ha le eo ka Bibeleng, empa Mangolo a bua ka mokhoa o sa tobang ka tšobotsi ena. Moapostola Petrose o ile a eletsa Bakreste hore ba ‘bontše ho utloelana bohloko, boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho le qenehelo.’ (1 Petrose 3:8) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ho utloelana bohloko” ka ho toba le bolela “ho utloa bohloko hammoho” kapa “ho ba le qenehelo.” Moapostola Pauluse o ile a buella maikutlo a tšoanang ha a khothatsa Bakreste-’moho le eena hore ba ‘thabe le batho ba thabileng; ba lle le batho ba llang.’ Pauluse o ile a eketsa a re: “Le nahanele ba bang ka tsela e tšoanang le eo le inahanelang ka eona.” (Baroma 12:15, 16) Na u ka latola hore ho ka batla ho e-ba thata hore re rate baahelani joalokaha re ithata haeba re sa ipeha boemong ba bona?
E mong le e mong ka tlhaho o batla a e-na le ho rekolohela. Ke mang ea sa angoeng ke ho bona litšoantšo tse otlang pelo tsa bana ba lapileng kapa baphaphathehi ba tsielehileng? Na ho na le ’mè ea lerato ea ka hlokomolohang pelo e sisang ea ngoana oa hae? Empa hase bohloko bohle bo bonahalang habonolo. Ho thata hakaakang ho utloisisa boikutlo ba motho ea imetsoeng kelellong, ho kula ’meleng ho ipatileng, kapa mohlomong boloetse ba ho ja—haeba re e-s’o be le mathata ao ka borōna! Leha ho le joalo, Mangolo a bontša hore re ka qenehela batho ba maemong a fapaneng le a rōna ’me re lokela ho ba qenehela.
Mehlala ea Mangolo ea ho Rekolohela
Jehova ke mohlala oa rōna o moholo oa ho rekolohela. Le hoja a phethahetse, ha aa lebella hore re phethahale, “etsoe o tseba sebōpeho sa rōna hantle, oa hopola hore re lerōle.” (Pesaleme ea 103:14; Baroma 5:12) Ho feta moo, kaha o tseba bofokoli ba rōna, ‘ha a lumele hore re lekoe ho feta seo re ka se jarang.’ (1 Bakorinthe 10:13) Ka bahlanka ba hae le ka moea oa hae, re khona ho rarolla mathata.—Jeremia 25:4, 5; Liketso 5:32.
Jehova o utloa bohloko boo batho ba hae ba bo utloang. O ile a re ho Bajuda ba khutlileng Babylona: “Ea le amang o ama leihlo la ka.” (Zakaria 2:8) Kaha mongoli oa Bibele Davida o ne a hlokomela hantle hore Molimo o ipeha maemong a batho, o ile a re ho eena: “U tšele meokho ea ka ka lekukeng la hao. Na ha e bukeng ea hao?” (Pesaleme ea 56:8) Ho tšelisa hakaakang ho tseba hore meokho ea bahlanka ba hae ba tšepahalang e tšolohang ha ba ntse ba loanela ho tšepahala, Jehova o e hopola joalokaha eka e ngotsoe bukeng!
Joaloka Ntat’ae oa leholimo, Jesu Kreste o nahanela boikutlo ba ba bang. Ha a ne a phekola monna oa setholo, o ile a mo nkela ka thōko, mohlomong e le hore ho phekoloa ha hae ka mohlolo ho se ke ha mo soabisa kapa ha mo tšosa ho sa hlokahale. (Mareka 7:32-35) Ka lekhetlo le leng, Jesu o ile a bona mohlolohali ea neng a tla tloha a pata mora ea mong oa hae. Kapele feela o ile a utloa bohloko boo a bo utloang, a atamela mokoloko o eang mabitleng, ’me a tsosa mohlankana eo.—Luka 7:11-16.
Ha Jesu a ne a hlaha ho Saule tseleng e eang Damaseka ka mor’a tsoho ea Hae, o ile a tsebisa Saule hore oa ameha ha a hlorisa barutuoa ba hae. O ile a re ho eena: “Ke ’na Jesu, eo u mo hlorisang.” (Liketso 9:3-5) Jesu ka boeena o ne a utloa bohloko bo utluoang ke barutuoa ba hae, joaloka ’mè ea utloang bohloko ba ngoana oa hae ea kulang. Ka tsela e tšoanang, joaloka Moprista ea Phahameng oa rōna oa leholimo, Jesu o “utloela mefokolo ea rōna bohloko.”—Baheberu 4:15.
Moapostola Pauluse o ne a ithutile ho nahanela bohloko ba batho ba bang le boikutlo ba bona. O ile a botsa: “Ke mang ea fokolang, ’me ’na ke sa fokole? Ke mang ea khoptjoang, ’me ’na ke sa tuke ke bohale?” (2 Bakorinthe 11:29) Ha lengeloi le lokolla Pauluse le Silase ka mohlolo litlamong tsa bona chankaneng ea Filippi, ntho ea pele eo Pauluse a ileng a e nahana ke ho tsebisa molebeli oa chankana hore ha ho ea balehileng. O ile a nahanela molebeli oa chankana hore a ka ’na a ipolaea. Pauluse o ne a tseba hore ho latela moetlo oa Roma molebeli oa chankana o ne a tla ahloloa haboima haeba motšoaruoa a ka baleha—haholo haeba a ne a laetsoe hore a mo lebele ka thata. (Liketso 16:24-28) Ketso ena e mosa ea Pauluse e pholosang bophelo e ile ea khahla molebeli oa chankana, ’me eena le ba ntlo ea hae ba ile ba nka mehato ea ho ba Bakreste.—Liketso 16:30-34.
Kamoo U ka Ithutang ho Rekolohela Kateng
Nako le nako Mangolo a re khothalletsa ho etsisa Ntat’a rōna oa leholimo le Mora oa hae, Jesu Kreste, kahoo, hoa hlokahala hore re ithute ho rekolohela. Re ka etsa see joang? Ho na le litsela tse tharo tse ka sehloohong tseo ka tsona re ka ntlafatsang ho rekolohela malebana le litlhoko tsa ba bang le maikutlo a bona: ka ho mamela, ka ho shebella le ka ho nahana.
Mamela. Ha re mamela ka hloko re tseba mathata ao batho ba bang ba nang le ’ona. Ha re mamela hamolemo, ho ba le monyetla o eketsehileng oa hore ba re bulele lipelo tsa bona ’me ba ntše maikutlo a bona. Miriam oa hlalosa: “Nka bua le moholo haeba ke ikutloa ke kholisehile hore o tla ’mamela. Ke batla ho tseba hore o hlile o utloisisa bothata ba ka. Tšepo ea ka ho eena ea hōla ha a mpotsa lipotso tse batlisisang tse bontšang hore o mametse ka hloko seo ke mo boleletseng sona.”
Shebella. Hase bohle ba tla re bolella ka bolokolohi hore na ba ikutloa joang kapa hore na ba hlaheloa ke eng. Leha ho le joalo, motho ea leihlo le nchocho o tla hlokomela ha Mokreste-’moho le eena a imetsoe kelellong, ha mocha a sa rate ho bua, kapa ha mosebeletsi ea chesehang a felloa ke cheseho. Ke habohlokoa ha batsoali ba khona ho bona bothata ha bo qala. Marie o re: “Ho na le tsela eo ka eona ’mè a tsebang hore na ke ikutloa joang le pele nka bua le eena. Ka lebaka lena ho bonolo ho ’na hore ke toboketse taba ha ke mo bolella bothata ba ka.”
Sebelisa monahano. Tsela e matla ka ho fetisisa ea ho rekolohela ke hore u ipotse: ‘Haeba ke ne ke le boemong boo, ke ne ke tla ikutloa joang? Ke ne ke tla nka bohato bofe? Ke ne ke tla hloka’ng?’ Batšelisi ba bohata ba bararo ba Jobo ba ile ba sitoa ho ipeha boemong ba hae. Kahoo, ba ile ba mo ahlola ka libe tse sieo tseo ba nahanang hore o li entse.
Hangata ho bonolo hore batho ba sa phethahalang ba tšoaee ba bang liphoso ho e-na le hore ba utloisise boikutlo ba bona. Leha ho le joalo, haeba re leka ka matla ho nahana bohloko ba motho ea tšoenyehileng, ho tla re thusa hore re mo utloele bohloko ho e-na le ho mo ahlola. Moholo e mong ea nang le phihlelo ea bitsoang Juan o ile a re: “Ke fana ka keletso e molemo haholo ha ke mamela ka hloko ’me ke leka ho utloisisa boemo ka kakaretso pele ke qala ho fana ka litlhahiso.”
Lingoliloeng tse ajoang ke Lipaki tsa Jehova li thusitse ba bangata ntlheng ena. Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! li buile ka mathata a rarahaneng a kang ho imeloa kelellong le tšoaro e mpe ea bana. Boitsebiso bona bo nakong bo thusa babali ho lla le ba utloang bohloko ka litsela tsena. Ka tsela e tšoanang, buka Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang e thusitse batsoali ba bangata ho utloisisa mathata a bana ba bona.
Ho Rekolohela Hoa Thusa Mesebetsing ea Bokreste
Bongata ba rōna re ke ke ra hlokomoloha mahlomola a ngoana ea lapileng haeba re e-na le lijo tseo re ka mo fang tsona. Ntho e ’ngoe hape, ha re rekolohela, re tla lemoha boemo ba motho e mong ba moea. Bibele e re ka Jesu: “Ha a bona bongata a bo hauhela, hobane bo ne bo sohlokehile ’me bo qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.” (Matheu 9:36) Ba limilione kajeno ba boemong bo joalo ba moea, ’me ba hloka thuso.
Joaloka mehleng ea Jesu, mohlomong ho hlokahala hore re loantše leeme kapa meetlo e keneng ka metso e le hore re finyelle lipelo tsa batho ba itseng. Mohoeletsi ea rekolohelang o leka ho fumana ntho eo ho lumellanoang ka eona kapa a bue ka lintho tse likelellong tsa batho e le hore molaetsa oa hae o ipiletse haholoanyane. (Liketso 17:22, 23; 1 Bakorinthe 9:20-23) Liketso tse mosa tse susumetsoang ke ho rekolohela le tsona li ka etsa hore bamameli ba rōna ba mamele molaetsa oa ’Muso haholoanyane, joalokaha ho ile ha etsahala ka molebeli oa chankana oa Filippi.
Ho rekolohela ke ntho ea bohlokoa e re thusang ho hlokomoloha mefokolo ea ba bang ka phuthehong. Ha ho pelaelo hore ho tla ba bonolo haholo ho tšoarela mor’abo rōna ea re khopisitseng haeba re leka ho utloisisa hore na o ikutloa joang. Mohlomong re ne re tla itšoara ka tsela e tšoanang haeba re ne re le boemong bo tšoanang le ba hae ’me re ile ra hlaheloa ke lintho tse tšoanang le tse mo hlahetseng. Ho rekolohela ha Jehova ho mo susumelletsa ho “hopola hore re lerōle,” kahoo, na ho rekolohela ha rōna ha hoa lokela ho re susumelletsa hore re nahanele ho se phethahale ha ba bang le hore re ‘ba tšoarele ka bolokolohi’?—Pesaleme ea 103:14; Bakolose 3:13.
Haeba re tšoanela ho fana ka keletso, mohlomong re tla fana ka eona ka tsela e mosa haholoanyane haeba re utloisisa hore na motho ea sitiloeng o ikutloa joang le hore na o matsoalong hakae. Moholo oa Mokreste ea rekolohelang oa ikhopotsa: ‘Le ’na ke ne nka ’na ka etsa phoso ena. Nka ’na ka ba boemong ba hae.’ Kahoo, Pauluse o buella se latelang: “Le leke ho khutlisetsa motho ea joalo tseleng ka moea o bonolo, ha ka bomong le ntse le ipehile leihlo, esere le lōna le ka lekoa.”—Bagalata 6:1.
Ho rekolohela ho ka boetse ha re tlama ho fana ka thuso e hlokahalang haeba ho le matleng a rōna, le haeba Mokreste-’moho le rōna a le monyebe ho e kōpa. Moapostola Johanne oa ngola: “Mang kapa mang ea nang le mokhoa oa lefatše lena oa ho tšehetsa bophelo ’me a bona mor’abo a hloka leha ho le joalo a mo koalla monyako oa qenehelo ea hae e bonolo, lerato la Molimo le lula ka tsela efe ho eena? . . . A re se keng ra rata ka lentsoe kapa ka leleme, empa re rate ka ketso le ’nete.”—1 Johanne 3:17, 18.
E le hore re rate “ka ketso le ’nete,” ho hlokahala hore re qale ka ho bona litlhoko tse khethehileng tsa mor’abo rōna. Na re seli ho bona litlhoko tsa ba bang ka morero oa ho ba thusa? Morero oa ho rekolohela ke oona oo.
Ithute ho Utloela ba Bang Bohloko
E ka ’na eaba ka tlhaho ha re rekolohele hakaalo, empa re ka ithuta ho utloela ba bang bohloko. Haeba re mamela ka hloko, re shebella ka thahasello haholoanyane, ’me re itloaetsa ho ipeha boemong ba motho e mong, ho rekolohela ha rōna ho tla eketseha. Ka lebaka lena re tla susumetseha ho ba ba lerato, ba mosa le ba qenehelang haholoanyane ho bana ba rōna, ho Bakreste ba bang le ho baahelani ba rōna.
U se ke ua lumella boithati bo hatelle ho rekolohela ha hao. Pauluse o ile a ngola a re: “Ho se ke ha e-ba le ea nahanelang litaba tsa hae feela empa le nahanele le lithahasello tsa ba bang.” (Bafilipi 2:4, Phillips) Re tla fumana bophelo bo sa feleng ka lebaka la qenehelo ea Jehova le ea Jesu Kreste, Moprista oa hae ea Phahameng. Kahoo, re tlamehile ho hlaolela tšobotsi ena. Ha re rekolohela re tla ba le matla a ho ba basebeletsi ba molemo le batsoali ba molemo. Ho feta tsohle, ho rekolohela ho tla re thusa ho sibolla hore “ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.”—Liketso 20:35.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ho rekolohela ho akarelletsa ho sheba ka hloko litlhoko tsa ba bang ka morero oa ho ba thusa
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Na re tla ithuta ho bontša ho rekolohela hoo ’mè ea lerato a nang le hona ka tlhaho ho ngoana oa hae?