Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb21 July leq. 3
  • Nahanela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nahanela
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Rekolohela ke Senotlolosa ho Bontša Mosale Qenehelo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Na Molimo oa re Qenehela?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2018
  • E-ba le Kutloelo-bohloko
    Tsoha!—2020
  • Ka ho Botsa Lipotso
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
mwb21 July leq. 3

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI | EKETSA THABO EA HAO BOBOLELING

Nahanela

Ho nahanela kapa ho qenehela ke ho utloisisa tsela eo motho e mong a nahanang ka eona, melao eo a ipehetseng eona, maikutlo a hae le lintho tseo a li hlokang. Batho ba khona ho utloa ha motho e mong a ba nahanela ’me motho ea nahanelang o etsa joalo hobane a utloa a batla ho thusa batho ba bang. Ha re qenehela batho bao re kopanang le bona tšimong, re bontša hore re etsisa Jehova kaha o lerato hape o nka batho e le ba bohlokoa ebile ho etsa joalo ho tla etsa hore ba batle ho ithuta ka eena.​—Fil 2:4.

Ho qenehela ha se leqheka leo re le sebelisang hobane feela re batla ho ruta batho Bibele. Empa re bontša hore re ba qenehela e le kannete ka ho ba mamela ha ba bua, ho ba le maikutlo a matle ka bona, boitšisinyo ba ’mele le tsela eo re shebahalang ka eona sefahlehong. Re nahanela motho ka ho mo bontša hore re mo nka e le oa bohlokoa. Ha re etsa joalo, re tla tseba lintho tseo a li lumelang, tseo a li ratang le hore na maemo a hae ke afe. Rea mo thusa ebile re mo fa le likeletso tse ling tse ka mo thusang empa ha re mo qobelle hore a fetohe. Ha batho bao re kopanang le bona tšimong ba lumela ha re ba thusa, thabo ea rona ea eketseha.

SHEBELLANG VIDEO EA THABELA MOSEBETSI OA HO ETSA BARUTUOA​—NTLAFATSA TSELA EO U RUTANG KA EONA​—KA HO NAHANELA EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Setšoantšo se hlahang videong ea ‘Thabela Mosebetsi oa ho Etsa Barutuoa​—Ntlafatsa Tsela eo u Rutang ka Eona​—Ka ho Nahanela.’ Lipontšo o hlalosetsa Nteboheleng hore na ke hobane’ng ha a ke ke a khona ho bala.

    Nteboheleng o ile a bontša joang hore o nahanela Lipontšo ha a sa fihla ka nako?

  • Setšoantšo se hlahang videong ea ‘Thabela Mosebetsi oa ho Etsa Barutuoa​—Ntlafatsa Tsela eo u Rutang ka Eona​—Ka ho Nahanela.’ Nteboheleng o qenehela Lipontšo.

    Nteboheleng o ile a bontša joang hore oa qenehela ha Lipontšo a ne a mo bolella hore o imetsoe hoo a ke keng a khona ho bala?

  • Setšoantšo se hlahang videong ea ‘Thabela Mosebetsi oa ho Etsa Barutuoa​—Ntlafatsa Tsela eo u Rutang ka Eona​—Ka ho Nahanela.’ Nteboheleng o thusa Lipontšo ho hloekisa kamore ea hae.

    Batho ba tla ithuta ka Jehova haeba feela re ba qenehela

    Nteboheleng o ile a bontša joang hore oa nahanela ha Lipontšo a mo bolella hore ha se motho ea hlophisehileng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela