Baruti ba Babeli ba Ileng ba Ananela Libuka Tsa Russell
KA 1891, Charles Taze Russell, ea ileng a etsa mosebetsi o babatsehang har’a Bakreste ba ’nete ba rapelang Jehova, o ile a etela Europe ka lekhetlo la pele. Litlaleho tse ling li bolela hore ha Russell a ne a fapohetse Pinerolo, Italy, o ile a kopana le Moprofesa Daniele Rivoire, eo e neng e kile ea e-ba moruti oa sehlopha sa bolumeli sa Mawaldense.a Le hoja Rivoire a ile a tsoela pele ho kopanela ka thata le Mawaldense ka mor’a ho tlohela boruti, ha aa ka a ikoala kelello ’me o ile a bala libuka tse ngata tseo C. T. Russell a li ngotseng.
Ka 1903, Rivoire o ile a fetolella buka ea Russell e bitsoang The Divine Plan of the Ages Setalianeng ’me a e hatisa ka litšenyehelo tsa hae. Sena o se entse nako e telele pele e hatisoa ka molao ka Setaliana. Selelekeleng sa buka ena, Rivoire o ile a re: “Re beha khatiso ena ea pele ea Setaliana tšireletsong ea Morena. E se eka a ka e hlohonolofatsa e le hore, ho sa tsotellehe liphoso tsa eona, e ka thusa ho hōlisa lebitso la hae le halalelang ka ho fetisisa le ho khothalletsa bana ba hae ba buang Setaliana boinehelo bo eketsehileng. E se eka lipelo tsa bohle ba tla bala buka ena ’me ba ananele botebo ba maruo, bohlale le tsebo ea morero oa Molimo le lerato la hae, li ka leboha Molimo eo buka ena e hatisitsoeng ka mohau oa hae.”
Rivoire o ile a qala ho fetolela le Zion’s Watchtower and Herald of Christ’s Presence ka Setaliana. Makasine ena, e leng Molula-Qhooa sebōpehong sa pele, e hlahile ka 1903, ’me e ne e hatisoa hang ka mor’a likhoeli tse ’nè. Le hoja Moprofesa Rivoire e sa ka ea e-ba Seithuti sa Bibele, e leng kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li bitsoa kateng ka nako eo, o ile a bontša thahasello e khōlō ea ho hasa molaetsa oa Bibele ka tsela eo o hlalosoang ka eona libukeng tsa Liithuti tsa Bibele.
“E Ile ea ka ho oa Makhakhapha Mahlong a Ka”
Moruti e mong oa Mowaldense ea neng a ananela lingoliloeng tsa Russell ke Giuseppe Banchetti. Ntat’a Giuseppe, ea neng a sokolohile Bok’hatholikeng, o ile a mo ruta thuto ea Mawaldense. Ka 1894, Giuseppe e ile ea e-ba moruti ’me o ile a sebeletsa metse e mengata ea Mawaldense Apulia le Abruzzi le sehlekehlekeng sa Elba le sa Sicily.
Khatiso e lumelletsoeng ka molao ea Setaliana ea Russell ea Divine Plan of the Ages e ile ea phatlalatsoa ka 1905. Banchetti o ile a ngola a thoholetsa buka ena. Sena se ile sa hlaha koranteng ea Boprostanta ea La Rivista Cristiana. Banchetti o ile a ngola a re: “Ho rōna [buka ea Russell] ke tataiso e hlakileng le e tšepahalang ka ho fetisisa eo Mokreste ofe kapa ofe a ka e fumanang hore a ithute Mangolo a Halalelang ka mokhoa o molemo le o putsang. . . . Hang ha ke e bala, e ile ea ka ho oa makhakhapha mahlong a ka, ea ka tsela e isang ho Molimo e tatametse haholoanyane ebile e bonolo haholoanyane. Esita le lintho tse neng li bonahala li ikhanyetsa ha lia ka tsa hlola li e-ba teng. Lithuto tseo ho neng ho le thata ho li utloisisa li ile tsa bonahala li le bonolo e bile li amoheleha ka ho feletseng. Lintho tse neng li sa utloahale pele li ile tsa hlaka haholo. Morero o ratehang oa poloko ea lefatše ka Kreste o ile oa chaba ka pel’a ka o le bonolo bo hlollang hoo o ileng oa ntšusumetsa hore ke etsise Moapostola ha a re: O! botebo ba maruo le bohlale le tsebo ea Molimo!”—Baroma 11:33.
Joalokaha Remigio Cuminetti a boletse ka 1925, Banchetti o ile a bontša hore o “lumellana haholo” le mosebetsi oa Liithuti tsa Bibele ’me tsela eo li hlalosang lithuto ka eona e ne e mo “kholisitse ka ho feletseng.” Ntho e ’ngoe hape, Banchetti o ile a batla tsela ea hae ea ho tsebahatsa lithuto tse joalo.
Lingoliloeng tsa Banchetti li totobatsa hore, joaloka Lipaki tsa Jehova, o ne a lumela hore ho tla ba le tsoho ea lefatšeng, joalokaha Mangolo a ruta. O ile a boela a lumellana le Liithuti tsa Bibele ha li hlalosa hore selemo seo Jesu a ileng a shoa ka sona se ne se hlomamisitsoe ka tieo le hore Molimo o ne a se senotse boprofeteng ba Daniele ba libeke tse 70. (Daniele 9:24-27) Ka makhetlo, a bile a hanyetsana pepenene le lithuto tsa kereke ea hae, o ile a lumela hore Sehopotso sa lefu la Kreste se lokela ho ketekoa hang feela ka selemo, “ka letsatsi le nepahetseng hantle la boikhopotso.” (Luka 22:19, 20) O ne a hana khopolo ea Darwin ea ho iphetola ha lintho, ’me o ile a tiisa hore Bakreste ba ’nete ha baa tšoanela ho kopanela lintoeng tsa lefatše.—Esaia 2:4.
Ketsahalong e ’ngoe, Banchetti o ne a tšohla lingoliloeng tsa Russell le monna e mong ea bitsoang J. Campbell Wall. Ha Banchetti a araba ho tšoaea liphoso ha Wall, o ile a re: “Kea tiisa hore haeba u ka bala meqolo e tšeletseng ea Russell, u tla tleloa ke nyakallo e khōlō le e tebileng, ’me u tla nteboha ka thabo. Ha ke buelle thuto ka mokhoa o feteletseng; empa ke balile libuka tseo lilemong tse fetileng tse leshome le motso o le mong, ’me ke leboha Molimo letsatsi le leng le le leng ka ho beha leseli le joalo le matšeliso a joalo ka pel’a ka ka buka e thehiloeng ka ho feletseng le ka tieo Mangolong a Halalelang.”
“Thea Tsebe, ’me U Mamele”
Ke habohlokoa hore ebe baruti bana ba babeli ba Mawaldense—e leng Daniele Rivoire le Giuseppe Banchetti—ba bontšitse kananelo bakeng sa tsela eo Russell a neng a hlalosa Bibele ka eona. Banchetti o ile a ngola a re: “Ke bolela hore ha ho na Moevangeli le ea mong ho rōna, esita le bona baruti ba rōna kapa baprofesa ba thuto ea bolumeli, ea tsebang ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Che, ho na le lintho tse ling tse ngata tseo re lokelang ho ithuta tsona. . . . [Re lokela] . . . ho lula le ho mamela, re sa nahane hore re tseba sohle, ’me re se ke ra hana seo re se fuoang hore re se hlahlobe. Ho e-na le hoo, thea tsebe, ’me u mamele.”
Selemo le selemo, batho ba likete ba mamela molaetsa oa ’Muso o tlisoang malapeng a bona ke Lipaki tsa Jehova. Hohle batho ba seng leeme ba nyoretsoeng linnete tsa Bibele ba arabela memong ea Jesu e reng: “U tle ’me u be molateli oa ka.”—Mareka 10:17-21; Tšenolo 22:17.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Se rehelletsoe ka Pierre Vaudès, kapa Peter Waldo, mohoebi e mong oa lekholong la bo12 la lilemo, oa Lyons, Fora. Waldo o ile a lelekoa Kerekeng e K’hatholike ka lebaka la litumelo tsa hae. Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka Mawaldense, bona sehlooho se reng “Mawaldense—Ho Tloha Bokhelohing ho ea Boprostanteng” Molula-Qhooeng oa March 15, 2002.
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Moprofesa Daniele Rivoire
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Giuseppe Banchetti
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Banchetti: La Luce, April 14, 1926