Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Na ke bohlale hore Mokreste oa ’nete a be teng phupung kapa lechatong kerekeng?
Ha re kopanela mofuteng ofe kapa ofe oa bolumeli ba bohata re halefisa Jehova ’me re lokela ho ho qoba. (2 Bakorinthe 6:14-17; Tšenolo 18:4) Phupu e tšoareloang kerekeng ke tšebeletso ea bolumeli eo ho hlakileng hore e ka akarelletsa puo e buellang maikutlo ao e seng a Mangolo a kang a hore moea ha o shoe le hore batho bohle ba molemo ba tla fumana moputso oa leholimo. Hape e ka akarelletsa mekhoa e kang ho etsa pontšo ea sefapano le ho kopanela le moprista kapa moruti thapelong. Lithapelo le liketso tse ling tsa bolumeli tse hananang le thuto ea Bibele e ka ’na ea e-ba karolo ea tšebeletso ea lechato la bolumeli le tšoaretsoeng kerekeng kapa sebakeng se seng. Ha Mokreste a le sehlopheng seo ho sona e mong le e mong a kopanetseng bolumeling ba bohata, a ka ’na a thatafalloa ho hanela khatello ea ho kopanela ho se etsoang. Ke booatla bo bokaakang ho ipepesetsa khatello e joalo!Ho thoe’ng haeba Mokreste a ikutloa a tlamehile ho ba phupung kapa lechatong le tšoaretsoeng kerekeng? Ka mohlala, monna ea sa lumelang a ka ’na a phehella mosali oa hae oa Mokreste hore a ee le eena ketsahalong e joalo. Na a ka ea le eena e le moshebelli feela? Ka lebaka la ho hlompha litakatso tsa monna oa hae, mosali a ka ’na a etsa qeto ea ho ea le monna, a ikemiselitse hore a ke ke a kopanela litšebeletsong tsohle tsa bolumeli. Ka lehlakoreng le leng, a ka ’na a etsa qeto ea ho se ee, a beha lebaka la hore boemo bo ka ’na ba mo imela haholo maikutlong, mohlomong ba mo etsa hore a sekisetse melao-motheo ea bomolimo. Ke eena ea lokelang ho etsa qeto. Ha ho pelaelo hore o batla ho ba le letsoalo le hloekileng.—1 Timothea 1:19.
Leha ho le joalo, ho tla ba molemong oa hae hore a hlalosetse monna oa hae hore letsoalo la hae le ke ke la mo lumella ho kopanela litšebeletsong tsa bolumeli kapa ho bineng lifela kapa ho inamisa hlooho ha ho rapeloa. Motheong oa tlhaloso ea mosali oa hae, monna a ka ’na a etsa qeto ea hore boteng ba mosali oa hae bo ka ’na ba hlahisa boemo boo a sa tl’o bo thabela. A ka ’na a khetha ho tsamaea a le mong ka lebaka la ho rata mosali oa hae, a hlompha tumelo ea hae, kapa ka lebaka la ho lakatsa ho qoba lihlong. Empa haeba a tsitlella hore mosali a tsamaee le eena, mosali a ka ea e le moshebelli feela.
Ntho e ’ngoe e lokelang ho eloa hloko ke phello eo ho ea tšebeletsong mohahong oa bolumeli e tla ba le eona ho Bakreste ba bang. Na ho tla lematsa matsoalo a ba bang? Na boikemisetso ba bona ba ho qoba ho kopanela borapeling ba litšoantšo bo tla fokola? Moapostola Pauluse o ile a eletsa ka ho re: ‘Nepisisang lintho tsa bohlokoa haholo, e le hore le hloke sekoli le hore le se ke la khopisa ba bang ho fihlela letsatsing la Kreste.’—Bafilipi 1:10.
Haeba ho ameha mong ka motho ea haufi, ho ka ’na ha e-ba le khatello e eketsehileng ea lelapa. Leha ho le joalo, Mokreste o lokela ho sekaseka mabaka ’ohle a amehang. Maemong a mang, a ka ’na a etsa qeto ea hore ho ba phupung kapa lechatong la kereke a shebeletse feela, ho ke ke ha hlahisa mathata a letho. Leha ho le joalo, maemo a ka ’na a etsa hore melemo e ka hlahisoang ke ho ea moo e be menyenyane ha e bapisoa le ho lemala ha letsoalo la hae le a ba bang. Ho sa tsotellehe boemo, Mokreste o lokela ho tiisa hore qeto ea hae ha e na ho mo sitisa ho boloka letsoalo le letle ka pel’a Molimo le batho.