Ho Bontša Thahasello ho “Bahalaleli” Mehleng ea Kajeno
“Na u sa hopola ha ho ne ho bonahala re tenoa ke ha ho buuoa ka bahale? Ho bonahala Maamerika a limilione tse 4,2 a neng a shebeletse lepato la ’Mè Teresa ka la 13 Sept. a sa ka a angoa ke boikutlo bona. Haesale ho tloha lefung la hae ka la 5 Sept., batho ba hlasetse Vatican ka likōpo tse reng a etsoe mohalaleli ka molao. Batho ba seng bakae ha ba kholoe hore sena se tla etsahala.”—Sun-sentinel, United States, la 3 October, 1997.
BA BANGATA ba nka mosebetsi oa moromuoa oa Mok’hatholike ’Mè Teresa oa ho ntlafatsa boiketlo ba sechaba le ho thusa bahloki e le se boleloang ke ho ba mohalaleli oa ’nete. Ho na le bahale le malumeling a mang. Leha ho le joalo, mohlomong ha ho ba nkoang ka molao ho tšoana le ba etsoang bahalaleli ke Kereke ea Roma e K’hatholike.
Mopapa John Paul II o se a entse batho ba fetang 450 bahalaleli haesale e e-ba mopapa, ’me ke palo e fetang ea batho bohle ba entsoeng bahalaleli ke bapapa ba bang bohle ba lekholong la bo20 la lilemo.a Ke hobane’ng ha ho e-na le boinehelo bo sa feleng tjee ho “bahalaleli,” bao bongata ba bona ba sa tsejoeng hakaalo ke Mak’hatholike ka kakaretso?
Moruti oa thuto ea bolumeli Univesithing ea Notre Dame, Lawrence Cunningham oa hlalosa: “Batho ba thahasellisoa ke khopolo ea hore motho o ntse a ka halalela lefatšeng. Hore ebe bahalaleli ba teng ho bontša hore esita le kajeno batho e ka ba bahale.” Ho phaella moo, ho boleloa hore “bahalaleli” ba na le mokhoa o khethehileng oa ho fihla ho Molimo, e leng se ba etsang babuelli ba atlehang ba ba phelang. Ha ho fumanoa litšoantšo kapa litho tsa ’mele tsa “mohalaleli,” li fuoa tlhompho ea borapeli ka tumelo ea hore li na le matla.
Katekisima ea Lekhotla la Trent, e hatisitsoeng lekholong la bo16 la lilemo ho tiisa thuto ea kereke e K’hatholike, e ne e etse qeto ena: “Ho loketse ha re phetha ka hore ho hlompha bahalaleli ‘ba robetseng Moreneng,’ ho ipiletsa hore ba re rapelle le ho hlompha litšoantšo tsa bona tse halalelang le molora oa bona ka tsela ea borapeli, ha ho nyenyefatse khanya ea Molimo, ho e-na le hoo, ho e eketsa haholo kaha tšepo ea Mokreste ea tsosolosoa le ho matlafatsoa, ’me o khothalletsoa hore a etsise makhabane a bahalaleli.” (The Catechism of the Council of Trent, 1905) Ka sebele Bakreste ba ’nete ba batla ho phela bophelo bo khabane, ho atamela Molimo ka tsela e loketseng le ho thusoa ke Molimo. (Jakobo 4:7, 8) Kahoo, ho latela Lentsoe la Molimo, ke bo-mang ba tšoanelehang ho ba bahalaleli ba sebele? Hona mosebetsi oa bona ke ofe?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Moroma oa K’hatholike ea shoeleng o nkoa ka molao e le mohalaleli haeba a nkoa a tšoaneloa ke tlhompho ea borapeli e akaretsang le e tlamang.