Ho Fumana Matšeliso Nakong ea Maqakabetsi
MATSATSING ana litaba ha li tšelise ka letho. Motho e mong o ile a ngola, a re: “Liketsahalo tsa hona joale li sithabetsa hoo hangata re sitoang ho etsa qeto ea hore na re tla ba le sebete sa ho shebella litaba tsa hora ea botšelela kapa che.” Lefatše le tletse lintoa, liketso tse tšosang, mahlomola, tlōlo ea molao le maloetse, ’me lintho tse mpe tsena li ka ’na tsa re hlahela haufinyane, haeba li se li sa re hlahela.
Bibele e ile ea bolela boemo bona ka nepo esale pele. Ha Jesu a hlalosa mehla ea rōna, o ile a bolela hore ho ne ho tla ba le lintoa tse khōlō, mafu a seoa, likhaello tsa lijo le litšisinyeho tsa lefatše. (Luka 21:10, 11) Moapostola Pauluse le eena o ile a ngola ka “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,” tseo ka tsona batho ba neng ba tla ba bohale bo tšosang, ba rate chelete hape ba se ke ba rata se molemo. Nako ena o ile a e bitsa ‘matsatsi a ho qetela.’—2 Timothea 3:1-5.
Kahoo, litaba li tšoana ka tsela e itseng le seo Bibele e se boletseng esale pele ha e hlalosa maemo a lefatše. ’Me ho tšoana hoo ho fella hona moo. Bibele e re fa pono eo litaba li sa faneng ka eona. Lentsoe le bululetsoeng la Molimo le re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha bobe bo le bongata hakana le hore na bokamoso bo tla ba joang.
Kamoo Molimo a Nkang Bokhopo Kateng
Bibele e hlalosa hore na Molimo o nka maemo a tepeletsang a mehleng ea rōna joang. Le hoja a bone likhathatso tsa hona joale esale pele, ha a li emele ebile a ke ke a li mamella ka ho sa feleng. Moapostola Johanne o ile a ngola hore “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Jehova o tsotella batho ka hohle ’me o hloile bobe bohle. Ho nepahetse hore re retelehele ho Molimo ha re batla matšeliso kahobane o molemo, oa qenehela hape o na le matla a ho felisa bobe lefatšeng ebile o rata ho bo felisa. Mopesaleme o ile a ngola, a re: “[Morena oa leholimo ea khethiloeng ke Molimo] o tla lopolla ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso, le ea hlorileng le mang kapa mang ea se nang mothusi. O tla utloela ea tlaase bohloko le ea futsanehileng, o tla pholosa meea ea ba futsanehileng. O tla lopolla meea ea bona khatellong le pefong, mali a bona e tla ba a bohlokoa mahlong a hae.”—Pesaleme ea 72:12-14.
Na u utloela ba mahlomoleng bohloko? Mohlomong u ba utloela bohloko. Jehova o kentse qenehelo ka ho rōna, etsoe re bōpiloe ka setšoantšo sa hae. (Genese 1:26, 27) Kahoo, re ka kholiseha hore Jehova ha aa iphapanyetsa mahlomola a batho. Jesu, ea neng a tseba Jehova haholo ho feta mang kapa mang, o ile a ruta hore Jehova o re thahasella haholo le hore o tletse qenehelo e bonolo.—Matheu 10:29, 31.
Pōpo ka boeona e paka hore Molimo o tsotella batho. Jesu o ile a bolela hore Molimo “o chabisetsa batho ba khopo le ba molemo letsatsi la hae ’me o nesetsa batho ba lokileng le ba sa lokang pula.” (Matheu 5:45) Moapostola Pauluse o ile a bua se latelang ho batho ba motse oa Lystra: “[Molimo ha aa] ka a itlohela ntle ho bopaki ka hore o ile a etsa se molemo, a le fa lipula tse tsoang leholimong le linako tse behang, a tlatsa lipelo tsa lōna ka ho phethahetseng ka lijo le ho hlasimoloha ho molemo.”—Liketso 14:17.
Ke Mang ea Bakang Bokhopo?
Rea hlokomela hore Pauluse o ile a boela a re ho batho ba Lystra: “Melokong e fetileng [Molimo] o ile a lumella lichaba tsohle ho tsoela pele litseleng tsa tsona.” Kahoo, lichaba—kapa batho ka bobona—hangata ke tsona tse ikenyang qhafutsong. Ho ke ke ha jarisoa Molimo molato.—Liketso 14:16.
Ke hobane’ng ha Jehova a lumella hore lintho tse mpe li etsahale? Na o tla ke a li nkele khato? Likarabo tsa lipotso tsena li ka fumanoa feela ka Lentsoeng la Molimo. Lebaka ke hobane karabo e ama motho e mong oa moea le khang eo a ileng a e tsosa leholimong.
[Litšoantšo tse leqepheng la 4]
Batho baa qenehelana. Na Molimo eena o iphapanyetsa mahlomola a batho?
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 2]
COVER: Tank: UN PHOTO 158181/J. Isaac; earthquake: San Hong R-C Picture Company
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
Upper left, Croatia: UN PHOTO 159208/S. Whitehouse; starving child: UN PHOTO 146150 BY O. MONSEN
[Mantsoe a Hlalosang Setšoantšo a leqepheng la 4]