Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 10/1 leq. 8
  • Holo ea ’Muso e Fuoa Khau

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Holo ea ’Muso e Fuoa Khau
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Liholo Tsa ’Muso li Bulehetse Bohle
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Sena ke Sebaka sa Rōna sa Borapeli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Keketseho e Tsotehang e Susumetsa Katoloso e Potlakileng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Holo ea ’Muso Ke’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 10/1 leq. 8

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Holo ea ’Muso e Fuoa Khau

LEKALA la Tikoloho la Finland le ile la bitsa selemo sa 2000 “Selemo sa ho Khabisoa ha Naha.” Mohlophisi e mong o ile a bolela hore “morero oa ho sebelisa ho khabisoa ha naha e le sehlooho sa selemo ke ho hopotsa bohle hore tikoloho e apereng botala e na le tšusumetso bophelong le boiketlong ba rōna.”

Ka la 12 January, 2001, lengolo le tsoang Mokhatlong oa Liindasteri Tsa ho Khabisoa ha Naha oa Finland le ile la fihla ofising ea lekala ea Lipaki tsa Jehova ea Finland. Lengolo le ne le hlalosa hore Holo ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova e Tikkurila e fuoe e ’ngoe ea likhau tsa sehlooho tsa selemo tsa ho khabisoa ha naha ka lebaka la tlhophiso e ntle ea tikoloho ea eona le serapa sa eona se khabisitsoeng hantle. Lengolo lena le ile la phaella ka ho re: “Ponahalo ea serapa [sa Holo ea ’Muso], nakong ea selemo le nakong ea mariha, ea khahlisa, e botle bo tsotoang ’me ke ea boleng bo phahameng.”

Lipaki tsa Jehova li ile tsa fuoa khau ena Hoteleng ea Rosendahl e Tampere, Finland, moketeng oo ho oona ho neng ho e-na le litsebi tse 400 le bahoebi. Mokhatlo oa Liindasteri Tsa ho Khabisoa ha Naha oa Finland o ile oa boela oa ntša molaetsa o eang mecheng ea litaba o neng o re: “Hoo e ka bang kamehla, Liholo tsa ’Muso tsa Lipaki tsa Jehova li lokisoa hantle ka ho khetheha likarolong tse fapa-fapaneng tsa naha. Tikoloho e hlokomeloa hantle hoo e hapang mahlo a bohle ba fetang ka tsela. Holo ea ’Muso e Tikkurila ke mohlala oa serapa se setle haholo. Mohaho le jarete e khōlō li bontša khutso le botsitso.”

Ho na le Liholo tsa ’Muso tse 233 Finland, tse ngata li na le lijarete tse ntle. Leha ho le joalo, se etsang hore libaka tsena li be ntle ka sebele, ke hore ke litsi tsa borapeli ba ’nete le thuto ea Bibele. Lipaki tsa Jehova tse fetang limilione tse tšeletseng lefatšeng ka bophara, li nka hore Holo ea ’Muso ke sebaka se ratehang, ebang e entsoe ka bokhabane kapa e itekanetse feela. Ke ka lebaka leo li chesehelang ho e hlokomela ka bokhabane le ka lerato. Bohle ba tikolohong ea heno ba amoheloa ka liatla tse peli Liholong tsena tsa ’Muso!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela