Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 10/1 maq. 23-27
  • Karolo ea Bohlokoahali Keketsehong ea ka Mor’a Ntoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Karolo ea Bohlokoahali Keketsehong ea ka Mor’a Ntoa
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Nete ea Bibele ho Motho ea Khesoang
  • Lelapa Leso Lea Kopana
  • Koetliso Gileade le Koetliso ka Mor’a ho ea Gileade
  • Ho Sebelisa Litaelo Tse Filoeng Makala
  • Lintho Tse Ncha Tse Thabisang Switzerland
  • Maemo aa Fetoha
  • Thabo ea Bophelo ba Lelapa
  • Re sa Ntsane re Fetoha le Maemo
  • Ke Rutiloe ke Jehova ho Tloha Bocheng ba Ka
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Ke Itšoareletse Seaparong sa Mojuda ka Lilemo Tse 70
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Jehova e Bile Setšabelo sa ka le Qhobosheane ea ka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Li Bolela Litaba tse Molemo li sa Khaotse (1942-1975)
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 10/1 maq. 23-27

Pale ea Bophelo

Karolo ea Bohlokoahali Keketsehong ea ka Mor’a Ntoa

JOALOKAHA HO BOLETSE FILIP S. HOFFMANN

Ntoa ea II ea Lefatše e ne e sa tsoa lala ka May 1945. Hona selemong seo ka December, Nathan H. Knorr, ea neng a hlokometse mesebetsi ea Lipaki tsa Jehova ea boboleli lefatšeng ka bophara, o ile a etela Denmark le mongoli oa hae ea lilemo li 25, Milton G. Henschel. Ho ile ha hiroa holo e khōlō bakeng sa ketelo ena e neng e lebeletsoe ka cheseho. Ho rōna bacha, puo ea Mor’abo rōna Henschel ke eona e neng e le monate ka ho khetheha hobane e ne e le thak’a rōna ’me a khethile sehlooho se reng: “U mpe u hopole ’Mopi oa hao matsatsing a bocha ba hao.”—Moeklesia 12:1, Bibele ea Sesotho.

KETELONG ena, re ile ra ithuta hore ho etsahala lintho tse thabisang ntšetso-peleng ea mosebetsi oa boboleli le hore re ka ba le seabo ho tsona. (Matheu 24:14) Ka mohlala, ho ne ho butsoe sekolo United States bakeng sa ho koetlisetsa banna ba bacha le basali ba bacha mosebetsi oa boromuoa. Mor’abo rōna Knorr o ile a hatisa ntlha ea hore haeba re mengoa, re tla fuoa “tekete ea ho ea feela” le hore re ke ke ra tseba hore na re tla abeloa ho ea hokae. Ho sa tsotellehe sena, ba bang ba rōna re ile ra etsa likōpo.

Pele ke pheta liphihlelo tseo ke bileng le tsona ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, e-re ke qale ka ho bolela se etsahetseng ha ke hlaha ka 1919. Ho etsahetse lintho tse ngata pele ho ntoa le nakong ea eona tse ileng tsa susumetsa bophelo ba ka haholo.

’Nete ea Bibele ho Motho ea Khesoang

Ha ’Mè a imile ’na—ngoana oa hae oa letsibolo—o ile a rapela hore haeba ke moshanyana, ke tle ke be moromuoa. Khaitseli ea hae e ne e le Seithuti sa Bibele, joalokaha Lipaki tsa Jehova li ne li bitsoa joalo, empa litho tse ling tsa lelapa labo li ne li e khesa. Lapeng e ne e le haufi le Copenhagen, ’me ha Liithuti tsa Bibele li tšoara likopano sebakeng sena, ’Mè o ne a mema Malome Thomas, ea neng a lula hōle, hore a lule le rōna. Ka 1930 tsebo ea hae e hlollang ea Bibele le ho fana ha hae ka mabaka a utloahalang li ne li kholisitse ’Mè hore e be Seithuti sa Bibele.

’Mè o ne a rata Bibele. E le ha a latela taelo e ho Deuteronoma 6:7, o ne a nthuta le khaitseli ea ka ‘ha a lutse ka tlung, ha a tsamaea tseleng, ha a robetse kapa a tsoha.’ Hamorao, ke ile ka qala ho kopanela boboleling ba ntlo le ntlo. Ke ne ke rata ho bua ka lintho tse kang moea o sa shoeng le mollo oa lihele, e leng lintho tse neng li rutoa ke likereke. Ke ne ke atleha ho bontša ka Bibele hore lithuto tse joalo li fosahetse.—Pesaleme ea 146:3, 4; Moeklesia 9:5, 10; Ezekiele 18:4.

Lelapa Leso Lea Kopana

Ka mor’a kopano ea Copenhagen ka 1937, ho ne ho hlokahala thuso ea nakoana setsing sa polokelo ea libuka ofising ea lekala ea Lipaki tsa Jehova Denmark. Ke ne ke sa tsoa qeta lithuto tsa ka kolecheng ea khoebo ’me ke ne ke lokolohile, kahoo ke ile ka ithaopela ho ea thusa setsing seo sa pokello ea libuka. Ha mosebetsi setsing sa polokelo ea libuka o fela, ke ile ka kōpuoa ho thusa ofising ea lekala. Hang ka mor’a moo, ke ile ka tloha lapeng ka ea lekaleng le Copenhagen, le hoja ke ne ke e-s’o kolobetsoe. Ho kopana letsatsi le letsatsi le Bakreste ba hōlileng tsebong ho ile ha nthusa hore ke hatele pele moeeng. Selemong se hlahlamang, ka la 1 January, 1938, ke ile ka bontša boinehelo ba ka ho Jehova Molimo ka ho kolobetsoa metsing.

Ntoa ea II ea Lefatše e ile ea qala ka September 1939. Ka la 9 April, 1940, masole a Jeremane a ile a hapa Denmark. Kaha baahi ba Denmark ba ile ba fuoa tokoloho e ngata, re ile ra khona ho tsoela pele ka mesebetsi ea rōna ea boboleli.

Eaba ho etsahala ntho e tsotehang. Ntate e ile ea e-ba Paki e mafolofolo e tšepahalang, e leng se ileng sa fihlisa thabo ea lelapa leso sehlohlolong. Kahoo, ha ’na hammoho le baahi ba bang ba bane ba Denmark re memeloa ho ea sehlopheng sa borobeli Sekolong sa Gileade, ke ile ka tšehetsoa ke lelapa leso kaofela. Thupelo ea likhoeli tse hlano sekolong, e ileng ea qala ka September 1946, e ile ea tšoareloa sekolong se setle ka ntle ho South Lansing seterekeng sa New York.

Koetliso Gileade le Koetliso ka Mor’a ho ea Gileade

Gileade e ile ea fana ka menyetla ea hore re etse metsoalle e mecha e babatsehang. Mantsiboeeng a mang ha re ntse re otlolla maoto sekolong le Harold King oa Engelane, re ile ra bua ka hore na ebe re tla isoa hokae ha koetliso ea rōna e felile. Harold o ile a re: “Ha ke lumele hore ha ke sa tla hlola ke bona lilomo tse tšoeu tsa Dover [ka boroa ho Engelane].” O ne a bua ’nete, empa ho ile ha feta lilemo tse 17 pele a bona Engelane hape, ’me ho tsona o ile a qeta lilemo tse ’nè le halofo a koaletsoe phaposing ea motho a le mong chankaneng Chaena!a

Ha re qeta ho fuoa mangolo, ke ile ka romeloa Texas, U.S.A., ho ea sebeletsa ke le molebeli ea tsamaeang, ke etela liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova ho li thusa moeeng. Ke ile ka amoheloa ka mofuthu. Barab’abo rōna ba Texas ba ne ba fumana ho thahasellisa ho fuoa mohlankana ea tsoang Europe ea sa tsoa qeta Sekolong sa Gileade. Empa ka mor’a likhoeli tse supileng feela ke le Texas, ke ile ka bitsetsoa ntlo-khōlō ea lefatšeng ea Lipaki tsa Jehova Brooklyn, New York. Ha ke le moo, Mor’abo rōna Knorr o ile a mpha mosebetsi oa ofisi le litaelo tsa hore ke ithute hore na mosebetsi o etsoa joang mafapheng ’ohle. Joale, e ne e tla re ha ke khutlela Denmark, ke sebelise seo ke ithutileng sona, ke etse bonnete ba hore lintho tsohle li etsoa ka tsela e tšoanang le ea Brooklyn. Sepheo e ne e le ho momahanya tsamaiso makaleng lefatšeng ka bophara e le hore mosebetsi o tsamaee hantle haholoanyane. Hamorao, Mor’abo rōna Knorr o ile a nkisa Jeremane.

Ho Sebelisa Litaelo Tse Filoeng Makala

Ha ke fihla Wiesbaden, Jeremane, ka July 1949, metse e mengata ea Jeremane e ne e sa ntsane e le lithako. Ba neng ba eteletse pele mosebetsing oa boboleli e ne e le banna ba neng ba ile ba hlorisoa ho tloha ha Hitler a busa ka 1933. Ba bang ba ne ba bile literonkong le likampong tsa mahloriso ka lilemo tse robeli ho ea ho tse leshome kapa le ho feta! Ke ile ka sebetsa le bahlanka ba joalo ba Jehova ka lilemo tse tharo le halofo. Mohlala oa bona o ikhethang o nkhopotsa mantsoe a rahistori oa Lejeremane Gabriele Yonan, ea ileng a ngola: “Ha e ne e se ka mohlala oa sehlopha sena se tšepahalang sa Bakreste tlas’a puso e hatellang ea Manazi ka mor’a Auschwitz le Polao e Sehlōhō, ho ne ho tla ba thata ho lumela hore hoa khoneha ho phetha lithuto tsa Bokreste tsa Jesu.”

Mosebetsi oa ka lekaleng lena o ne o tšoana le ha ke le Denmark, e leng ho kenya tšebetsong mokhoa o mocha, o tšoanang oa ho sebetsa litaba tsa tlhophiso. Hang ha barab’abo rōna ba Jeremane ba utloisisa hore ho hang liphetoho tsena li ne li sa tšoaee mosebetsi oa bona phoso—empa hore e ne e le nako ea hore makala a sa tšoaneng a sebelisane haufi le ntlo-khōlō—ba ile ba ba mafolofolo ’me ba tlala moea o motle oa tšebelisano.

Ka 1952 ke ile ka amohela lengolo le tsoang ofising ea Mor’abo rōna Knorr le ntaelang hore ke ee lekaleng la Bern, Switzerland. Ke ile ka abeloa ho sebeletsa ke le molebeli oa lekala moo, ho qala ka la 1 January, 1953.

Lintho Tse Ncha Tse Thabisang Switzerland

Ha hoa feta nako e telele ke le Switzerland ha ke kopana le Esther kopanong, ’me re ile ra lebelletsana ka mor’a nako e seng kae. Ka August 1954, Mor’abo rōna Knorr o ile a ntaela hore ke ee Brooklyn, moo ke ileng ka bontšoa mosebetsi o mocha, o thabisang. Kaha palo le boholo ba liofisi tsa makala lefatšeng ka bophara li ne li eketsehile haholo, ho ne ho etsoa tokisetso e ncha. Lefatše le ne le arotsoe ka libaka, ’me sebaka ka seng se ne se tla sebeletsoa ke molebeli oa libaka. Ke ile ka abeloa ho sebeletsa libaka tse peli: Europe le sebaka sa Mediterranean.

Hang ka mor’a ketelo ea ka e khutšoanyane Brooklyn, ke ile ka khutlela Switzerland ka itokisetsa mosebetsi oa ho etela libaka. Ke ile ka nyala Esther ’me o ile a sebetsa le ’na ofising ea lekala Switzerland. Leetong la ka la pele ke ile ka etela mahae a baromuoa le makala Italy, Greece, Cyprus, linaha tsa Bochabela bo Hare le haufi le lebōpo la Afrika Leboea le Spain le Portugal—linaha tse 13 kaofela. Ka mor’a ho khutlela Bern, ke ile ka tsoela pele ka ea linaheng tse ling tsohle tsa Europe ka bophirimela ho Mokoallo oa Puso ea Lere la Tšepe. Selemong sa pele re nyalane, ke ile ka ba sieo lapeng ka likhoeli tse tšeletseng ke sebeletsa barab’abo rōna ba Bakreste.

Maemo aa Fetoha

Ka 1957, Esther o ile a fumana hore ke moimana, ’me kaha lekala ha lea etsetsoa batsoali ba nang le bana, re ile ra etsa qeto ea ho khutlela Denmark, moo Ntate a ileng a lumela ho lula le rōna. Esther o ile a hlokomela morali oa rōna, Rakel le Ntate ha ’na ke ntse ke thusa ka mosebetsi ofising ea lekala e sa tsoa hahoa. Ke ile ka sebeletsa ke le morupeli Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso bakeng sa balebeli ba liphutheho hape ka tsoela pele ke sebeletsa ke le molebeli oa libaka.

Mosebetsi oa ho etela libaka o ne o bolela ho tsamaea ka nako e telele, e leng seo ka bomalimabe se ileng sa etsa hore ke arohane le morali oa rōna ka nako e telele. Sena se bile le liphello. Nkile ka qeta nako e itseng Paris, moo re neng re theha sebaka se senyenyane sa khatiso teng. Esther le Rakel ba ile ba tla ka terene ho tla mpona ’me ba fihlela Gare du Nord. Ke ile ka tsamaea le Léopold Jontès ea tsoang lekaleng ho ea ba khahlametsa. Rakel o ile a ema setepising sa lekareche, a sheba Léopold, a ntan’o ncheba, a boela a sheba Léopold, eaba o kopa Léopold ka matsoho!

Phetoho e ’ngoe e khōlō e bile ha ke le lilemo li 45 ’me ke tlohela tšebeletso ea nako e tletseng ho ea sebetsa bakeng sa ho hlokomela lelapa la ka. Ka lebaka la phihlelo eo ke bileng le eona ke le mosebeletsi oa Lipaki tsa Jehova, ke ile ka khona ho fumana mosebetsi oa ho ba mookameli oa thepa e romeloang. Ka mor’a ho sebetsa k’hamphaning ena ka lilemo tse ka bang robong ’me Rakel a qetile sekolong, re ile ra etsa qeto ea ho arabela khothatsong ea ho fallela moo tlhokahalo ea baboleli ba ’Muso e neng e le khōloanyane.

Ha ke hlahloba menyetla ea ho ea Norway, ke ile ka botsa lekaleng la khiro hore na nka fumana mosebetsi teng. Karabo e bile e nyahamisang. Menyetla e ne e fokola bakeng sa monna ea lilemo li 55. Ho sa tsotellehe sena, ke ile ka buisana le ofisi ea lekala Oslo eaba ke hira ntlo haufi le toropo ea Drøbak, ke tšepile hore ke tla fumana mosebetsi. Ke ile ka fela ka o fumana, ’me ho ile ha latela nako e thabisang haholo ea tšebeletso ea ’Muso Norway.

Linako tse thabisang ka ho fetisisa ke ha ba bang phuthehong ea rōna ba ne ba etela ka leboea ho ea sebetsa tšimong e sa abuoang. Re ne re hira matlo a manyenyane moo ho hlongoang litente teng, ’me letsatsi le leng le le leng re ne re etela lipolasi tse qaqolohaneng lithabeng tse ntle. E ne e le thabo feela ho bolella batho bana ba botsoalle ka ’Muso oa Molimo. Ho ile ha tsamaisoa lingoliloeng tse ngata, empa maeto a ho boela a ne a lokela ho emela selemong se tlang. Leha ho le joalo, batho ba ne ba sa re lebale! Esther le Rakel ba sa ntsane ba hopola ha re khutla ’me re kopuoa ka matsoho joaloka litho tsa lelapa tseo esaleng li nyamela khale. Re ile ka khutlela Denmark ka mor’a ho qeta lilemo tse tharo Norway.

Thabo ea Bophelo ba Lelapa

Ka mor’a nako e seng kae Rakel o ile a lebeletsana le Niels Højer, eo e neng e le mosebeletsi ea chesehang oa nako e tletseng oa pula-maliboho. Ha Niels le Rakel ba qeta ho nyalana, ba ile ba tsoela pele ba bula maliboho ho fihlela ba e-ba le bana. Niels e bile monna le ntate ea molemo, ea ratang lelapa la hae e le kannete. Hoseng ka letsatsi le leng o ile a palamisa mora oa hae baesekeleng ba ea lebōpong la leoatle ho ea shebella ha letsatsi le chaba. Moahelani o ile a botsa moshanyana hore na ba ne ba il’o etsa’ng moo. O ile a re: “Re ne re il’o rapela Jehova.”

Lilemo tse seng kae hamorao, ’na le Esther re ile ra bona ha ho kolobetsoa litloholo tsa rōna tse khōlō tse peli, Benjamin le Nadja. Le Niels o ne a shebeletse, ’me hang-hang re ile ra ema re shebane. O ile a ncheba ’me a re, “Banna ke linku ha ba lle.” Leha ho le joalo, ka motsotso o latelang re ile ra lla ka bobeli re kopane ka matsoho. Ho thabisa hakaakang ho ba le mokhoenyana eo u ka llang ua ba ua tšeha le eena!

Re sa Ntsane re Fetoha le Maemo

Re ile ra fumana tlhohonolofatso e ’ngoe ha ’na le Esther re kōptjoa ho khutlela ofising ea lekala ea Denmark ho ea sebeletsa teng. Leha ho le joalo, ka nako eo ho ne ho etsoa litokisetso tsa ho haha mohaho o moholoanyane oa lekala Holbæk. Ke ile ka ba le tokelo ea ho ba le karolo ho okameleng mosebetsi oa kaho, oo kaofela ha oona o neng o etsoa ke baithaopi ba sa lefuoeng. Ho sa tsotellehe mariha a batang haholo, mosebetsi o ile oa phethoa bofelong ba 1982, ’me bohle re ile ra thabela ho fallela mehahong e meholoanyane, e ntlafetseng!

Ka mor’a nako e seng kae ke ile ka etsa mosebetsi oa ofisi, e leng se ileng sa nthabisa haholo, ’me Esther o ne a amohela mehala. Leha ho le joalo, hamorao o ile a lokela ho kenngoa noka ea maiketsetso, ’me selemo le halofo hamorao o ile a buuoa mokotla oa nyooko. Ho sa tsotellehe tlhokomelo e mosa eo basebetsi ba lekala ba ileng ba re bontša eona, re ile ra etsa qeto ea hore ho ka ba molemo ho bohle haeba re tloha lekaleng. Re ile ra fallela phuthehong eo morali oa rōna le lelapa la hae ba leng ho eona.

Matsatsing ana bophelo ba Esther ha bo botle. Leha ho le joalo, ruri nka bolela hore lilemong tsohle tseo re bileng tšebeletsong ka tsona, ho kopanyelletsa le liphetoho tse ngata hakana, e ’nile ea e-ba motšehetsi le motsoalle ea babatsehang. Ho sa tsotellehe ho fokolloa ke bophelo, ka bobeli ba rōna re ntse re kopanela hanyenyane mosebetsing oa boboleli. Ha ke hetla morao bophelong ba ka, ka thabo ke hopola mantsoe a mopesaleme: “Molimo, u nthutile ho tloha bocheng ba ka ho ea pele.”—Pesaleme ea 71:17.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa July 15, 1963, leqepheng la 437-42.

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Re laolla lingoliloeng lekaleng la Jeremane ha le sa ntsane le hahoa ka 1949

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Basebetsi-’moho le ’na ba ne ba kopanyelletsa Lipaki tse kang tsena tse khutlileng likampong tsa mahloriso

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ke ’na le Esther hona joale le letsatsing la lechato la rōna Bethele ea Bern, ka October 1955

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela