Jehova e Bile Setšabelo sa ka le Qhobosheane ea ka
Joalokaha ho boletse Margaret West
NAHANA ha u se u phela mohahong o moholo oo Mofumahali Anna Sophie oa Denmark a neng a behoe bofumahaling ho oona ka selemo sa 1721. Ntlo ena eo lelapa la borena la Denmark le neng le lula ho eona lehlabula, e lutseng har’a lirapa tse ntle, e ne e le lehae la ka ha ke sa le monyenyane. Likamore tse majaba-jaba, methati e meholo, lisiling tse ferefiloeng ke litsebi tsa khale tsa Mafora, ka nako eo li ne li bonahala eka ke lintho tsa torong.
Sebakana feela ho tloha mohahong oo o moholo ho ne ho e-na le mohaho o mong, o fokolang haholo ha o bapisoa le oo, empa lilemo tse 30 tseo ke li qetileng mohahong ona li entšitse bophelo ba ka haholo. E ne e le Bethele ea Denmark, ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova Denmark.
Empa e re pele ke u bolelle hore na ho tlile joang hore ke tl’o phela Mohahong o Moholo oa Frederiksberg o Copenhagen. Ntate, eo e neng e le mokolonele lebothong la Denmark, o ne a tsamaisa sekolo sa masole seo ntlo-kholo ea sona e neng e le mohahong ona o moholo. Boemo bona bo ne bo mo neha tokelo ea hore eena le lelapa la hae ba phele tikolohong ena e phahameng. Bakeng sa ngoanana e monyenyane, bona e ne e le bophelo ba tšōmong, a sirelelitsoe kotsing ka har’a marako a sebaka sena se setle. Ke ne ke nahana hore matsatsi ana a thabisang, a monate a bonyenyaneng a ke ke a fela. Empa toro ena e ile ea senngoa letsatsing le leng le sa lebaleheng ka 1921.
Rōna bana re ile ra bitsetsoa kamoreng ea ntate. Ke ile ka ’mona a robetse moo, a shebahala a le mosoeu haholo, matsoho a hae ka bobeli a le holim’a lakane. ’Mè o ile a re kopa ka matsoho. Ngaka ea rōna, eo le eona e neng e le pel’a bethe, e ne e shebahala e saretsoe haholo. Ka lentsoe le fatše ’Mè o ile a re: “Ntate o shoele.” Khopolo ea ka ea ho qala ea e-ba hore: ‘Hoo ho ke ke ha etsahala! O ne a sa kule.’ E ne e le phihlelo e sisimosang bakeng sa ngoana ea lilemo li leshome. Ka nako eo ke ne ke sa hlokomele hore lefu lena le sithabetsang le ne le tla etsa hore ke fumane kutloisiso ea morero oa bophelo.
Lefu la ntate le ile la bolela phetoho e khōlō bophelong ba rōna. Mohaho oo o moholo e ne e le sebaka sa bolulo sa mosebetsi, kahoo ho ne ho hlokahala hore ’Mè a fumane sebaka se seng seo re ka phelang ho sona. E ne e le nako e thata, ’me e le ho re thusa ho feta mahlomoleng ao, o ile a etsa ntho e ’ngoe e ileng ea makatsa beng ka rōna le metsoalle. O ile a re ntša sekolong kaofela, ’me a tsamaea le rōna leetong la ho hahlaula Europe nako ea selemo kaofela.
Ho Batla Hoa Putsa
Leha ho le joalo, ha re khutlela Denmark, lefu la Ntate le ne le ntse le re imetse, ’me nako le nako, ’Mè o ile a lula a ntse a ipotsa: Hobane’ng? Hobane’ng? Hobane’ng? Ho fumana karabelo, o ile a qala ho fuputsa lifilosofi tsa Bochabela, empa tsena ha lia ka tsa khotsofatsa kelello ea hae e nahanang haholo. Joale o ile a etsa qeto ea ho retelehela Bibeleng, a nahana hore e ka ’na ea ba le likarabelo tse itseng. Ha a nanabela Bibele rakeng ea libuka, o ile a bona buka e ’ngoe e khubelu pel’a eona, e le buka eo a neng a qala ho e bona. E ne a bitsoa The Divine Plan of the Ages. Khaitseli ea ka o ne a sa tsoa e reka ho Seithuti se seng sa Bibele se neng se re etetse.
’Mè o ile a qala ho bala buka eo ’me ka potlako a kholiseha hore o fumane likarabelo lipotsong tsa hae. Nakong ena, ke ne ke kena sekolo Fora, empa ha ke khutlela hae bakeng sa matsatsi a phomolo likhoeling tse seng kae hamorao, ka cheseho ’Mè o ile a mpolella ka letlotlo leo a neng a sa tsoa le fumana. O ile a mpolella ka ’Muso oa Molimo—’Muso o neng o tla busa lefatše lohle ’me o felise lintoa tsohle, ’Muso o neng o tla tlisetsa batho mahlohonolo a ke keng a lekanngoa, ho akarelletsa tsoho ea bafu. Hoo ho ne ho babatseha. Qetellong re ne re fumane setšabelo bakeng sa pelaelo le ho hloka botsitso.
Mantsiboeeng ao ha ke ea tlung, ke ile ka rapela ka lekhetlo la pele bophelong ba ka. Re ne re se lelapa la balumeli, empa sekolong re ne re rutiloe Thapelo ea Morena. Kahoo ka ho tsila-tsila ka qala ho pheta thapelo ena. Ha ke fihla mantsoeng, “Ho tle ’Muso oa hao . . . ,” pelo ea ka e ile ea batla e phatloha ke thabo. Qetellong ke ne ke utloisisa seo ke neng ke ntse ke se kōpa! Ho fetile lilemo tse mashome a tšeletseng, empa ke sa ntsane ke hopola ka ho hlaka thabo e ke keng ea hlalosoa eo ke ileng ka ikutloa ke e-na le eona bosiung boo.
Hoba ke qete sekolong Fora, ke ile ka ea Engelane nako ea selemo se le seng ho ea sebelisa Senyesemane. ’Mè o ne a phehella ho re: “Ngoanana o lokela ho ithuta lipuo, moshemane lipalo.” Qetellong, ke ile ka ithuta lipuo tse hlano, tseo kaofela ha tsona li bileng le bohlokoa bo ke keng ba lekanngoa, ’me lilemong tse latelang ke ile ka ’na ka leboha ’Mè ka hore e be o ile a mpha monyetla ona.
Ha ke fihla Engelane, ke ile ka fumana hore ’Mè o ne a kentse buka The Harp of God ka sutuk’heising ea ka. Ke ile ka ithuta eona ka hloko ’me ka qala ho pakela lelapa la Manyesemane leo ke neng ke lula le lona ka seo ke ithutileng sona. Ka lekhetlo le leng mong ka bona e mong o ile a etela lelapa lena, eaba le eena kea mo pakela. (Ke ne ke hlile ke fetoha setsebi sa ho ‘letsa likhole tse leshome’ tsa “harepa” ena.) Kaha mofumahali enoa a ne a ipatlela buka eo e leng ea hae, ke ile ka ngolla ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower e London, ’me e ile ea ntšupisa baena ba sebaka seo.
Ka hona ke ile ka qala ho kopanela le sehlopha sena se senyenyane sa Wickford, Essex, se neng se kopanela lelapeng la e mong oa Liithuti tsa Bibele. Sebokeng se seng, ho ile ha tsebisoa hore Sontaha se latelang ho ne ho tla ba le ‘leeto,’ ’me le ’na ke ile ka mengoa. Ke ne ke lebelletse leeto le thahasellisang la ho intšetsa sebakeng se ka thōko, empa ha ke fihla, ho ile ha rapeloa, eaba ke nehoa libuka tse ling ’me ha thoe ke tsamaee ho ea bolela le khaitseli e mong ea hōlileng!
Hoba ke khutlele Denmark, ke ile ka tsoela pele ho kopanela le Liithuti tsa Bibele, ’me ka 1929 ka kolobetsoa. Phihlelo e sa lebaleheng ke ea kopano e neng e le Copenhagen ka 1931. Ke kopanong ena moo re ileng ra nka lebitso Lipaki tsa Jehova. Ho tsebisa baruti sena, puo ea Moena Rutherford le qeto e ileng ea latela e ileng ea nkoa kopanong eo li ile tsa phatlalatsoa bukaneng The Kingdom, the Hope of the World. Re ne re lokela ho e isa ka seqo ho batho bohle ba tsebahalang sechabeng, ho akarelletsa baahloli, litho tsa ’muso, bo-rakhoebo ba tsebahalang, hammoho le baruti kaofela.
Mosali e Mokhutšoanyane le Mobishopo
Morena oa Denmark o ile a fumana kopi ea hae e le e mong oa batho ba neng ba abetsoe molebeli oa lekala. Ke ile ka nehoa qubu ea libukana, hammoho le lianfolopo tse neng li e-na le mabitso le liaterese tsa batho bao ke neng ke lokela ho ba etela phutuhong ena. Lebitso le qalang lethathameng leo le ile la ’nyarosa. E ne e le mobishopo ea tummeng oa Molutere eo hape a neng a tsebahala ka khanyetso ea hae ho Lipaki tsa Jehova.
Mobishopo eo o ne a lula karolong e ka thōko ea Copenhagen, ’me ha ke letsa tsěpe, ke tlameha ho lumela hore ke ile ka ikutloa ke le mokhutšoanyane le ho feta bophahamo ba ka bo fokolang ba mithara e le ’ngoe le halofo. Motho ea sebetsang o ile a bula monyako, a ncheba ho tloha holimo ho ea tlaase ka ho mpelaella, ’me a botsa: “Ka kōpo, u batla eng?” Ka tieo ka arabela: “Kea leboha, ke batla ho bua le mobishopo.” ’Mè o ne a nkalimile baki e bohehang haholo e entsoeng ka boea ba konyana bakeng sa ketelo eo, ’me mohlomong sena se ile sa kholisa motho eo ea sebetsang hore ke lokela ho lumelloa ka seo ke se kōpang, hobane ka mor’a khefu e telele e neng e bonahala eka e ke ke ea fela, o ile a re: “Hanyane feela.” Ka potlako o ile a khutla ’me a ntsamaisa ka phachese e telele, a bula lemati, ’me ka mor’a deske e khōlō ho ne ho lutse mobishopo. E ne e le monna e molelele, ea shaetseng. O ile a phahamisa hlooho ’me a bososela ka mosa.
Ke ile ka ikhopotsa hore Ea ntšehelitseng o feta ea ka pele ho ’na, ka mo hlalosetsa morero oa ketelo ea ka, ’me ka mo neha anfolopo. O ile a e nka eaba o e lahlela holim’a deske joalokaha eka o e lahlela mollong. O ile a tlōlela holimo, a ntšoara ka letsoho, ’me a nkhutlisa ka phachese eo e se nang moo e fellang ho leba monyakong o ka pele. Lemati le ile la khahleloa, empa ka bososela. Bukana e holim’a deske ea hae; mosebetsi oa ka o phethiloe.
Ka 1933 ke ile ka qala ho bula maliboho, kaha ke ne ke ikutloa hore eo e ne e le tsela e molemohali ea ho sebeletsa Jehova ka botlalo. Selemo hamorao ke ile ka nyalana le Moena Albert West, moena oa Lenyesemane ea neng a abetsoe ho sebeletsa Denmark lilemo tse ’maloa pejana. Re sebelelitse hammoho Bethele ea Denmark ka lilemo tse 30.
Ho Kena ha Manazi
La 9 ’Mesa, 1940, ke letsatsi leo nke keng ka le lebala. Ka hora ea botšelela ke ile ka tsosoa ke molumo o sa khaotseng oa sefofane se neng se utloahala eka se fofa ka holim’a hlooho hantle. Ho ne ho etsahala’ng? Denmark e ne e le naha e sa nkeng lehlakore. Ka ntle, batho ba ne ba bokellane literateng, ba nyenyeletsana, boemo bo le bobe. Joale seeale-moea se ile sa tsebisa: “Mabotho a Jeremane a kene Denmark.”
Hang-hang ho ile ha hlaha bothata ba hore na ho ka etsoa joang ka libuka tsohle tseo re neng re li bolokile mohahong moo. Baena ba Copenhagen ba ile ba bontša kelo-hloko e tsotehang le temoho. Ka potlako libuka li ile tsa abeloa baena ba sebaka seo, ’me litlaleho tsa lekala tsa bolokoa moo li sireletsehileng ho khaitseli e mong ea hōlileng ea seli haholo, ea ileng a li boloka tlas’a bethe ea hae ho fihlela ntoa e fela.
Bothata bo bong e ne e le hore na ho ka etsoa joang ka libukana tse 350 000 tse neng li sa tsoa fihla. Ho ile ha etsoa qeto ea hore li abjoe hang-hang. Le ka mohla ke ne ke sa lumele hore motho o ne a ka hloa litepisi tse ngata hakaalo ka matsatsi a mabeli feela. Sena sohle se ile sa etsoa ho sa tsosoe pelaelo ea masole a Jeremane a neng a ntse a lebetse literata. Ha a feta, re ne re leka ho iketsa eka re shebile lintho tse behiloeng lifensetereng tsa mabenkele. Baena kaofela, ba bacha le ba hōlileng, ba ile ba kopanela kabong ena e potlakileng, ’me ka mor’a lehlapha-hlapha la lihora tse 48, libukana tsohle li ne li le sechabeng.
Ka tlhaselo eo, kopano eohle eo re neng re e-na le eona le ntlo-kholo e Brooklyn e ile ea khaoloa, empa kabo ea lijo tsa moea ha ea ka ea fela. Ho ne ho e-na le moena a le mong kapa ba babeli ba neng ba sebetsa tšebeletsong ea likamano tsa lichaba, ’me thoto ea bona e ne e sa sechoe. Kaha ba ne ba leba Sweden ka mehla, ba ne ba khona ho re tlisetsa Molula-Qhooa ka Sesweden. Ke ne ke e-na le tsebo a itseng ea Sesweden, kahoo ke ile ka abeloa mosebetsi oa ho fetolela tokollo ka ’ngoe puong ea Sedenmark. E ne e le phephetso e boima, empa ke ile ka qalella ho ithuta ho hongata ka hohle kamoo nka khonang. Ka tsela ena, re ne re fumana Molula-Qhooa ka mehla ho fihlela ntoa e fela.
Ha e le hantle, re ne re khona le ho romela likopi tse ling tsa Sedenmark ho baena ba Norway. Mabokose a mahe a neng a romeloa ho liofisiri tsa Manazi a ne a romeloa ka mehla ho tloha Denmark ho ea Norway. Re ne re khona ho phuthela mahe ao ka maqephe a makasine oa Molula-Qhooa oa Sedenmark, ao baena ba Norway ba neng ba a phutholla ka hloko pele mahe ao a fetisetsoa ho Majeremane.
Phihlelo e sa Tloaelehang
Nakong ea ntoa, Moena Eneroth, eo e neng e le mohlanka oa lekala Sweden, o ile a fumana tumello ea ho etela Denmark, ’me Albert o ile a ea mo khahlanyetsa seemelong sa likepe. Ha Moena Eneroth a theosa ka phachese, ho ile ha hlaha liofisiri tse peli tsa Majeremane ’me tsa kōpa Albert le Moena Eneroth hore ba tsamaee le tsona.
Ba ile ba isoa Hoteleng ea Cosmopolite, e ’ngoe ea lintlo-kholo tsa masole a lebotho la Jeremane, ’me ba tsamaea ba ntse ba lebetsoe ho ea ofising e mokatong oa bobeli, moo ba ileng ba kopana le Lejeremane le leng le neng le sa apara junifomo. Le buisana le bona ka Senyesemane se phethehileng, le ile la re: “Joalokaha le hlokomela, ntoa e ntse e tsoela pele. Ke rakhoebo oa Hamburg, ’me ke rometsoe mona ke le mohlahlobi oa poso. Ke ntse ke hlahloba mangolo ’ohle a Mokhatlo oa Watchtower Bible [pakeng tsa Denmark le Sweden]. Ke ntho e khahlanong le maikutlo a ka, empa ha ke na boikhethelo. Ke lakatsa ho le babatsa ka mangolo a lōna, a ngotsoeng ka botšepehi le a khathollang ha motho a a bala. Ha le tsebe thetso eo ke e fumanang mangolong a lik’hamphani tse ling.”
O ile a botsa baena potso: “Poelo ke eng?” Albert o ile a etsa pontšo e khutšoanyane ea poelo, kapa leeto la ho boela, a sebelisa Moena Eneroth e le mong’a ntlo. Joale ofisiri eo e ile ea qetella puisano, ea re: “Bahlomphehi, kea le leboha, seo ke sona sohle seo ke neng ke batla ho se tseba.” Mohlomong ena e ne e le tsela ea hae ea ho lemosa baena hore ba hlokomele seo ba se ngolang mangolong a bona.
Ho Memeloa Gileade
Qetellong ea 1945, re ile ra fumana ketelo e thabisang haholo ea Moena Knorr le Moena Henschel. Ketelong ena, ’na le Albert re ile ra memeloa Sekolong sa Bibele sa Watchtower sa Gileade, ’me ra kena sehlopheng sa bo11 sa sekolo sena sa baromuoa ka 1948. Ka mor’a thupelo ea rōna Gileade, ke ile ka sebeletsa le monna oa ka ea ileng a abeloa mosebetsi oa potoloho ka likhoeli tse tšeletseng Maryland, Virginia, le Washington, D.C., pele re khutlela Denmark.
Lilemo tse seng kae hamorao, Albert o ile a kula, ’me qetellong lefu leo la fumanoa e le kankere. Ke ile ka mo oka ka lilemo tse leshome ke ntse ke etsa seo nka se khonang joaloka mofetoleli, ho fihlela a e-shoa ka 1963. Selemong se latelang, ka thulana le boikarabelo bo bong boo ke neng ke lokela ho bo jara. ’Mè o ne a se a le lilemo li 88 ’me o ne a hloka motho e mong ea ka mo hlokomelang. Ka hona, ka masoabi, ke ile ka lokela ho tlohela tšebeletso ea nako e tletseng. ’Mè o ile a phela ho fihlela a le lilemo li 101 ’me a tsoela pele a tšepahala ho fihlela qetellong.
Ho ba Mafolo-folo Botsofaling
Lilemong tse qetellang tsa bophelo ba ’mè oa ka, re ne re qeta likhoeli tsa mariha Spain. Kahoo ha a e-shoa, ke ile ka etsa qeto ea ho lula moo. Ke ne ke ithutile Sepanishe ’me hape ke ne ke ikutloa hore ka tsela ena ke ne ke tla be ke sebeletsa naheng esele. Le hoja ke sa khone ho etsa ho hongata kamoo nka ratang, ka baka la ho hōla le boikarabelo bo bong, ke sa ntsane ke khona ho ba pula-maliboho ea thusang khafetsa.
Ke qetile nako e fetang lilemo tse 20 bophelong ba ka ke hlokomela monna ea kulang le ’me ea hōlileng. Leha ho le joalo, le ka mohla ke ne ke sa talime sena e le moroalo. Ka mehla ke ne ke ikutloa hore ka bobeli ba ne ba tšoaneloa ke tlhokomelo le ho nahaneloa ho joalo, ’me ke ne ke ho nka e le karolo ea tšebeletso ea ka ho Jehova, eo ka mehla a ’nileng a nthusa ho talimana le masoabi le liteko tse lokelang ho mamelloa tlas’a maemo a joalo.
Joale ke lula ntlong e nyenyane, e fapaneng haholo le mohaho o moholo o khahlehang oo ke hlahetseng ho oona. Empa le ka mohla mehaho e ke ke ea fana ka tšireletseho, joalokaha ke ile ka hlokomela hoo ke sa le monyenyane haholo. Ka lehlakoreng le leng, ke ile ka fumana setšabelo le qhobosheane e kholoanyane, eo le ka mohla e sa kang ea ntšoetsa. Ruri nka bua joaloka mopesaleme: “U setšabelo sa ka le qhobosheane ea ka, Molimo oa ka oo ke o tšepang!”—Pesaleme ea 91:2.