‘Ke Ile ka Fofela Holimo Joaloka Lintsu’
Joalokaha ho boletse Ingeborg Berg
KE HLAHILE lilemong tse ka holimo ho lekholo tse fetileng, ka la 5 Phuptjane, 1889, haufi le Lehae la Borena la Fredensborg, ka leboea feela ho Copenhagen. Ha lelapa la borena la Denmark le ne le e-na le baeti, ho akarelletsa marena le baemphera ba tsoang linaheng tsa Europe, mafumahali a tsoang malapeng a phahameng Fredensborg a ne a memeloa ho ea thusa ka lijo le ho teka litafole. Ha ke sa le ngoananyana, hangata ho ne ho tsamauoa le ’na ’me ke ne ke lumelletsoe ho bapala le ho matha ka har’a lehae leo la borena.
Hoo ke ho hopolang ka ho hlaka ka ho fetisisa ke Moemphera Nicholas II oa Russia le lelapa la hae. Molebeli oa hae o ne a ema ka ntle ho kamore eo a robalang ka ho eona, e le monna ea palamang pere ea ntoa ea nang le sabole e kentsoeng selateng. Banna ba palamang lipere tsa ntoa ba ne ba rata bana, ’me ka lekhetlo le leng e mong oa bona o ile a leka ho nkopa ka matsoho. Ke tšohile, haholo-holo ka baka la litelu tsa hae tse khōlō, ke ile ka baleha ’me ka theosa ka liphachese tse telele tsa lehae la borena.
Ka lekhetlo le leng Moemphera Nicholas II, Moemphera Wilhelm II oa Jeremane, le mora oa Mofumahali Victoria, eo hamorao a ileng a fetoha Morena Edward VII oa Engelane, ba ile ba etela morena Christian IX oa Denmark. Ha ba ntse ba tsamaea literateng tsa Fredensborg, ba buisa batho ka mosa, Moemphera Nicholas o ile a mphaphatha hloohong ha ke etsa pontšo ea tlhompho ha a feta. Eo e ne e le nako ea khotso, ’me lihlooho tsa lichaba li ne li sa tšabe hore ha lia sireletseha joalokaha li tšaba hakana kajeno.
Ho Amohuoa Khotso
Ka 1912 ke ile ka qala ho sebetsa ke le mooki Jutland Boroa, ke sebeletsa batho bao e neng e le batšehetsi ba Madanishe ba neng ba le ka mose ho moeli ka lehlakoreng la Jeremane. Jutland Boroa e ne e bile tlas’a puso ea Jeremane ho tloha ntoeng ea 1864 e neng e le pakeng tsa Denmark le Prussia. Ke ne ke thusa bo-’mè ka masea a bona a sa tsoa tsoaloa ’me ke ile ka tloaelana haholo le malapa ana a mangata a batho ba bacha.
Ka 1914 ke ile ka nyaloa ke molebeli oa Ledanishe ea neng a sebetsa moeling ’me ra ea lula moeling ka lehlakoreng la Denmark. Nakoana ka mor’a moo ntoa e ile ea qhoma. Hamorao e ile ea bitsoa Ntoa e Khōlō, ’me qetellong ea bitsoa Ntoa ea I ea Lefatše. Hoseng ho hong, ho ile ha rapalatsoa terata e hlabang moeling, ho thibela batho ho tsamaea ka bolokolohi ho tšela moeli. Eaba khotso le tšireletseho tseo re ’nileng ra li latsoa ho fihlela ka nako eo lia nyamela.
Masetla-libete le ho hloka kelello ha ntoa li ile tsa tla haufi haholo le rōna ha re tseba hore bo-ntate ba bacha ba malapa ’ohle ao ke neng ke ile ka a etela ha ke sa le mooki ba bitselitsoe tšebeletsong ea sesole. ’Me kaofela ba ile ba oa Moleng oa Ntoa ka Bophirimela Marne, haese a le mong feela! Ho ne ho sisimosa ho nahana ka bahlolohali bao ba bacha, ba utloang bohloko ba ho lahleheloa ke banna ba bona le bana ba banyenyane ba lahlehetsoeng ke bo-ntat’a bona. Basali baa ba bacha ba ne ba ka hlokomela mapolasi a bona joang? Ke ile ka botsa: “Molimo o kae?”
Nakong ea ntoa, hangata boemo bo neng bo e-ba moeling bo ne bo e-ba bosula haholo ha baphaphathehi ba leka ho tšela. Ke ile ka abeloa ho secha basali ba neng ba belaelloa ka ho kenya lintho ka sekhukhu ka har’a naha. Hangata hoo ba neng ba ho nka ke lijo, ’me ke ne ke atisa ho li tlōlisa mahlo holimo e be kea ba tlohella ba itsamaele. Ntoa e ile ea fela ka 1918, ’me ka 1920 Jutland Boroa e ile ea boela ea kopanngoa le Denmark.
Ho Fumana Tumelo ho Molimo
Le hoja tumelo ea ka ho Molimo e ne e se e thekesela ka baka la ho hloka toka hohle hoo ke ileng ka ho bona, ke ne ke ntse ke batla morero oa bophelo. ’Na le monna oa ka, Alfred, re ne re ea kerekeng ka mehla, empa lipotso tsa rōna ha lia ka tsa arabeloa.
Ka 1923 re ile ra fallela motsaneng oa batšoasi ba litlhapi o Koung ea Flensburg, ’me Alfred a qala ho sebetsa e le motšoasi oa litlhapi. Ka potlako re ile ra tloaelana le lelapa la batho bao e neng e le Mabaptiste. Le hoja re ne re le Malutere, ka letsatsi le leng re ile ra amohela memo ea lona ea ho ea puong ea Bibele e neng e tla ba Tlung ea Baeti ea Ferry, Egernsund. Pele re tsamaea, ke ile ka oa ka mangole ’me ka rapela: “Haeba Molimo o teng, ka kōpo mamela thapelo ea ka!”
Puo e ne e bua ka mosali selibeng sa Sikare, ’me e ile ea mpha takatso ea ho bala Bibele. Ka baka leo, ke ile ka fetoha motho e mocha, kamoo ho ka boleloang ka teng! Ke ile ka ngolla ’mè: “Ka mehla u ne u bolela hore ke lokela ho sokolohela ho Molimo. Ke nahana hore sena ke sona se etsahetseng hona joale; ke ne ke ntse ke tšaba ho u bolella, ke tšohile hore thabo eo ke e latsoitseng e tloha e nyamela. Empa e ntse e le teng!”
Nakoana hamorao, ka 1927, ke ile ka fumana bukana e nang le sehlooho se reng Freedom for the Peoples ka phaposing e ka holimo-limo ea ntlo ea rōna. E ile ea hapa tlhokomelo ea ka, ’me ke ile ka hapeha haholo ke ho bala litaba tsa eona hoo ke ileng ka lebala nako le sebaka. Ke ile ka khona ho arohana le eona feela ha bana ba fihla hae ba tsoa sekolong ’me ba batla ho ja.
Ha Alfred a fihla hae mantsiboeeng ao, ke ile ka ’molella ka cheseho e khōlō seo ke se balileng. Ke ile ka ’molella hore haeba seo bukana eo e se boletseng ke ’nete, joale kereke e ne e se ntlo ea Molimo, le hore re tšoanela ho itokolla le ho e furalla hang-hang. Alfred o ne a nahana hore sena e ne e tla be e le lepotla-potla, ’me o ile a bolela joalo. Empa re ile ra lumellana hore re ngolle ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower ea Copenhagen le ho kōpa libuka tse eketsehileng.
Ho arabela kōpo ea rōna, molebeli ea tsamaeang, Christian Rømer, o ile a romeloa hore a re etele. Re ile ra mo fa kamore ea bana ’me ra beha libethe tsa bona ka phaposing e ka holimo-limo. Hoseng le motšehare oa mantsiboea, Moena Rømer o ne a ee a tsoe ho ea bolela ka ntlo le ntlo, ’me mantsiboea a mang le a mang o ne a ithuta le rōna. O ile a lula matsatsi a mane, ’me ka sebele re ile ra ba le nako e monate. Ha a tloha, ke ile ka boela ka botsa Alfred ka ho itokolla kerekeng. Lekhetlong lena o ile a lumela ka cheseho.
Kahoo Alfred o ile a ea ho moruti a isa lengolo la rōna la ho itokolla. Moruti o ne a nahana hore Alfred o tlile hobane ho e-na le lesea le leng le tšoanelang ho kolobetsoa. Leha ho le joalo, ha a utloisisa hore na ke hobane’ng ha Alfred a tlile, o ne a sa kholoe. O ne a batla ho tseba: “Ke eng e phoso ka kereke?” Alfred o ile a bolela lithuto tsa Boraro-bo-bong, ho se shoe ha moea, le tlhokofatso e sa feleng. Alfred o ile a re: “Bibele ha e rute lintho tsena.” Ha moruti a arabela eka ha a tsebe hantle a bolela hore o ne a ke ke a buisana ka lintho tsena le batho ba ka ’nang ba inahanela ka bobona, Alfred o ile a arabela ka tieo: “Re batla ho tsoa kerekeng!”
Ho Tšoasa Litlhapi ho sa Lebelloang le ho Kolobetsoa
Ho ne ho tlil’o tšoaroa kopano Copenhagen, empa re ne re haelloa ke chelete ’me re ne re ke ke ra khona ho lefella leeto. Ke ile ka rapela Molimo hore o re bontše tsela ea ho ea fihla moo, kaha re ne re batla ho kolobetsoa. Nakoana pele ho kopano, Alfred o ile a sesa ka seketsoana koung ho ea tšoasa litlhapi. O ile a tšoasa tse ngata hoo seketsoana se ileng sa tlala, ’me re ne re ka lefella leeto la rōna. Batšoasi ba litlhapi ba sebaka seo ba ne ba hlolletsoe, kaha ho ne ho tšoasitsoe litlhapi tse fokolang koung selemong seo. Ha e le hantle, nako e fetang lilemo tse 50 hamorao, batšoasi ba litlhapi ba sebaka seo ba ne ba sa ntsane ba bua ka “mohlolo oo.” Re ile ra o bitsa ho tšoasa ha Petrose litlhapi. Kahoo ka la 28 Phato, 1928, re ile ra kolobetsoa.
Kolobetso e ne e fapane le kolobetso e etsoang kajeno. Letangoana la kolobetso le ne le le ka morao ho kharetene. Ha kharetene e buleha, ho ile ha hlaha Moena Christian Jensen a se a itokiselitse ho qoelisa. O ne a apere seaparo se nang le meleka e ’meli ka morao, a eme bohareng ba letangoana la metsi a mo khutlileng thekeng. Rōna ba tlang kolobetsong re ne re apere liaparo tse telele tse tšoeu. Banna ba ile ba kolobetsoa pele eaba ho latela basali.
Nakong ea kopano ea Copenhagen, re ile ra lula le batsoali ba ka. Ha ke e-tla hae mantsiboeeng ao, ntate o ile a mpotsa hore na re ne re ile kae.
Ka re: “Re ne re ile sebokeng.”
“Ho etsahetse’ng moo?”
Ka arabela: “Re ile ra kolobetsoa.”
A kharuma: “La kolobetsoa? Na kolobetso eo u ileng ua e fumana ha u sa le ngoana e ne e se ntle ka ho lekaneng?”
Ka arabela: “Che, Ntate.” Joale o ile a nkotla tsebeng, a hoeletsa: “Ke tla u kolobetsa!”
Ke ne ke le lilemo li 39 ’me ke le ’m’a bana ba bahlano ha ke otloa joalo tsebeng ka lekhetlo la ho qetela ke ntate, eo ntle le moo e neng e le motho e motle haholo le ea mosa. Ha ho mohla a kileng a bua ka ketsahalo eo hape. Ka lehlohonolo, Alfred o ne a e-s’o fihle lapeng, ’me ke ile ka ’molella se etsahetseng feela ka mor’a lilemo tse ’maloa.
Nako ea ho Hlokola
Ha re fihla hae, ke ile ka etela motho e mong eo ke neng ke mo nka e le khaitseli ’me ka cheseho ka mo phetela ka kopano le ho kolobetsoa ha rōna. O ile a lula a khutsitse nyele! eaba o re: “Ao, Khaitseli Berg oa batho. U se ka b’a hlola u lumela sena. Neng-neng matsatsing ’ona ana moena ea tsoang Flensburg o tla tla, ’me o tla re hlalosetsa ’nete.”
Ke ile ka timelloa ke seo nka se buang. Ke ne ke se na matla a ho palama baesekele ho ea hae. Tšepe ea kereke e ne e ntse e lla haufi le moo, ’me lekhetlo le leng le le leng ha e lla e ne eka ke utloa “lefu, lefu” ka litsebeng tsa ka. Ke ile ka llela ka pelong, ka kōpa thuso ea Jehova, ’me mantsoe a Pesaleme ea 32:8, 9 a khutlela mohopolong oa ka: “Ke tla u ruta, ke u bontše tsela eo u tšoanetseng ho ea ka eona; ke tla u lemosa ke ntse ke u talimile ka mahlo. Le se ke la ba joale ka pere le esele tse se nang kutloisiso, tseo, hojane e se be ka tomo eo li thapisoang ka eona, li neng li ke ke tsa u atamela.”
Ha ke fihla hae, ke ile ka ntša Bibele ea ka ’me ka bala Thapelo ea Morena. Ke ile ka matlafala. Setšoantšo sa perela ea bohlokoa haholo se ile sa khutlela kelellong ea ka. (Mattheu 13:45, 46) ’Muso o ne o tšoana le perela eo. Ke ne ke batla ho fana ka sohle seo ke nang le sona e le hore ke rue ’Muso oo. Mehopolo ena e ile ea e-ba matšeliso ho ’na. Hape ho ile ha ba le mahlohonolo a mang.
Ka 1930 makasine The Golden Age (eo hona joale e seng e le Tsoha!) e ile ea qala ho hatisoa ka Sedanishe tlas’a lebitso Lefatše le Lecha. ’Me selemong se latelang, rōna Liithuti tsa Bibele re ile ra thabela ho amohela lebitso Lipaki tsa Jehova. Ho ne ho e-na le ba seng bakae feela ba rōna tikolohong ea rōna ka nako eo, ’me nako le nako liboka li ne li tšoareloa lapeng la rōna. Kaha seterata seo re neng re lula ho sona se ne se bitsoa Staircase, re ile ra bitsoa Phutheho ea Staircase.
Ho Mamella Liteko Tse Eketsehileng
Ka 1934 ke ile ka etsoa tšebetso e khōlō ea ho buuoa ’me ka baka la eona, ka holofala. Ke ile ka qeta lilemo tse peli le halofo ke le betheng, ’me lingaka li ile tsa bolela esale pele hore ke tla tlameha ho sebelisa setulo sa likooa bakeng sa bophelo bohle ba ka. E ile ea e-ba nako e thata haholo ho ’na, empa lelapa la ka e ile ea e-ba thuso e babatsehang.
Alfred o ile a nthekela Bibele e ngotsoeng ka mongolo o motenya, ’me mora oa rōna oa ho fela o ile a e etsetsa tafole e nyenyane e le hore nka e bala ke ntse ke sekame betheng. Empa ke ne ke boetse ke batla ho bolela, kahoo Alfred o ile a beha lematjana le phatlalatsang limakasine tse ncha pel’a tsela. Ba thahasellang ba ne ba tla ho tla mpona, ’me ke ne ke buisana le bona. Phello ea lematjana lena e ile ea e-ba hore batho ba tikolohong eo ba ile ba bitsa lelapa la rōna Lefatše le Lecha.
Balebeli ba tsamaeang ba ne ba le seli ho nketela. Ka hona ke ile ka tloaelana le baena bana ba hōlileng moeeng ba bileng ba nang le phihlelo, ’me ba ile ba nkhothatsa haholo. Hape ke ile ka sebelisa nako eo ho ithuta Bibele, ’me tsebo eo e ile ea ntiisa. Ke ile ka ikutloa eka ‘ke fofela holimo joaloka ntsu.’—Esaia 40:31.
Ka 1935, ha ho tsebahatsoa ha “bongata bo boholo ba batho” ho hlaka, boholo ba baena le bo-khaitseli ba neng ba le tikolohong ea rōna, ho akarelletsa mora oa rōna e moholo le morali, ba ile ba khaotsa ho kopanela ho ja bohobe le veine Sehopotsong. Leha ho le joalo, rōna ba seng bakae ha ho mohla re kileng ra ba le khoao ka pitso ea rōna ea leholimo. Leha ho le joalo, re ne re boetse re thabetse kutloisiso ea rōna e ncha ea morero o hlollang oa Jehova mabapi le bongata bo boholo ba batho le moputso oa bona oa bophelo bo sa feleng lefatšeng.—Tšenolo 7:9; Pesaleme ea 37:29.
Butle-butle bophelo ba ka bo ile ba ntlafala, ho fapana le seo lingaka li neng li se lebelletse, ’me ke ile ka khona ho boela ke kopanela ka botlalo mosebetsing oa bohlokoa oa ho bolela le ho ruta.
Ntoa ea II ea Lefatše le ka Morao ho Eona
Ka mose ho kou re ne re ntse re bona Jeremane, ’me re ile ra qala ho utloa tšusumetso ea Bonazi. Ba bang ba baahisani ba rōna ba ile ba fetoha Manazi ’me ba re sokela: “Emang ho fihlela Hitler a e-tla. Joale le tla qetella le le kampong ea mahloriso kapa sehleke-hlekeng se se nang baahi!”
Re ile ra ho fumana ho le molemo ka ho fetisisa hore re falle. Batho ba bang ba nang le botsoalle ba ile ba re thusa ho fumana ntlo Sønderborg, motse o moholoanyane o neng o se thōko haholo. Ntoa ea II ea Lefatše e ile ea qala ka Loetse 1939; re ile ra falla ka Tlhakubele 1940; ’me ka la 9 ’Mesa, mabotho a Jeremane a ile a kena Denmark. Leha ho le joalo, ho makatsang ke hore Lipaki tsa Jehova tsa Denmark e ne e se tsona tseo Majeremane a neng a li shebile haholo.
Ha toro ea Hitler ea ho hlōla e nyopa qetellong, ke ne ke ntse ke ithuta Bibele le Majeremane a mangata a felletsoeng ke tšepo a neng a lula Sønderborg. E ile ea e-ba thabo e kaakang ho bona eseng feela ha ba bangata ba liithuti tsena tsa Bibele ba nehela bophelo ba bona ho Jehova empa hape le hore e be boholo ba bana ba ka le litloholo tsa ka ka mafolo-folo ba tšebeletsong ea Bokreste!
Ka 1962 ke ile ka lahleheloa ke monna oa ka, le setloholo sa ka ka 1981, le morali oa ka e moholo ka 1984. Ho lula ke le mafolo-folo tšebeletsong ea Jehova ke hona ho nthusitseng ho feta linakong tsena tsa mesarelo.
E bile ho babatsehang ho bona tsoelo-pele ea mosebetsi oa ’Muso Denmark ho tloha nakong ea ha ke o qala ka 1928. Ka nako eo re ne re e-na le bahoeletsi ba ka bang 300 feela, empa hona joale ho na le ba fetang 16 000! Ke leboha hore e be hona joale ha ke le lilemo li lekholo, ke sa ntsane nka ba mafolo-folo tšebeletsong. Ruri ke latsoitse phethahatso ea mantsoe a ho Esaia 40:31: “Empa ba itšepelang Jehova ba bona matla a macha, ba fofa joale ka ntsu, ba titima, ’me ha ba khathale; ba tsamaea, ’me ha ba fokole.”