Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 2/1 maq. 22-27
  • Haeba re Etsa Thato ea Molimo, le ka Mohla o ke ke oa re Lahla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Haeba re Etsa Thato ea Molimo, le ka Mohla o ke ke oa re Lahla
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamano le Ntate
  • Linako Tse Qalang Tsa Bopula-maliboho
  • Ho Sebetsa Tlas’a Lithibelo
  • Matla a Tšehetsang a Jehova
  • Molimo o Nkhauhetse
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Ke Ile ka Matlafatsoa ke Mohlala oa Batsoali ba Ka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Kea Thaba Hore Ebe “ke Itetse”
    Tsoha!—2005
  • ‘Ke Ile ka Fofela Holimo Joaloka Lintsu’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 2/1 maq. 22-27

Haeba re Etsa Thato ea Molimo, le ka Mohla o ke ke oa re Lahla

Joalokaha ho boletse Grete Schmidt

KE NE ke hlahele Budapest, Hungary, ka 1915. Ntoa ea pele ea lefatše e ne e ntse e tsoela pele, ’me ntate o ne a le lebaleng la ntoa lebothong la Austria-Hungary. Ha a e-shoa selemo hamorao, ’Mè o ile a khutlela Yugoslavia le ’na, moo ba habo ba neng ba phela teng.

Kaha ’Mè ha aa ka a nyaloa hape, o ile a lokela ho fumana mosebetsi, kahoo o ile a mpeha tlhokomelong ea ngoan’abo oa mosetsana hore ke hōlisoe ke eena. Ngoan’abo ’Mè o ne a e-na le polasi e ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse hlano ho tloha motseng oa Maribor ka leboea ho Yugoslavia. Ke ile ka qeta lilemo tse ngata tse thabisang moo, ka mehla ke lebelletse Sontaha ha ’Mè a chakile ho tsoa Maribor. Ka nako e tšoanang, ke ne ke labalabela haholo ho ba le ntate.

Kamano le Ntate

Beng ka ’na e ne e le Mak’hatholike, ’me kaha leholimo le lihele li phetha karolo ea bohlokoa bolumeling ba K’hatholike, ho ile ha tsoha khang ka kelellong ea ka. Ke ne ke ikutloa ke se molemo ho lekana hore nka ea leholimong, empa ke ne ke ikutloa ke se mobe ho lekana hore nka ahloleloa lihele. Ke ne ke bua ka bothata bona ho e mong le e mong, ho qala ka nkhono ho fihlela ho moprista oa motse oo.

’Mè ke eena eo ke neng ke mo tšoenya ka ho fetisisa. Kahoo ka mor’a likhoeli tse itseng, o ile a ’neha bukana e ngotsoeng ka puo ea Slovenia, Where Are the Dead, eo a neng a e fumane toropong. ’Mè o ne a sa e bala, empa o ne a nahana hore e ka ’na ea arabela lipotso tsa ka.

Bophelong bohle ba ka ha ho mohla nkileng ka bala khatiso leha a le efe ka makhetlo a mangata joaloka bukana eo! Hase feela hore e ile ea arabela lipotso tsa ka ka bophelo le lefu empa hape e ile ea mpontša hore na ke joang nka hlaolelang kamano a haufi-ufi le Ntate oa ka oa leholimo. Ke ile ka odara libukana tse hlano ka sepheo sa ho li aba ka pele ho kereke.

Motseng oa heso basali ba ne ba ea litšebeletsong tsa kereke ka Sontaha, empa banna ba ne ba lula ka ntle ba ntse ba buisana ka litaba tseo ba li ratang ka ho fetisisa, liphoofolo le temo. Ka hona, ha moprista a ntse a ruta basali ka kerekeng, ke ne ke ruta banna ka ntle. Ke ne ke le lilemo li 15 feela, ’me ka ho totobetseng ba ne ba thabela cheseho ea ka ea bocha, hobane ba ne ba lefella libukana tseo, ’me ke ne ke sebelisa menehelo eo ho fumana tse ncha.

Ka potlako moprista o ile a tseba ka mosebetsi oa ka ’me a tla bua le ngoan’abo ’Mè. Sontaha se latelang, a le sethalleng o ile a lemosa hore: “Ka sebele, motseng oa heso ha ho motho lea mong ea ka bang bothoto hoo a ka lumelang lipale tsa mocha.” Ka lebaka leo, motho e mong le e mong motseng moo o ile a mphetohela. Esita le ngoan’abo ’Mè o ile a hlabjoa ke lihlong ’me a tsebisa ’mè oa ka hore a ke ke a hlola a lula le ’na.

Ruri ke ne ke ikutloa ke lahliloe, empa ka thapelo ho Jehova, ka fumana matšeliso ’me ka boela ka fumana matla. Ke ile ka ea lula le ’mè oa ka Maribor, ’me ra lula hamonate haholo le eena. Le hoja a ne a sa kopanele le ’na lithahasellong tsa moea, o ne a ntumella ho ea libokeng tsa phutheho e nyenyane ea moo. Ka la 15 Phato, 1931, ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Molimo ka ho kolobetsoa metsing.

Ho ileng ha ntlisetsa masoabi a maholo, ke ha ka tšohanyetso ’Mè a kula ’me a e-shoa libeke tse seng kae hamorao. Mantsoe a hae a ho qetela ho ’na a lutse a sa hlakohe mohopolong oa ka: “Gretel, moratuoa, khomarela tumelo ea hao. Ke kholisehile hore ke ’nete.” Ka morao ho lefu la hae, ke ile ka boela ka ikutloa ke lahliloe habohloko, empa kamano ea ka le Ntate oa rōna oa leholimo e ile ea ntšehetsa.

Banyalani ba bang ba se nang bana ba ile ba nkuka, ’me ke ile ka sebeletsa ho rutoa mosebetsi lebenkeleng la ho rōka le neng le tsamaisoa ke mosali oa moo. Linthong tse bonahalang ke ne ke eme hantle, empa takatso ea pelo ea ka e ne e le ho sebeletsa Molimo ka nako e tletseng. Phuthehong ea heso e nyenyane ea Maribor, kaofela ha rōna re ne re kholisehile hore nako e setseng bakeng sa tsamaiso ena ea lintho e khutšoanyane. (1 Ba-Korinthe 7:29) Ka sephiring ke ne ke kōpa Jehova lithapelong tsa ka hore a chechise nako ea hae ea ho kenella ho fihlela ke phethile nako ea ka ea ho rutoa mosebetsi. Ke ile ka qeta ka la 15 Phuptjane, 1933, ’me letsatsing le latelang feela, ke ile ka tloha hae ho ea qala ho bula maliboho! Ha ba talima bonyenyane ba ka—ke ne ke le lilemo li 17 feela—esita le baena ba bang ba ile ba leka ho nthiba, empa ke ne ke ikemiselitse.

Linako Tse Qalang Tsa Bopula-maliboho

Kabelo ea ka ea pele e ne e le Zagreb, motse o nang le baahi ba ka bang 200 000 o haufi le Maribor. Phutheho e ne e e-na le bahoeletsi ba tšeletseng feela. Ke ile ka ithuta ho hongata ka ho sebetsa le Moena Tuc̀ek, eo e bileng pula-maliboho ea pele Yugoslavia. Hamorao, ke ile ka bula maliboho ke le mong hoo e ka bang selemo. Leha ho le joalo, butle-butle bo-pula-maliboho ba eketsehileng ba ile ba fihla ho tsoa Jeremane, kaha mosebetsi oa boboleli o ne o sa tsoa thibeloa ke ’muso oa Bonazi moo.

Ke ile ka thusa banyalani ba ’maloa ba bo-pula-maliboho ka ho sebeletsa ke le mofetoleli oa bona. Ho sebetsa le Bakreste bana ba hōlileng moeeng e ne e le phihlelo ea bohlokoahali ho ’na. Ke ile ka eketsa tsebo ea ka le kutloisiso ea ka, ’me kananelo ea ka bakeng sa tokelo ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso e ile ea tsoela pele ho hōla.

Ha nako e ntse e e-ea, re ile ra fetoha sehlopha se khahlehang sa bo-pula-maliboho ba 20 ba sebeletsang Linaheng tsa Balkan. Boikemisetso ba rōna bo tšoanang ba ho tsebahatsa Lentsoe la Molimo bo ile ba etsa hore re momahane, e mong le e mong a ikemiselitse ho thusa e mong ha ho hlokahala. Kaofela re ne re susumetsoa ke boithaopo bo fumanehang feela har’a batho ba Molimo. ‘Tlamo ena ea bonngoe’ e khethehileng, lerato, e sa ntsane e le teng har’a batho ba sehlopha seo ba ntseng ba phela kajeno.—Ba-Kolosse 3:14, NW.

Bophelo ba pula-maliboho bo entšoa ke liphihlelo le menyetla a fapa-fapaneng feela joaloka maru sebakeng. Re ile ra ikutloa re entšitsoe ke phihlelo ea bohlokoahali ea ho tseba libaka le lichaba tseo pele re neng re sa li tsebe, ho akarelletsa meetlo ea tsona le tsela ea tsona ea bophelo. Ntle le moo, re ile ra latsoa kamoo Jehova a hlokomelang bahlanka ba hae ba tšepahalang, feela joalokaha Pauluse a re tiisetsa ho Ba-Efese 3:20: ‘Ka matla a hae a sebetsang ho rōna, ho etsa ho fetisang haholo tsohle tsee re ka li qelang le tsee re ka li hopolang.’

Tlhokomelo e lerato ea Jehova e ile ea bontšoa ha Moena Honegger a re etetse a e-tsoa Switzerland ’me a hlokomela hore re ne re lokela ho tsamaea lik’hilomithara tse 40 ho ea fihla metseng e ka thoko ea Zagreb. O ile a hlokomela hore re ne re rola lieta tsa rōna ’me re li jara mahetleng ha re qeta ho tsoa motseng e le hore re ka baballa lisole. Kahoo o ile a re rekela libaesekele tse 12, esita le hoja, joalokaha hamorao a ile a bolela, hoo ho ile ha nka chelete eohle eo a neng a e-na le eona! Ruri Jehova o susumetsa lipelo tsa ba lokileng. Libaesekele tseo, joalokaha eka ke mpho e tsoang leholimong, li ile tsa sebeletsa e le metsoalle ea rōna e tšepahalang ka lilemo tse 25 tsa tšebeletso ea bopula-maliboho.

Ka lekhetlo le leng, ’na le Willi le Elisabeth Wilke re ile ra fihla motseng o mong o moholo oa Croatia, moo e mong le e mong oa rōna a ileng a sebetsa a le mong—ho tloha ka thoko ho motse ho ea bohareng ba motse. Re ne re nehelana ka bukana Righteous Ruler, a neng e e-na le setšoantšo sa Jesu Kreste leqepheng le nang le sehlooho. Selemo feela pele ho moo, ka 1934, morena oa Yugoslavia, Alexander, o ne a ile a bolaoa, ’me mora oa hae Peter o ne a lokela ho mo hlahlama boreneng. Leha ho le joalo, baahi ba motse oo ba ne ba thabela ho fumana boipuso ho feta ho busoa ke morena oa Serbia (Yugoslavia boroa).

Ka mor’a lihora tse ’maloa tsa boboleli, ho ile ha utloahala pherekano a khōlō lepatlelong la motse. Ha re fihla moo, ’na le Moena Wilke ra fumana Khaitseli Wilke a lika-likiloe ke sehlopha sa banna le basali ba ka bang 20, ba bang ba hlometse ka lisekele, ba bang ba ntse ba chesa libukana tsa rōna. Khaitseli Wilke o ne a sitoa ho bua puo ea bona hantle hoo a ka tlosang khoao ea baahi ba motse.

Ke ile ka hoeletsa: “Mafumahali le bahlomphehi, le etsa’ng?”

Ba arabela eka ke ka lentsoe le le leng: “Ha re batle Morena Peter!”

Ka arabela: “Le rōna ha re ’matle.”

Ba maketse, batho ba supa setšoantšo se bukaneng ’me ba botsa, “Joale ke hobane’ng ha le hasa litaba tsa hae?” Ka phoso ba ne ba nahana hore Jesu Kreste ke Morena Peter!

Ho se utloisise hoo ho ile ha tlosoa, ’me ha fanoa ka bopaki bo felletseng ka Morena Jesu Kreste. Ba bang ba neng ba chesitse libukana tsa bona joale ba ne ba batla tse ncha. Re ile ra tloha motseng oo re thabile, re ikutloa hore letsoho la tšireletso la Jehova le ne le re sirelelitse.

Hamorao re ile ra atolosa boboleli ba rōna ho ea fihla Bosnia, karolo e bohareng ea Yugoslavia. Ha re le moo, hoo e ka bang halofo ea baahi e ne a le Masolomane, ’me re ile ra boela ra thulana le meetlo e mecha hammoho le tumela-khoela e khōlō. Metseng eo, le ka mohla batho ba ne ba e-s’o bone mosali a palame baesekele, kahoo ho fihla ha rōna e ne e le ntho e ’ngoe e mohlolo, e neng e etsa hore batho ba rate ho tseba se etsahalang. Baeta-pele ba bolumeli ba ile ba jala menyenyetsi ea hore mosali ea palameng baesekele o ne a tlisetsa motse bomalimabe. Ka morao ho moo re ne re se re siea libaesekele tsa rōna ka ntle ho motse ’me re kena re tsamaea ka maoto.

Kaha joale libuka tsa rōna li ne li se li thibetsoe, mapolesa a ne a atisa ho re tšoara. Hangata, re ne re laeloa hore re tlohe seterekeng. Mapolesa a mabeli a ne a tsamaea le rōna ho ea moeling, sebaka sa bohōle ba lik’hilomithara tse 50 ho ea ho tse 100. Ba ne ba makatsoa ke kamoo re neng re le bakhanni ba hloahloa ba libaesekele kateng, hore e be re ne re khona ho tsamaea re bapile le bona ho sa tsotellehe ’nete ea hore re ne re jara liphahlo tsa rōna le libuka tsa rōna kaofela le setofo se senyenyane sa parafine. Ka mehla balebeli ba rōna ba ne ba thabela ho fumana ntlo ea lijo tseleng, ’me hangata ba ne ba re memela hore re fumane ntho e nooang kapa le tsona lijo. Re ne re thabela linako tsena, kaha chelete ea rōna e fokolang e ne e sa re lumelle ho fumana lintho tse joalo tse sa hlokahaleng. Ke ’nete hore re ne re sebelisa monyetla oo ho ba bolella ka tšepo ea rōna, ’me ba ne ba atisa ho amohela tse ling tsa likhatiso “tse thibetsoeng.” Hangata re ne re arohana ka thabo.

Joale ha fihla selemo sa 1936. Re ne re ntse re bolela Serbia ha re fumana litaba tsa hore kopano ea machaba e ne e tla tšoareloa Lucerne, Switzerland, ka Loetse. Bese e khethehileng e ne e tla tloha Maribor, empa moo e ne e le bohōle ba lik’hilomithara tse 700 ho tloha moo re neng re le hona teng—leeto le lelelele la baesekele! Ho sa tsotellehe seo, re ile ra qala ho bokella chelete ea rōna ’me, hamorao selemong seo, ra nka leeto leo.

Re ne re kōpa bo-ramapolasi hore ba re lumelle ho robaletsa litorong tsa bona tsa furu ho e-na le ho lefella kamore ntlong ea baeti. Hoseng, re ne re botsa hore na ba ka re rekisetsa lebese na, empa hangata ba ne ba re fa lona ntle le tefello ’me ka linako tse ling ba re ekeletsa ka lijo tsa hoseng tse re lekaneng. Re ile ra bontšoa mosa o moholo oa botho, ’me sena e sa ntsane e le karolo e thabisang ea lintho tseo re li hopolang ka nako ea ha re ne re bula maliboho.

Pele re tloha Maribor ho leba Lucerne, ho ile ha fihla bo-pula-maliboho ba eketsehileng ba tsoang Jeremane. Har’a bona ho ne ho e-na le Alfred Schmidt, ea neng a sebelelitse Bethele ea Magdeburg, Jeremane, ka lilemo tse robeli. Selemo hamorao ke ile ka fetoha mosali oa hae.

Hoo e ka bang bo-pula-maliboho bohle ba Yugoslavia ba ile ba khona ho ba teng kopanong Lucerne. Ke kopano ea pele eo ke ileng ka ba ho eona, ’me ke ile ka hlolloa ke lerato le tlhokomelo tse ileng tsa bontšoa ke baena ba Switzerland, ke se ke sa re letho ka ho khahloa ke botle ba motse oa Lucerne. Ke ne ke sa tsebe hore lilemo tse 20 hamorao, ke ne ke tla be ke bula maliboho moo!

Ho Sebetsa Tlas’a Lithibelo

Ha re khutlela Yugoslavia re e-tsoa naheng eo e ntle ea Switzerland, re ile ra qala ho fumana mahloriso a sebele. Re ile ra tšoaroa ’me ra hlokofatsoa chankaneng a khōlō ea Belgrade. Moena ea neng a ikarabella bakeng sa mosebetsi Yugoslavia o ile a kōpa tumello ea ho re etela, empa o ile a haneloa. Leha ho le joalo, o ile a buisana le molebeli oa chankane ka lentsoe le phahameng haholo hoo re neng re khona ho mo utloa, ’me molumo oa lentsoe la hae ka booona e ne e le khothatso a khōlō ho rōna.

Ka mor’a matsatsi a seng makae, re ile ra nkoa re ntse re tlamiloe ’me ra isoa moeling oa Hungary; re ne re amohiloe libuka tsa rōna le chelete ea rōna. Ka hona, re ile ra fihla Budapest re hlile re se na leha e le sente, empa re hometsoe ke linta tse ngata e le khopotso ea chankane eo. Ka potlako re ile ra kopana le bo-pula-maliboho ba bang ’me ra kopanela le bona mosebetsing oa boboleli moo.

’Mantaha o mong le o mong rōna bo-pula-maliboho ba Budapest re ne re kopana bateng ea Turkey, ’me ha re ntse re itlhoekisa ’meleng, bo-khaitseli le baena ka ho fapana ba ne ba thabela “ho fapanyetsana khothatso . . . e mong ka tumelo ea e mong.” (Ba-Roma 1:12, NW) Ho kopana ka mehla le hona ho ile ha sebeletsa e le mokhoa oa ho fumana haeba e mong a kula kapa a tšoeroe.

Re ne re sa tsoa tloaelana le tikoloho eo e ncha ha, ka mor’a likhoeli tse tšeletseng, tumello ea rōna ea ho lula Hungary e fela. Khabareng, ’na le Alfred re ile ra nyalana. Joale re ile ra laeloa hore re batle tumello ea ho ea Bulgaria. Banyalani ba neng ba bula maliboho moo ba ne ba lelekiloe, ’me libukana tse likete tse leshome tseo ba neng ba li odarile li ne li ba emetse khatisong e ’ngoe e nyenyane ea Sofia. Libuka tsa banyalani bao li ne li chesitsoe pontšeng, kahoo re ne re tseba hore na re ne re lokela ho lebella ho tšoaroa joang.

Qetellong re ile ra fumana tumello ea ho lula Bulgaria likhoeli tse tharo. Re ile ra feta Yugoslavia bosiu, ’me moena ea ikarabellang o ile a re khahlametsa seteisheneng seo re neng re lumellane ka sona ka chelete ea ho reka libukana. Qetellong, re ile ra fihla Sofia hantle ’me ra fumana kamore e khotsofatsang.

Sofia e ne e le motse oa sejoale-joale o nang le baahi ba ka bang 300 000, empa ho ne ho se Lipaki moo. Letsatsi ka mor’a ho fihla ha rōna, re ile ra ea khatisong. Mong’a eona o ne a utloile ka ho thibeloa ha libuka tsa rōna le ho lelekoa ha banyalani ba neng ba odarile libukana tseo, kahoo ha a utloa hore re ne re tlil’o li reka, o ile a ba a batla a re haka. Re ile ra paka libukana tseo ka mekotleng e se nang letho ’me ra tsamaea ka koloi ’me ra feta mapolesa a ’maloa ao, ka thabo ke reng, ha aa ka a utloa ho otla ho matla ha lipelo tsa rōna!

Bothata ba rōna bo latelang e ne e le hore na re tla beha libukana tseo hokae le hore na ke joang re neng re ka tsamaisa libukana tse ngata hakaalo ka likhoeli tse tharo feela. Ha e le hantle ke ne ke tšositsoe ke qubu a kaalo ea libukana! Le ka mohla ke ne ke e-s’o bone tse ngata hakaalo.Empa hape Jehova e ile ea e-ba eena Mothusi oa rōna. Re ile ra fumana katleho e makatsang, ra tsamaisa tse ka bang 140 ka letsatsi, ’me ka mor’a libeke tse seng kae, Moena le Khaitseli Wilke ba ile ba fihla ho tla re thusa.

Leha ho le joalo, ka letsatsi le leng litaba li ile tsa batla li senyeha. Ke ne ke ntse ke bolela sebakeng sa khoebo moo monyakong o mong le o mong ke neng ke fumana poleiti ea brass e neng e e-na le lebitso la Ngaka Mang-mang. Ka mor’a hoo e ka bang lihora tse peli, ka kopana le mohlomphehi e mong ea hōlileng ea ileng a nchebisisa ka ho mpelaella. O ile a mpotsa hore na kea tseba hore ke hokae moo ke leng teng.

Ka arabela: “Ha ke hlile ha ke tsebe hantle hore na mohaho ona ke oa eng, empa ke hlokometse hore babuelli bohle ba batle ba molao ba bonahala ba kopantse liofisi tsa hona mona.”

O ile a arabela: “U Lekaleng la Litaba Tsa ka Hare.”

Le hoja pelo ea ka e ile ea batla e ema, ka bonolo ka arabela: “Oh, ke ka lebaka lena bahlomphehi bana kaofela ba neng ba bua le ’na ka botsoalle hakana!” Polelo ena e ile ea nolofatsa boikutlo ba hae, ’me o ile a ’neha pasa ea ka ka mor’a ho e hlahloba ka hloko. Ke ile ka tloha ke bile ke utloa ho itse kokololo, ke leboha Jehova bakeng sa tšireletso ea hae.

Qetellong, libukana tsohle li ile tsa tsamaisoa, ’me ha fihla letsatsi la hore re tlohe “lefatšeng la lirosa,” Bulgaria. Ho ne ho le thata ho siea batho ba tletseng botsoalle hakaalo, empa tsela eo re ba hopolang ka eona e ile ea sala e khomaretse lipelo tsa rōna.

Kaha re ne re e-na le lipasa tsa Jeremane, re ile ra khona ho khutlela Yugoslavia, empa re ile ra nehoa tumello ea ho lula nako e khutšoanyane feela. Ka morao ho moo, ho qoba ho tšoaroa, re ile ra lokela ho robala sebakeng se fapaneng bosiu bo bong le bo bong. Re ile ra phela ka tsela ena ka nako e ka etsang likhoeli tse tšeletseng. Joale, halofong e qetellang ea selemo sa 1938, re ile ra fumana lengolo le tsoang ofising ea Mokhatlo e Bern, Switzerland, le re laelang hore re leke ho tla Switzerland. Lebotho la Manazi le ne le se le ntse le laola Austria, ’me khatello ea lipolotiki e ne e ntse e hōla. Ha e le hantle, ’muso oa Yugoslavia o ne o se o ntse o nehelane ka bo-pula-maliboho ba bang ba Majeremane ho Manazi.

Kahoo ’na le monna oa ka re ile ra tsamaea ka litsela tse fapaneng ho leba Switzerland, Alfred a tsoa le Italy ’me ’na ka tsoa le Austria. Ka thabo re ile ra kopana hape ’me ra abeloa ho sebetsa polasing ea Mokhatlo, Chanélaz, ’me hamorao ra abeloa ho sebeletsa Bethele ea Bern. Ena e ne e le phihlelo e ncha ka ho felletseng ho ’na. Joale ke ne ke lokela ho ithuta ho hlokomela ntlo ka tsela ea batho ba Switzerland, ’me ke ile ka ananela mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova ho feta leha e le neng pele.

Matla a Tšehetsang a Jehova

Ka mor’a ho sebeletsa Bethele nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše le ka mor’a eona, ka 1952 ’na le Alfred re ile ra boela ra kenela mosebetsi oa bopula-maliboho, e leng mosebetsi o neng o fetotse bophelo ba rōna. Re ne re se na bana ho hang, empa ho theosa le lilemo, re ’nile ra fumana lipontšo tse ngata tsa lerato la bana ba rōna ba moea. Ka mohlala, ka Tlhakola 1975 re ile ra fumana lengolo le latelang:

“Ke hopola letsatsi leo ka lona monna e mong ea bohlale, ea moriri o moputsoa a ileng a etela moeletsi oa Kereke ea Evangeli ea manganga ’me a mo khothalletsa ho ba le thuto ea Bibele. Re sa phutholoha re bile re tletse ho nyatsa-nyatsa, ’na le lelapa leso re ile ra lumela eaba re hlahloba ntlha e ’ngoe le e ’ngoe feela joaloka Baberea, ho fihlela re tlameha ho lumela hore le ne le re tliselitse ’nete. . . . Kannete Jehova Molimo ke Ntate ea mosa hakaakang! Ho eena e be thoriso le hlompho le liteboho bakeng sa mosa oohle oa hae le mohau oa hae. Empa re lakatsa ho le leboha ka ho tšoanang, Alfred ea ratehang le Gretel ea ratehang, ho tsoa botebong ba lipelo tsa rōna, bakeng sa mamello e nang le boitelo eo le e bontšitseng ho rōna. E se eka Jehova a ka le hlohonolofatsa ka ho enneng bakeng sa seo. Ka tieo re tšepa hore le rōna o tla re neha matla a ho tiisetsa.”

Ka Pulungoana 1975 monna oa ka Alfred o ile a shoa ka tšohanyetso ka baka la lefu la pelo. Re ne re sebelelitse Jehova hammoho ka lilemo tse 38, re mamelletse lintho tse thabisang le tse nyahamisang bopula-malibohong. Sena se ne se entse hore kamano ea rōna e be e atamelaneng haholo. Leha ho le joalo, ha a e-shoa ke ile ka boela ka apareloa ke boikutlo bane ba ho hloka thuso le ba ho lahloa. Empa ka ho tšabela ho Jehova, ke ile ka boela ka tšeliseha.

Kamano ea ka le Ntate oa rōna oa leholimo e ntšehelitse ka lilemo tse fetang 53 tšebeletsong ea hae ea nako a tletseng. ’Me boikutlo ba ka e sa ntsane e le boo Jesu Kreste a neng a e-na le bona: “Ha ke ’notši, hobane Ntate o na le ’na.”—Johanne 16:32.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Alfred le Frieda Tuc̀ek ha ba ntse ba bula maliboho Yugoslavia ba tsamaea ka thepa e felletseng, ka 1937

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Alfred le Grete Schmidt ha ba ntse ba bula maliboho Mostar, Yugoslavia karolong ea Maislam, ka 1938

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela