Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 12/1 leq. 8
  • Ho Jella Tafoleng ea Motsamaisi oa Sekepe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Jella Tafoleng ea Motsamaisi oa Sekepe
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Li Bolela ho Khutla ha Morena (1870-1914)
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Moqoqo le Moahelani—Na Batho Bohle ba Lokileng ba ea Leholimong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Ho Lekoa le ho Hlokoloa ka Phuthehong
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Nako ea Teko (1914-1918)
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 12/1 leq. 8

Ho Jella Tafoleng ea Motsamaisi oa Sekepe

BATHO ba tlosang bolutu, lijo tse lutlisang mathe le ho chesa lekomo, li etsa hore ho jella tafoleng ea motsamaisi oa sekepe ho be monate o tsoang ka litsebe. Empa puisano e entsoeng tafoleng ea Motsamaisi Robert G. Smith oa White Star Line e ile ea senola hore ho ile ha e-ba le mokete oa lijo tsa moea.—Esaia 25:6.

Ka 1894, ha Robert a le lilemo li 24, e ile ea e-ba motsamaisi oa sekepe sa Kinclune of Dundee ha se nka leeto la sona la pele la ho pota lefatše. Hamorao e ile ea e-ba motsamaisi oa likepe tsa White Star tse kang Cedric, Cevic le Runic.a Ha Robert a tšela Leoatle la Atlantic a le ho se seng sa likepe tsena, a tloha New York a leba Liverpool, Engelane, o ile a memela Charles Taze Russell ho ja hammoho le eena tafoleng ea motsamaisi oa sekepe. Puisano eo Robert a bileng le eona le Russell e ile ea etsa hore a thahaselle molaetsa oa Bibele, ’me e le hore a tle a ithute ho eketsehileng, ka thabo o ile a amohela libuka tsa Studies in the Scriptures ho Russell.

Russell o ile a ’na a ngolla Robert, ’me sena se ile sa etsa hore thahasello ea hae molaetseng oa Bibele e hōle. Robert ha aa ka a patela mosali oa hae seo a ntseng a ithuta sona. Ha hoa ka ha ba nka nako e telele hore e be Lipaki Tsa Jehova tse mafolofolo tseo ka nako eo li neng li tsejoa e le Liithuti Tsa Bibele. Hamorao Robert o ile a ba le tokelo ea ho fana ka lipuo tsa Bibele. Ka mohlala, ha a le Brisbane, Australia, o ile a fana ka puo eo sehlooho sa eona se reng “Balsame ea Gileade” ’me a bontša kamoo Lentsoe la Molimo e leng molaetsa “o rarollang mathata ’ohle a lefatše kateng.” Mosali le bana ba ne ba le Engelane, ba ntse ba thusa ha ho bontšoa “Photo-Drama of Creation,” ba bapala lirekoto tsa Russell ha ho ntse ho bontšoa li-slide.

Robert o ile a fa bana ba hae lefa la ’nete ea ’Muso leo a neng a le fumane. Kajeno, litloholo tsa hae tse 18 tsa leloko la bohlano, li bolella ba bang litaba tse molemo ka mafolofolo, li leboha se ileng sa jelloa tafoleng ea motsamaisi oa sekepe.

Ka lingoliloeng tsa tsona le ka mosebetsi oa tsona oa ho ruta Bibele, Lipaki Tsa Jehova li thusa batho lefatšeng lohle ho ithuta molaetsa oa Bibele o ileng oa khahla Motsamaisi Smith. Le uena u ka iphumanela hore na ke eng e ileng ea hapa maikutlo hakana tafoleng ea motsamaisi oa sekepe.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Motsamaisi oa sekepe sa habo tsona se bitsoang Titanic, e ne e le Motsamaisi E. J. Smith (ea sa amaneng le eo ho buuoang ka eena) ha se le leetong la sona la pele le ileng la fella ka masisa-pelo.

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Robert G. Smith

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Charles T. Russell

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela