Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 12/15 maq. 19-22
  • Na U Tseba Shafane le Lelapa la Hae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Tseba Shafane le Lelapa la Hae?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Shafane o Tšehetsa Borapeli ba ’Nete
  • Akikame le Gedalia
  • Gemaria le Mikaia
  • Elasa le Jazania
  • Lesika la Shafane le Lelapa la Hae
  • Re ka Ithuta’ng?
  • Na U sa Hopola?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • U Tla Khetha Metsoalle ea Mofuta Ofe?
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
  • Josiase ea Ikokobelitseng o Ile a Ratoa ke Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Tiiso ‘ea Jukale’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 12/15 maq. 19-22

Na U Tseba Shafane le Lelapa la Hae?

HA U bala Bibele, na u kile ua bona moo ho buuang ka Shafane le litho tse ling tsa lelapa la hae le nang le tšusumetso? E ne e le bo-mang? Ba ile ba etsa’ng? Re ka ithuta’ng ho bona?

Bibele e re tsebisa ‘Shafane mora oa Azalia mora oa Meshulame’ nakong ea ha Josiase a ne a tsosolosa borapeli ba ’nete hoo e ka bang ka 642 B.C.E. (2 Marena 22:3) Lilemong tse latelang tse 36, ho fihlela ha Jerusalema e timetsoa ka 607 B.C.E., re tsebisoa bara ba hae ba bane, e leng Akikame, Elasa, Gemaria le Jazania, hammoho le litloholo tsa hae tse peli e leng Mikaia le Gedalia. (Bona chate.) Encyclopaedia Judaica e re: “Lelapa la Shafane le ne le le boemong bo phahameng pusong [’musong oa Juda] ’me litho tsa lona e ne e le bangoli ba morena ho tloha nakong ea Josiase ho fihlela ha [Bajuda] ba e-ea Kholehong.” Ho hlahloba seo Bibele e se buang ka Shafane le lelapa la hae ho tla re thusa ho utloisisa kamoo ba ileng ba tšehetsa moprofeta Jeremia le borapeli ba ’nete ba Jehova kateng.

Shafane o Tšehetsa Borapeli ba ’Nete

Ka 642 B.C.E., ha Morena Josiase a ne a le lilemo tse ka bang 25, Shafane o ne a sebetsa e le mongoli le mokopitsi oa moreneng. (Jeremia 36:10) See se ne se akarelletsa’ng? Encyclopaedia Judaica e bolela hore mongoli le mokopitsi oa moreneng e ne e le moeletsi e moholo oa morena, a ikarabella licheleteng, a le bohlale litšebelisanong pakeng tsa mebuso, ’me a e-na le tsebo ea litaba tsa ka ntle ho naha, le ea molao oa machaba le litumellano tsa khoebo. Kahoo, kaha Shafane e ne e le mongoli oa moreneng, e ne e le e mong oa banna ba nang le tšusumetso e khōlōhali ’musong.

Lilemo tse leshome pejana ho moo, Josiase e monyenyane o ne a ile “a qala ho batla Molimo oa moholo-holo oa hae Davida.” Ho hlakile hore Shafane o ne a le moholo haholo ho Josiase ’me kahoo e ne e ka ba moeletsi e motle oa hae litabeng tsa borapeli e bile e le motšehetsi oa Josiase letšolong la hae la pele la ho tsosolosa borapeli ba ’nete.a—2 Likronike 34:1-8.

Nakong ea ha ho ntse ho tsosolosoa tempele, “buka ea molao” e ile ea fumanoa, ’me Shafane “a qala ho e bala ka pel’a morena.” Josiase o ile a tšoha ha a utloa mantsoe a eona ’me a romela moifo oa banna ba tšepahalang ho Hulda moprofeta oa mosali hore a botse Jehova litaba tsa buka ena. Morena o ile a bontša hore o tšepa Shafane le mora oa hae Akikame ka ho ba akarelletsa moifong ona.—2 Marena 22:8-14; 2 Likronike 34:14-22.

Ke hona mona feela moo Mangolo a buang ka seo Shafane a ileng a se etsa. Litemaneng tse ling tsa Bibele, ho boleloa feela hore ke ntate kapa ntate-moholo. Bana ba Shafane ba ile ba sebelisana haufi-ufi le moprofeta Jeremia.

Akikame le Gedalia

Joalokaha re se re bone, mora oa Shafane Akikame o boleloa ka lekhetlo la pele mabapi le moifo o ileng oa romeloa ho moprofeta oa mosali Hulda. Buka e ’ngoe e re: “Le hoja tlotla ea Akikame e sa boleloa ka Bibeleng ea Seheberu, ho hlakile hore o ne a le maemong a phahameng.”

Hoo e ka bang lilemo tse 15 ka mor’a ketsahalo ena, Jeremia o ile a batla a e-shoa. Ha a ne a lemosa sechaba hore Jehova o ikemiselitse ho timetsa Jerusalema, “baprista le baprofeta le sechaba sohle sa mo tšoara, sa re: ‘Ruri u tla shoa.’” Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? Tlaleho e tsoela pele e re: “Letsoho la Akikame mora oa Shafane le ne le e-na le Jeremia, e le hore a se ke a nehelana ka eena matsohong a sechaba hore se mo bolaee.” (Jeremia 26:1-24) See se re bontša’ng? The Anchor Bible Dictionary e re: “Ketsahalo ena ha e bontše feela hore Akikame o ne a e-na le tšusumetso empa e boetse e bontša hore eena, joaloka litho tse ling tsa lelapa la Shafane, o ne a le mosa ho Jeremia.”

Lilemo tse ka bang 20 hamorao, ka mor’a hore Bababylona ba timetse Jerusalema ka 607 B.C.E. ’me ba ise boholo ba sechaba kholehong, setloholo sa Shafane Gedalia, mora oa Akikame, o ile a khetheloa ho ba ’musi oa Bajuda ba setseng. Na eena, joaloka litho tse ling tsa lelapa la Shafane o ile a hlokomela Jeremia? Tlaleho ea Bibele e re: “Tumellanong le hoo Jeremia a fihla Mizpa ho Gedalia mora oa Akikame eaba o lula le eena.” Ka mor’a likhoeli tse seng kae feela, Gedalia o ile a bolaoa, ’me Bajuda ba setseng ba tsamaea le Jeremia ha ba fallela Egepeta.—Jeremia 40:5-7; 41:1, 2; 43:4-7.

Gemaria le Mikaia

Mora oa Shafane Gemaria le setloholo sa hae Mikaia ba ile ba phetha karolo e khōlō liketsahalong tse hlalositsoeng ho Jeremia khaolo 36. E ne e ka ba ka selemo sa 624 B.C.E., selemong sa bohlano sa Morena Jojakime. Baruke, mongoli oa Jeremia, o ile a balla holimo mantsoe a Jeremia a le ntlong ea Jehova, ‘ka kamoreng ea ho jela ea Gemaria mora oa Shafane.’ Ka lebaka leo, “Mikaia mora oa Gemaria mora oa Shafane a utloa mantsoe ’ohle a Jehova a tsoang bukeng.”—Jeremia 36:9-11.

Mikaia o ile a tsebisa ntat’ae le likhosana tse ling ka moqolo ona, ’me bohle ba ne ba batla ho utloa seo o se bolelang. Ba ile ba etsa joang? “Eare hang ha ba utloa mantsoe ’ohle, ba talimana ka ho tšoha; eaba ba re ho Baruke: ‘Ruri re tla bolella morena mantsoe ana ’ohle.’” Leha ho le joalo, pele ba bua le morena, ba ile ba eletsa Baruke ba re: “E-ea, u ipate, uena le Jeremia, e le hore ho se ke ha e-ba le ea tla tseba moo le leng teng.”—Jeremia 36:12-19.

Joalokaha ba ne ba lebeletse, morena o ile a hana molaetsa oa moqolo ona eaba o o chesa litsekana. Likhosana tse ling, ho akarelletsa le mora oa Shafane Gemaria, “ba ile ba kōpa morena ka tieo hore a se ke a chesa moqolo oo, empa ha aa ka a ba mamela.” (Jeremia 36:21-25) Buka ea Jeremiah—An Archaeological Companion e phetha ka hore: “Gemaria e ne e le motšehetsi ea matla oa Jeremia ka lekhotleng la Morena Jojakime.”

Elasa le Jazania

Ka 617 B.C.E., Babylona e ile ea laola ’muso oa Juda. Bajuda ba likete, “likhosana tsohle le banna bohle ba sebete, ba matla . . . le setsebi se seng le se seng sa mesebetsi ea matsoho le sehahi sa lerako la tšireletso,” ba ile ba isoa kholehong, ho akarelletsa le moprofeta Ezekiele. Matania, eo Bababylona ba ileng ba fetolela lebitso la hae ho Tsedekia, e ile ea e-ba morena e mocha tlas’a puso ea Babylona. (2 Marena 24:12-17) Hamorao Tsedekia o ile a rōmela Babylona moifo o neng o akarelletsa Elasa mora oa Shafane. Jeremia o ile a beha tlhokomelong ea Elasa lengolo le neng le e-na le molaetsa oa bohlokoa o tsoang ho Jehova o eang ho Bajuda ba kholehong.—Jeremia 29:1-3.

Tlaleho ea Bibele e bontša hore Shafane, bara ba bararo ba hae le litloholo tse peli ba ile ba sebelisa maemo a bona ho tšehetsa borapeli ba ’nete le moprofeta ea tšepahalang Jeremia. Mora oa Shafane Jazania eena o ne a le joang? Ho fapana le litho tse ling tsa lelapa la Shafane, ho hlakile hore o ne a rapela litšoantšo. Selemong sa botšelela Ezekiele a le kholehong Babylona, kapa hoo e ka bang ka 612 B.C.E., moprofeta enoa o ile a bona pono eo ho eona banna ba 70 ba neng ba nyehela libano ho litšoantšo tempeleng e Jerusalema. E mong oa bona e ne e le Jazania, ’me ke eena feela ea boletsoeng ka lebitso. Sena se ka fana ka maikutlo a hore e ne e le setho se hlaheletseng sa sehlopha sena. (Ezekiele 8:1, 9-12) Mohlala oa Jazania o bontša hore ho tsoalloa lelapeng le tšabang Molimo hase tiiso ea hore motho e tla ba morapeli ea tšepahalang oa Jehova. Motho ka mong o ikarabella ka liketso tsa hae.—2 Bakorinthe 5:10.

Lesika la Shafane le Lelapa la Hae

Nakong eo Shafane le lelapa la hae ba neng ba nkile karolo liketsahalong tsa Jerusalema, ho ne ho sebelisoa litempe Juda. Litempe li ne li sebelisetsoa ho paka kapa ho saenela litokomane ’me li ne li etsoa ka mahakoe, tšepe, lenaka la tlou, kapa khalase. Ho ne ho tloaelehile hore setempeng seo ho ngoloe lebitso la mong’a sona, la ntat’ae ’me ka linako tse ling ho ne ho ngoloa le tlotla ea hae.

Ho ’nile ha fumanoa lintho tse ngata tsa letsopa tse nang le mongolo oa setempe oa Seheberu. Moprofesa Nahman Avigad, setsebi sa mongolo oa boholo-holo oa Seheberu, o ile a re: “Lintho tse ngotsoeng ka litempe ke tsona feela tse nang le mongolo oa boholo-holo oa Seheberu o buang ka batho ba hlahang ka Bibeleng.” Na ho fumanoe lintho leha e le life tse ngotsoeng ka setempe tsa Shafane kapa tsa litho tsa lelapa la hae? Li teng. Mabitso a Shafane le mora oa hae Gemaria a teng setempeng se bontšitsoeng leqepheng la 19 le la 21.

Litsebi li bolela hape hore mohlomong ho buuoa ka litho tse ling tse ’nè tsa lelapa lena linthong tse ngotsoeng ka setempe—Azalia, ntat’a Shafane; Akikame mora oa Shafane; Gemaria mora oa Shafane; le Gedalia, eo ho bonahalang eka ho buuoa ka eena mongolong oa setempe hore o ne a “okametse Ntlo.” Setempe sa bone ho nkoa hore e ne e le sa Gedalia, setloholo sa Shafane, le hoja ntat’ae, Akikame, a sa boleloa ka lebitso. Tlotla ea hae setempeng sena e bontša hore e ne e le e mong oa ba baholo ’musong.

Re ka Ithuta’ng?

Shafane le lelapa la hae ba re behetse mohlala o motle hakaakang ka ho sebelisa maemo a bona ho tšehetsa borapeli ba ’nete le ho tšehetsa Jeremia ea tšepahalang! Le rōna re ka sebelisa matlotlo a rōna le maemo hore re tšehetse mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova hammoho le barapeli-’moho le rōna.

Hoa matlafatsa ebile ho haha tumelo ha re bala Bibele kamehla ebile re e hlahlobisisa le ho ithuta ka lipaki tsa khale tsa Jehova tse kang Shafane le litho tsa lelapa la hae. Le bona ke karolo ea ‘leru le leholo la lipaki’ leo re ka etsisang mohlala oa lona.—Baheberu 12:1.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E tlameha ebe Shafane o ne a le moholo haholo ho Josiase ha re nahanela hore mora oa Shafane Akikame e ne e le motho e moholo ha Josiase a ne a le lilemo tse ka bang 25.—2 Marena 22:1-3, 11-14.

[Lebokose le leqepheng la 22]

Hulda—Moprofeta oa Mosali ea Nang le Tšusumetso

Ha Morena Josiase a utloa ho baloa “buka ea molao” e fumanoeng tempeleng, o ile a laela Shafane le ba bang ba bane ba boholong ’musong hore ba “botse Jehova” ka buka eo. (2 Marena 22:8-20) Moifo o ne o tla fumana karabo hokae? Jeremia ’me mohlomong le Nahume le Sofonia, kaofela e ne e le baprofeta le bangoli ba Bibele, ba neng ba lula Juda nakong eo. Leha ho le joalo, moifo o ile oa ea ho Hulda moprofeta oa mosali.

Buka ea Jerusalem—An Archaeological Biography e re: “Ntho e tsotehang ka ketsahalo ena ke hore tabeng ena taba ea bong ha ea ka ea natsoa. Ha ho le ea mong ea ileng a nka hore ha hoa lokela hore komiti ea banna feela e nke Moqolo oa Molao e o ise ho mosali hore a o hlalose. Ha a bolela hore ke lentsoe la Morena, ha ho ea ileng a botsa hore na o na le tokelo efe. Hangata litsebi tse nkelang tlaase bohlokoa ba basali ba Baiseraele li hlokomoloha ketsahalo ena.” Ho hlakile hore molaetsa o ileng oa fumanoa o ne o tsoa ho Jehova.

[Setšoantšo se Qanollang/Setšoantšo se leqepheng la 21]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Lesika la Shafane

Meshulame

↓

Azalia

↓

Shafane

↓ ↓ ↓ ↓

Akikame Elasa Gemaria Jazania

↓ ↓

Gedalia Mikaia

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Gemaria le ba bang ba ile ba kōpa Jojakime ka tieo hore a se ke a chesa moqolo o tsoang ho Jeremia

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Jazania, le hoja e ne e le setho sa lelapa la Shafane, o ile a bonoa ponong a rapela litšoantšo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 19]

Courtesy Israel Antiquities Authority

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 21]

Courtesy Israel Antiquities Authority

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela