‘Molimo, ke Hobane’ng ha U Nkentse Tjee?’
RICARDO o sa ntsane a hopola ha a ne a lutse le mosali oa hae, Maria, ka phaposing eo ho emeloang ngaka ho eona.a Ka bobeli ba ne ba se na sebete sa ho bala se fumanoeng ke ngaka ha e hlahloba Maria ka lekhetlo la ho qetela. Ricardo o ile a bula enfelopo, ’me ba thalatsa mahlo tlalehong e ngotsoeng ka puo ea bongaka. Ba ile ba bona moo ho ngotsoeng “kankere,” eaba ba qala ho lla ka bobeli ha ba lemoha hore na lentsoe leo le ba bolella eng.
icardo o sa hopola o re: “Ngaka e ne e le mosa haholo, empa ho totobetse hore e ne e hlokomela boemo bo boima hobane e ’nile ea pheta-pheta hore re tlameha ho tšepa Molimo.”
Pele Maria a phekoloa ka ho chesoa ha lisele tsa kankere, ngaka ea hae e ile ea hlokomela hore o sitoa ho laola leoto la hae le letona. Ha a hlahlojoa hape ho ile ha fumanoa hore kankere e ne e fihlile bokong. Ka mor’a beke e le ’ngoe feela, ho chesa lisele tsa kankere ho ile ha emisoa. Maria o ile a ilibana ’me a shoa ka mor’a likhoeli tse peli. Ricardo o re: “Ke ile ka leboha hore ebe ha a sa utloa bohloko, empa ke ne ke mo hloloheloa hoo ke ileng ka lakatsa eka le ’na nka shoa. Hangata ke ne ke llela Molimo ke re: ‘Ke hobane’ng ha u nkentse tjee?’”
Nakong ea Tlokotsi ho Hlaha Lipotso Tse Ngata
Joaloka Ricardo, batho ba bangata lefatšeng lohle ba utloa bohloko. Hangata batho ba se nang molato ke bona ba utloang bohloko. Nahana ka mahlomola ao batho ba a bakeloang ke lintoa tse sa feleng. Kapa nahana ka bohloko ba batho ba bangata ba betoang, bana ba hlekefetsoang, batho ba tšoaroang hampe ka malapeng le ba etsoang lintho tse ling tse mpe ke batho ba bang. Ho tloha khale ho bonahala banna le basali ba ’nile ba ikemisetsa ho tšoara batho ba bang ka leeme le ho ba utloisa bohloko. (Moeklesia 4:1-3) Batho ba bang ba utloisoa bohloko ke likoluoa tsa tlhaho kapa ho kula maikutlong, kelellong le ’meleng. Ha ho makatse ha ba bangata ba ipotsa, “Ke hobane’ng ha Molimo a lumella ho utloa bohloko hakaale?”
Esita le ho balumeli, ho utloa bohloko ke ntho e thata. Mohlomong le uena ua ipotsa hore na Molimo ea matla ’ohle o na le lebaka lefe la ho lumella hore batho ba utloe bohloko. E le hore re be le khotso ea kelello le kamano le Molimo, ke habohlokoa hore re fumane karabo e khotsofatsang le ea ’nete ea potso ena e thata. Bibele e fana ka karabo eo. Ka kōpo a re hlahlobeng seo Bibele e se bolelang sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a fetotsoe.
[Litšoantšo tse leqepheng la 3]
Ngaka e ile ea re bolella ka ho pheta-pheta hore re tlameha ho tšepa Molimo