Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Na ho tumellanong le Mangolo hore Mokreste a behe letsoho holim’a Bibele ’me a hlapanye hore o tla bua ’nete feela ka lekhotleng?
Motho ka mong o lokela ho iketsetsa qeto tabeng ena. (Bagalata 6:5) Leha ho le joalo, Bibele ha e hane ha motho a ikana hore o tla bua ’nete ka lekhotleng.
Ho ikana haesale e le tloaelo e atileng ho tloha khale. Ka mohlala, mehleng ea khale, Bagerike ba ne ba phahamisetsa letsoho leholimong kapa ba tšoara aletare ha ba ne ba ikana. Ha Moroma a ne a ikana, o ne a tšoara lejoe ka letsohong ’me a hlapanye tjena: “Haeba nka bua leshano ka boomo, ha [molimo] Jupiter a boloka motse le qhobosheane, e se eka a ka tlosa lintho tsohle tse molemo bophelong ba ka, joalokaha ke lahla lejoe lena.”—Cyclopedia of Biblical, Theological, and Ecclesiastical Literature, ea John McClintock le James Strong, Bukeng ea VII, leqepheng la 260.
Liketso tse joalo li ne li bontša hore moloko oa batho o hlokomela ho ba teng ha matla a molimo ea khonang ho ela batho hloko le eo ba ikarabellang ho eena. Ho tloha mehleng ea khale, barapeli ba ’nete ba Jehova ba ’nile ba hlokomela hore o ne a tseba seo ba se buileng hammoho le seo ba se entseng. (Liproverbia 5:21; 15:3) Kamoo ho ka boleloang kateng, ba ne ba ikana ka pel’a Molimo ebile ba mo nka e le paki ea bona. Ka mohlala, Boaze, Davida, Solomone le Tsedekia ba ile ba etsa sena. (Ruthe 3:13; 2 Samuele 3:35; 1 Marena 2:23, 24; Jeremia 38:16) Barapeli ba Molimo oa ’nete le bona ba ile ba lumella batho ba bang hore ba ba hlapantše. Sena se ile sa etsahala ho Abrahama le ho Jesu Kreste.—Genese 21:22-24; Matheu 26:63, 64.
Ka linako tse ling, ha motho a ne a ikana ka pel’a Jehova o ne a boetse a etsa le boitšisinyo bo itseng. Abrame (Abrahama) o ile a re ho morena oa Sodoma: “Ke phahamisa letsoho la ka ka kano ho Jehova Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa, Moetsi oa leholimo le lefatše.” (Genese 14:22) Lengeloi le neng le bua le moprofeta Daniele le ile ‘la phahamisetsa letsoho la lona le letona le letsoho la lona le letšehali maholimong ’me la hlapanya ka Ea phelang ka nako e sa lekanyetsoang.’ (Daniele 12:7) Esita le Molimo ho buuoa ka eena ka tsela ea tšoantšetso e le ea phahamisang letsoho la hae ka kano.—Deuteronoma 32:40; Esaia 62:8.
Mangolo ha a hanele motho ho ikana. Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore Mokreste a ikane e le hore a tšehetse polelo e ’ngoe le e ’ngoe eo a e buang. Jesu o itse: “Lentsoe la lōna E le mpe le bolele E, Che ea lōna, Che.” (Matheu 5:33-37) Morutuoa Jakobo o ile a bua taba e tšoanang. Ha a ne a re “le khaotse ho hlapanya,” o ne a lemosa hore motho a se ke a ikana ka lintho tseo e seng tsa bohlokoa. (Jakobo 5:12) Jesu le Jakobo ha baa ka ba bolela hore ho fosahetse hore motho a ikane hore o tla bolela ’nete ka lekhotleng.
Joale, ho thoe’ng haeba Mokreste a kōptjoa hore a hlapanye ka lekhotleng hore bopaki ba hae ke ba ’nete? A ka ’na a khetha ho nka kano e joalo. Ho seng joalo, a ka ’na a lumelloa hore a fane ka tiiso ea hore ha a bue leshano.—Bagalata 1:20.
Ha tsamaiso ea lekhotla e akarelletsa ho phahamisa letsoho kapa ho le beha holim’a Bibele ha motho a hlapanya, Mokreste a ka ’na a khetha ho sebelisana le eona. A ka ’na a hopola mehlala ea Mangolo ea ba ileng ba ikana ba sebelisa boitšisinyo bo itseng. Ho Mokreste, ntho ea bohlokoa ho feta ho etsa boitšisinyo bo itseng ha a ikana ke hore oa hopola hore o hlapanya ka pel’a Molimo hore o tla bua ’nete. Ho ikana ho joalo ke taba e tebileng. Maemong a joalo, haeba Mokreste a ikutloa hore o lokela ho araba potso eo a e botsoang le hore a ka e araba, joale o lokela ho hopola hore o entse kano ea hore o tla bua ’nete, e leng ntho eo ho seng pelaelo hore Mokreste o batla ho e bua ka linako tsohle.