Jehova o Hlokomela Batho ba Tloaelehileng
NA RE lokela ho ba ba hlaheletseng kapa ba khethehileng hore Molimo a tle a re bone? Ho thoe mopresidente oa bo16 oa United States, Abraham Lincoln, o ile a re: “Morena o rata batho ba tloaelehileng. Ke ka lebaka leo a ba etsang ba le bangata.” Ba bangata ba ikutloa e le batho feela ba tloaelehileng ba se nang letho le ikhethang. Ho ba motho ea tloaelehileng ho ka ’na ha bolela “ho futsaneha, ho ba tlaase.” Hape, ho ba “ea tloaelehileng” ho ka ’na ha bolela “ho se be le litokelo kapa maemo a khethehileng,” “ho khesoa,” kapa esita le “ho khelloa tlaase.” U rata ho ba har’a batho ba joang? Ba ikakasang, ba itšepang le ba ikhohomosang? Na ha u khethe ho ba har’a batho ba ratang batho, ba ikokobelitseng le ba sa ikakaseng, ba bontšang batho ba bang thahasello ea ’nete le e mofuthu?
Kaha kajeno ho hlorisa batho maikutlong le ho ba soma ho tloaelehile, ba bang ba thatafalloa ho lumela hore Molimo o na le thahasello ho bona. ’Mali e mong oa makasine ena o ile a ngola a re: “Ke tsoa lelapeng le neng le sa bontše lerato hakaalo. Ke ne ke nyenyefatsoa, ke songoa ebile ke tšehuoa. Kahoo, ke qalile ho ikutloa ke se oa bohlokoa ke sa le monyenyane. Ke sitoa ho lebala lintho tse ntlhahetseng ’me li ntse li ’nyahamisa ha ke le mahlomoleng.” Empa ho na le mabaka a ho lumela hore Molimo o thahasella batho ba tloaelehileng.
Thahasello ea Molimo ho Batho ba Tloaelehileng
Morena Davida o ile a ngola a re: “Jehova o moholo ’me o lokela ho rorisoa haholo, boholo ba hae bo ke ke ba batlisisoa.” (Pesaleme ea 145:3) Leha ho le joalo, sena ha se thibele Jehova ho re hlokomela ka tsela e lerato le e qenehelang. (1 Petrose 5:7) Ka mohlala, mopesaleme o ile a re: “Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng; o pholosa ba sithabetseng moeeng.”—Pesaleme ea 34:18.
Lintho tse thahaselloang ke batho ba lefatše, tse kang botle, bophahamo kapa maruo, hase tsa bohlokoa ho Molimo. Molao oa Molimo ho Iseraele o ile oa bontša hore o thahasella mafutsana, likhutsana le basele ’me oa ba qenehela. Molimo o ile a re ho Baiseraele ba neng ba kile ba tšoaroa ka sehlōhō Egepeta: “U se ke ua tšoara mojaki hampe kapa ua mo hatella . . . Le se ke la hlorisa mohlolohali leha e le ofe kapa moshanyana ea se nang ntate. Haeba u ka mo hlorisa, joale haeba a ka hoeletsa ho ’na, ruri ke tla utloa mohoo oa hae.” (Exoda 22:21-24) Ho feta moo, moprofeta Esaia o ile a bontša hore o kholisehile hore Molimo o hlokomela ba tlaase, o ile a re: “U fetohile qhobosheane ho ea tlaase, qhobosheane ho mofutsana mahlomoleng a hae, setšabelo puleng e nang ka sefefo, moriti ha ho chesa, ha pululo ea bahatelli e tšoana le pula e nang ka sefefo lerakong.”—Esaia 25:4.
Tšebeletsong eohle ea hae, Jesu Kreste eo e leng “setšoantšo se nepahetseng hantle” sa Molimo, o ile a behela barutuoa ba hae mohlala oa ho bontša thahasello ea sebele ho batho ba tloaelehileng. (Baheberu 1:3) Ha Jesu a bona bongata bo neng “bo sohlokehile ’me bo qhalakane joaloka linku tse se nang molisa,” o ile a ‘bo hauhela.’—Matheu 9:36.
Hape, hlokomela hore na Jesu o ile a khetha batho ba mofuta ofe hore e be baapostola ba hae—o ile a khetha batho ba hlalosoang e le “ba sa rutehang le ba tloaelehileng.” (Liketso 4:13) Ka mor’a lefu la Jesu, balateli ba hae ba ile ba qala ho mema batho ba mefuta eohle hore ba mamele Lentsoe la Molimo. Lengolong la hae, moapostola Pauluse o ile a re “leha e le ofe ea sa lumelang kapa motho ea tloaelehileng” o ne a ka kena ka phuthehong ea Bokreste ’me ea e-ba molumeli. (1 Bakorinthe 14:24, 25) Ho e-na le hore a khethe feela batho ba nkoang e le ba bohlokoa ho latela litekanyetso tsa lefatše, Molimo o ile a khetha batho ba bangata bao e leng batho feela le batho ba tloaelehileng hore ba phethe tšebeletso ea hae. Moapostola Pauluse o ile a re: “Le bona ho le bitsa ha hae, barab’eso, hore hase ba bangata ba bohlale ka tsela ea nama ba ileng ba bitsoa, hase ba bangata ba matla, hase ba bangata ba tsoalo ea borena; empa Molimo o ile a khetha lintho tse booatla tsa lefatše, e le hore a ka hlabisa banna ba bohlale lihlong; Molimo o ile a khetha lintho tse fokolang tsa lefatše, e le hore a ka hlabisa lintho tse matla lihlong; Molimo o ile a khetha lintho tse eisehang tsa lefatše le lintho tse shebeloang tlaase, lintho tse sieo, e le hore a ka etsa lintho tse teng lefeela, e le hore ho se ke ha e-ba le nama e ka ithorisang mahlong a Molimo.”—1 Bakorinthe 1:26-29.
Le kajeno Molimo o ntse a re thahasella e le kannete. Thato ea Molimo ke hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Timothea 2:4) Haeba Molimo a ratile batho hoo a ileng a romela Mora oa hae lefatšeng ho tla re shoela, ha re na lebaka la ho nka hore ha re ratoe kapa ha re na thuso. (Johanne 3:16) Jesu Kreste o ile a bontša balateli ba hae bohlokoa ba ho tšoara esita le e monyenyane ka ho fetisisa ho barab’abo ba moea joalokaha eka re tšoara Jesu ka boeena. O itse: “Ho isa tekanyong eo ho eona le ileng la ho etsa ho e mong oa ba banyenyane oa bana barab’eso, le ile la ho etsa ho ’na.” (Matheu 25:40) Ho sa tsotellehe hore na lefatše le re nka joang, hafeela re rata ’nete, re khethehile mahlong a Molimo.
Ke kamoo moshanyana ea bitsoang Francisco,a ea se nang ntate, a ileng a ikutloa kateng ka mor’a ho ba le kamano e haufi le Molimo. O re: “Ho tseba Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng ho nthusitse hore ke sebetsane ka katleho le ho ikutloa ke sa sireletseha ke bile ke le lihlong. Ke ithutile hore Jehova o thahasella e mong le e mong oa rōna.” Jehova e ile ea e-ba Ntate oa sebele ho Francisco.
Ho Ameha ka Bacha
Jehova ha a thahaselle bacha e le sehlopha feela empa hape o ba thahasella ka bomong. Ke ’nete hore ebang re banyenyane kapa re baholo, ha rea lokela ho inkela holimo. Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore ebe re na le litalenta le litšoaneleho tseo Molimo a ka li sebelisang nakong e tlang. Jehova oa tseba hore na ho hlokahala hore re ntlafatse le ho koetlisoa linthong life e le hore re ntše bokhoni ba rōna. Ka mohlala, hlokomela tlaleho e ho 1 Samuele khaolo ea 16. Kaha ba bang ba neng ba ka khetheloa borena ba Iseraele ba ne ba bonahala ba tšoaneleha haholoanyane ho moprofeta Samuele, Jehova o ile a hlalosa hore na ke hobane’ng ha Eena a khetha Davida, mora oa ho fela oa Jese hore e tle e be morena oa Iseraele, o ile a re: “U se ke ua talima ponahalo ea hae le bophahamo ba seemo sa hae, kaha [moholoane oa Davida] ke mo lahlile. Etsoe tsela eo motho a bonang ka eona hase tsela eo Molimo a bonang ka eona, hobane motho o bona se bonahalang mahlong; empa ha e le Jehova, o bona seo pelo e leng sona.”—1 Samuele 16:7.
Na kajeno bacha ba ka kholiseha hore Jehova o na le thahasello ea sebele ho bona? Nahana ka moroetsana oa Brazil ea bitsoang Ana. Joaloka bacha ba bangata, o ne a tšoenngoa ke ho bona bobolu le ho hloka toka. Eaba ha ntat’ae a ea libokeng tsa Bokreste o tsamaea le eena le banab’abo ba banana. Ha nako e ntse e tsamaea o ile a qala ho thabela seo a neng a ithuta sona Lentsoeng la Molimo. Ana o ile a qala ho bala Bibele le lingoliloeng tsa Bokreste esita le ho rapela Jehova Molimo. Butle-butle o ile a ba le kamano e haufi-ufi le Molimo. O re: “Ke ne ke rata ho palama baesekele ho ea leralleng le pel’a lapeng ’me ke shebelle ho likela ho hotle ha letsatsi. Ke ne ke rapela Jehova ’me ke leboha mosa oa hae le ho fana ha hae ka seatla se bulehileng, ke leka ho mo bolella kamoo ke mo ratang kateng. Ho tseba Jehova Molimo le merero ea hae ho ile ha etsa hore ke be le khotso ea kelello ’me ke ikutloe ke sireletsehile.” Na le uena u leka ho ipha nako ea ho nahanisisa ka tlhokomelo ea Jehova e lerato?
Bonneteng, semelo sa rōna se ka ’na sa re sitisa ho ba le kamano e haufi le Jehova. Ka mohlala, nahana ka Lidia. Ha a ne a bolella ntat’ae taba e mo tšoenyang haholo, ntat’ae o ile a mo hlohlora, a re: “U bua ntho e se nang kelello.” Le hoja Lidia a ne a utloisisa hore ntat’ae o batla hore a lebale bothata ba hae, o re: “Ka ho ithuta Bibele ke ile ka fumana lintho tsohle tseo ke li labalabelang le tse ling tse eketsehileng. Botho ba Jehova bo ipiletsang bo ile ba etsa hore e be motsoalle oa ka oa sebele. Hona joale ke na le Ntate ea lerato le ea utloisisang eo nka mo tsebisang maikutlo a ka le lintho tsa botho tse ntšoenyang ka ho tebileng. Nka qeta lihora ke ntse ke bua le Motho oa bohlokoa ka ho fetisisa bokahohleng, ke kholisehile hore o tla nkutloa.” Litemana tsa Bibele tse kang Bafilipi 4:6, 7 li ile tsa mo thusa hore a bone tlhokomelo e lerato ea Jehova. Litemana tsena li re: “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.”
Se Tla U Thusa Hore U Fumane Seo U se Hlokang
Jehova o hlokomela bahlanka ba hae ka bomong haesita le phutheho ea hae ea lefatše lohle. Re ka bontša hore re rata Ntat’a rōna oa leholimo ka ho ipha nako ea ho bua le eena. Ha rea lokela ho nka kamano ea rōna le eena habobebe. Davida o ne a lula a amehile ka kamano ea hae le Jehova. O ile a re: “Ntsebise litsela tsa hao, Jehova; nthute litsela tsa hao. Ntsamaise ’neteng ea hao ’me u nthute, etsoe u Molimo oa ka oa poloko. Ke tšepile uena letsatsi lohle.”—Pesaleme ea 25:4, 5.
E ka ’na eaba u qala ho utloa hore u ka ba le kamano e haufi-ufi le Molimo. Ho sa tsotellehe mathata a hao, u ka kholiseha hore ka linako tsohle Ea Phahameng ka ho Fetisisa o tla u thusa, tumellanong le thato ea hae. (1 Johanne 5:14, 15) Kahoo, ithute hore u tobe taba lithapelong tsa hao, u ntse u nahanne ka maemo a hao le lintho tseo u li hlokang.
Bohlokoa ba ho nahana ka lintho tseo u li hlokang bo totobatsoa ke thapelo eo Morena Solomone a ileng a e etsa ha ho ne ho khakoloa tempele, ha a re: “Haeba ho e-ba le tlala naheng, haeba ho e-ba le lefu la seoa, haeba ho e-ba le komello le phori, litsie le maphele a e-ba teng; haeba lira tsa bona li ba lika-liketsa naheng ea liheke tsa bona—kotlo ea mofuta leha e le ofe le lefu la mofuta leha e le ofe—thapelo leha e le efe, kōpo leha e le efe ea mohau e ka etsoang ke motho leha e le ofe kapa sechaba sohle sa hao sa Iseraele, kahobane e mong le e mong o tseba lefu la hae le bohloko ba hae . . . E se eka u ka utloa u le maholimong, . . . ’me u tšoarele ’me u fe e mong le e mong ho ea ka litsela tsohle tsa hae.” (2 Likronike 6:28-30) Ka sebele, ke uena feela ‘ea tsebang lefu la hao le bohloko ba hao.’ Kahoo, ke habohlokoa ho nahana ka lintho tseo u li hlokang kannete le tseo u li lakatsang. Ha u etsa joalo, “[Jehova] o tla u fa tseo pelo ea hao e li kōpang.”—Pesaleme ea 37:4.
Matlafatsa Kamano ea Hao le Jehova
Jehova o thabela hore batho ba tloaelehileng ba be le kamano e haufi-ufi le eena. Lentsoe la hae lea re tiisetsa le re: “‘Ke tla ba ntat’a lōna, ’me le tla ba bara le barali ba ka,’ ho bolela Jehova ea Matla ’Ohle.” (2 Bakorinthe 6:18) Ka sebele, Jehova le Mora oa hae ba batla hore u atlehe ’me u fumane bophelo bo sa feleng. Ho khothatsa hakaakang ho tseba hore Jehova o tla re thusa hore re phethe boikarabelo ba rōna ka lapeng, mosebetsing le ka phuthehong ea Bokreste!
Leha ho le joalo, kaofela re tobane le linako tse mahlonoko. Ho kula, mathata a lelapa, meputso e tlaase, kapa ntho e ’ngoe li ka re utloisa bohloko. Re ka ’na ra seleballoa ha re tobane le teko. Re bakeloa mathata a ntseng a eketseha ke moqosi ea khopo Satane Diabolose, ea loanang ntoa ea moea khahlanong le batho ba Molimo, ebang ke ka tsela e tobileng kapa e sa tobang. Leha ho le joalo, ho na le ea re utloisisang le ea re thusang ho ba le kamano e ntle le Jehova. Motho eo ke Jesu Kreste boemong ba hae bo phahameng maholimong. Re bala sena: “Moprista ea phahameng eo re nang le eena, hase ea ke keng a utloela mefokolo ea rōna bohloko, empa ke ea lekiloeng ka litsela tsohle joaloka rōna, empa a se na sebe. Ka hona, a re atameleng ka bolokolohi ba puo teroneng ea mosa o sa tšoanelang, e le hore re ka fumana mohau le ho fumana mosa o sa tšoanelang bakeng sa thuso ka nako e nepahetseng.”—Baheberu 4:15, 16.
Ho khothatsa hakaakang ho tseba hore ha ho hlokahale hore re tume kapa re be barui hore Molimo a re amohele! Esita leha u le maqakabetsing, u tšoane le mopesaleme ea ileng a rapela a re: “Ke hlorile ’me ke futsanehile. Jehova o nkela hloko. U thuso ea ka le Mopholosi oa ka.” (Pesaleme ea 31:9-14; 40:17) Kholiseha hore Jehova o rata batho ba ikokobelitseng, ba tloaelehileng. Ka sebele, ‘re ka lahlela matšoenyeho ’ohle a rōna ho eena, hobane oa re tsotella.’—1 Petrose 5:7.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
[Litšoantšo tse leqepheng la 29]
Balateli ba bangata ba Jesu e ne e le batho ba sa rutehang le ba tloaelehileng
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Bakreste ba leka ka tieo ho ba matla tumelong
[Litšoantšo tse leqepheng la 31]
Ha ho hlokahale hore re be batho ba tummeng hore re fumane mohau oa Molimo