Kamoo ba Bang ba Hopoloang Kateng
LILEMONG tse ka bang likete tse tharo tse fetileng, Davida o ne a baleha Morena Saule oa Iseraele. Davida o ile a romela molaetsa ho Nabale, eo e neng e le morui oa linku le lipōli, ho ea kōpa lijo le metsi. Ha e le hantle Nabale o ne a tšoanela ho leboha Davida le balateli ba hae hobane ba ne ba ile ba sireletsa mehlape ea hae. Leha ho le joalo, Nabale o ile a hana ho ba amohela ka tsela leha e le efe. O ile a ba a tjolietsa banna ba Davida. Nabale o ne a bapalla kotsing, etsoe Davida e ne e se motho eo ho ka bapalloang ho eena.—1 Samuele 25:5, 8, 10, 11, 14.
Boitšoaro ba Nabale bo ne bo sa lumellane le moetlo oa batho ba Bochabela bo Hare oa ho amohela baeti le basele ka mofuthu. Kahoo, Nabale o ile a iketsetsa botumo ba mofuta ofe? Tlaleho ea Bibele e re “o ne a le thata ebile a le liketso li mpe” hape e le “motho ea se nang molemo.” Lebitso la hae le bolela “ea se nang kelello,” kahoo e ile ea hla ea e-ba ’nete ha ho thoe bitso-lebe ke seromo. (1 Samuele 25:3, 17, 25) Na u ka rata ho hopoloa ka tsela eo? Na u sebetsana le ba bang ka tsela e thata le e sa tenyetseheng, haholo-holo ha ho bonahala eka ba boemong bo tlaase? Kapa na u mosa, u rata batho ’me ua nahanela?
Abigaile—Mosali ea Bohlale
Ka lebaka la ho ba le pelo e thata, Nabale o ne a ikentse tšotso linaleng. Davida le banna ba hae ba 400 ba ile ba hlomela ka lisabole e le hore ba e’o kenya Nabale tseleng. Mosali oa Nabale, e leng Abigaile, o ile a utloa ka se etsahetseng. O ne a tseba hore ntoa e ne e se e tla kupa. O ne a ka etsa’ng? O ile a potlakela ho apeha lijo tse lekaneng le ho lokisetsa lintho tse ling tse hlokahalang ’me a tsamaea ho ea thiba Davida le banna ba hae. Ha a kopana le bona, o ile a kōpa Davida ka matla hore a se ke a tšolla mali ntle ho lebaka. Pelo ea Davida e ile ea nolofala. O ile a mamela kōpo ea hae e tiileng ’me a tlohela seo a neng a se rerile. Nakoana ka mor’a liketsahalo tsena, Nabale o ile a shoa. Davida o ile a nyala Abigaile hobane a ne a bone makhabane a hae.—1 Samuele 25:14-42.
Abigaile o ile a iketsetsa botumo ba mofuta ofe? O ne a le “masene” kapa a le “bohlale,” joalokaha Seheberu sa pele se bolela. Ho hlakile hore o ne a e-na le kelello ’me a tseba ho sebetsa litaba a bile a tseba kamoo a neng a ka nka bohato ba pele kateng le hore na o ne a lokela ho bo nka neng. O ile a etsa lintho ka botšepehi ho sireletsa monna oa hae oa leoatla hammoho le ba ntlo ea hae tlokotsing. Hamorao o ile a shoa, empa a e-na le botumo bo ikhethang ba ho ba mosali ea bohlale.—1 Samuele 25:3; Bibele—Phetolelo e Ncha.
Petrose o Ile a Itšiela Tlaleho ea Mofuta Ofe?
A re ke re feteleng pele nakong ea lekholo la pele la lilemo C.E. ’me re bue ka baapostola ba Jesu ba 12. Ntle ho tikatiko e mong oa ba neng ba bolela maikutlo a bona ka bolokolohi le ba neng ba le lepotlapotla ka ho fetisisa e ne e le Petrose, kapa Kefase, eo e neng e kile ea e-ba motšoasi oa litlhapi Galilea. Ho hlakile hore e ne e le motho ea sefutho ea neng a sa tšabe ho bolela maikutlo a hae. Ka mohlala, ho na le ketsahalo e ’ngoe eo ho eona Jesu a ileng a hlatsoa barutuoa ba hae maoto. Petrose o ile a itšoara joang ha e ne e le nako ea hore a hlatsuoe maoto?
Petrose o ile a re ho Jesu: “Morena, na u hlatsoa maoto a ka?” Ha a mo araba Jesu o ile a re: “Seo ke se etsang ha u se utloisise hona joale, empa u tla utloisisa ka mor’a lintho tsena.” Petrose o ile a araba tjena: “Ka sebele u ke ke ua hlatsoa maoto a ka le ka mohla.” Hlokomela kamoo Petrose a ileng a araba a lomahantse meno kateng empa e le ka lepotlapotla. Jesu o ile a arabela joang?
Jesu o ile a mo araba: “Ntle le hore ke u hlatsoe, ha u na kabelo ho ’na.” Simone Petrose a re ho eena: “Morena, eseng maoto a ka feela, empa le matsoho a ka le hlooho ea ka.” Joale Petrose o fetelletsa lintho ho ea bohōleng bo bong! Empa kamehla u ne u tseba maikutlo a Petrose hantle. Petrose e ne e se moikaketsi kapa a se teme-peli.—Johanne 13:6-9.
Petrose o boetse o hopoloa ka mefokolo ea hae eo batho ba atisang ho ba le eona. Ka mohlala, o ile a latola Kreste ka makhetlo a mararo ka pel’a batho ba neng ba mo qosa ka ho ba molateli oa Jesu oa Nazaretha ea ahlotsoeng. Ha Petrose a elelloa phoso ea hae, o ile a lla habohloko. Ha aa ka a tšaba ho bontša hore o soabile le hore oa ikoahlaea. Hape hoa thahasellisa hore ebe pale ena ea ha Petrose a latola Jesu e tlalehiloe ke bangoli ba Likosepele—bao e ka ’nang eaba ba filoe boitsebiso bona ke Petrose ka boeena! O ne a ikokobelitse hoo a ileng a lumela liphoso tsa hae. Na u na le tšobotsi e ntle joalo?—Matheu 26:69-75; Mareka 14:66-72; Luka 22:54-62; Johanne 18:15-18, 25-27.
Libeke li se kae ka mor’a ho latola Kreste, Petrose a tletse moea o halalelang o ile a pakela letšoele la Bajuda ka sebete ka Pentekonta. Ena e ne e le pontšo ea sebele ea hore Jesu ea tsositsoeng o ne a mo tšepa.—Liketso 2:14-21.
Ketsahalong e ’ngoe, Petrose o ile a tšoasoa ke leraba le leng. Moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore nakoana pele barab’abo rōna ba itseng ba Bajuda ba fihla Antioke, Petrose o ne a ntse a itsoakanya ka bolokolohi le Balichaba ba lumetseng. Leha ho le joalo, o ile a ikhetha ho bona “ka ho tšaba ba sehlopha se bolotseng” ba neng ba sa tsoa fihla ho tsoa Jerusalema. Pauluse o ile a pepesa boikaketsi ba Petrose.—Bagalata 2:11-14.
Ho ntse ho le joalo, ke morutuoa ofe ea ileng a bolela maikutlo a hae ka sebete nakong e thata ha ho ne ho bonahala hore balateli ba bangata ba Jesu ba ne ba itokiselitse ho mo furalla? Ke ketsahalong ea ha Jesu a ne a senola taba e ncha, e mabapi le se boleloang ke ho ja nama ea hae le ho noa mali a hae. O ile a re: “Ntle le hore le je nama ea Mor’a motho le ho noa mali a hae, ha le na bophelo ka ho lōna.” Balateli ba Jesu ba bangata bao e neng e le Bajuda ba ile ba khoptjoa eaba ba re: “Puo ena ea tšosa; ke mang ea ka e mamelang?” Eaba ho etsahala’ng? “Ka lebaka la sena ba bangata ho barutuoa ba hae ba tloha ho ea linthong tse ka morao ’me ba ne ba se ba sa tsamaee le eena.”—Johanne 6:50-66.
Nakong ena e thata, Jesu o ile a retelehela ho baapostola ba 12 eaba o ba botsa potso ena e fatang maikutlo: “Le lōna ha le batle ho tsamaea, na ha ho joalo?” Petrose o ile a arabela tjena: “Morena, re tla tloha re ee ho mang? Ke uena ea nang le lipolelo tsa bophelo bo sa feleng; ’me re lumetse ’me rea tseba hore u Mohalaleli oa Molimo.”—Johanne 6:67-69.
Petrose o ile a iketsetsa botumo ba mofuta ofe? Motho ea balang litlaleho tse buang ka eena o khahloa ke tsela eo e neng e le motho ea hlokang mano le ea ntšang maikutlo a hae ka bolokolohi kateng, ea tšepahalang le ea lulang a ikemiselitse ho lumela mefokolo ea hae. Ke lebitso le letle hakaakang leo a iketselitseng lona!
Batho ba Ile ba Hopola Jesu ka Eng?
Tšebeletso ea Jesu ha a le lefatšeng e nkile lilemo tse tharo le halofo feela. Leha ho le joalo, balateli ba hae ba mo hopola ka eng? Na o ne a itšehla thajana le ho itšeka hobane a ne a phethahetse, a se na sebe? Na o ne a hatella batho hobane a ne a tseba hore e ne e le Mor’a Molimo? Na o ne a tšosa le ho susutlella balateli ba hae hore ba mo mamele? Na o ne a inkela holimo hoo a neng a hloka le nako ea ho soasoa? Na o ne a phathahane haholo hoo a neng a hloka nako ea ho lula le ba fokolang le ba kulang kapa bana? Na o ne a khesa batho ba merabe e meng le basali, joalokaha banna ba ne ba atisa ho ba khesa mehleng eo? Tlaleho e re bolella eng ka Jesu?
Jesu o ne a thahasella batho. Ho ithuta ka tšebeletso ea hae ho bontša hore liketsahalong tse ngata o ile a folisa batho ba neng ba holofetse le ba neng ba kula. O ne a ikitlaetsa ho thusa batho ba hlokang. O ile a bontša hore o ne a thahasella bana, a laela barutuoa ba hae, a re: “Tlohelang bana ba banyenyane ba tle ho ’na; le se ke la leka ho ba thibela.” Eaba Jesu “o sika bana bao ’me o qala ho ba hlohonolofatsa, a ba beha matsoho.” Na u ipha nako ea ho ba ’moho le bana, kapa u phathahane hoo u sa hlokomeleng le hore ba teng?—Mareka 10:13-16; Matheu 19:13-15.
Ha Jesu a ne a le lefatšeng, Bajuda ba ne ba hateletsoe ke melao le litaelo tsa bolumeli tse neng li fetela ka ’nģane ho se neng se hlokoa ke Molao. Baeta-pele ba bona ba bolumeli ba ne ba imelitse batho ka meroalo e boima, eo bona ka bobona ba neng ba sa e sisinye le ka monoana feela. (Matheu 23:4; Luka 11:46) Kahoo, Jesu o ne a fapane le bona hakaakang! O ile a re: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla.”—Matheu 11:28-30.
Batho ba ne ba khatholoha ha ba e-na le Jesu. O ne a sa tšose barutuoa ba hae, hoo ba neng ba tšaba ho hlahisa maikutlo a bona. Ha e le hantle, o ne a ba botsa lipotso hore ba hlalose maikutlo a bona. (Mareka 8:27-29) Balebeli ba Bakreste ba lokela ho ipotsa: ‘Na ke etsa hore balumeli-’moho le ’na ba ikutloe ka tsela e tšoanang? Na ka sebele baholo ba bang ba hlile ba mpolella maikutlo a bona, kapa baa qeaqea ho etsa joalo?’ Ke ho khathollang hakaakang ha balebeli e le ba atamelehang, ba mamelang ba bang ba bile ba lula ba tenyetseha! Ho se be le kahlolo e molemo ho khina menyetla ea ho phetlelana lifuba le ea ho tšohla taba ka bolokolohi.
Le hoja Jesu e ne e le Mora oa Molimo, le ka mohla ha aa ka a sebelisa matla le bolaoli ba hae hampe. Ho e na le hoo, o ne a behela bamameli ba hae mabaka. Ho bile joalo ha Bafarisi ba ne ba leka ho mo tšoasa ka potso ena e poteletseng: “Na ho lumelloa ke molao ho lefa lekhetho la hlooho ho Cesare kapa che?” Jesu o ile a re ba mo bontše chelete ea tšepe eaba oa ba botsa: “Setšoantšo le mongolo oo ke tsa mang?” Ba mo araba ka ho re: “Ke tsa Cesare.” Eaba o re ho bona: “Ka hona, le lefe Cesare lintho tsa Cesare, empa le lefe Molimo lintho tsa Molimo.” (Matheu 22:15-21) Lebaka leo le utloahalang le ne le lekane.
Na Jesu o ne a e-na le nako ea ho soasoa? Babali ba bang ba fumana e le ho batlang ho qabola ha ba bala litemana tseo ho tsona Jesu a itseng ho bonolo ho kamele ho tsoa ka lesobana la nale ho e-na le hore morui a kene ’Musong oa Molimo. (Matheu 19:23, 24) Taba ea hore kamele e leke ho feta lesobeng la nale ea sebele ea ho rōka ke ho fetelletsa taba. Mohlala o mong oa ho fetelletsa taba joalo ke oa hore motho a bone lehlokoa ka leihlong la mor’abo empa a sa lemohe leballo le ka leihlong la hae. (Luka 6:41, 42) Ka sebele, Jesu e ne e se motho ea buang ha a khalemela feela. E ne e le motho ea mofuthu ea bileng a nang le botsoalle. Ho Bakreste kajeno, mesoaso e ka bebofatsa mesarelo linakong tse sithabetsang.
Kutloelo-bohloko ea Jesu ho Basali
Basali ba ne ba ikutloa joang ha ba ne ba e-na le Jesu? Ha ho pelaelo hore o ne a e-na le balateli ba bangata ba tšepahalang ba basali, ho akarelletsa le ’mè oa hae, Maria. (Luka 8:1-3; 23:55, 56; 24:9, 10) Basali ba ne ba ikutloa ba lokolohile ho atamela Jesu hoo ketsahalong e ’ngoe, mosali e mong ‘ea neng a tsebahala e le moetsalibe’ a ileng a mo hlatsoa maoto ka meokho ’me a a tlotsa ka oli e nkhang hamonate. (Luka 7:37, 38) Mosali e mong, ea neng a khathalitsoe ke lefu la phallo ea mali ka lilemo-lemo, o ile a fohla letšoele e le hore a ame seaparo sa hae ’me a fole. Jesu o ile a babatsa tumelo ea hae. (Matheu 9:20-22) E, basali ba ne ba fumana Jesu a atameleha.
Ketsahalong e ’ngoe, Jesu o ile a bua le mosali oa Mosamaria selibeng. O ne a maketse hoo a ileng a re: “Ho tla joang hore uena, le hoja u le Mojuda, u nkōpe se nooang, ha ’na ke le mosali oa Mosamaria?” Etsoe, Bajuda le Basamaria ba ne ba sa okhelane mollo. Jesu o ile a tsoela pele ho mo ruta ’nete e hlollang e mabapi le ‘metsi a tšikhunyang a fanang ka bophelo bo sa feleng.’ O ne a phutholohile ha a ne a e-na le basali. O ne a sa ikutloe a qholotsoa.—Johanne 4:7-15.
Jesu o hopoloa ka litšobotsi tsa hae tse ngata tse bontšang ho nahanela, tse akarelletsang moea oa hae oa boitelo. E ne e le mohlala oa sebele oa lerato la Molimo. Jesu o behela bohle ba batlang ho ba balateli ba hae tekanyetso eo ba lokelang ho e latela. U latela mohlala oa hae haufi-ufi hakae?—1 Bakorinthe 13:4-8; 1 Petrose 2:21.
Bakreste ba Mehleng ea Kajeno ba Hopoloa ka Eng?
Mehleng ea kajeno, Bakreste ba likete-kete ba tšepahalang ba shoele, ba bangata ba bona ba se ba hōlile, ha ba bang bona ba ne ba ntse ba batla ba le bacha. Empa ba itšietse botumo bo botle. Ba bang, ba joaloka Crystal, ea shoeleng a se a tsofetse, ba hopoloa ka ho ba batho ba mofuthu le ba ratang batho. Ha ba bang, ba tšoanang le Dirk, ea shoeleng a le ka holimo ho lilemo tse 40, ba hopoloa ka ho ba batho ba neng ba lula ba thabile ba bile ba e-na le tšebelisano-’moho.
Mohlala o mong ke oa José oa Spain. Morao koana lilemong tsa bo-1960, ha mosebetsi oa ho bolela oa Lipaki Tsa Jehova o ne o thibetsoe naheng eo, José o ne a nyetse ’me a e-na le barali ba bararo ba banyenyane. O ne a e-na le mosebetsi o tsitsitseng Barcelona. Empa ka nako eo, ho ne ho hlokahala baholo ba Bakreste ba hōlileng moeeng karolong e ka boroa ea Spain. José o ile a tlohela mosebetsi oa hae o sireletsehileng eaba o fallela Málaga le lelapa la hae. Ba ne ba lokela ho phela tlas’a maemo a thata a lichelete, hangata ho se ea sebetsang.
Ho ntse ho le joalo, José o ne a tsebahala ka ho tšepahala, ka ho beha mohlala oa ho sebetsa hantle tšebeletsong le ka mohlala o motle oa ho hōlisa barali ba hae, hoo a ho finyeletseng ka thuso ea mofumahali oa hae ea neng a mo tšehetsa, e leng Carmela. Ha ho ne ho hlokahala motho ea neng a ka hlophisa likopano tsa Bokreste tikolohong eo, ka linako tsohle José o ne a ithaopa. Ka bomalimabe, ha a le ka holimo ho lilemo tse 50, o ile a hlaseloa ke boloetse bo ileng ba qetella bo mo bolaile. Leha ho le joalo, o ile a itšiela botumo ba ho ba moholo ea ka tšeptjoang, ea sebetsang ka thata le ba ho ba ntate le monna ea lerato.
Kahoo, u tla hopoloa ka eng? Haeba u ne u hlokahetse maobane, batho ba ne ba tla re’ng ka uena kajeno? Ena ke potso e ka ’nang ea re susumetsa kaofela hore re ntlafatse tsela eo re etsang lintho ka eona.
Re ka etsa eng hore re iketsetse botumo bo botle? Ka linako tsohle re ka ntlafatsa tsela eo re bonahatsang litholoana tsa moea ka eona—tseo tse ling tsa tsona e leng lerato, tiisetso, mosa, bonolo hammoho le boitšoaro. (Bagalata 5:22, 23) E, ka sebele, “lebitso [le letle] le molemo ho feta oli e ntle, ’me letsatsi la ho shoa le molemo ho feta letsatsi la ho tsoaloa ha motho.”—Moeklesia 7:1; Matheu 7:12.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Abigaile o hopoloa ka hore o ne a le masene
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Petrose o hopoloa ka ba ho ba motho ea lepotlapotla empa ea hlokang mano
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Jesu o ne a qeta nako le bana