Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 8/15 maq. 3-4
  • U Iketsetsa Lebitso la Mofuta Ofe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Iketsetsa Lebitso la Mofuta Ofe?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo ba Bang ba Hopoloang Kateng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Liqeto Tse Etsang Hore Motho a Thabe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Bophelo ba Hao bo ka ba le Morero!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • ‘Litlhohonolofatso ke Tsa ea Lokileng’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 8/15 maq. 3-4

U Iketsetsa Lebitso la Mofuta Ofe?

NA U kile ua bala lipehi tsa bafu koranteng ea sebakeng sa heno kapa ua bona tlaleho e telele ea bophelo ba mofu le lintho tseo a li finyeletseng? Na u ile ua ipotsa, ‘Batho ba ne ba tla re’ng ka ’na?’ Ke ba bakae ba keng ba nahane ka seo ba tlang ho hopoloa ka sona ha ba se ba shoele? Kahoo, nahana ka lipotso tsena tse tobang taba: Batho ba ne ba tla re’ng ka uena kajeno haeba u ne u hlokahetse maobane? U iketsetsa botumo ba mofuta ofe? U ka rata hore batho ba u tsebang le Molimo ba u hopole ka eng?

Mongoli ea bohlale oa buka ea Bibele ea Moeklesia o ile a re: “Lebitso le molemo ho feta oli e ntle, ’me letsatsi la ho shoa le molemo ho feta letsatsi la ho tsoaloa ha motho.” (Moeklesia 7:1) Ke hobane’ng ha letsatsi la ho shoa ha motho le le molemo ho feta la ho tsoaloa ha hae? Hobane ha motho a tsoaloa ha a na botumo boo a iketselitseng bona. Ha a na tlaleho ea letho bophelong. Tsela ea hae ea bophelo e tla fella ka botumo bo botle kapa bo bobe. Ho ba iketselitseng lebitso le letle ho theosa le lilemo, ka kutloisiso eo, letsatsi la ho shoa le fela le le molemo ho feta la ho tsoaloa.

Kahoo khetho ke ea rōna. Ha e le hantle, letsatsi ka leng re lokela ho khetha lintho tse ngata tseo ha re shoa li tlang ho re siela botumo, haholo-holo boo Molimo a tla re hopola ka bona. Kahoo, Moheberu eo ea bohlale o ile a ngola: “Sehopotso sa ea lokileng se tla hlohonolofatsoa, empa lebitso la ba khopo le tla bola.” (Liproverbia 10:7) Ke tlotla e kaakang ho hopoloa ke Molimo bakeng sa tlhohonolofatso!

Haeba re le bohlale, sepheo sa rōna e tla ba ho thabisa Molimo ka ho phela tumellanong le litekanyetso tsa hae. Seo se bolela ho latela melao-motheo eo Kreste a e boletseng tjena: “‘U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.’ Ena ke eona taelo e khōlō le ea pele. Ea bobeli, e joaloka eona, ke ena, ‘U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.’ Litaelong tsena tse peli ho itšetlehile Molao oohle, le Baprofeta.”—Matheu 22:37-40.

Ba bang ba hopoloa ka ho ba ba fanang ka liphallelo, ba ntlafatsang boiketlo ba sechaba, ba buellang litokelo tsa botho, kapa ka seo ba se finyeletseng khoebong, saenseng, litabeng tsa bongaka kapa mesebetsing e meng. Leha ho le joalo, uena u ka rata ho hopoloa ka eng?

Seroki sa Scotland Robert Burns (1759-96) se ile sa hlalosa takatso ea sona ea hore e se eka matla a itseng a ka re fa mpho ea ho italima kamoo ba bang ba re talimang kateng. Na u ka itlhahloba ka tsela e se nang leeme ’me ua bolela hore u na le botumo bo botle ho batho ba bang le ho Molimo? Qetellong, likamano tsa rōna le batho ba bang ka sebele ke tsa bohlokoa ho feta ntho leha e le efe eo re ka e finyellang ka nakoana lipapaling le khoebong. Kahoo, potso ke hore: Litšebelisano tsa rōna le batho ba bang—meqoqo ea rōna, mekhoa ea rōna, maikutlo ao re a bontšang le haeba re sa bue ka molomo—li ba ama joang? Na ba re nka re le ba atamelehang kapa ba itšehlang thajana? Re le ba mosa kapa ba pelo li mpe? Ba tenyetsehang kapa ba tsitlellang maikutlo a rōna? Re le ba mofuthu le ba nahanelang kapa re le ba se nang botsoalle le ba se nang botho? Re le ba nyahamisang ka ho nyatsa-nyatsa kapa re le ba fanang ka likeletso tse hahang? A re ke re hlahlobeng mehlala e meng ea nakong e fetileng le ea mehleng ena re bone hore na re ka ithuta’ng.

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Robert Burns o ile a lakatsa eka matla a itseng a ka re fa mpho ea ho italima kamoo ba bang ba re talimang kateng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

From the book A History of England

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela