Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 10/1 maq. 4-7
  • Liqeto Tse Etsang Hore Motho a Thabe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liqeto Tse Etsang Hore Motho a Thabe
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsela eo re Lokelang ho Tšoara ba Bang ka Eona
  • Liqeto Tse Susumetsoang ke ho Rata ba Bang
  • Liqeto Tse Susumetsoang ke ho Rata Molimo
  • Etsa Liqeto Tse Bohlale Nakong ea Bocha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Na ba Tla Sebeletsa Molimo ha ba se ba Holile?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Re Lokela ho Sebelisa Bolokolohi ba Rōna ba ho Khetha Joang?
    Tsoha!—2003
  • “U Rate Moahelani oa Hao Joalokaha U Ithata”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 10/1 maq. 4-7

Liqeto Tse Etsang Hore Motho a Thabe

“KEA ikoahlaea!” U buile seo ka makhetlo a mangata hakae? Kaofela ha rōna re batla ho etsa liqeto tseo re ke keng ra ikoahlaea ka lebaka la tsona, haholo-holo haeba liqeto tseo li ama tsela eo re phelang ka eona. Ebe joale, re ka etsa liqeto tse ka etsang hore re thabe ka tsela efe?

Taba ea pele, melao e re tataisang bophelong e lokela ho ba e ka tšeptjoang e le kannete. Na ho na le melao e joalo? Batho ba bangata ba nahana hore ha e eo. Ho latela phuputso e entsoeng United States, liithuti tse 75 ho tse lekholo tse etsang selemo sa ho qetela k’holejeng, li lumela hore ha ho na ntho eo ho ka thoeng e fosahetse kapa e nepahetse le hore taba ea botle le bobe e fapana ho ea ka “ho pharalla ha lintho tseo batho ba lumelang hore li nepahetse le setso sa bona.”

Na ruri ke ntho e utloahalang ho nahana hore taba ea hore na motho o lokela ho itšoara joang e itsoela ho motho ka mong kapa e itšetlehile ka hore na bongata ba batho bo nahana joang? Ha ho joalo. Haeba batho ba ne ba lokolohile ho iketsetsa borata, e ne e tla ba pherekano feela. Ke mang ea neng a ka rata ho phela moo ho se nang melao, moo ho se nang makhotla le moo ho se nang mapolesa? Ntle ho moo, hase kamehla maikutlo a motho e leng tataiso e ka tšeptjoang. Re ka ’na ra etsa ntho eo re lumelang hore e nepahetse, empa hamorao ra fumana hore re ne re fositse. Ruri histori eohle ea motho e supa hore molao-motheo ona oa Bibele ke ’nete: “Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.” (Jeremia 10:23) Joale re ka tataisoa ke eng ha re etsa liqeto tsa bohlokoa bophelong?

Ka bohlale ’musi e mocha eo ho builoeng ka eena sehloohong se fetileng o ile a ea ho Jesu. Joalokaha re bone, ha Jesu a araba potso ea mohlankana eo, o ile a leba Molaong oa Molimo. Jesu o ne a hlokomela hore Jehova Molimo ke Mohloli o ka sehloohong oa tsebo le bohlale le hore O tseba hore na ke sefe se molemong oa libōpuoa tsa Hae. Ka lebaka leo, Jesu o ile a re: “Seo ke se rutang hase sa ka, empa ke sa ea nthomileng.” (Johanne 7:16) Ka sebele, Lentsoe la Molimo ke mohloli o ka tšepeloang ho re fa tataiso e tla re thusa hore re etse liqeto tse bohlale bophelong. A re hlahlobeng melao-motheo e ’maloa e fumanoang Lentsoeng la Molimo eo haeba re e sebelisa e ka etsang hore re thabe.

Tsela eo re Lokelang ho Tšoara ba Bang ka Eona

Thutong ea hae e tsebahalang ea Thabeng, Jesu o ile a ruta ka molao-motheo o ka re thusang ho etsa liqeto tse bohlale ha re sebelisana le batho ba bang. O ile a re: “Ka hona, lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.”—Matheu 7:12.

Batho ba bang ba ’nile ba sebelisa poleloana e tšoanang ho bontša hore na batho ba lokela ho qoba ho etsa’ng ho e-na le hore na ke sefe seo ba lokelang ho se etsa, ba re: “Le se ke la etsa ba bang lintho tseo le ke keng la rata hore ba le etse tsona.” Ho bontša phapang pakeng tsa molao o bontšang hore na batho ba lokela ho tšoara ba bang joang le o bontšang hore na ke sefe seo batho ba lokelang ho qoba ho se etsa ba bang, nahana ka papiso ea Jesu ea Mosamaria ea nang le moea oa boahelani. Mojuda o ne a ile a khakhathoa ’me a siuoa ’mileng a le makhatheng a lefu. Moprista le Molevi ba ile ba mo bona empa ba mo feta feela. Kaha ha baa ka ba etsa letho le mpefatsang mahlomola a monna eo, ho ka boleloa hore ba sebelisitse molao ona o bontšang hore na ke sefe seo batho ba lokelang ho qoba ho se etsa ba bang. Mosamaria ea neng a feta ka tsela eena o ile a etsa se fapaneng, o ile a ema eaba oa mo thusa. O ile a mo tlamisa maqeba eaba o mo isa ntlong ea baeti. O ile a etsetsa monna eo seo le eena a neng a ka rata hore a se etsetsoe. O ile a tšoara monna eo ka tsela eo le eena a neng a ka rata ho tšoaroa ka eona—’me a etsa qeto e nepahetseng.—Luka 10:30-37.

Ho na le litsela tse ngata tseo ka tsona re ka sebelisang molao ona oa boitšoaro eaba re khola litholoana tse thabisang. Ha re re ho ba le lelapa le fallelang moo u lulang. Ke hobane’ng ha u sa ithaopele ho kopana le litho tsa lelapa leo le ho li amohela sebakeng sa heno? Mohlomong u ka ba thusa ho tloaela sebaka le ho araba lipotso tsa bona esita le ho ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang. Ha u itloaetsa baahelani ba hao ba bacha, u tla iketsetsa botsoalle le bona. U tla boela u khotsofale hobane u tla be u tseba hore u entse se khahlisang Molimo. Na eo hase qeto e bohlale?

Liqeto Tse Susumetsoang ke ho Rata ba Bang

Ho phaella tabeng ea ho tšoara ba bang ka tsela eo re ratang hore ba re tšoare ka eona, Jesu o ile a fana ka tataiso e ’ngoe e ka u thusang hore u etse liqeto tse bohlale. Ha a ne a botsoa hore na taelo e khōlō ka ho fetisisa ke efe Molaong oa Moshe, Jesu o ile a araba tjena: “‘U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.’ Ena ke eona taelo e khōlō le ea pele. Ea bobeli, e joaloka eona, ke ena, ‘U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.’ Litaelong tsena tse peli ho itšetlehile Molao oohle, le Baprofeta.”—Matheu 22:36-40.

Bosiung ba pele ho lefu la hae, Jesu o ile a fa barutuoa ba hae “taelo e ncha” ea hore ba ratane. (Johanne 13:34) Ke hobane’ng ha a ile a re taelo eo e ncha? Ha e le hantle, na o ne a se ntse a sa ba bolella hore ho rata moahelani e ne e le e ’ngoe ea litaelo tse peli tseo Molao o neng o itšetlehile ka tsona? Tlas’a Molao oa Moshe, Baiseraele ba ile ba laeloa: “U rate oa heno joalokaha u ithata.” (Levitike 19:18) Leha ho le joalo, joale Jesu o laela barutuoa ba hae hore ba etse se fetang seo. Bosiung bona boo, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hore o ne a le lekhatheng la ho nehelana ka bophelo ba hae molemong oa bona. Joale o ile a re ho bona: “Ena ke taelo ea ka, hore le ratane feela joalokaha ke le ratile. Ha ho ea nang le lerato le leholo ho lena, hore motho a nehelane ka moea oa hae molemong oa metsoalle ea hae.” (Johanne 15:12, 13) Ka sebele, taelo ena e ne e le ncha ka lebaka la hore e ne e hloka hore motho a behe lintho tseo batho ba bang ba li hlokang ka pele ho tse hlokoang ke eena.

Ho na le litsela tse ngata tseo ka tsona re ka bontšang lerato le se nang boithati, ka hore re se ke ra shebana feela le lintho tse hlokoang ke rōna. Ho tea mohlala, ha re re u ne u lula foleteng ’me u ne u batla ho mamela ’mino ka molumo o neng o tla u hlasimolla empa molumo oo o khopisa moahelani oa hao. Na u ne u tla ikemisetsa ho fokotsa thabo ea hao e le hore moahelani oa hao a se ke a tšoenyeha? Ka mantsoe a mang, na u ne u tla beha boiketlo ba moahelani oa hao ka pele ho ba hao?

Nahana ka boemo bo bong. Letsatsing la mariha leo ho neng ho bata ho bile ho khetheha lehloa Canada, monna-moholo e mong o ile a eteloa ke Lipaki Tsa Jehova tse peli. Ha ba ntse ba buisana, monna-moholo eo o ile a bolela hore o na le bothata ba pelo bo mo sitisang ho tlosa lehloa le neng le bokellane ka pel’a ntlo ea hae. Ka mor’a nako e etsang hora, o ile a utloa lerata la ho khirila ka ntle. Lipaki tsane tse peli li ne li khutlile ho tla khirila lehloa le neng le le tseleng le litepising tse lebang monyako. Lengolong leo a le ngoletseng lekala la Canada la Lipaki Tsa Jehova, o ile a re: “Kajeno, ke iponetse lerato la ’nete la Bokreste ka mahlo. Sena se nkhothalitse ’me sa etsa hore ke se ke ka hlola ke felloa ke tšepo ka lefatše la kajeno. Se boetse se matlafalitse tlhompho eo ke neng ke se ntse ke e-na le eona mosebetsing oa lōna o etsoang lefatšeng lohle.” Ka sebele, ho etsa qeto ea ho thusa batho ba bang ho sa tsotellehe hore na ho ka bonahala e le ntho e nyenyane hakae, ho ka thabisa ba bang. Ke ntho e thabisang hakaakang ho etsa liqeto tse bontšang boitelo joalo!

Liqeto Tse Susumetsoang ke ho Rata Molimo

Ntho e ’ngoe eo re lokelang ho e ela hloko ha re etsa liqeto ke seo Jesu a itseng ke molao o moholo ka ho fetisisa—oa hore re rate Molimo. Jesu o ne a bua le Bajuda bao sechaba sa bona e neng e se ntse e le batho ba inehetseng ho Jehova. Ho ntse ho le joalo, Baiseraele ka bomong ba ne ba ntse ba lokela ho etsa qeto ea hore na ba tla sebeletsa Molimo ka moea oohle ba be ba mo rate ka lipelo tsa bona tsohle kapa che.—Deuteronoma 30:15, 16.

Ka tsela e tšoanang, liqeto tseo u li etsang lia bontša hore na u ikutloa joang ka Molimo. Ho tea mohlala, le uena ha u ntse u ananela bohlokoa ba thuso ea Bibele, u lokela ho etsa qeto. Na u tla ikemisetsa ho etsa lenaneo la ho ithuta Bibele ka sepheo sa ho ba molateli oa Jesu? Haeba u etsa qeto ea ho etsa joalo ruri u tla thaba hobane Jesu o ile a re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.”—Matheu 5:3.

Ha re tsebe hore na ’musi eo e mocha o ile a ikoahlaela qeto eo a e entseng. Leha ho le joalo, rea tseba hore na moapostola Petrose o ile a ikutloa joang ka mor’a ho latela Jesu Kreste ka lilemo tse ngata. Hoo e ka bang ka 64 C.E., ha Petrose a ne a se a atamela lefu, o ile a khothatsa balumeli-’moho le eena tjena: “Le etse sohle se matleng a lōna hore qetellong [Molimo] a le fumane le se na letheba ebile le se na sekoli ’me le le khotsong.” (2 Petrose 1:14; 3:14) Ho totobetse hore Petrose ha aa ka a ikoahlaela qeto eo a ileng a e etsa lilemo tse 30 pejana, ’me o ile a khothalletsa ba bang hore ba se ke be ba koenehela qeto eo ba neng ba e entse.

Ho mamela keletso ea Petrose ho bolela ho amohela boikarabelo ba ho ba morutuoa oa Jesu le ho mamela melao ea Molimo. (Luka 9:23; 1 Johanne 5:3) Sena se ka ’na sa bonahala se le boima, empa Jesu o re fa tšepiso ena e khothatsang: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla. Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela meea ea lōna khatholoho. Etsoe joko ea ka e mosa le mojaro oa ka o bobebe.”—Matheu 11:28-30.

Nahana ka se etsahetseng ho Arthur. Ha a le lilemo li leshome, o ile a qala ho ithuta ho letsa violin ka sepheo sa hore e tle e be oona mosebetsi oa hae. Ha a le lilemo li 14, o ne a se a tsoetse pele hoo a neng a se a letsa violin likonsareteng. Leha ho le joalo, o ne a ntse a sa thaba. Ntate oa hae o ne a lula a ipotsa hore na morero oa bophelo ke ofe, ’me o ne a ee a memele baruti lapeng ha hae; empa ho ne ho se mohla likarabo tsa bona li mo khotsofatsang. E le lelapa, ba ile ba buisana ka hore na ehlile Molimo o teng le hore na ke hobane’ng ha a lumella bobe. Joale ntate oa Arthur o ile a qala ho qoqa le Lipaki Tsa Jehova. Ntate oa Arthur o ile a thabela moqoqo oo hoo lelapa la hae lohle le bileng la qala ho rutoa Bibele.

Ha nako e ntse e e-ea, Arthur o ile a qala ho utloisisa hore na ho ea ka Mangolo, ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse ho utloa bohloko a ba a bona ka ho hlaka hore na morero oa bophelo ke ofe. Eena hammoho le litho tsa lelapa labo tse tharo ba ile ba etsa qeto eo a sa ikoahlaeleng eona. O ile a nehela bophelo ba hae ho Jehova. “Ke thabile haholo hore ebe Jehova o ntlhohonolofalitse ka tsebo ea ’nete ebile o nkinotse har’a bora bo renang har’a libini tse iphelisang ka ’mino. Batho ba ka etsa ntho efe kapa efe hore ba atlehe.”

Arthur o ntse a rata ho letsa violin ho thabisa metsoalle ea hae, empa bophelo ba hae ha bo laoloe ke eona. Ho e-na le hoo, ntho e ka sehloohong bophelong ba hae ke ho etsa thato ea Molimo. O sebetsa ho le leng la makala a Lipaki Tsa Jehova. Ho fapana le ’musi e mocha ea ruileng, u ka etsisa Arthur le ba bang ba limilione, ua etsa qeto e tla u thabisa ka ho fetisisa—e leng ho amohela memo ea Jesu ea hore u be molateli oa hae.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Qeto eo u e etsang e ka tlisa phetoho bophelong ba batho ba bang

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Na u tla ithuta Bibele ’me u be molateli oa Jesu?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela