Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Likarolong tse ngata tsa lefatše, ho tloaelehile hore ho fanoe ka limpho tsa lechato. Ke melao-motheo efe ea Mangolo eo re lokelang ho nahana ka eona ha re fana kapa re amohela limpho tse joalo?
Bibele ea lumela hore ho ka fanoa ka limpho ha li fanoa ka boikutlo bo nepahetseng ’me e le liketsahalong tse loketseng. Tabeng ea ho fana, Bibele e khothalletsa Bakreste ba ’nete hore ba etsise Jehova, Mofani oa bona ea seatla se bulehileng. (Jakobo 1:17) Moapostola Pauluse o ile a phehella Bakreste-’moho le eena tjena: “Le se ke la lebala ho etsa se molemo le ho arolelana lintho le ba bang, kaha Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo.” Kahoo, Bakreste ba khothalletsoa hore ba be seatla se bulehileng.—Baheberu 13:16; Luka 6:38.
Ho thoe’ng ka ho sebelisa buka e nang le lethathamo la limpho tse batloang ke banyalani e fumanehang lebenkeleng le itseng, e leng mokhoa o tloaelehileng United States? Engelane, e bitsoa lethathamo la limpho tsa lechato. Ka ho tloaelehileng, batho ba babeli ba lebeletseng ho nyalana haufinyane ba ngolisa lebenkeleng ka ho sheba thepa e lebenkeleng leo, ebe joale ba etsa lethathamo la lintho tseo ba ka ratang ho li fuoa e le limpho. Ho bolelloa beng ka bona le metsoalle hore na ke lebenkele lefe le loketseng leo ba lokelang ho ea ho lona ho reka ntho e hlahang lethathamong la batho bao ba lebeletseng ho nyalana. Bonneteng, ho ba le lethathamo la limpho ho etsa hore motho ea batlang ho fana a se ke a senya nako e ngata a batla mpho, ’me ho fokoletsa ba fuoang limpho mosebetsi oa ho khutlisetsa limpho tseo ba sa li batleng lebenkeleng.
Batho ba babeli ba tlang ho nyalana ke bona ba tla iketsetsa qeto ea hore na ba lakatsa ho sebelisa lethathamo la limpho kapa che. Leha ho le joalo, Mokreste o lokela ho ba seli hore a qobe mekhoa leha e le efe e ka ’nang ea tlōla melao-motheo ea Bibele. Ka mohlala, ho thoe’ng haeba batho ba babeli ba lebeletsaneng ba ka etsa lethathamo la lintho tse turang haholo? Boemong bo joalo, ba haelloang ke chelete ba ka ’na ba se ke ba khona ho fana ka mpho, kapa ba ka ikutloa hore ho ka ba molemo hore ba hane memo ea ho ea lechatong e le hore ba se ke ba hlajoa ke lihlong tsa ho tlisa mpho e chipi. Mosali e mong oa Mokreste o ile a ngola, a re: “Ntho ena ea ho fana ka limpho tsa lechato e se e fetoha moroalo. Ke lekile ho ba seatla se bulehileng, empa morao tjena thabo eohle eo ke neng ke e-ba le eona ha ke fana, e felile.” E ne e tla ba ho soabisang hakaakang haeba lechato le ne le ka etsa hore ba bang ba ikutloe ba nyahame!
Ka sebele, ba fanang ka limpho ha baa lokela ho etsoa hore ba ikutloe ba tlameha ho reka mpho ea bona lebenkeleng le itseng kapa e be ea theko e itseng hore e amohelehe. Etsoe, Jesu Kreste o ile a bontša hore se leng bohlokoa ka ho fetisisa mahlong a Molimo ke boikutlo ba pelo ba ea fanang ka mpho, eseng hore na mpho eo ke ea bokae. (Luka 21:1-4) Ka ho tšoanang, ha moapostola Pauluse a ngola ka limpho tsa mohau ho ba hlokang, o ile a re: “E mong le e mong a ke a etse feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae, eseng ka lekhonono kapa ka ho qobelloa, kaha Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.”—2 Bakorinthe 9:7.
Ho ea ka Bibele, ha ho letho le phoso ka ho bolela hore ke uena ea faneng ka mpho, mohlomong ka ho kenyelletsa molaetsa o ngotsoeng o tsamaeang le mpho eo. Leha ho le joalo, libakeng tse ling ho tloaelehile ho bolella bohle ba teng hore na mpho e tsoa ho mang. Tloaelo ena e ka baka mathata. Ba fanang ka mpho ba ka ’na ba batla hore ba se tsejoe e le ho qoba hore batho ba lebise tlhokomelo e sa hlokahaleng ho bona. Batho ba joalo ba sebelisa molao-motheo o fumanoang ho Matheu 6:3, moo Jesu a reng: “Empa uena, ha u etsa limpho tsa mohau, u se ke ua lumella letsoho la hao le letšehali hore le tsebe seo le letona le se etsang.” Ba bang ba ka ’na ba ikutloa hore ho fana ka limpho ke taba ea botho e lokelang ho ba pakeng tsa motho ea fanang le ea fuoang. Ho feta moo, ho bolela hore na ke bo-mang ba faneng ka limpho ho ka etsa hore ho bapisoe limpho, ha ‘hlohlelletsa tlholisano.’ (Bagalata 5:26) Ka sebele Bakreste ba lokela ho qoba ho etsa hore ho be le ea ikutloang a sa lokoloha kapa a le lihlong ka ho phatlalatsa mabitso a ba faneng ka limpho.—1 Petrose 3:8.
E, ka ho sebelisa melao-motheo e fumanoang Lentsoeng la Molimo, ho fana ka limpho e tla ba ho thabisang ka linako tsohle.—Liketso 20:35.