Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 10/15 maq. 28-31
  • Jakobo o ne a Ananela Litekanyetso Tsa Moea

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jakobo o ne a Ananela Litekanyetso Tsa Moea
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O ne a Fapane Haholo le Mor’abo
  • O Amoheloa ke Labane
  • Jehova o Ile a mo Ruisa
  • Na U Ikemiselitse ho Loana?
  • Jakobo o ea Harane
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Jakobo le Esau ba Bopa Khotso
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lelapa le Leholo la Jakobo
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Barali ba Motho ba Mahlomoleng “ba Hahileng Ntlo ea Iseraele”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 10/15 maq. 28-31

Jakobo o ne a Ananela Litekanyetso Tsa Moea

JAKOBO bophelong ba hae e ne e le motho ea ikitlaetsang le ea hlaheloang ke mahlomola. E le hore a pholose bophelo ba hae, Jakobo o ile a tlameha ho baleha hobane lefahla-’moho le eena le ne le halefile hoo le neng le batla ho mo bolaea. Ho e-na le hore a nyale ngoanana eo a mo ratang, o ile a qhekelloa hore a nyale e mong pele ’me a qetella a e-na le basali ba bane le mathata a mangata a ileng a hlaha ka lebaka leo. (Genese 30:1-13) Ka lilemo tse 20 o ile a sebeletsa monna ea ileng a mo sotla. O ile a betana le lengeloi eaba o lemalla ruri. Morali oa hae o ile a betoa, bara ba hae ba hlohlelletsa hore batho ba bolaoe ka sehlōhō, a ba a lla ka lebaka la ho lahleheloa ka sehlōhō ke mora le mosali oa hae ba ratoang. Ha a se a tsofetse, o ile a tlameha ho falla e le hore a balehele tlala, oa lumela hore matsatsi a hae “e bile a seng makae le a bakang mahlomola.” (Genese 47:9) Ho sa tsotellehe lintho tsena tsohle, Jakobo e ne e le monna oa moea ea tšepang Molimo. Na o ne a behile tumelo ea hae nthong ea lefeela? Re ka ithuta eng ka ho hlahloba liphihlelo tse seng kae tsa Jakobo?

O ne a Fapane Haholo le Mor’abo

Lebaka le neng le etsa hore a se ke a utloana le mor’abo ke hore Jakobo o ne a nka lintho tsa moea e le tsa bohlokoa, ha Esau eena a ne a li nyelisa. Jakobo o ne a thahasella tšepiso ea selekane se neng se entsoe le Abrahama ’me o ile a ikitlaelletsa ho hlokomela lelapa leo Molimo a neng a le khethile ho ba la majalefa. Kahoo, Jehova o ile a mo ‘rata.’ Jakobo e ne e le “ea sa tšoauoeng phoso,” e leng lentsoe le bolelang boitšoaro bo khabane. Ho fapana le moo, Esau o ne a sa tsotelle lefa la hae la moea hoo a ileng a le rekisetsa Jakobo ka ntho e fokolang haholo. Ha Jakobo a batla tokelo ea hae ka tumello ea Molimo, ’me a fumana tlhohonolofatso eo qalong e neng e le ea mor’abo, Esau o ile a loloma ke bohale ha a batla ho iphetetsa. Jakobo o ile a siea sohle seo a neng a se rata, empa se ileng sa latela ka sebele se ile sa mo hlasimolla.—Malakia 1:2, 3; Genese 25:27-34; 27:1-45.

Ka toro Molimo o ile a bontša Jakobo mangeloi a nyolosang a theosa lereng, kapa litepising tse eang holimo tsa majoe, pakeng tsa leholimo le lefatše ’me a bolela hore o ne a tla sireletsa Jakobo le peō ea hae. “Ka sebele malapa ’ohle a lefatše a tla itlhohonolofatsa ka uena le ka peō ea hao. Bona! ke na le uena ’me ke tla u boloka tseleng eohle eo u tsamaeang ka eona ’me ke tla u khutlisetsa naheng ena, hobane nke ke ka u tlohela ho fihlela ke phethile seo ke se buileng ho uena.”—Genese 28:10-15.

See se khothatsa hakaakang! Jehova o ile a tiisa hore litšepiso tse etselitsoeng Abrahama le Isaka li ne li tla matlafatsa lelapa la Jakobo moeeng. Ho ile ha etsoa hore Jakobo a hlokomele hore mangeloi a ka sebeletsa bao Molimo a ba amohelang ’me o ile a tiisetsoa hore Molimo o tla mo sireletsa. Ha Jakobo a leboha, o ile a etsa kano ea hore o tla tšepahala ho Jehova.—Genese 28:16-22.

Jakobo ha aa ka a amoha Esau lefa la hae. Pele bashemane bana ba hlaha, Jehova o ile a bolela hore “e moholo o tla sebeletsa e monyenyane.” (Genese 25:23) Motho e mong a ka ’na a botsa: ‘Na ho ka be ho sa ka ha e-ba bonolo haeba Molimo a ne a ile a etsa hore Jakobo a hlahe pele?’ Se ileng sa latela se ile sa ruta linnete tsa bohlokoa. Ha ho na litlhohonolofatso tseo Molimo a li bolokelang batho ba nahanang hore ba na le tokelo ea ho li fumana, empa o bontša mosa o sa tšoanelang ho bao a khethang ho ba fa tsona. Kahoo, tokelo ea tsoalo e ile ea ea ho Jakobo, eseng ho moholoane oa hae, ea neng a sa e ananele. Ka ho tšoanang, kahobane Bajuda ba tlhaho e le sechaba ba ile ba bontša boikutlo bo tšoanang le ba Esau, ba ile ba nkeloa sebaka ke Iseraele ea moea. (Baroma 9:6-16, 24) Kajeno ho ba le likamano tse ntle le Jehova ha ho mohla ho tlang e le lefa leo motho a le fumanang ntle ho boiteko, esita le haeba a tsoaletsoe lelapeng kapa tikolohong ea batho ba tšabang Molimo. Bohle ba lakatsang ho fumana litlhohonolofatso tsa Molimo, ba lokela ho loanela ho bontša hore ba tšaba Molimo, ba ananele lintho tsa moea e le kannete.

O Amoheloa ke Labane

Ha Jakobo a fihla Padane-arame ho ea batla mosali har’a beng ka eena, o ile a kopana le motsoala’e Ragele, morali oa Labane, selibeng, eaba o tlosa lejoe le boima le neng le se koahetse hore a noese liphoofolo tseo Ragele a neng a li alositse.a Ragele o ile a mathela lapeng ho ea bolela hore Jakobo o teng, eaba Labane o potlakela ho ea kopana le eena. Haeba Labane a ne a hopotse maruo ao lelapa labo le ileng la a fumana ho mohlanka oa Abrahama, o ne a ithetsitse, hobane Jakobo o ne a itlhophere. Empa kamoo ho bonahalang kateng Labane o ile a bona mosebetsi ea mahlahahlaha eo a neng a ka mo qhekella.—Genese 28:1-5; 29:1-14.

Jakobo o ile a teka taba ea hae. Ha hoa hlaka hore na o ile a bolela leqheka le sebelisitsoeng ho fumana tokelo ea tsoalo, empa ka mor’a ho utloa “lintho tsena tsohle,” Labane o ile a re: “Ruri u lesapo la ka le nama ea ka.” Setsebi se seng se itse poleloana ena e ka utloisisoa e le memo e mofuthu ea hore Jakobo a lule kapa eo ka eona Labane a neng a amohela hore o tlameha ho mo sireletsa ka lebaka la hore ke oa habo. Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, kapelenyana Labane o ile a nahana kamoo a neng a ka qhekella mochana oa hae kateng.

Labane o ile a akhela seo e neng e tla ba lesapo le neng le tla tsekoa ka lilemo tse latelang tse 20. O ile a botsa: “Na u tla ntšebeletsa mahala, u le mor’eso? Mpolelle, Moputso oa hao e tla ba eng?” Le hoja Labane a ile a iketsa eka ke malome ea molemo, o ile a fetola kamano ea hae le Jakobo e le hore ba etse tumellano ea hore a mo sebeletse. Kaha Jakobo o ne a rata Ragele, o ile a araba a re: “Ke ikemiselitse ho u sebeletsa ka lilemo tse supileng bakeng sa morali oa hao e monyenyane Ragele.”—Genese 29:15-20.

Tšepisano ea lenyalo e ne e tiisoa ka hore ho lefuoe bohali ho ba habo moroetsana. Hamorao Molao oa Moshe o ile oa beha sekepele sa lishekele tse 50 tsa silevera e le tefello bakeng sa baroetsana ba ileng ba ekoa. Gordon Wenham oa setsebi o lumela hore bona e ne e le “bohali bo phahameng ka ho fetisisa” empa hangata bo ne bo e-ba “ka tlaase haholo” ho moo. (Deuteronoma 22:28, 29) Jakobo o ne a ke ke a khona ho bo lefa. O ile a ithaopela ho sebeletsa Labane ka lilemo tse supileng. Wenham o tsoela pele ho re: “Kaha basebetsi ba nakoana mehleng ea Babylona ea boholo-holo ba ne ba amohela pakeng tsa halofo ea shekele le shekele e le ’ngoe ka khoeli (ho tloha ho lishekele tse 42 ho ea ho tse 84 ka lilemo tse feletseng tse supileng), Jakobo o ne a ithaopela ho lefa Labane bohali bo bongata haholo bakeng sa ho nyala Ragele.” Labane o ile a lumela kapele.—Genese 29:19.

Lilemo tse supileng li ile tsa tšoana le “matsatsi a seng makae” ho Jakobo, hobane o ne a rata Ragele haholo. Ka mor’a moo, o ile a nka monyaluoa oa hae ea koahetsoeng ka lesira, ho hang a sa belaele hore Labane o ne a mo etsetsa bolotsana. Ak’u inahanele feela kamoo a ileng a nyaroha kateng hoseng ha a fumana hore o ne a sa robala le Ragele, empa o ne a robetse le moholoane oa hae Lea! Jakobo o ile a botsa ka matla: “Ke eng ena eo u nkentseng eona? Na ha kea u sebeletsa bakeng sa Ragele? Kahoo ke hobane’ng ha u nqhekeletse?” Labane o ile a araba a re: “Ha hoa tloaeleha ho etsa ka tsela ena sebakeng sa habo rōna, ho fana ka ngoanana e monyenyane pele ho oa letsibolo. Keteka ka ho feletseng beke ea ngoanana enoa. Ka mor’a moo u tla fuoa le ngoanana enoa e mong bakeng sa tšebeletso eo u tla ntšebeletsa ka eona ka lilemo tse ling tse supileng.” (Genese 29:20-27) A sa tsebe hore na a ka re’ng, a bile a tšoasitsoe ke leraba, ho ne ho se letho leo Jakobo a neng a ka le etsa haese ho amohela maemo ao haeba a ne a batla Ragele.

Ho fapana le lilemo tsa pele tse supileng, lilemo tse latelang tse supileng li bile bosula. Jakobo o ne a ka iphapanyetsa leqheka le khopo la Labane joang? Hona ho thoe’ng ka Lea ea ileng a kopanela ho lona? Ho hlakile hore Labane ho hang o ne a sa natse hore na o etsetsa Lea le Ragele bokamoso bo likhathatso hakae. O ne a inahanetse ka lithahasello tsa hae feela. Ho hlonama ha Ragele ho ile ha tsoala mōna ha Lea a hlahlamanya bara ba bane kapele, empa eena e ntse e le nyopa. Kaha Ragele o ne a se a batla bana kahohle-hohle, o ile a bona ho hlokahala hore a fane ka lekhabunyane la hae hore le mo tsoalle bana, ’me Lea ka lebaka la moea oa tlhōlisano, o ile a etsa se tšoanang. Jakobo o ile a iphumana a e-na le basali ba 4, bana ba 12 le lelapa le sa thabang ho hang. Leha ho le joalo, Jehova o ne a etsa Jakobo sechaba se seholo.—Genese 29:28–30:24.

Jehova o Ile a mo Ruisa

Ho sa tsotellehe liteko, Jakobo o ile a bona hore Molimo o ne a e-na le eena joalokaha a ne a tšepisitse hore o tla ba le eena. Labane le eena o ile a bona sena, hobane liphoofolo tse seng kae tseo a neng a e-na le tsona ha Jakobo a fihla li ile tsa eketseha ha li hlokomeloa ke mochana oa hae. Labane o ne a le leqe ho tlohela Jakobo hore a tsamaee, ka lebaka leo, o ile a re a bolele moputso oo a o batlang bakeng sa ha a boetse a mo sebeletsa, ’me Jakobo o ile a kōpa hore a fuoe liphoofolo tse mebala e sa tloaelehang tse tsoetsoeng ke mehlape ea Labane. Ho boleloa hore tikolohong eo, ka kakaretso linku li ne li le tšoeu ’me lipōli li le ntšo kapa li le kotsoana; e ne e le tse seng kae feela tse mebala-bala. Kahoo, kaha Labane o ne a nahana hore moputso oo a tla o lefa Jakobo hase letho, o ile a lumela habonolo ’me ka potlako a tlosa liphoofolo tsohle tsa hae tse mebala e sa tloaelehang a li isa hōle e le hore li se ke tsa kopana le mehlape e neng e setse e hlokometsoe ke Jakobo. Ho hlakile hore o ne a lumela hore Jakobo o ne a ke ke a fumana molemo o moholo tumellanong ea bona, a lumela hore ka sebele o ne a ke ke a fumana moputso oa karolo ea 20 lekholong oa lipotsanyane le likonyana oo balisa ba boholo-holo ba neng ba atisa ho o fumana. Empa Labane o ne a fositse hobane Jehova o ne a e-na le Jakobo.—Genese 30:25-36.

Ka tataiso ea Molimo, Jakobo o ile a hlahisa liphoofolo tse shahlileng tsa ’mala eo a e batlang. (Genese 30:37-42) Leano la hae la ho tsoalisa liphoofolo le ne le sa nepahala. Leha ho le joalo, setsebi se bitsoang Nahum Sarna se hlalosa hore “ho ea ka saense, se batlehang se ne se ka finyelloa ka ho kopanya ka katleho . . . liphoofolo tsa ’mala o le mong tse nang le liphatsa tse ipatileng tsa lefutso tsa liphoofolo tse mebala-bala,” ’me “liphoofolo tse joalo li lemohuoa ka bokhoni ba [tsona] ba ho tsoala liphoofolo tse shahlileng ho li feta.”

Ha Labane a bona liphello, o ile a leka ho fetola tumellano e mabapi le liphoofolo tsa mochana oa hae—e leng tse mechato, tse matheba, tse mebala-bala, kapa tse thobosha. O ne a ipatlela phaello, empa ho sa tsotellehe hore na Labane o ile a fetola tumellano hakae, Jehova o ile a etsa bonnete ba hore kamehla Jakobo oa atleha. Ho ne ho se letho leo Labane a ka le etsang haese feela ho halefa. Kapele feela Jakobo o ile a bokella leruo le leholo, mehlape, bahlanka, likamele, litonki, eseng ka lebaka la bohlale ba hae empa e le ka thuso ea Jehova. Hamorao o ile a hlalosetsa Ragele le Lea a re: “Ntat’a lōna o nkentse ka mano ’me o fetotse moputso oa ka ka makhetlo a leshome, empa Molimo ha aa ka a mo lumella ho nketsa hampe. . . . Molimo o ’nile a nka mohlape oa ntat’a lōna ’me a mpha oona.” Hape Jehova o ile a tiisetsa Jakobo hore O bone sohle seo Labane a ntseng a se etsa empa hore Jakobo o ne a sa lokela ho tšoenyeha. Molimo o ile a re: “Khutlela naheng ea heno le ho beng ka uena ’me ke tla sebetsana hantle le uena.”—Genese 31:1-13; 32:9.

Qetellong ka mor’a ho itokolla ho Labane oa molotsana Jakobo o ile a leba ha habo. Le hoja ho ne ho fetile lilemo tse 20 o ne a ntse a tšaba Esau, haholo-holo ha a utloa hore Esau o tla le banna ba makholo a mane. Ebe Jakobo o ne a ka etsa eng? Kaha kamehla e ne e le motho oa moea ea tšepang Molimo, o ile a sebelisa tumelo. O ile a rapela, a lumela hore o ne a sa tšoaneloe ke mosa oa Jehova ’me a ipiletsa ho Molimo motheong oa litšepiso tsa Hae hore eena le lelapa la hae ba lopolloe letsohong la Esau.—Genese 32:2-12.

Eaba ho etsahala ntho e sa lebelloang. Motho e mong ea sa tsejoeng, eo ho ileng ha bonahala hore ke lengeloi, o ile a betana le Jakobo bosiu, ’me ka ho mo ama hanngoe feela o ile a nonyetsa lenonyello la Jakobo la serope. Jakobo o ile a hana ho tlohela lengeloi leo pele le mo hlohonolofatsa. Hamorao moprofeta Hosea o itse Jakobo o ile “a lla, e le hore a ka ikōpela mohau.” (Hosea 12:2-4; Genese 32: 24-29) Jakobo o ne a tseba hore ho bonahala ha mangeloi nakong e fetileng ho ne ho amana le ho phethahala ha selekane sa Abrahama ka peō ea hae. Kahoo, o ile a ikitlaetsa ntoeng e matla eaba oa hlohonolofatsoa. Nakong ena, Molimo o ile a fetola lebitso la hae hore e be Iseraele, le bolelang “Ea Loanang (Ea Phehellang) le Molimo,” kapa “Molimo oa Loana.”

Na U Ikemiselitse ho Loana?

Ho loana le lengeloi le ho kopana hape le Esau hase ’ona feela mathata ao Jakobo a neng a lokela ho a hlōla. Leha ho le joalo, liketsahalo tseo ho builoeng ka tsona mona li bontša hore na e ne e le monna oa mofuta ofe. Jakobo o ile a ikitlaetsa bophelong bohle ba hae hore a fumane litlhohonolofatso, hoo a ileng a ba a loana le lengeloi, athe Esau eena o sitiloe ho mamella le tlalanyana feela molemong oa tokelo ea hae ea tsoalo. Joalokaha Molimo a ne a tšepisitse, Jakobo o ile a tataisoa le ho sireletsoa ke Molimo, ea e-ba ntat’a sechaba se seholo le moholo-holo oa Mesia.—Matheu 1:2, 16.

Na u ikemiselitse ho ikitlaelletsa hore u amoheloe ke Jehova, ka mantsoe a mang, u ho loanele? Kajeno bophelo bo tletse mathata le liphephetso bakeng sa ba batlang ho etsa thato ea Molimo, ’me ka linako tse ling ke ntoa hore motho a etse liqeto tse nepahetseng. Leha ho le joalo, mohlala o motle oa Jakobo o re fa tšusumetso e matla ea hore re itšoarelle tšepong ea moputso oo Jehova a re tšepisitseng oona.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho kopana ha bona ho ne ho tšoana le nakong eo ’mè oa Jakobo, Rebeka, a neng a noesa likamele tsa Eliezere. Ka mor’a moo Rebeka o ile a mathela lapeng ho ea bolela hore ho na le motho eo a sa mo tsebeng ea fihlileng. Ha Labane a bona limpho tsa khauta tseo khaitseli ea hae e neng e li filoe, o ile a mathela ho ea khahlanyetsa Eliezere.—Genese 24:28-31, 53.

[Litšoantšo tse leqepheng la 31]

Jakobo o ile a ikitlaetsa bophelong bohle ba hae hore a fumane litlhohonolofatso

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela