“Atamelang ho Molimo, ’me o Tla Atamela ho Lōna”
Pele le ka Morao—Melao-motheo ea Bibele e Ile ea mo Thusa ho Fetoha
ADRIAN o ne a le bohale haholo a bile a le lonya ha e le mocha. Ka lebaka la ho ba pelo e khutšoane, o ne a phasoloha ka bohale. O ne a noa, a tsuba a bile a phela ka boitšoaro bo hlephileng. Adrian e ne e le lephanka le tsebahalang, ’me a e-na le tattoo e bontšang hore o hana puso. Ha a hlalosa lilemo tseo, o re: “Ke ne ke kuta moriri oa ka joaloka maphanka, ke o tlotsa ka superglue, ’me ka linako tse ling ke o tlotsa ka dae e khubelu kapa ea ’mala o mong feela.” Adrian o ne a boetse a iphuntse nkong.
Adrian o ile a thothela ntlong e ’ngoe e sohlokehileng moo a ileng a lula le bacha ba bang ba seng bakae ba marabele. Ba ne ba noa joala ba bile ba tsubela lithethefatsi moo. Ha Adrian a hopola tsa nako eo o re: “Ke ne ke sebelisa sethethefatsi se bitsoang speed ke bile ke ikenta ka Valium le ka ntho leha e le efe eo ke neng ke e fumana. Ha ke ne ke sa fumane lithethefatsi kapa glue, ke ne ke ntša peterole likoloing tsa batho ebe [kea e tsuba] hore ke tahoe.” Kaha Adrian o ne a phela bophelo ba botsotsi, o ne a tšosa a bile a le mabifi haholo. Batho ba bangata ba ne ba sa mo batle. Ka nako e tšoanang botumo ba hae bo ile ba mo bitsetsa metsoalle e mebe.
Butle-butle, Adrian o ile a hlokomela hore “metsoalle” ea hae e ne e tloaelane le eena feela hore e fumane se seng ho eena. Ho feta moo, o ile a phetha ka hore “bohale bohle le mabifi li ne li sa finyella letho.” Ka lebaka la ho se tsebe seo a neng a se phelela a bile a ferekane, o ile a furalla metsoalle ea hae. Ha a ne a thola Molula-Qhooa sebakeng se seng seo ho neng ho hahuoa ho sona, o ile a khahloa ke molaetsa oa oona o thehiloeng Bibeleng, ’me sena se ile sa etsa hore a ithute Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ka cheseho, Adrian o ile a arabela memong e reng: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” (Jakobo 4:8) Ka lebaka leo, kapele Adrian o ile a bona ho hlokahala hore a qale ho sebelisa melao-motheo e fumanoang ka Mangolong a Halalelang.
Hore ebe Adrian o ile a ’na a eketsa tsebo ea Bibele ho bile le phello e ntle letsoalong la hae ’me ha mo thusa ho fetola tsela eo a neng a phela ka eona. O ile a thusoa ho hlōla mokhoa oa hae oa ho ba sefela-peloana ’me a sebeletsa ho ba le boitšoaro. Ka matla a Lentsoe la Molimo, botho ba Adrian bo ile ba fetoha ka ho feletseng.—Baheberu 4:12.
Leha ho le joalo, ke joang Bibele e ka bang le phello e matla joalo? Tsebo ea Mangolo e re thusa hore re “apare botho bo bocha.” (Baefese 4:24) E, botho ba rōna boa fetoha ha re sebelisa tsebo e nepahetseng e fumanoang ka Bibeleng. Empa tsebo e joalo e fetola batho joang?
Ntho ea pele, Bibele e totobatsa hore na ke botho ba mofuta ofe bo sa rateheng boo ho hlokahalang hore bo tloheloe. (Liproverbia 6:16-19) Ea bobeli, Mangolo a re khothalletsa ho bontša litšobotsi tse ratehang tse hlahisoang ke moea o halalelang oa Molimo. Tsona li akarelletsa “lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro.”—Bagalata 5:22, 23.
Kutloisiso e tebileng haholoanyane ea litaelo tsa Molimo e ile ea thusa Adrian ho itlhahloba le ho bona botho boo ho neng ho hlokahala hore a sebeletse ho ba le bona le boo a neng a lokela ho bo tlohela. (Jakobo 1:22-25) Empa tseo e ne e le linyane. Ntle ho tsebo, ho ne ho hlokahala se tla mo susumetsa—ntho e neng e tla susumelletsa Adrian hore a batle ho fetoha.
Adrian o ile a ithuta hore botho bo bocha bo ratehang bo bōptjoa “ho ea ka setšoantšo sa Ea bo bōpileng.” (Bakolose 3:10) O ile a elelloa hore botho ba Mokreste bo lokela ho tšoana le botho ba Molimo ka boeena. (Baefese 5:1) Thuto ea Bibele e ile ea thusa Adrian ho ithuta ka litšebelisano tsa Jehova le moloko oa batho ’me o ile a hlokomela hore Molimo o na le litšobotsi tse ntle, tse kang lerato, mosa, molemo, mohau le ho loka. Tsebo ea mofuta oo e ile ea susumelletsa Adrian ho rata Molimo le ho loanela ho ba motho oa mofuta oo Jehova a o amohelang.—Matheu 22:37.
Qetellong, Adrian o ile a khona ho laola bohale ba hae bo tukang ka thuso ea moea o halalelang oa Molimo. Hona joale, eena le mosali oa hae ba phathahane, ba sebelisa tsebo ea Bibele ho thusa batho ba bang ho fetola bophelo ba bona. Adrian o re: “Ha ke tšoane le ba bangata bao e neng e le bo-mphato ba ka bao hona joale ba seng ba shoele, ’na ke sa ntse ke phela ’me ke thabela bophelo ba lelapa bo monate.” Bona ke bopaki bo hlakileng ba hore Bibele e na le matla a ho ntlafatsa bophelo.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 25]
“Bohale bohle le mabifi li ne li sa finyella letho”
[Lebokose le leqepheng la 25]
Melao-motheo ea Bibele ea Sebetsa
E meng ea melao-motheo ea Bibele e thusitseng batho ba bangata ba neng ba le bohale ba bile ba le mabifi hore ebe batho ba nang le khotso ke ena:
“Le be le khotso le batho bohle. Le se ke la iphetetsa, baratuoa, empa le fe khalefo sebaka.” (Baroma 12:18, 19) Tlohella Molimo hore a etse qeto ea hore na phetetso e tla tla neng hona e tlela bo-mang. A ka etsa joalo hobane a tseba lintlha tsohle tse amehang ’me phetetso leha e le efe e tsoang ho eena e tla bontša toka ea hae e phethahetseng.
“Halefang, leha ho le joalo le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le likella le halefile, hape le se ke la lumella Diabolose sebaka.” (Baefese 4:26, 27) Ka nako e ’ngoe motho a ka ’na a ba le lebaka le etsang hore a halefe. Ha sena se etsahala, ha aa lokela ho lula a “halefile.” Hobane’ng? Hobane sena se ka mo susumelletsa ho etsa ntho e mpe, kahoo a lumella [kapa a fa] “Diabolose sebaka,” e leng ho fellang ka ho halefisa Jehova Molimo.
“Tlohela bohale ’me u lese khalefo; u se ke ua iponahatsa u halefile hore feela u etse bobe.” (Pesaleme ea 37:8) Maikutlo a sa laoleheng a ka fella ka liketso tse sa laoleheng. Haeba motho a itloaelitse ho halefa, a ka ’na a bua kapa a etsa lintho tse tla utloisa batho ba bang bohloko.