“Molumo oa Bona o Ile oa Kena Lefatšeng Lohle”
“Le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang.”—MATHEU 28:19.
1, 2. (a) Jesu o ile a fa barutuoa ba hae taelo efe? (b) Ke hobane’ng ha Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba khona ho phetha mosebetsi o moholo hakaalo?
NAKOANA pele a nyolohela leholimong, Jesu o ile a fa barutuoa ba hae taelo. O ile a re ho bona: “Le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang.” (Matheu 28:19) Oo e ne e le mosebetsi o boima hakaakang!
2 Ak’u nahane! Ka Pentekonta ea 33 C.E., barutuoa ba ka bang 120 ba ile ba tšolleloa moea o halalelang eaba ba qala ho phetha taelo eo ka ho bolella ba bang hore Jesu e ne e le eena Mesia eo e leng khale ba mo lebeletse, eo ba neng ba ka pholoha ka eena. (Liketso 2:1-36) Sehlopha se senyenyane hakaalo se ne se ka finyella “batho ba lichaba tsohle” joang? Ka pono ea batho hoo ho ne ho ke ke ha khoneha, empa “lintho tsohle lia khoneha ho Molimo.” (Matheu 19:26) Bakreste ba pele ba ne ba tšehelitsoe ke moea oa Jehova o halalelang, ’me ba ne ba e-na le boikutlo ba ho potlaka. (Zakaria 4:6; 2 Timothea 4:2) Kahoo, ka mor’a lilemo tse mashome a seng makae feela, moapostola Pauluse o ne a ka re litaba tse molemo li boleloa “pōpong eohle e tlas’a leholimo.”—Bakolose 1:23.
3. Ke eng e ileng ea koahela “koro” ea ’nete ea Bokreste hore e se ke ea bonahala?
3 Ho pholletsa le boholo ba lekholo la pele la lilemo, borapeli ba ’nete bo ’nile ba tsoela pele ho ata. Leha ho le joalo, Jesu o ne a profetile hore ho ne ho tla tla nako eo ka eona Satane a neng a tla jala “mofoka” le hore “koro” ea ’nete ea Bokreste e ne e tla pupetsoa ka makholo a mangata a lilemo ho fihlela nakong ea kotulo. Ka mor’a lefu la baapostola, seo se ile sa phethahala.—Matheu 13:24-39.
Keketseho e Potlakileng Kajeno
4, 5. Ho tloha ka 1919, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba qala ho etsa mosebetsi ofe, hona ke hobane’ng ha seo se ne se le boima haholo?
4 Ka 1919, e ne e le nako ea hore koro e hloekileng ea Bokreste e arohanngoe le mofoka. Bakreste ba tlotsitsoeng ba ne ba tseba hore taelo ea Jesu e khōlō e ne e ntse e sebetsa. Ba ne ba lumela ka tieo hore ba phela “matsatsing a ho qetela” ebile ba ne ba hlokomela boprofeta ba Jesu bo reng: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (2 Timothea 3:1; Matheu 24:14) E, ba ne ba tseba hore ho ne ho e-na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa.
5 Ho ntse ho le joalo, joaloka barutuoa ka 33 C.E., Bakreste bao ba tlotsitsoeng ba ne ba talimane le mosebetsi oa motonanahali. Ba ne ba le likete tse seng kae linaheng tse ’maloa feela. Ba ne ba ka khona ho bolela litaba tse molemo “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona” joang? Hopola hore palo ea baahi ba lefatše e ne e eketsehile ho tloha ho ba ka bang limilione tse 300 mehleng ea bo-Sesare ho ea ho ba ka bang limilione tse likete tse 2 ka mor’a ntoa ea pele ea lefatše. ’Me e ne e tla tsoela pele ho eketseha ka potlako ho theosa le lekholo la bo20 la lilemo.
6. Lilemong tsa bo-1930 litaba tse molemo li ne li se li hasitsoe ho isa bohōleng bofe?
6 Ho ntse ho le joalo, joaloka barab’abo bona ba lekholong la pele la lilemo, bahlanka ba Jehova ba tlotsitsoeng ba ile ba qala mosebetsi oo ba o abetsoeng ba e-na le tumelo e feletseng ho Jehova, ’me moea oa hae o ne o e-na le bona. Bohareng ba lilemo tsa bo-1930, baboleli ba evangeli ba ka bang 56 000 ba ne ba se ba boletse ’nete ea Bibele linaheng tse 115. Ho ne ho se ho entsoe mosebetsi o moholo, empa ho ne ho sa ntsane ho setse o mongata haholo.
7. (a) Ke bothata bofe bo bocha boo Bakreste ba tlotsitsoeng ba ileng ba tobana le bona? (b) Ka tšehetso ea “linku tse ling,” mosebetsi oa ho bokella o tsoetse pele joang ho tla fihlela hona joale?
7 Joale, kutloisiso e tebileng haholoanyane ea hore na “bongata bo boholo” bo boletsoeng ho Tšenolo 7:9 ke bo-mang e ile ea e-ba bothata bo bocha ’me e ne e boetse e le tšepiso ea hore Bakreste bao ba sebetsang ka thata ba tla fumana thuso. Bongata bo boholo bo se nang palo ba “linku tse ling,” e leng balumeli ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng, bo ne bo lokela ho bokelloa “lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle.” (Johanne 10:16) Bana ba ne ba tla ‘etsetsa Jehova tšebeletso e halalelang bosiu le motšehare.’ (Tšenolo 7:15) Seo se bolela hore ba ne ba tla thusa mosebetsing oa boboleli le oa ho ruta. (Esaia 61:5) Ka lebaka leo, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba thabela ho bona palo ea baboleli ba evangeli e eketseha ka mashome a likete le ka limilione. Selemong sa 2003, tlhōrō e ncha ea ba 6 429 351 e ile ea kopanela mosebetsing oa boboleli—boholo ba bona e le ba bongata bo boholo.a Bakreste ba tlotsitsoeng ba ananela thuso ena, ’me linku tse ling li ananela tokelo ea ho tšehetsa barab’abo tsona ba tlotsitsoeng.—Matheu 25:34-40.
8. Lipaki Tsa Jehova li ile tsa etsa’ng ha li hatelloa haholo nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše?
8 Ha sehlopha sa koro se boetse se bonahala, Satane o ile a loana ntoa e mahlo-mafubelu khahlanong le sona. (Tšenolo 12:17) O ile a etsa’ng ha bongata bo boholo bo qala ho hlaha? O ile a tlala mabifi! Na re ka ba le pelaelo leha e le efe ea hore ke eena ea ileng a hlohlelletsa hore borapeli ba ’nete bo hlaseloe lefatšeng ka bophara nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše? Mahlakoreng ka bobeli a ntoa, Bakreste ba ile ba hatelloa haholo. Bara le barali babo rōna ba bangata ba ratehang ba ile ba feta litekong tse tšabehang, ba bang ba ba ba shoela tumelo ea bona. Ho ntse ho le joalo, ba ile ba pheta mantsoe a mopesaleme a reng: “Ke le bonngoeng le Molimo ke tla rorisa lentsoe la hae. Ke tšepile Molimo; nke ke ka tšoha. Motho a ka nketsa’ng?” (Pesaleme ea 56:4; Matheu 10:28) Ba matlafalitsoe ke moea oa Jehova, Bakreste ba tlotsitsoeng le linku tse ling ba ile ba ema hammoho ba tiile. (2 Bakorinthe 4:7) Ka lebaka leo, “lentsoe la Molimo la tsoela pele ho hōla.” (Liketso 6:7) Ka 1939, ha ntoa e qhoma, Bakreste ba tšepahalang ba 72 475 ba ile ba tlaleha hore ba kopanetse mosebetsing oa boboleli. Leha ho le joalo, tlaleho e sa fellang ea 1945, e leng selemo seo ntoa e ileng ea fela ka sona, e ile ea senola hore Lipaki tse mafolofolo tse 156 299 li ne li hasa litaba tse molemo. Satane o ne a hlōlehile hakaakang!
9. Ho ile ha tsebisoa ka likolo life tse ncha nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše?
9 Ka ho hlakileng, morusu oa ntoa ea bobeli ea lefatše ha oa ka oa etsa hore bahlanka ba Jehova ba be le khoao ea hore na ebe mosebetsi oa boboleli o tla phethoa. Ha e le hantle, ka 1943, ha ntoa e ne e le sehlohlolong, ho ile ha tsebisoa ka likolo tse peli tse ncha. Se seng seo joale se bitsoang Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, se ne se tla khannoa liphuthehong tsohle ho koetlisetsa Lipaki ka bomong ho bolela le ho etsa barutuoa. Se seng, e leng Sekolo sa Watchtower sa Bibele sa Gileade, se ne se reretsoe ho koetlisa baromuoa ba neng ba tla ntšetsa mosebetsi oa boboleli pele linaheng lisele. E, qetellong ha ntoa e lala, Bakreste ba ’nete ba ne ba itokiselitse mosebetsi o eketsehileng.
10. Cheseho ea batho ba Jehova e ile ea bonahala joang ka 2003?
10 Ba entse mosebetsi o tsoileng matsoho hakaakang! Kaha ba koetlisitsoe Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, kaofela ha bona—ba banyenyane le ba hōlileng, batsoali le bana, esita le ba kulang—ba ’nile ba kopanela ho phetheng taelo ea Jesu e khōlō ebile ba sa ntse ba kopanela ho e phetheng. (Pesaleme ea 148:12, 13; Joele 2:28, 29) Selemong sa 2003, ka karolelano khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ba 825 185 ba ile ba bonahatsa boikutlo ba bona ba ho potlaka ka ho kopanela tšebeletsong ea bopula-maliboho, ebang ke ka nakoana kapa mocha-o-chele. Selemong sona seo, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa qeta lihora tse 1 234 796 477 li buisana le ba bang ka litaba tse molemo tsa ’Muso. Ka sebele Jehova o thabisoa ke cheseho ea batho ba hae!
Linaheng Lisele
11, 12. Ke mehlala efe e bontšang tlaleho e ntle ea baromuoa?
11 Ho theosa le lilemo, ba fumaneng mangolo a Gileade, ’me morao tjena le ba tsoang Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi, ba iketselitse tlaleho e babatsehang. Ka mohlala, Brazil ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ka tlaase ho 400 ha baromuoa ba pele ba fihla ka 1945. Baromuoa bana le ba bang ba ileng ba tla ka morao ho bona ba ’nile ba sebetsa ka thata hammoho le barab’abo bona ba chesehang ba Brazil, ’me Jehova o hlohonolofalitse boiteko ba bona haholo. Ke thabo e kaakang ho bohle ba sa ntseng ba hopola linako tseo tsa pele ha ba bona hore Brazil e tlalehile tlhōrō e ncha ea ba 607 362 ka 2003!
12 Nahana ka Japane. Pele ho ntoa ea bobeli ea lefatše, ho ne ho e-na le baboleli ba ’Muso ba ka bang lekholo naheng eo. Nakong ea ntoa, mahloriso a sehlōhō a ile a fokotsa palo ea bona, ’me qetellong ea ntoa e ne e le Lipaki tse seng kae feela tse neng li ntse li phela moeeng le nameng. (Liproverbia 14:32) Ka sebele baboloki bao ba botšepehi ba hlahelletseng bao e neng e se e le methoaela feela ba ile ba thaba haholo ka 1949 ha ba amohela baromuoa ba pele ba 13 ba koetlisitsoeng Gileade, ’me kapele-pele baromuoa ba ile ba ikutloa ba phutholohile har’a barab’abo bona ba Majapane ba mafolofolo, ba amohelang baeti ka mofuthu. Lilemo tse fetang 50 hamorao, ka selemo sa 2003, Japane e ile ea tlaleha tlhōrō ea bahoeletsi ba 217 508! Ka sebele Jehova o hlohonolofalitse batho ba hae haholo naheng eo. Ho na le litlaleho tse tšoanang tse tsoang linaheng tse ling tse ngata. Ba khonang ho bolela linaheng lisele ba phethile karolo e khōlō ho haseng litaba tse molemo hoo ka 2003 li neng li se li utloiloe linaheng, lihlekehlekeng le libakeng tse 235 lefatšeng ka bophara. E, bongata bo boholo bo tsoa “lichabeng tsohle.”
“Bo Tsoa . . . Melokong Eohle le Bathong Bohle le Malemeng ’Ohle”
13, 14. Jehova o ile a bontša bohlokoa ba ho bolela litaba tse molemo ka ‘maleme ’ohle’ joang?
13 Mohlolo oa pele o tlalehiloeng ka mor’a hore barutuoa ba tlotsoe ka moea o halalelang ka Pentekonta ea 33 C.E. e ne e le ha ba bua ka maleme le bongata bo phuthehileng. E ka ’na eaba bohle ba ileng ba ba utloa ba ne ba bua puo e buuoang linaheng tse ngata, mohlomong Segerike. Kaha e ne e le “batho ba nang le tlhompho ea borapeli,” ho ka etsahala hore ebe ba ne ba boetse ba utloisisa litšebeletso tsa Seheberu tse neng li etsoa tempeleng. Empa se hlileng sa ba hapa maikutlo e bile ho utloa litaba tse molemo ka puo ea habo bona.—Liketso 2:5, 7-12.
14 Ka ho tšoanang, kajeno ho sebelisoa lipuo tse ngata mosebetsing oa boboleli. Ho ile ha profetoa hore bongata bo boholo bo ne bo ke ke ba tsoa lichabeng tsohle feela empa hape bo ne bo tla tsoa “melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle.” Tumellanong le sena, Jehova o ile a profeta tjena ka Zakaria: “Banna ba leshome ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba ba tla tšoara, e, ba tla tšoara moleka oa seaparo sa monna oa Mojuda, ba re: ‘Re tla tsamaea le lōna, etsoe re utloile hore Molimo o na le lōna.’” (Zakaria 8:23) Le hoja Lipaki Tsa Jehova li se li se na mpho ea ho bua maleme, li tseba bohlokoa ba ho ruta batho ka lipuo tsa bona.
15, 16. Baromuoa le ba bang ba ’nile ba amohela mosebetsi o boima oa ho bolela ka lipuo tsa libaka tseo ba leng ho tsona joang?
15 Ke ’nete hore ke lipuo tse fokolang haholo kajeno tse buuoang libakeng tse ngata, tse kang Sefora, Senyesemane le Sepanishe. Leha ho le joalo, ba tlohileng linaheng tsa habo bona ho ea sebeletsa linaheng tse ling ba leka ho ithuta lipuo tsa moo e le hore ba ka etsa hore litaba tse molemo li khone ho finyella ho ba ‘nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.’ (Liketso 13:48) Hoo ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo. Ha barab’abo rōna ba sechaba sa Matuvalu se Pacific Boroa ba ne ba hloka lingoliloeng ka puo ea bona, e mong oa baromuoa o ile a amohela mosebetsi oo o boima. Kaha ho ne ho se na buka e hlalosang mantsoe, o ile a qala ho bokella mantsoe a Setuvalu. Ka mor’a nako, buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšengb e ile ea hatisoa ka Setuvalu. Ha baromuoa ba fihla Curaçao, ho ne ho se na lingoliloeng tsa Bibele le buka e hlalosang mantsoe ka puo ea moo, e leng Sepapiamento. Ho ne ho boetse ho e-na le maikutlo a mangata a sa tšoaneng mabapi le hore na puo eo e lokela ho ngoloa joang. Ho ntse ho le joalo, pele lilemo tse peli li fela ka mor’a ho fihla ha baromuoa ba pele, pampitšana ea pele ea Bokreste e thehiloeng Bibeleng e ile ea hatisoa ka puo eo. Kajeno, Sepapiamento ke e ’ngoe ea lipuo tse 133 tseo ka tsona Molula-Qhooa o hatisoang ka nako e le ’ngoe le Senyesemane.
16 Baromuoa ba pele Namibia ba ne ba sitoa ho fumana Paki ea sebakeng seo e ka ba thusang ho fetolela. Ho feta moo, puo e ’ngoe ea moo, e leng Senama, e ne e se na mantsoe a hlalosang likhopolo tse tloaelehileng, tse kang “se phethahetseng.” Moromuoa e mong oa tlaleha: “Ke ne ke sebelisa haholo-holo matichere a neng a ithuta Bibele bakeng sa ho fetolela. Kaha a ne a e-na le tsebo e seng kae ea ’nete, ke ne ke tlameha ho lula fatše le ’ona ho tiisa hore polelo e ’ngoe le e ’ngoe e nepahetse.” Leha ho le joalo, qetellong pampitšana e nang le sehlooho se reng, Bophelo Lefatšeng le Lecha, e ile ea fetoleloa lipuong tse ’nè tsa Namibia. Kajeno Molula-Qhooa o hatisoa kamehla ka Sekwanyama le Sendonga.
17, 18. Ke mathata afe ao ho sebetsanoang le ’ona Mexico le linaheng tse ling?
17 Mexico, puo e ka sehloohong ke Sepanishe. Leha ho le joalo, pele Masepanishe a fihla, ho ne ho buuoa lipuo tse ngata moo, ’me tse ’maloa li sa ntsane li sebelisoa. Kahoo, hona joale lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova li hlahisoa ka lipuo tse supileng tsa Mexico esita le ka Puo ea Matsoho ea Mexico. Tšebeletso ea ’Muso ea Semaya e bile eona khatiso ea pele ea puo ea Maindia a Amerika e tsoang ka nako e behiloeng. Ha e le hantle, Mamaya, Maaztec le ba bang ba likete ba har’a bahoeletsi ba ’Muso ba 572 530 ba Mexico.
18 Haufinyane tjena, ba limilione ba ’nile ba balehela linaheng lisele e le baphaphathehi, kapa ba ’nile ba falla ka mabaka a moruo. Ka lebaka leo, hona joale ka lekhetlo la pele linaha tse ngata li se li e-na le masimo a maholo a puo esele. Lipaki Tsa Jehova li amohetse mosebetsi oo o boima. Ka mohlala, Italy ho na le liphutheho le lihlopha tsa lipuo tse 22 ntle ho tsa Setaliana. Ho thusa barab’abo rōna ho bolella batho ba buang lipuo tse ling, haufinyane tjena ho ile ha hlophisoa lihlopha bakeng sa ho ruta lipuo tse 16, ho kopanyelletsa le Puo ea Matsoho ea Italy. Linaheng tse ling tse ngata, Lipaki Tsa Jehova li etsa boiteko bo tšoanang ba ho finyella lihlopha tse khōlō tsa batho ba tsoang linaheng lisele. E, ka thuso ea Jehova, ka sebele bongata bo boholo bo tsoa lihlopheng tse ngata haholo tsa lipuo.
“Lefatšeng Lohle”
19, 20. Ke mantsoe afe a Pauluse a phethahalang ka tsela e hlollang kajeno? Hlalosa.
19 Lekholong la pele la lilemo, moapostola Pauluse o ile a ngola: “Ha baa ka ba hlōleha ho utloa, na ha ho joalo? Ha e le hantle, ‘molumo oa bona o ile oa kena lefatšeng lohle, le lipolelo tsa bona ho isa lipheletsong tsa lefatše leo ho ahiloeng ho lona.’” (Baroma 10:18) Haeba ho ne ho le joalo lekholong la pele la lilemo, ho joalo hakaakang kajeno! Ba limilione—mohlomong ho feta leha e le neng pele historing—ba re: “Ke tla boka Jehova ka linako tsohle; thoriso ea hae e tla ba molomong oa ka kamehla.”—Pesaleme ea 34:1.
20 Ho feta moo, lebelo leo mosebetsi o etsoang ka lona ha le fokotsehe. Palo ea bahoeletsi ba ’Muso e ntse e eketseha. Ho qetoa nako e eketsehileng mosebetsing oa boboleli. Ho etsoa maeto a ho boela a limilione ho bile ho khannoa lithuto tsa Bibele tse makholo a likete. Hape ba bacha ba tsoela pele ho bontša thahasello. Selemong se fetileng, tlhōrō e ncha ea ba 16 097 622 e ile ea e-ba teng moketeng oa Sehopotso sa lefu la Jesu. Ka ho hlakileng, ho sa ntsane ho e-na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa. E se eka re ka tsoela pele ho etsisa botšepehi bo tiileng ba barab’abo rōna ba ’nileng ba mamella mahloriso a matla. Hape e se eka re ka bontša cheseho e bontšitsoeng ke bara bohle babo rōna bao ho tloha ka 1919 ba ’nileng ba ikakhela ka setotsoana tšebeletsong ea Jehova. Bohle a ba ke ba tsoele pele ho arabela mohoo oa mopesaleme o reng: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phefumolohang—e ke e rorise Jah. Rorisang Jah!”—Pesaleme ea 150:6.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona tlaleho ea selemo e leqepheng la 18 ho ea ho la 21 la makasine ena.
b E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
Na U ka Hlalosa?
• Barab’abo rōna ba ile ba qala ho etsa mosebetsi ofe ka 1919, hona ke hobane’ng ha o ne o le boima?
• Ke bo-mang ba ileng ba bokelloa ho tla tšehetsa mosebetsi oa boboleli?
• Baromuoa le ba bang ba sebeletsang linaheng tse ling ba iketselitse tlaleho efe?
• U ka qotsa bopaki bofe ho bontša hore Jehova o hlohonolofatsa mosebetsi oa batho ba hae kajeno?
[Chate e leqepheng la 18-21]
TLALEHO EA SELEMO SA TŠEBELETSO SA 2003 EA LIPAKI TSA JEHOVA LEFATŠENG LOHLE
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
[Litšoantšo tse leqepheng la 14, 15]
Morusu oa ntoa ea bobeli ea lefatše ha oa ka oa etsa hore Bakreste ba be le khoao ea hore na ebe litaba tse molemo li tla boleloa
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Explosion: U.S. Navy photo; others: U.S. Coast Guard photo
[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]
Bongata bo boholo bo ne bo tla tsoa melokong eohle le malemeng ’ohle