Litšepiso Tseo U ka li Tšepang
MOPROFETA oa Molimo Mikea o ne a tseba hore hangata litšepiso ha li phethahatsoe. Mehleng ea hae, esita le metsoalle ea hlooho ea khomo e ne e se kamehla ho neng ho ka tšeptjoa hore e ka phethahatsa seo e se tšepisitseng. Kahoo Mikea o ile a lemosa a re: “Le se ke la beha tumelo ea lōna ho bo-mphato ba lōna. Le se ke la tšepa metsoalle e tšepeloang makunutu. Lebela ho buleha ha molomo oa hao ho mosali ea robalang sefubeng sa hao.”—Mikea 7:5.
Na Mikea o ile a lumella hore boemo bona bo soabisang bo mo etse hore a belaelle litšepiso tsohle? Che! O ile a tšepa ka ho feletseng litšepiso tseo Molimo oa hae, Jehova, a neng a li entse. Mikea o ile a ngola a re: “Ha e le ’na, ke tla ’ne ke lebelle Jehova. Ke tla letela Molimo oa poloko ea ka.”—Mikea 7:7.
Ke hobane’ng ha Mikea a ne a kholisehile hakaalo? Ke hobane o ne a tseba hore kamehla Jehova o phethahatsa litšepiso tsa hae. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Molimo a neng a e hlapanyelitse baholo-holo ba Mikea e ile ea phethahala ka ’nete. (Mikea 7:20) Ho tšepahala ha Jehova nakong e fetileng ho ile ha etsa hore Mikea a be le motheo o tiileng oa ho lumela hore O ne a tla phethahatsa litšepiso tsa Hae nakong e tlang.
“Ha ho Lentsoe Leha le le Leng . . . le Hlōlehileng”
Ka mohlala, Mikea o ne a tseba hore Jehova o ile a lopolla Baiseraele bokhobeng Egepeta. (Mikea 7:15) Joshua, ea ileng a bona topollo eo, o ile a khothalletsa Baiseraele ba habo ho ba le tumelo litšepisong tsohle tsa Molimo. Motheong ofe? Joshua o ile a ba hopotsa a re: “Le tseba hantle ka lipelo tsa lōna tsohle le ka meea ea lōna eohle hore ha ho lentsoe leha le le leng mantsoeng ’ohle a molemo ao Jehova Molimo oa lōna a le boleletseng ’ona le hlōlehileng ho phethahala. A phethahetse kaofela bakeng sa lōna. Ha ho lentsoe leha le le leng la ’ona le hlōlehileng ho phethahala.”—Joshua 23:14.
Baiseraele ba ne ba tseba hantle hore Jehova o ne a ba etselitse lintho tse babatsehang. O ne a phethahalitse tšepiso ea hae ho ntat’a bona moholo Abrahama ea tšabang Molimo ea hore bana ba hae ba ne ba tla ngatafala joaloka linaleli le hore ba ne ba tla rua naha ea Kanana. Hape, Jehova o ile a bolella Abrahama hore litloholo tsa hae li ne li tla hlorisoa ka lilemo tse 400 empa li ne li tla khutlela Kanana “molokong oa bone.” Sena sohle se ile sa etsahala.—Genese 15:5-16; Exoda 3:6-8.
Baiseraele ba ile ba amoheloa hantle Egepeta mehleng ea Josefa mora oa Jakobo. Hamorao Baegepeta ba ile ba ba qobella ka sehlōhō ho etsa mosebetsi oa bokhoba, empa joalokaha Molimo a ne a tšepisitse, melokong e mene e ileng ea hlahlama ho tloha nakong ea ha ba ne ba kena Egepeta, litloholo tsena tsa Abrahama li ile tsa lokolloa botlamuoeng ba Egepeta.a
Lilemong tse 40 tse latelang, Baiseraele ba ne ba e-na le bopaki bo eketsehileng ba hore kamehla Jehova o phethahatsa litšepiso tsa hae. Ha Baamaleke ba ne ba futuhela Baiseraele ntle ho mabaka, Molimo o ile a loanela batho ba hae a ba a ba sireletsa. O ile a ba fa sohle seo ba neng ba se hloka nameng leetong la bona la lilemo tse 40 lefeelleng ’me qetellong a ba fa Naha e Tšepisitsoeng hore ba lule ho eona. Ha Joshua a ntse a pheta histori ea kamoo Jehova a ileng a sebelisana le litloholo tsena tsa Abrahama kateng, o ne a ka bua ka sebete a re: “Ha ho tšepiso e ileng ea hlōleha ho phethahala tšepisong eohle e molemo eo Jehova a neng a e entse ho ntlo ea Iseraele; e ile ea phethahala kaofela.”—Joshua 21:45.
Theha Tšepo ea Hao Litšepisong Tsa Molimo
U ka theha tumelo ea hao joang litšepisong tsa Jehova, joaloka Mikea le Joshua? U etsa joang hore u tšepe batho ba bang? U etsa hore u tsebe sohle seo u ka se khonang ka bona. Ka mohlala, u ka ’na ua batla ho tseba hore na ba tšepahala hakae ka ho hlokomela hore na ba leka ka botšepehi hakae ho phethahatsa litšepiso tsohle tsa bona. Ha tsebo ea hao ka batho bao e ntse e hōla, butle-butle u hlaolela ho ba tšepa. U ka etsa se tšoanang le tabeng ea ho theha tumelo litšepisong tsa Molimo.
Tsela e ’ngoe ea ho etsa sena ke ka ho thuisa ka pōpo le ka melao e e laolang. Bo-rasaense ba tšepa melao ena, e kang e laolang tsela eo sele e le ’ngoe ea motho e ikarolang ka eona le ho ikatisa hore e hlahise lisele tse libilione tse bōpang ’mele oa hao. Ha e le hantle, melao e laolang tsela eo lintho li sebetsang ka eona le eo matla a sebetsang ka eona bokahohleng bohle e tlameha ebe e entsoe ke Moetsi oa Melao ea tšepahalang ka hohle-hohle. Ka sebele u ka tšepa litšepiso tsa hae, feela joalokaha u tšepa melao e laolang pōpo ea hae.—Pesaleme ea 139:14-16; Esaia 40:26; Baheberu 3:4.
Ka moprofeta Esaia, ea phetseng mehleng ea Mikea, Jehova o ile a sebelisa linako tsa selemo tse bang teng ka nako ea tsona le ho potoloha ho hlollang ha metsi ho bontša kamoo lentsoe la hae le tšepahalang kateng. Selemo le selemo lipula li ne li na. Li ne li nosetsa mobu ’me li etsa hore batho ba jale peō ea bona le ho kotula seo ba se lemmeng. Tabeng ena, Jehova o itse: “Feela joalokaha pula e tšolohang, le lehloa, li theoha maholimong ’me li sa khutlele sebakeng seo, ntle le hore li nosetse lefatše ’me li etse hore le be le lihlahisoa ’me le hlomele, ’me mojali a fumane peō le ea jang a fumane bohobe, le lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka le tla ba joalo. Le ke ke la khutlela ho ’na le se na litholoana, empa ka sebele le tla etsa seo ke se thabelang, ’me ka sebele le tla atleha ho seo ke le rometseng sona.”—Esaia 55:10, 11.
Litšepiso Tse Tšepahalang Tsa Paradeise
Ho hlahloba pōpo ho ka theha tšepo ho ’Mōpi, empa ho hlokahala ho hong ho eketsehileng haeba u batla ho ithuta ka litšepiso tseo e leng karolo ea ‘lentsoe le tsoang molomong [oa hae].’ Ho ithuta ka litšepiso tsena e le hore u li tšepe, ho hlokahala hore u hlahlobe tlaleho ea Mangolo e bululetsoeng ke Molimo ea morero oa hae ka lefatše le ea litšebelisano tsa hae le batho.—2 Timothea 3:14-17.
Moprofeta Mikea o ne a kholisehile ka litšepiso tsa Jehova. U na le tlaleho e ngata haholo e bululetsoeng ke Molimo ho feta eo Mikea a neng a e-na le eona. Ha u ntse u bala Bibele le ho thuisa ka eona, le uena u ka theha tumelo tabeng ea hore litšepiso tsa Molimo li tla phethahala. Litšepiso tsena ha li ame litloholo tsa Abrahama feela empa li ama moloko oohle oa batho. Jehova o ile a tšepisa mopatriareka enoa ea tšabang Molimo a re: “Ka sebele lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa ka peō ea hao ka lebaka la hore u mametse lentsoe la ka.” (Genese 22:18) Mesia, Jesu Kreste, ke eena ea ka sehloohong har’a “peō” kapa litloholo tsa Abrahama.—Bagalata 3:16.
Ka Jesu Kreste, Jehova o tla tiisa hore moloko oa batho ba utloang o fumana litlhohonolofatso. ’Me Molimo o tšepisitse ho etsa eng mehleng ea rōna? Mikea 4:1, 2 e araba ka mantsoe ana a boprofeta: “Karolong e qetellang ea matsatsi thaba ea ntlo ea Jehova e tla tiisoa ka thata ka holim’a litlhōrō tsa lithaba, ’me ka sebele e tla phahamela maralla; ’me lichaba li tla phallela ho eona. Ka sebele lichaba tse ngata li tla ea ’me li re: ‘Tloong, ’me re nyoloheleng thabeng ea Jehova le ntlong ea Molimo oa Jakobo; o tla re rupela ka litsela tsa hae, ’me re tla tsamaea litseleng tsa hae.’”
Ba ithutang litsela tsa Jehova “ba tea lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela.” Litšekamelo leha e le life tsa ho rata ntoa lia nyamela. Haufinyane lefatše le tla tlala batho ba lokileng, ’me ha ho ea tla ba etsa hore ba thothomele ke ho tšoha. (Mikea 4:3, 4) E, Lentsoe la Molimo le tšepisa hore pusong ea ’Muso oa Jesu Kreste, Jehova o tla tlosa bahatelli bohle lefatšeng.—Esaia 11:6-9; Daniele 2:44; Tšenolo 11:18.
Esita le ba ileng ba utloa bohloko le ho shoa kahobane motho a ile a fetohela Molimo, ba tla tsosoa ba e-na le tebello ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. (Johanne 5:28, 29) Satane le bademona ba hae, e leng bahlohlelletsi ba bokhopo, ba tla be ba le sieo ’me liphello tsa sebe sa Adama li tla tlosoa ka sehlabelo sa thekollo sa Jesu. (Matheu 20:28; Baroma 3:23, 24; 5:12; 6:23; Tšenolo 20:1-3) ’Me ho tla etsahala’ng ka batho ba utloang? Ba tla hlohonolofatsoa ka bophelo bo sa feleng ba phela hantle ’meleng lefatšeng la paradeise!—Pesaleme ea 37:10, 11; Luka 23:43; Tšenolo 21:3-5.
Tsee ke litšepiso tse babatsehang hakaakang! Empa na u ka li lumela? Ka sebele ke ntho e utloahalang ho li lumela. Tsena hase litšepiso tse entsoeng ke batho ba ka ’nang ba e-ba le sepheo se setle empa ba se na matla a ho li phethahatsa. Ke litšepiso tse entsoeng ke Molimo ea Matla ’Ohle, ea ke keng a bua leshano le ea ‘sa lieheng mabapi le litšepiso tsa hae.’ (2 Petrose 3:9; Baheberu 6:13-18) U ka tšepa ka ho feletseng litšepiso tsohle tse ka Bibeleng, hobane Mohloli oa tsona ke “Jehova Molimo oa ’nete.”—Pesaleme ea 31:5.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Insight on the Scriptures, buka ea 1, leqepheng la 911-12, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
“Ha ho lentsoe leha le le leng mantsoeng ’ohle a molemo ao Jehova Molimo oa lōna a le boleletseng ’ona le hlōlehileng ho phethahala.”—JOSHUA 23:14.
[Litšoantšo tse leqepheng la 4, 5]
Ha Baiseraele ba le Leoatleng le Lefubelu le lefeelleng, Jehova o ile a phethahatsa litšepiso tsa hae
[Litšoantšo tse leqepheng la 7
Jehova o ile a phethahatsa tšepiso ea hae ho Abrahama. Peō ea hae, Jesu Kreste, e tla tlisetsa moloko oa batho litlhohonolofatso