Itebele Khahlanong le Thetso
“Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ea tla le nka joaloka phofu ea hae ka . . . thetso ea lefeela.”—BAKOLOSE 2:8.
1-3. (a) Ke mehlala efe e bontšang hore thetso e batla e keneletse likarolong tsohle tsa bophelo ba letsatsi le letsatsi? (b) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho makatsoa ke thetso e teng lefatšeng?
“KE BA bakae ba lōna ba e-s’o ka ba thetsoa ke motho ea u kōpileng hore u be ’muelli oa hae oa molao?” Moprofesa e mong oa molao o ile a etsa phuputso lilemong tse seng kae tse fetileng ka ho botsa potso eo. Karabelo e ile ea e-ba efe? Oa hlalosa: “Ho babuelli ba molao ba sekete, ke a le mong feela ea neng a e-s’o ka a thetsoa ke motho ea mo kōpileng hore e be ’muelli oa hae oa molao.” Lebaka? “’Muelli eo o ne a sa tsoa qala ho sebetsa femeng e khōlō ’me o ne a e-s’o buisane le motho eo e tla ba ’muelli oa hae oa molao.” Phihlelo ena e totobatsa ’nete e bohloko—ho bua leshano le ho thetsa ho tloaelehile lefatšeng la kajeno.
2 Thetso e tla ka mefuta e mengata ’me e keneletse hoo e batlang e le likarolong tsohle tsa bophelo kajeno. Mecha ea phatlalatso e na le mehlala e mengata—bo-ralipolotiki ba bua leshano ka lintho tseo ba li etsang, ba bolokang libuka tsa khoebo le babuelli ba molao ba fetelletsa phaello ea khoebo, ba bapatsang ba thetsa bareki, baqosi ba qhekella lik’hamphani tsa inshorense, ha re bolela mehlala e seng mekae feela. Ho boetse ho na le thetso ea bolumeli. Baruti ba thetsa matšoele ka ho a ruta lithuto tsa bohata, tse kang ea ho se shoe ha moea, mollo oa lihele le Boraro-bo-bong.—2 Timothea 4:3, 4.
3 Na re lokela ho makatsoa ke thetso ee eohle? Che. Bibele ha e lemosa ka ‘matsatsi a ho qetela,’ e ile ea re: “Batho ba khopo le baikhakanyi ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang, ba khelosa ebile ba ntse ba khelosoa.” (2 Timothea 3:1, 13) Joaloka Bakreste, re lokela ho ela hloko likhopolo tse khelosang tse ka re faposang ’neteng. Ka ho utloahalang ho hlaha lipotso tse peli: Ke hobane’ng ha thetso e atile hakaale kajeno, hona re ka itebela joang khahlanong le ho thetsoa?
Ke Hobane’ng ha Thetso e Atile Hakaale?
4. Bibele e re’ng ha e hlalosa lebaka leo ka lona thetso e atileng lefatšeng?
4 Bibele e hlalosa ka ho hlaka lebaka leo ka lona thetso e atileng hakana lefatšeng. Moapostola Johanne o ile a ngola hore “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Johanne 5:19) Eo “ea khopo” ke Satane Diabolose. Jesu o ile a re ka eena: “Ha aa ka a ema a tiile ’neteng, hobane ’nete ha e eo ho eena. Ha a bua leshano, o bua ho ea ka tšekamelo ea hae, hobane o leshano ’me ke ntate oa leshano.” Na joale ke ho makatsang hore ebe lefatše lee le bonahatsa moea, litekanyetso le litšobotsi tse thetsang tsa ’musi oa lona?—Johanne 8:44; 14:30; Baefese 2:1-3.
5. Satane o haketse joang boitekong ba hae ba ho thetsa nakong ee ea bofelo, hona liphofu tsa hae tse ka sehloohong ke bo-mang?
5 Nakong ena ea bofelo, Satane o haketse. O lihetsoe tlaase lefatšeng. Oa tseba hore nako ea hae ha e sa le kae, ’me o “halefile haholo.” Kaha o ikemiselitse ho timetsa batho ba bangata ka hohle kamoo a ka khonang, o ‘khelosa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.’ (Tšenolo 12:9, 12) Satane ha a thetse seoelo. Ha e le hantle, ha a khathale boitekong ba hae ba ho khelosa batho.a O sebelisa mokhoa o mong le o mong oa thetso o pokellong ea hae—ho akarelletsa ho qhekella le mano—ho foufatsa likelello tsa ba sa lumelang le ho ba suthisetsa hōle le Molimo. (2 Bakorinthe 4:4) Setsebi sena sa thetso se hlile se ikemiselitse ho harola ba rapelang Molimo “ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:24; 1 Petrose 5:8) Le ka mohla u se ke ua lebala hore ha e le hantle Satane o ikanne ka hore: ‘Nka etsa hore leha e le mang a furalle Molimo.’ (Jobo 1:9-12) A re hlahlobeng a mang a ‘maqiti a Satane a thetso’ le kamoo re ka itebelang khahlanong le ’ona kateng.—Baefese 6:11, Jewish New Testament.
Itebele Khahlanong le ho Thetsoa ke Bakoenehi
6, 7. (a) Bakoenehi ba ka ’na ba re’ng? (b) Mangolo a re’ng ho bontša ka ho hlaka seo bakoenehi ba se batlang?
6 Ke khale Satane a sebelisa bakoenehi ho leka ho khelosa bahlanka ba Molimo. (Matheu 13:36-39) Bakoenehi ba ka ’na ba bolela hore ba rapela Jehova le hore ba lumela Bibele, empa ba khesa mokhatlo oa hae o bonahalang o hlophisitsoeng. Ba bang ba bile ba khutlela lithutong tse hlomphollang Molimo tsa “Babylona e Moholo,” e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. (Tšenolo 17:5; 2 Petrose 2:19-22) Bangoli ba Bibele ba ile ba susumetsoa ke moea o halalelang hore ba sebelise mantsoe a matla ho pepesa sepheo sa bakoenehi le litsela tseo ba li sebelisang.
7 Bakoenehi ba batla eng? Ba bangata ba bona ha ba khotsofalle ho furalla tumelo eo mohlomong ka nako e ’ngoe ba neng ba nka hore ke ea ’nete. Hangata ba batla hore ba bang ba ba latele. Ho e-na le hore ba ipatlele barutuoa, bakoenehi ba bangata ba batla ho ‘ikhulela barutuoa [ke hore, barutuoa ba Kreste] ka mor’a bona.’ (Liketso 20:29, 30) Moapostola Pauluse o ile a fana ka keletso ena e potlakileng ha a bua ka mesuoe eo ea bohata: “Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ea tla le nka joaloka phofu ea hae.” (Bakolose 2:8) Na seo ha se hlalose seo bakoenehi ba bangata ba lekang ho se etsa? Ho tšoana le motho ea koetelang motho ea sa hlokomeleng a mo isa hōle le ba habo, bakoenehi ba hlasela litho tse tšepahalang tsa phutheho, ba batla ho li isa hōle le mohlape.
8. Bakoenehi ba sebelisa litsela life hore ba finyelle pakane ea bona?
8 Bakoenehi ba sebelisa litsela life ho finyella pakane ea bona? Ba atisa ho sotha taba, ho bua ’nete e tsoakiloeng le leshano, kapa leshano le se nang litsoako. Jesu o ne a tseba hore balateli ba hae ba ne ba tla hlaseloa ke ba neng ba tla “bua mashano ’ohle a khopo” ka bona. (Matheu 5:11, Today’s English Version) Bahanyetsi bao ba lonya ba ne ba tla bua leshano ka sepheo sa ho thetsa ba bang. Moapostola Petrose o ile a lemosa ka bakoenehi ba neng ba tla sebelisa “mantsoe a iqapetsoeng,” ba hase ‘lithuto tse thetsang’ le ho ‘sotha Mangolo’ e le hore ba finyelle sepheo sa bona. (2 Petrose 2:3, 13; 3:16) Ka masoabi, bakoenehi baa atleha ho “senya tumelo ea ba bang.”—2 Timothea 2:18.
9, 10. (a) Re ka itebela joang khahlanong le ho thetsoa ke bakoenehi? (b) Ke hobane’ng ha re sa tšoenyehe ha kutloisiso ea rōna ka morero oa Molimo e hloka ho ntlafatsoa?
9 Re ka itebela joang khahlanong le ho thetsoa ke bakoenehi? Ka ho ela hloko keletso e Lentsoeng la Molimo e reng: “Le ’ne le behe leihlo ho ba bakang likarohano le maemo a bakang ho khoptjoa khahlanong le thuto eo le ithutileng eona, ’me le ba qobe.” (Baroma 16:17) Re ‘ba qoba’ ka ho hana likhopolo tsa bona—ebang ba li bua ka ho toba, ba li ngotse kapa ba li kentse ho Internet. Ke hobane’ng ha re nka khato e joalo? Ntlha ea pele ke hobane Lentsoe la Molimo le re laela hore re etse joalo, ’me re kholisehile hore kamehla Jehova o re batlela se molemohali.—Esaia 48:17, 18.
10 Ntlha ea bobeli ke hobane re rata mokhatlo o hlophisitsoeng o re rutileng linnete tsa bohlokoa tse re arotseng ka ho feletseng ho Babylona e Moholo. Ka nako e tšoanang, rea elelloa hore ha re na tsebo e phethahetseng ka merero ea Molimo; kutloisiso ea rōna e ’nile ea ntlafala ha lilemo li ntse li feta. Bakreste ba tšepahalang ba khotsofatsoa ke ho letela Jehova bakeng sa lintlafatso tsohle tse joalo. (Liproverbia 4:18) Khabareng, ha re na ho nyahlatsa mokhatlo o hlophisitsoeng oo Molimo a thabelang ho o sebelisa, kaha re bona ka ho hlaka bopaki ba hore oa o hlohonolofatsa.—Liketso 6:7; 1 Bakorinthe 3:6.
Itebele Khahlanong le ho Ithetsa
11. Ke hobane’ng ha batho ba sa phethahalang ba e-na le tšekamelo ea ho ithetsa?
11 Batho ba sa phethahalang ba na le tšekamelo eo Satane a potlakelang ho e sebelisa—e leng ea ho ithetsa. Jeremia 17:9 e re: “Pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe ’me e tsitlella seo e se batlang.” ’Me Jakobo o ile a ngola: “E mong le e mong o lekoa ke ho huloa le ho ekoa ke takatso ea hae.” (Jakobo 1:14) Ha e le hantle, haeba lipelo tsa rōna li ekeha, li ka ’na tsa re hulela sebeng, tsa etsa hore se bonahale eka sea khahlisa ebile ha se kotsi. Pono e joalo ea thetsa, kaha qetellong ho inehela sebeng ho lebisa tšenyehong.—Baroma 8:6.
12. Re ka ’na ra tšoasoa ke ho ithetsa ka litsela life?
12 Ho ithetsa ho ka re tšoasa habonolo. Pelo e bolotsana e ka ’na ea emela bofokoli bo itseng bo tebileng boo motho a nang le bona kapa ea fana ka lebaka le itseng ho emela sebe se tebileng. (1 Samuele 15:13-15, 20, 21) Lipelo tsa rōna tse tsitlellang seo li se batlang li ka boela tsa batla litsela tsa ho lokafatsa boitšoaro bo belaetsang. Nka ka mohlala taba ea boithabiso. Boithabiso bo bong bo loketse ebile boa thabisa. Leha ho le joalo, lintho tse ngata tseo lefatše lena le li bontšang—lifiliming le mananeong a thelevishene le ho Internet—li silafetse ebile ke tsa boitšoaro bo litšila. Ho bonolo ho ipolella hore re ka shebella boithabiso bo litšila empa bo sa re ntše kotsi. Ba bang ba bile ba ikemela ka ho re, “Letsoalo la ka ha le nkhathatse, joale phoso e hokae?” Empa batho ba joalo ba “ithetsa ka monahano oa bohata.”—Jakobo 1:22.
13, 14. (a) Ke mohlala ofe oa Mangolo o bontšang hore hase kamehla matsoalo a rōna a fanang ka tataiso e sireletsehileng? (b) Re ka itebela joang khahlanong le ho ithetsa?
13 Re ka itebela joang khahlanong le ho ithetsa? Ntlha ea pele, re lokela ho hopola hore hase kamehla letsoalo la motho le ka tšeptjoang. Nahana ka taba ea moapostola Pauluse. Pele e e-ba Mokreste, o ne a hlorisa balateli ba Kreste. (Liketso 9:1, 2) E ka ’na eaba letsoalo la hae le ne le sa mo khathatse ka nako eo. Empa ho totobetse hore le ne le sa sebetse hantle. Pauluse o ile a re: “Ke ne ke hloka tsebo ’me ke etsa ka ho hloka tumelo.” (1 Timothea 1:13) Kahoo taba feela ea hore boithabiso bo itseng ha bo khathatse matsoalo a rōna hase tiiso ea hore re entse khetho e nepahetseng. Ke letsoalo le phetseng hantle feela le koetlisitsoeng ka ho loketseng ke Lentsoe la Molimo le ka re fang tataiso e sireletsehileng.
14 E le hore re qobe ho ithetsa, ho na le litlhahiso tse ’maloa tse thusang tseo re lokelang ho li hopola. Itlhahlobe ka thapelo. (Pesaleme ea 26:2; 2 Bakorinthe 13:5) Ho itlhahloba ka botšepehi ho ka ’na ha u senolela hore u lokela ho etsa liphetoho tse itseng ponong ea hao kapa tseleng eo u etsang lintho ka eona. Mamela ba bang. (Jakobo 1:19) Kaha ha motho a itlhahloba o sekamela maikutlong a hae, ke bohlale ho mamela keletso e se nang leeme ea Bakreste-’moho le uena ba hōlileng tsebong. Haeba u etsa liqeto kapa lintho ka tsela e belaetsang balumeli-’moho le uena ba etsang lintho ka tsela e leka-lekaneng le ba nang le phihlelo, u ka ’na ua ipotsa, ‘Na ebe mohlomong letsoalo la ka ha lea koetlisoa ka ho loketseng kapa pelo ea ka ea nthetsa?’ Iphepe kamehla ka Bibele le ka lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng. (Pesaleme ea 1:2) Ho etsa joalo ho tla u thusa hore u lule u e-na le menahano, boikemisetso le maikutlo a lumellanang le melao-motheo ea Molimo.
Itebele Khahlanong le Mashano a Satane
15, 16. (a) Satane o sebelisa mashano afe e le ho leka ho re thetsa? (b) Re ka qoba ho thetsoa ke mashano a joalo joang?
15 Satane o sebelisa mashano a sa tšoaneng ka boiteko ba ho re thetsa. O leka ho re kholisa hore ho ba le lintho tse bonahalang ho tlisa thabo le khotsofalo, empa hangata ha ho joalo. (Moeklesia 5:10-12) O batla hore re lumele hore lefatše lena le khopo le tla ’ne le be teng ka ho sa feleng, le hoja ho e-na le bopaki bo hlakileng ba hore re phela “matsatsing a ho qetela.” (2 Timothea 3:1-5) Satane o hlohlelletsa maikutlo a hore ha ho kotsi ho hahamalla bophelo ba boitšoaro bo litšila, le hoja ba phehellang menyaka ba atisa ho kotula litholoana tse babang. (Bagalata 6:7) Re ka qoba ho thetsoa ke mashano a joalo joang?
16 Rua molemo mehlaleng e ka Bibeleng. Bibele e na le mehlala e lemosang ea batho ba ileng ba thetsoa ke mashano a Satane. Ba ile ba rata lintho tse bonahalang, ba lebala mehla eo ba phelang ho eona, kapa ba inehella boitšoaro bo litšila—’me seo sohle sa tlisa liphello tse babang. (Matheu 19:16-22; 24:36-42; Luka 16:14; 1 Bakorinthe 10:8-11) Ithute mehlaleng ea kajeno. Ka masoabi, ka linako tse ling Bakreste ba bang ba lahleheloa ke boikutlo ba bona ba ho potlaka ebe ba qala ho lumela hore ba lahleheloa ke ho hong ho molemo ha ba sebeletsa Molimo. Ba ka ’na ba furalla ’nete ba hahamalla bophelo boo ho thoeng ke ba monyaka. Leha ho le joalo, batho ba joalo ba “moo ho thellang,” kaha ha nako e ntse e ea ba tla kotula litholoana tsa boitšoaro ba bona boo e seng ba bomolimo. (Pesaleme ea 73:18, 19) Ke bohlale hore re ithute liphosong tsa ba bang.—Liproverbia 22:3.
17. Ke hobane’ng ha Satane a jala leshano la hore Jehova ha a re rate ebile ha a re nke re le ba bohlokoa?
17 Ho na le leshano le leng leo Satane a atlehileng ho le sebelisa—leshano la hore Jehova ha a re rate ebile ha a re nke re le ba bohlokoa. Satane o nkile lilemo tse likete a ithuta batho ba sa phethahalang. O tseba hantle hore ho nyahama ho ka re fokolisa. (Liproverbia 24:10) Kahoo, o jala leshano la hore ha re ba bohlokoa mahlong a Molimo. Haeba “re akheloa fatše” ’me re nka hore Jehova ha a re tsotelle, re ka ’na ra lekeha hore re tele. (2 Bakorinthe 4:9) Seo ke sona seo Mothetsi e moholo a se batlang! Joale, re ka itebela joang khahlanong le ho thetsoa ke leshano lee la Satane?
18. Bibele e re tiisetsa joang hore Jehova oa re rata?
18 Thuisa ka seo Bibele e se buang ka lerato leo Molimo a re ratang ka lona. Lentsoe la Molimo le sebelisa lipapiso tse ling tse amang maikutlo ho re tiisetsa hore Jehova oa re hlokomela le hore oa re rata re le batho ka bomong. O tšela meokho ea hao “ka lekukeng” la hae, e leng ho bolelang hore oa bona ebile o hopola meokho eo u e ntšang ha u ntse u leka ka matla ho lula u tšepahala. (Pesaleme ea 56:8) Oa tseba ha ‘pelo ea hao e robehile’ ’me o haufi le uena linakong tse joalo. (Pesaleme ea 34:18) O tseba sohle ka uena, ho akarelletsa le palo ea ‘moriri oa hlooho ea hao.’ (Matheu 10:29-31) Ho feta moo, Molimo ‘o fane ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši’ molemong oa hao. (Johanne 3:16; Bagalata 2:20) Ka linako tse ling, u ka ’na ua fumana ho le thata ho lumela hore litemana tseo li sebetsa ho uena ka ho toba. Empa re lokela ho kholoa seo Jehova a se buang. O batla hore re lumele hore oa re rata re le batho ka bomong eseng re le sehlopha feela.
19, 20. (a) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho hlokomela leshano la Satane la hore Jehova ha a u rate le hore u le furalle? (b) Molebeli e mong ea tsamaeang o thusitse batho ba nyahameng joang?
19 Hlokomela leshano ’me u le furalle. Haeba u tseba hore motho ea itseng o bua leshano, u khona ho itšireletsa hore u se ke ua thetsoa. Ka ho tšoanang, ho tseba hore Satane o batla hore u kholoe leshano la hore Jehova ha a u rate ka bohona e ka ba thuso e khōlō. Mokreste e mong ha a bua ka sehlooho sa Molula-Qhooa se neng se lemosa ka maqiti a Satane, o itse: “Ke ne ke sa hlokomele hore Satane o leka ho sebelisa maikutlo a ka ho ’nyahamisa. Ho tseba sena ho ntšusumelletsa ho loantša maikutlo ana.”
20 Nahana ka phihlelo ea molebeli ea tsamaeang naheng e ’ngoe ea Amerika Boroa. Ha a le maetong a hae a bolisa, a etela balumeli-’moho le eena ba nyahameng, o atisa ho ba botsa, ‘Na u lumela hore Molimo ke Boraro-bo-bong?’ Motho ea nyahameng o atisa ho araba ka ho re, ‘Che,’ kaha a hlokomela hore leo ke le leng la mashano a Satane. Ebe moholo eo ea tsamaeang oa botsa, ‘Na u lumela hore mollo oa lihele o teng?’ Le teng karabo e be, ‘Che!’ Ebe moholo enoa ea tsamaeang o ba bolella hore ho na le leshano le leng la Satane leo hangata le sa hlokomeleheng. O ba bontša leqephe la 249, serapa sa 21, bukeng ea Atamela ho Jehova,b e pepesang leshano la hore Jehova ha a re rate re le batho ka bomong. Molebeli enoa ea tsamaeang o tlaleha hore ho ba le liphello tse thabisang ha a thusa batho ba nyahameng ho hlokomela leshano lena la Satane le ho le furalla.
Itebele Khahlanong le Thetso
21, 22. Ke hobane’ng ha re se lefifing ka maqiti ao Satane a a sebelisang ho thetsa, hona re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?
21 Karolong ena e qetellang ea matsatsi a ho qetela, hase ho makatsang hore ebe Satane o tla tsoela pele ho ntša lethala la mashano le thetso. Rea leboha hore ebe Jehova ha aa re siea lefifing ka maqiti a thetsang a Satane. Bibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tsa “lekhoba le tšepahalang le le masene” li pepesa ka ho hlaka litsela tse khopo tseo Diabolose a li sebelisang. (Matheu 24:45) Ho li tseba esale pele hoa re hlomella.—2 Bakorinthe 2:11.
22 Ka hona, a re luleng re itebetse khahlanong le likhopolo tsa bakoenehi. E se eka re ka ikemisetsa ho qoba leraba le poteletseng la ho ithetsa. A re hlokomeleng mashano ’ohle a Satane le ho a furalla. Ka ho etsa joalo, re tla sireletsa kamano ea rōna le “Molimo oa ’nete,” ea hloileng thetso.—Pesaleme ea 31:5; Liproverbia 3:32.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Buka e ’ngoe ea litšupiso ha e bua ka sebōpeho sa leetsi le fetoletsoeng e le ‘ho khelosa’ ho Tšenolo 12:9 e re se “bontša ketso e tsoelang pele e seng e fetohile mokhoa.”
b E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
Na Ua Hopola?
• Ke hobane’ng ha thetso e atile hakaale lefatšeng kajeno?
• Re ka itebela joang khahlanong le ho thetsoa ke bakoenehi?
• Re ka itebela joang khahlanong le tšekamelo leha e le efe ea ho ithetsa?
• Re ka qoba joang ho thetsoa ke mashano a Satane?
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
U se ke ua ithetsa ha ho tluoa tabeng ea boithabiso
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
E le hore u itebele khahlanong le thetso, itlhahlobe ka thapelo, mamela ba bang, ’me u iphepe kamehla ka Lentsoe la Molimo