Tsela eo ka Eona re Bontšang Hore re Rata Molimo
HO HLAOLELA ho rata Molimo hase taba ea ho ithuta ka eena feela. Joalokaha bahlanka ba Molimo lefatšeng lohle ba ka paka, ho rata Molimo e le kannete ho hōla ha motho a ntse a tseba botho ba hae, ’me ho ba matla haholoanyane ha a tloaelana le seo Molimo a se ratang, seo a sa se rateng, seo a se nkang e le sa bohlokoa le seo a batlang hore motho a se etse.
Ka lerato, Jehova o re file Lentsoe la hae Bibele, eo ka ho eona a itšenolang hore na ke mang. Ka har’a eona, re ithuta kamoo Jehova a ileng a sebetsana le maemo a sa tšoaneng kateng. Feela joalokaha lengolo le tsoang ho motho eo re mo ratang le re thabisa, le Bibele ea re thabisa ha re qala ho bona tšobotsi e ’ngoe ea botho ba Jehova ka lekhetlo la pele.
Leha ho le joalo, joalokaha re ee re ’ne re hlokomele ha re le tšebeletsong ea phatlalatsa, hase kamehla ho ithuta ka Molimo ho etsang hore motho a Mo rate. Jesu o ile a re ho Bajuda ba bang ba mehleng ea hae ba se nang kananelo: “Le phenya Mangolo, hobane le nahana hore ka ’ona le tla ba le bophelo bo sa feleng; . . . empa ke tseba hantle hore ha le na lerato la Molimo ka ho lōna.” (Johanne 5:39, 42) Batho ba bang ba qeta lilemo-lemo ba ithuta ka liketso tsa Jehova tse lerato, leha ho le joalo, ha ba mo rate hakaalo. Hobane’ng? Hobane ba sitoa ho thuisa ka lintho tse akarelletsoang ke seo ba ithutang sona. Ka lehlakoreng le leng, batho ba limilione ba tšepahalang bao re ithutang Bibele le bona baa elelloa hore lerato la bona ho Molimo le tsoela pele ho hōla. Hobane’ng? Hobane, joalokaha re entse, le bona ba latela mohlala oa Asafe. Ka tsela efe?
E-ba le Kananelo ha U Thuisa
Asafe o ile a ikemisetsa ho hlaolela ho rata Jehova ka pelong ea hae. O ile a ngola tjena: “Ke tla bontša ho tšoenyeha ka pelo ea ka, . . . ke tla hopola liketso tsa Jah; etsoe ke tla hopola ketso ea hao e hlollang ea khale. Ka sebele ke tla thuisa ka mosebetsi oohle oa hao, ke tla nahanisisa ka mesebetsi ea hao.” (Pesaleme ea 77:6, 11, 12) Ha motho a nahanisisa ka litsela tsa Jehova joaloka mopesaleme eo, lerato la hae ho Molimo le tla hōla.
Ho feta moo, ho hopola liphihlelo tseo re bileng le tsona ha re ntse re sebeletsa Jehova, ho matlafatsa kamano ea rōna le eena. Moapostola Pauluse o ile a bolela hore “re basebetsi-’moho” le Molimo, ’me setsoalle se ka ’nang sa e-ba teng pakeng tsa basebetsi-’moho ke se khethehileng haholo. (1 Bakorinthe 3:9) Ha re bontša ka mantsoe le ka liketso hore re rata Jehova, o ananela seo, ebile re thabisa pelo ea hae. (Liproverbia 27:11) Joale, ha re kōpa thuso ea Jehova ’me a re thusa hore re rarolle bothata bo itseng ka ho toba, rea tseba hore o na le rōna, joale lerato la rōna ho eena lea teba.
Ha batho ba bolellana maikutlo a bona, e ba metsoalle ea hlooho ea khomo. Ka ho tšoanang, ha re bolella Jehova hore na ke hobane’ng ha re inehetse ho eena, seo se matlafatsa lerato la rōna ho eena. Re tla iphumana re nahanisisa ka mantsoe a Jesu a reng: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle le ka matla a hao ’ohle.” (Mareka 12:30) Re ka etsa eng ho tiisa hore re tla tsoela pele ho rata Jehova ka lipelo tsa rōna tsohle, ka meea ea rōna eohle, ka likelello tsa rōna tsohle le ka matla a rōna ’ohle?
Ho Rata Jehova ka Lipelo Tsa Rōna Tsohle
Mangolo a bua ka pelo ea tšoantšetso, e leng motho oa ka hare—litakatso tsa rōna, mekhoa ea rōna le maikutlo a rōna. Kahoo, ho rata Jehova ka lipelo tsa rōna tsohle ho bolela hore ntho e ka sehloohong eo re lakatsang ho e etsa ke ho thabisa Molimo. (Pesaleme ea 86:11) Re bontša lerato le joalo ha re etsa hore botho ba rōna e be bo amohelehang ho eena. Re loanela ho etsisa Molimo ka ho ‘nyonya se khopo, re khomarela se molemo.’—Baroma 12:9.
Lerato la rōna ho Molimo le ama tsela eo re ikutloang ka eona ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ka mohlala, re ka ’na ra fumana hore mosebetsi oa rōna oa re thabisa kapa rea o thahasella, empa na lipelo tsa rōna li hona moo? Che. Kaha re rata Jehova ka lipelo tsa rōna tsohle, ntlha ea pele ke hore re basebeletsi ba Molimo. Ka ho tšoanang, re batla ho thabisa batsoali ba rōna, balekane ba rōna ba lenyalo le baokameli ba rōna, empa re bontša hore re rata Jehova ka lipelo tsa rōna tsohle ka ho batla hore ebe eena ea ka sehloohong eo re mo khahlisang. Ho phaella moo, ke eena ea tšoanelang ho tla pele lipelong tsa rōna.—Matheu 6:24; 10:37.
Ho Rata Jehova ka Meea ea Rōna Eohle
Ha e le hantle, ka Mangolong lentsoe “moea” le bolela motho kaofela hammoho le bophelo ba hae. Kahoo ho rata Jehova ka moea oohle ho bolela hore re mo rorisa ka bophelo ba rōna ebile re bontša hore rea mo rata.
Ke ’nete hore ho ka ’na ha e-ba le lintho tse ling bophelong tseo re li ratang, tse kang ho ithutela mosebetsi o itseng, ho ba le khoebo kapa ho hōlisa lelapa. Leha ho le joalo, ka nako e tšoanang re bontša hore re rata Jehova ka moea oohle ha re etsa lintho ka tsela ea hae le ha re tlohela lintho tse ling li le sebakeng se li loketseng bophelong ba rōna, ka ho etsa joalo, re tla be re ‘batla ’muso pele le ho loka ha hae.’ (Matheu 6:33) Borapeli ba moea oohle bo boetse bo bolela ho ba ba chesehang. Re bontša Jehova hore rea mo rata ka ho bolela molaetsa oa ’Muso ka cheseho, ka ho araba ka tsela e hahang ha re le libokeng kapa ka ho thusa bara le barali babo rōna ba Bakreste. Linthong tsohle, re lula re ‘etsa thato ea Molimo ka moea oohle.’—Baefese 6:6.
Jesu o ile a bontša hore o ne a rata Molimo ka moea oohle ka hore a itatole. O ile a etsa hore thato ea Molimo e tle pele ho litlhoko tsa hae. Jesu o ile a re khothalletsa ho latela mohlala oa hae. O itse: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a ke a itatole ’me a nke thupa ea hae ea tlhokofatso a ntatele a sa khaotse.” (Matheu 16:24, 25) Ho itatola ho bolela ho inehela. Ho bolela hore re rata Molimo haholo hoo re ipehang liatleng tsa hae, feela joalokaha Moiseraele oa mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele a ne a rata mong’a hae hoo a neng a itlama hore e tla ba lekhoba la hae ka linako tsohle. (Deuteronoma 15:16, 17) Ho nehela bophelo ba rōna ho Jehova ke bopaki bo kholisang ba hore rea mo rata.
Ho Rata Jehova ka Likelello Tsa Rōna Tsohle
Ho rata Jehova ka likelello tsa rōna tsohle ho bolela hore re etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe hore re utloisise botho ba Jehova, merero le melao ea hae. (Johanne 17:3; Liketso 17:11) Re bontša hore re rata Jehova ka ho sebelisa menahano ea rōna eohle ha re thusa batho ba bang hore le bona ba qetelle ba rata Jehova, re boetse re ho bontša ka ho ntlafatsa tsebo ea rōna ea ho ruta. Moapostola Petrose o ile a re khothatsa tjena: “Hlomellang likelello tsa lōna bakeng sa tšebetso.” (1 Petrose 1:13) Re boetse re leka ka matla hore re bontše ho thahasella batho ba bang, haholo-holo bahlanka-’moho le rōna ba Molimo. Re hlokomela maemo a bona ebile rea elelloa ha re lokela ho ba babatsa le ha ba hloka matšeliso.
Re bontša Jehova hore re mo rata ka likelello tsa rōna tsohle ka ho ikokobelletsa eena ka menahano ea rōna. Re leka ho talima lintho ka tsela eo a li talimang ka eona, ho mo ela hloko ha re etsa liqeto le ho tšepa hore tsela ea hae e molemo ka ho fetisisa. (Liproverbia 3:5, 6; Esaia 55:9; Bafilipi 2:3-7) Empa ha re ntse re tsoela pele ho bontša hore re rata Molimo, re ka sebelisa matla a rōna joang?
Ho Rata Jehova ka Matla a Rōna ’Ohle
Bacha ba bangata ka phuthehong ea Bokreste ba sebelisa matla a bona hore ba rorise Jehova. (Liproverbia 20:29; Moeklesia 12:1) Tsela e ’ngoe eo ka eona bacha ba bangata ba Bakreste ba bontšang hore ba rata Jehova ka lipelo tsa bona tsohle ke ka ho kenela tšebeletsong ea bopula-maliboho, e leng tšebeletso ea nako e tletseng. Bo-’mè ba bangata le bona ba etsa tšebeletso ena ha bana ba bona ba le likolong. Baholo ba tšepahalang ba etsang maeto a bolisa ba bile ba ntse ba hlokomela malapa a bona, ba bontša hore ba rata Jehova ka matla a bona ’ohle. (2 Bakorinthe 12:15) Jehova o fa ba mo tšepileng matla, e le hore ba ka bontša ka ho mo rorisa hore baa mo rata, ba sebelisa matla ’ohle ao ba nang le ’ona.—Esaia 40:29; Baheberu 6:11, 12.
Lerato le tla hōla ha le hlaoleloa hantle. Ke kahoo re tsoelang pele ho ipha nako ea ho thuisa. Re hopola seo Jehova a seng a re etselitse sona le hore na ke hobane’ng ha a tšoaneloa ke boinehelo ba rōna. Kaha re litloholo tse sa phethahalang tsa Adama, re ke ke ra tšoaneloa ke “lintho tseo Molimo a li lokiselitseng ba mo ratang,” empa re ka bontša hore re rata Jehova ka sohle seo re nang le sona. A re tsoeleng pele ho etsa joalo!—1 Bakorinthe 2:9.
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Re bontša hore re rata Molimo ka liketso tsa rōna