Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 4/1 maq. 20-23
  • Na U Tsepamisitse Mahlo Moputsong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Tsepamisitse Mahlo Moputsong?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Lula re Tsepamisitse Mahlo Moputsong
  • Ho Chorisa Pono ea Rōna ea Moea
  • Lula U Tsepamisitse Mahlo Joaloka Joshua
  • Tšepa Jehova, ’me U be Sebete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lula U E-na le Tšepo e Tiileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Talima ka ’Nģane ho Lintho Tseo U li Bonang!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Jehova o Putsa ba mo Batlang ka Tieo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 4/1 maq. 20-23

Na U Tsepamisitse Mahlo Moputsong?

LEFU leo le tsoela pele butle mahlong. Qalong, le fokotsa matla a motho a ho bona lintho tse ka mahlakoreng. Haeba le sa phekoloe, le ka nama ho fihlela le ama thaka ea leihlo. Qetellong, le ka etsa hore a foufale ka ho feletseng. Ke lefu lefe? Ke glaucoma—e leng sesosa se ka sehloohong sa bofofu.

Feela joalokaha mahlo a rōna a sebele a ka foufala butle re sa hlokomele, re ka sitoa ho bona ka tsela e ’ngoe ea bohlokoa le ho feta—e leng ka tsela ea moea. Ka hona, ke habohlokoa hore re lule re tsepamisitse mahlo linthong tsa moea.

Ho Lula re Tsepamisitse Mahlo Moputsong

E ’ngoe ea ‘lintho tseo re sa li boneng’ ka mahlo a rōna a sebele ke moputso o babatsehang oa bophelo bo sa feleng, boo Jehova a bo tšepisang batho ba hae ba tšepahalang. (2 Bakorinthe 4:18) Ke ’nete hore lebaka le ka sehloohong leo ka lona Bakreste ba sebeletsang Molimo ke hore baa mo rata. (Matheu 22:37) Leha ho le joalo, Jehova o batla hore re lebelle moputso oa rōna ka tjantjello. O batla hore re tsebe hore ke Ntate ea fanang ka seatla se bulehileng eo e leng “moputsi oa ba mo batlang ka tieo.” (Baheberu 11:6) Kahoo, ba hlileng ba tsebang Molimo ba bileng ba mo ratang ba ananela litlhohonolofatso tseo a li tšepisitseng ’me ba labalabela hore li phethahale.—Baroma 8:19, 24, 25.

Babali ba bangata ba koranta ena hammoho le mphato oa eona, Tsoha!, ba thabela litšoantšo tse bontšang lefatše le tlang la Paradeise. Ke ’nete hore ha re tsebe hantle hore na lefatše la Paradeise le tla shebahala joang, ’me litšoantšo tse hatisitsoeng li mpa feela li tšoantša lintlha tse thehiloeng litemaneng tsa Bibele tse kang tsa Esaia 11:6-9. Leha ho le joalo, mosali e mong oa Mokreste o ile a re: “Ha ke bona litšoantšo tsa Paradeise e tlang Molula-Qhooeng le Tsoheng!, ke li hlahloba ka hloko, joalokaha motho a hlahloba bukana e bontšang libaka tseo bahahlauli ba ka etelang ho tsona. Ke loanela ho ipona ke se ke le moo hobane ka sebele mona ke hona moo ke tšepileng ho ea phela teng ka nako ea Molimo e loketseng.”

Moapostola Pauluse o ne a ikutloa ka tsela e tšoanang ka ‘pitso ea hae ea holimo.’ O ne a sa inke e le ea seng a e finyeletse, kaha o ne a lokela ho ipaka a tšepahala ho isa bofelong. Empa o ne a tsoela pele ho “hahamalla linthong tse ka pele.” (Bafilipi 3:13, 14) Ka ho tšoanang, Jesu o ile a mamella lefu thupeng ea tlhokofatso “ka lebaka la thabo e neng e behiloe ka pel’a hae.”—Baheberu 12:2.

Na u kile ua belaela hore na ebe u tla kena lefatšeng le lecha? Ka sebele ho hotle hore re se ke ra itšepa ho tlōlisa, kaha ho fumana ha rōna moputso oa bophelo ho itšetlehile ka hore re lule re tšepahala ho isa bofelong. (Matheu 24:13) Leha ho le joalo, haeba re etsa sohle seo re ka se khonang ho finyella seo Molimo a se hlokang, re lokela ho kholiseha hore re tla fumana moputso. Hopola hore Jehova “ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Petrose 3:9) Haeba re tšepa Jehova, o tla re thusa ho finyella pakane ea rōna. Ka sebele, Molimo hase motho ea batlang mabaka a ka etsang hore ba lekang ka tieo ho mo khahlisa ba se ke ba tšoaneleha.—Pesaleme ea 103:8-11; 130:3, 4; Ezekiele 18:32.

Ho tseba hore na Jehova o ikutloa joang ka batho ba hae ho re fa tšepo—e leng tšobotsi ea bohlokoa joaloka tumelo. (1 Bakorinthe 13:13) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “tšepo” ka Bibeleng le fetisa mohopolo oa “ho lebella se setle” ka matla. A e-na le tšepo e joalo, moapostola Pauluse o ile a ngola: “Re lakatsa hore e mong le e mong oa lōna a bontše mafolofolo a tšoanang e le hore a be le kholiseho e feletseng ea tšepo ho fihlela bofelong, e le hore le se ke la noaboloha, empa le be baetsisi ba bao ka tumelo le ho se fele pelo ba ruang litšepiso.” (Baheberu 6:11, 12) Hlokomela hore haeba re tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi, re ka kholiseha hore tšepo ea rōna e tla phethahala. Ho fapana le lintho tse ngata tseo lefatše le behileng tšepo ho tsona, tšepo ena “ha e soetse.” (Baroma 5:5) Kahoo, re ka lula re e-na le tšepo e khanyang le e bonahalang ka ho hlaka joang?

Ho Chorisa Pono ea Rōna ea Moea

Re ke ke ra khona ho tsepamisa mahlo a rōna a sebele linthong tse peli ka nako e le ’ngoe. Hoa tšoana le ka pono ea rōna ea moea. Ka sebele ho tsepamisa mahlo linthong tsa tsamaiso ena ea hona joale ho tla etsa hore lefatše le lecha leo Molimo a le tšepisitseng le se ke la bonahala ka ho hlaka likelellong tsa rōna. Ka mor’a nako, setšoantšo sena se lerootho, se bonahalang se le thōko, e ka ba se sa ipiletseng kapa sa nyamela ho fihlela re se re sa se bone. Eo e ne e tla ba tlokotsi e kaakang! (Luka 21:34) Ka hona, ke habohlokoa hakaakang hore re lule re e-na le ‘leihlo le talimang nģa e le ’ngoe’—le lulang le tsepame ’Musong oa Molimo le moputsong oa bophelo bo sa feleng!—Matheu 6:22.

Ho lula re e-na le leihlo le talimang nģa e le ’ngoe ha ho bonolo kamehla. Mathata a letsatsi le letsatsi a re tlama hore re lebise tlhokomelo ea rōna ho ’ona, ’me ho ka ’na ha hlaha litšitiso—esita le liteko—bophelong ba rōna. Ha re le tlas’a maemo a joalo, ke joang re ka lulang re tsepamisitse mahlo ’Musong le lefatšeng le lecha leo Molimo a le tšepisitseng re sa hlokomolohe mesebetsi e meng e hlokahalang? A re hlahlobeng litsela tse tharo.

Ithute Lentsoe la Molimo letsatsi le leng le le leng. Ho bala Bibele kamehla le ho ithuta lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ho re thusa hore re lule re tsepamisitse likelello tsa rōna linthong tsa moea. Ke ’nete hore e ka ’na eaba re se re qetile lilemo re ithuta Lentsoe la Molimo, empa re tlameha ho tsoela pele ho ithuta lona, feela joalokaha ho hlokahala hore re tsoele pele ho ja lijo tsa nama e le hore re ’ne re phele. Ha re khaotse ho ja hobane feela re se re jele ka makhetlo a mangata nakong e fetileng. Kahoo, ho sa tsotellehe hore na re se re tloaetse Bibele hakae, ho hlokahala hore re ’ne re tsoele pele ho ja lijo tsa moea tse tsoang ho eona kamehla e le hore re lule re e-na le tšepo e khanyang le hore tumelo ea rōna le lerato la rōna li lule li le matla.—Pesaleme ea 1:1-3.

Thuisa ka Lentsoe la Molimo ka kananelo. Ke hobane’ng ha ho thuisa e le habohlokoa? Ka mabaka a mabeli. La pele, ho thuisa ho etsa hore re khone ho utloisisa ka ho feletseng seo re se balang le ho se ananela ho tloha pelong. La bobeli, ho thuisa ho etsa hore re se ke ra lebala Jehova, mesebetsi ea hae e babatsehang le tšepo eo a e behileng ka pel’a rōna. Ka mohlala: Baiseraele ba ileng ba tloha Egepeta le Moshe ba ile ba bona ka mahlo lipontšo tsa matla a Jehova a hlollang. Ba ile ba boela ba thabela tšireletso ea hae e lerato ha a ba isa lefeng la bona. Leha ho le joalo, hang ha Baiseraele ba fihla lefeelleng ba le tseleng e eang Naheng e Tšepisitsoeng ba ile ba qala ho belaela, ba bontša ho hloka tumelo ho tebileng. (Pesaleme ea 78:11-17) Bothata ba bona e ne e le bofe?

Batho ba ile ba khaotsa ho ameha ka Jehova le tšepo e babatsehang eo a neng a e behile ka pel’a bona ba ameha ka boiketlo boo ba neng ba ka bo fumana hang-hang le ka lintho tsa nama tseo ba li hlokang. Ho sa tsotellehe mehlolo le limakatso tseo ba neng ba li bone ka seqo, Baiseraele ba bangata ba ile ba fetoha babelaeli ba hlokang tumelo. Pesaleme ea 106:13 e re: “Ba lebala mesebetsi ea [Jehova] kapele.” Ho se tsotelle ho joalo ha ka boomo ho ile ha etsa hore moloko oo o se ke oa kena Naheng e Tšepisitsoeng.

Ka hona, ha u bala Mangolo kapa lithuso tsa ho ithuta Bibele, iphe nako ea ho thuisa ka seo u se balang. Ho nahanisisa ho joalo ke habohlokoa bakeng sa hore u phele hantle le hore u hōle moeeng. Ka mohlala, ha u bala Pesaleme ea 106, eo karolo ea eona e qotsitsoeng ka holimo, thuisa ka litšobotsi tsa Jehova. Lemoha kamoo a neng a bontša mamello le mohau kateng ho Baiseraele. Bona kamoo a ileng a etsa sohle seo a neng a ka se etsa ho ba thusa ho ea fihla Naheng e Tšepisitsoeng. Hlokomela kamoo ba ileng ba ’na ba tsoela pele ho mo fetohela. Nahana ka bohloko boo Jehova a ileng a bo utloa ha batho ba hlokang kananelo ba sa tsotelleng ba mo tlama hore a bontše mohau oa hae le mamello ea hae ka ho feletseng. Ho feta moo, ka hore re thuise ka temana ea 30 le ea 31—tse hlalosang khato e tiileng, e sebete ea ho emela se lokileng eo Finease a ileng a e nka—re tiisetsoa hore Jehova ha a lebale batho ba hae ba tšepahalang le hore o ba putsa haholo.

Sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba hao. Ha re ntse re latela melao-motheo ea Bibele, rea iponela hore keletso ea Jehova ea sebetsa. Liproverbia 3:5, 6 e re: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.” Nahana kamoo mekhoa ea batho ba bangata ea boitšoaro bo bobe e ba baketseng mathata kelellong, maikutlong le ’meleng kateng. Ka ho inehella menyaka ea motsotsoana, batho ba joalo ba kotula masoabi ka lilemo—esita le bophelong bohle ba bona. Ho fapana le moo, ba tsamaeang ‘tseleng e patisaneng’ ba se ba ntse ba latsoa hore na bophelo bo tla ba joang tsamaisong e ncha, ’me sena se ba khothalletsa hore ba tsoele pele ho tsamaea tseleng ea bophelo.—Matheu 7:13, 14; Pesaleme 34:8.

Ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho ka ’na ha e-ba thata. Ka linako tse ling, ho rarolla lintho ka tsela eo e seng ea Mangolo ho ka ’na ha bonahala eka ho tla lopolla motho kapele boemong bo boima. Ka mohlala, ha motho a le mathateng a lichelete, a ka ’na a lekeha hore a behe lintho tse amanang le ’Muso sebakeng sa bobeli. Leha ho le joalo, ba bontšang tumelo le ba lulang ba tsepamisitse mahlo linthong tsa moea ba tiisetsoa hore qetellong “lintho li tla tsamaea hantle ho ba tšabang Molimo oa ’nete.” (Moeklesia 8:12) Ka linako tse ling Mokreste a ka ’na a lokela ho sebetsa lihora tse ngata ho feta nako ea mosebetsi, empa le ka mohla a ke ke a tšoana le Esau, ea neng a nyelisa lintho tsa moea, a li nka e se tsa bohlokoa ho hang.—Genese 25:34; Baheberu 12:16.

Jesu o ile a hlalosa boikarabelo ba rōna re le Bakreste ka ho hlaka. Re lokela hore re ‘’ne re batle ’muso le ho loka ha Molimo pele.’ (Matheu 6:33) Haeba re etsa joalo, Jehova o tla re bontša lerato le kang la ntate ka ho tiisa hore re fumana lintho tse bonahalang tseo re li hlokang. Ka sebele ha a batle hore re ikimetse ka ho tšoenyeha ka lintho tseo a reng ke eena ea tla li hlokomela. Ho tšoenyeha ho joalo ho feteletseng ho ka tšoana le glaucoma ea moea—haeba e sa phekoloe, e tla fifatsa pono ea rōna butle-butle ho fihlela re se re ameha ka lintho tse bonahalang feela ’me qetellong e re foufatse moeeng. Haeba re tsoela pele re le boemong bo joalo, letsatsi la Jehova le tla re tlela “joaloka leraba.” Eo e ne e tla ba tlokotsi e kaakang!—Luka 21:34-36.

Lula U Tsepamisitse Mahlo Joaloka Joshua

A re bolokeng tšepo ea rōna ea ’Muso e khanyang e bonahala ka ho hlaka, re behe boikarabelo bo bong boo re nang le bona sebakeng sa bona se loketseng. Ka ho phehella ho ba le kemiso e tsitsitseng ea ho ithuta, ho thuisa le ho sebelisa melao-motheo ea Bibele, re ka lula re kholisehile ka tšepo ea rōna joaloka Joshua. Ka mor’a hore a etelle Iseraele pele ho kena Naheng e Tšepisitsoeng, o ile a re: “Le tseba hantle ka lipelo tsa lōna tsohle le ka meea ea lōna eohle hore ha ho lentsoe leha le le leng mantsoeng ’ohle a molemo ao Jehova Molimo oa lōna a le boleletseng ’ona le hlōlehileng ho phethahala. A phethahetse kaofela bakeng sa lōna. Ha ho lentsoe leha le le leng la ’ona le hlōlehileng ho phethahala.”—Joshua 23:14.

E se eka tšepo ea ’Muso e ka u matlafatsa, ea etsa hore u lule u thabile ha u ntse u e bonahatsa menahanong ea hao, maikutlong a hao, liqetong tsa hao le linthong tseo u li etsang.—Liproverbia 15:15; Baroma 12:12.

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Na u kile ua belaela hore na ebe u tla kena lefatšeng le lecha?

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Ho thuisa ke karolo ea bohlokoa ea ho ithuta Bibele

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Lula u tsepamisitse mahlo linthong tse amanang le ’Muso

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela