Matlafatsanang
“Ba fetohile thuso e matlafatsang ho ’na.”—BAKOLOSE 4:11.
1, 2. Ho sa tsotellehe likotsi, ke hobane’ng ha metsoalle ea Pauluse e ile ea mo etela chankaneng?
HO KA ba kotsi ho ba motsoalle oa motho ea sotlehileng chankaneng—le haeba motsoalle eo oa hao a kentsoe chankaneng ka leeme. Balebeli ba chankana ba ka ’na ba u belaella, ba sheba ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang ka leihlo le nchocho, ho tiisa hore u se ke ua etsa tlōlo ea molao. Kahoo, ho hloka sebete hore nako le nako u kopane le motsoalle oa hao le hore u mo etele chankaneng.
2 Leha ho le joalo, ke sona seo metsoalle e meng ea moapostola Pauluse e ileng ea se etsa lilemong tse fetileng tse ka bang 1 900. Ha ea ka ea tsilatsila ho etela Pauluse litlamong tsa chankana ho mo tšelisa le ho mo khothatsa kamoo a neng a hloka kateng le ho mo matlafatsa moeeng. Metsoalle ee e tšepahalang e ne e le bo-mang? Hona re ka ithuta eng ka sebete, botšepehi le botsoalle ba eona?—Liproverbia 17:17.
“Thuso e Matlafatsang”
3, 4. (a) Metsoalle e mehlano ea Pauluse ke bo-mang, ’me e ile ea fetoha eng ho eena? (b) “Thuso e matlafatsang” ke eng?
3 A re khutleleng morao hoo e ka bang selemong sa 60 C.E. Moapostola Pauluse o chankaneng Roma ka lebaka la ho qosoa ka bohata ho thoe o hlohlelletsa bofetoheli. (Liketso 24:5; 25:11, 12) Pauluse o qoolla Bakreste ba bahlano bao a bolelang hore ba ile ba mo tšehetsa: Tykikase, eo e neng e le moromuoa oa hae ea tsoang seterekeng sa Asia e bile e le “lekhoba-’moho [le eena] Moreneng”; Onesimase, ‘mor’abo ea tšepahalang le ea ratoang’ oa Kolose; Aristakase, oa Macedonia ea neng a tsoa Thesalonika le eo ka nako e ’ngoe e neng e le “moholehuoa-’moho” le Pauluse; Mareka, eo e neng e le motsoala oa Barnabase moromuoa-’moho le Pauluse le ea ileng a ngola Kosepele e bitsoang ka lebitso la hae; le Justuse, e mong oa bao moapostola Pauluse a neng a sebetsa le bona “bakeng sa ’muso oa Molimo.” Pauluse o bua tjena ka bana ba bahlano: “Ba fetohile thuso e matlafatsang ho ’na.”—Bakolose 4:7-11.
4 Pauluse o ile a bua polelo e matla ka thuso eo metsoalle ena ea hae e mehlano e tšepahalang e ileng ea mo etsetsa eona. O ile a sebelisa lentsoe la Segerike (pa·re·go·riʹa) le fetoletsoeng e le “thuso e matlafatsang,” ’me ka Bibeleng le fumanoa temaneng ena feela. Lentsoe lena le na le meelelo e mengata ’me le ne le sebelisoa ka ho khetheha litabeng tsa bongaka.a Le ka ngoloa e le ‘matšeliso, ho imoloha, khothatso, kapa ho thusa.’ Pauluse o ne a hloka ho matlafatsoa ka tsela eo, ’me ke sona seo banna bao ba bahlano ba ileng ba se etsa.
Lebaka Leo ka Lona Pauluse a Neng a Hloka “Thuso e Matlafatsang”
5. Ho sa tsotellehe hore Pauluse e ne e le moapostola, o ne a hloka eng, ’me bohle re hloka eng nako le nako?
5 Ho ka ’na ha makatsa batho ba bang hore le hoja Pauluse e ne e le moapostola, o ne a hloka ho matlafatsoa. ’Nete ke hore o ne a ho hloka. Ke ’nete hore Pauluse o ne a e-na le tumelo e matla, ’me o ne a pholohile ho hlekefetsoa hangata ’meleng, ‘ho otloa ka ho fetisisang,’ ‘ho ba makhatheng a lefu hangata’ le lintho tse ling tse bohloko. (2 Bakorinthe 11:23-27) Leha ho le joalo, e ne e le motho, ’me ho ba le nako eo ka eona batho bohle ba hlokang ho tšelisoa, ho matlafatsoa le ho tiisoa tumelong ke batho ba bang. Sena e ne e le ’nete le ka Jesu. Bosiung ba hae ba ho qetela, lengeloi le ile la itlhahisa ho eena Gethesemane ’me “la mo matlafatsa.”—Luka 22:43.
6, 7. (a) Ke bo-mang ba ileng ba soabisa Pauluse ha a le Roma, ’me ke bo-mang ba ileng ba mo khothatsa? (b) Barab’abo Pauluse ba Bakreste ba ile ba mo thusa ka eng ha a le Roma, kahoo ba bontša hore ke “thuso e matlafatsang”?
6 Pauluse le eena o ne a hloka ho matlafatsoa. Ha a ne a fihla Roma e le motlamuoa, batho ba morabe oa habo ha baa ka ba mo amohela ka mofuthu. Taba ke hore Bajuda bana ba ne ba sa amohele molaetsa oa ’Muso. Ka mor’a hore banna ba ka sehloohong ba Bajuda ba etele Pauluse sebakeng seo a neng a koaletsoe ho sona, tlaleho e ho Liketso e re: “Ba bang ba qala ho lumela lintho tse boleloang; ba bang ba ne ba sa lumele. Kahoo, kahobane ba ne ba sa lumellane, ba qala ho tloha.” (Liketso 28:17, 24, 25) E tlameha ebe ho se ananele ha bona mosa o sa tšoanelang oa Jehova ho ne ho utloisa Pauluse bohloko hakaakang! Maikutlo a hae a matla tabeng ena a ile a totobala lengolong leo a ileng a le ngolla phutheho ea Roma lilemong tse seng kae pele ho mona: “Ke na le mesarelo e meholo le bohloko bo sa khaotseng ka pelong ea ka. Etsoe ke ne nka lakatsa hore ebe ke ile ka khethoa ke le ea rohakiloeng ho Kreste molemong oa barab’eso [e leng, Bajuda], beng ka ’na ho ea ka nama.” (Baroma 9:2, 3) Leha ho le joalo, ha a le Roma o ile a fela a fumana metsoalle e tšepahalang le ea ’nete, eo sebete sa eona le lerato la eona li ileng tsa mo thoba pelo. E ne e le barab’abo ba moea ba ’makhonthe.
7 Bara bao babo ba bahlano e ile ea e-ba thuso e matlafatsang joang? Ha baa ka ba koekoetla Pauluse ka lebaka la litlamo tsa hae tsa chankana. Ho e-na le hoo, ba ile ba sebeletsa Pauluse ka boithatelo le ka lerato, ba mo etsetsa mesebetsi eo a neng a sa khone ho iketsetsa eona ka lebaka la ho koalloa chankaneng. Ka mohlala, ba ne ba sebetsa e le manģosa ’me ba isetsa liphutheho tse fapa-fapaneng mangolo a Pauluse le litaelo tseo a faneng ka tsona ka molomo; ba ne ba tlisetsa Pauluse litlaleho tse khothatsang tsa katleho ea barab’abo ba Roma le ba libakeng tse ling. Ho ka etsahala hore ebe ba ne ba mo fumanela lintho tse hlokahalang, tse kang liaparo tsa mariha, meqolo le lisebelisoa tsa ho ngola. (Baefese 6:21, 22; 2 Timothea 4:11-13) Liketso tseo tsohle tse thusang li ile tsa matlafatsa le ho khothatsa moapostola enoa ea neng a le chankaneng ka morero oa hore le eena e ka ba “thuso e matlafatsang” ho ba bang le ho liphutheho tsohle.—Baroma 1:11, 12.
Kamoo U ka Bang “Thuso e Matlafatsang” Kateng
8. Re ithuta eng tabeng ea hore Pauluse a lumele ka boikokobetso hore o hloka “thuso e matlafatsang”?
8 Re ka ithuta eng tlalehong ee ea Pauluse le basebetsi-’moho le eena ba bahlano? A re qoolleng thuto e le ’ngoe: Ho hloka sebete le boitelo ho thusa ba bang mahlomoleng a bona. Ho feta moo, ho hloka boikokobetso ho lumela hore re ka ’na ra hloka thuso ha re le matšoenyehong. Pauluse ha aa ka a lumela feela hore o hloka thuso empa o ile a e amohela ka tlhompho a ba a babatsa ba neng ba mo thusa. O ne a sa nke hore ha a amohela thuso ho ba bang o bontša bofokoli kapa oa itlotlolla, ’me le rōna re lokela ho mo etsisa. Haeba re ka re ha ho mohla re hlokang thuso e matlafatsang seo se ka bolela hore re na le matla a phahametseng a batho. Hopola hore mohlala oa Jesu o bontša hore ka linako tse ling ho ka ’na ha hlokahala hore le eena motho ea phethahetseng a hooe a kōpa thuso.—Baheberu 5:7.
9, 10. Ho ba le molemo ofe ha motho a lumela hore o hloka thuso, ’me see se ka ba le phello efe ka lapeng le ka phuthehong?
9 Ho ka ba le liphello tse molemo ha barab’abo rōna ba ikarabellang ba lumela hore ho na le moo ba fokolang teng le hore ba itšetlehile ka thuso e tsoang ho batho ba bang. (Jakobo 3:2) Ha barab’abo rōna ba ikarabellang ba lumela hore baa fokola, sena se matlafatsa maqhama pakeng tsa bona le ba taolong ea bona, se etsa hore ho be le puisano e mofuthu le e etsoang ka bolokolohi. Boikokobetso ba ba ithaopelang ho amohela thuso ke thuto e ka etsisoang ke ba bang ba hlokang thuso. Sena se bontša hore ba ikarabellang le bona ke batho ebile baa atameleha.—Moeklesia 7:20.
10 Ka mohlala, ha ngoana a sebetsana le mathata le liteko, a ka ’na a nolofalloa haholo ho amohela thuso ea batsoali ba hae ha a tseba hore le bona ba ile ba tobana le mathata a mofuta oo bongoaneng. (Bakolose 3:21) Ka tsela eo, ho ka buloa monyetla oa puisano e ntle pakeng tsa motsoali le ngoana. Sena se ka etsa hore motsoali a atlehe ka ho eketsehileng ha a fana ka tharollo ea Mangolo ’me ngoana a ka e amohela habonolo haholo. (Baefese 6:4) Ka tsela e tšoanang, litho tsa phutheho le tsona li tla itokisetsa ka ho eketsehileng ho amohela thuso ea baholo ha li hlokomela hore baholo le bona ba loana le mathata, tšabo le ho tsieleha. (Baroma 12:3; 1 Petrose 5:3) Joaloka tabeng ea bana, ho ka ba le puisano e ntle eo ho eona baholo ba ka fanang ka keletso ea Mangolo, eaba tumelo ea litho tsa phutheho ea matlafatsoa. Re lokela ho hopola hore hona joale bara le baralib’abo rōna ba hloka ho matlafatsoa ho feta neng kapa neng.—2 Timothea 3:1.
11. Ke hobane’ng ha batho ba bangata kajeno ba hloka “thuso e matlafatsang”?
11 Ho sa tsotellehe hore na re phela hokae, hore na re bo-mang, kapa hore na re hōlile hakae, ho na le linako tseo ka tsona kaofela re tla tobana le likhatello bophelong. Ke kamoo maemo a leng kateng lefatšeng kajeno. (Tšenolo 12:12) Maemo ana a re utloisang bohloko ’meleng kapa maikutlong a leka boleng ba tumelo ea rōna. Ho ka ’na ha hlaha maemo a lekang mosebetsing, sekolong, lapeng, kapa phuthehong. Khatello e ka ’na ea bakoa ke ho kula ka sekhahla kapa boemo bo ferekanyang ba nakong e fetileng. Haeba molekane oa lenyalo, moholo, kapa motsoalle a fana ka khothatso ka mantsoe a mosa a bontšang ho nahanela le ka liketso tse thusang—hoo e ka ba ho thobang hakaakang! Ka sebele, khothatso eo e tšoana le moriana letlalong le hlohlonang! Kahoo, haeba u hlokomela hore mor’eno e mong o boemong boo, e-ba thuso e matlafatsang ho eena. Kapa haeba u imetsoe ke bothata bo sithabetsang, kōpa thuso ho ba tšoanelehang moeeng.—Jakobo 5:14, 15.
Kamoo Phutheho e ka Thusang Kateng
12. Motho e mong le e mong ka phuthehong a ka etsa’ng ho matlafatsa barab’abo?
12 Bohle ka phuthehong, ho akarelletsa le bana, ba ka etsa ho hong ho matlafatsa ba bang. Ka mohlala, ha u ba teng kamehla libokeng le tšebeletsong ea tšimo, u tiisa tumelo ea ba bang haholo. (Baheberu 10:24, 25) Ha u ba teng kamehla tšebeletsong e halalelang, sena ke bopaki ba botšepehi ba hao ho Jehova ’me se bontša hore u lula u falimehile moeeng ho sa tsotellehe mathata ao u tobanang le ’ona. (Baefese 6:18) Ho ba teng kamehla ho ka ba le phello e matlafatsang ba bang.—Jakobo 2:18.
13. Ke hobane’ng ha ba bang ba ka ’na ba se ke ba kopanela tšebeletsong, ’me ho ka etsoa’ng ho ba thusa?
13 Ka linako tse ling, likhatello tsa bophelo kapa mathata a mang li ka etsa hore ba bang ba khoehlise tšebeletsong kapa ba se ke ba kopanela ho eona. (Mareka 4:18, 19) Ho ka etsahala hore ebe batho ba sa kopaneleng tšebeletsong ha ba sa bonahala libokeng tsa phutheho. Leha ho le joalo, mohlomong lipelong tsa bona ba sa ntse ba rata Molimo. Ho ka etsoa’ng ho matlafatsa tumelo ea bona? Baholo ba ka fana ka thuso e mosa ka ho ba etela. (Liketso 20:35) Litho tse ling tsa phutheho le tsona li ka kōptjoa hore li ba thuse. Boeti boo bo lerato e ka ’na ea e-ba thuso e hlokahalang ea ho tsosa ba fokolang tumelong.
14, 15. Pauluse o fana ka keletso efe mabapi le ho matlafatsa ba bang? Fana ka mohlala oa phutheho e ’ngoe e ileng ea sebelisa keletso ea hae.
14 Bibele e re khothatsa hore re ‘tšelise meea e tepeletseng maikutlo, re tšehetse ba fokolang.’ (1 Bathesalonika 5:14) Mohlomong “meea [eo] e tepeletseng maikutlo” e ikutloa e felloa ke sebete ’me ha e khone ho tobana le litšitiso tseo e nang le tsona ntle ho thuso ea motho e mong. Na u ka fana ka thuso eo? Polelo e reng, ‘tšehetsa ba fokolang’ e ’nile ea fetoleloa e le ‘ho tšoara ka tieo’ kapa ‘ho khomarela’ ba fokolang. Jehova o nka linku tsohle tsa hae e le tsa bohlokoa ebile oa li rata. Ha a li khelle tlaase, ’me ha ho tseo a batlang hore li tlohele ho mo sebeletsa. Na u ka thusa phutheho hore e ‘tšoare ka tieo’ ba fokolang moeeng ho fihlela ba matlafala ka ho eketsehileng?—Baheberu 2:1.
15 Moholo e mong o ile a etela banyalani ba bang ba neng ba e-na le lilemo tse tšeletseng ba sa kopanele tšebeletsong. Moholo enoa oa ngola o re: “Kameho e lerato le e mosa eo phutheho eohle e ileng ea ba bontša eona e ile ea e-ba le phello e matla hoo ba ileng ba susumeletseha ho khutlela mohlapeng.” Morali’abo rōna ea neng a e-na le lilemo tse tšeletseng a sa kopanele tšebeletsong o ile a ikutloa joang ka ho eteloa ke litho tsa phutheho? Hona joale o re: “Se ileng sa re thusa hore re boele re kopanele tšebeletsong ke hore barab’abo rōna ba neng ba re etela kapa baralib’abo rōna ba neng ba tsamaea le bona ha ho mohla ba ileng ba bontša boikutlo ba ho re ahlola kapa ba ho re nyatsa. Ho e-na le hoo, ba ne ba utloisisa ba bile ba fana ka khothatso e tsoang Mangolong.”
16. Ke mang ea lulang a ikemiselitse ho thusa ba hlokang ho matlafatsoa?
16 Ka sebele, Mokreste ea tšepahalang o thabela ho ba thuso e matlafatsang ho ba bang. ’Me ha maemo a ntse a fetoha bophelong ba rōna, e ka ’na ea e-ba rōna ka borōna ba matlafatsoang ke barab’abo rōna ka liketso. Leha ho le joalo, re lokela ho utloisisa hore ho ka ’na ha se ke ha e-ba le motho ea re thusang nakong eo re hlokang thuso ka eona. Ho sa tsotellehe seo, ho na le Mohloli o le mong oa matla o lulang o le teng kamehla, o ikemiselitseng ho re thusa ka linako tsohle—mohloli ona ke Jehova Molimo.—Pesaleme ea 27:10.
Jehova—Mohloli o Fetisisang oa Matla
17, 18. Jehova o ile a matlafatsa Mora oa hae, Jesu Kreste, ka litsela life?
17 Ha Jesu a ntse a khokhothetsoe thupeng, o ile a hooa a re: “Ntate, ke beha moea oa ka matsohong a hao.” (Luka 23:46) Eaba oa shoa. Lihora tse seng kae pele ho moo, o ne a tšoeroe eaba metsoalle ea hae e haufi e mo siea kherehloa, ’me ea baleha ka lebaka la tšabo. (Matheu 26:56) Jesu o ile a sala a le mong le Mohloli o le mong feela oa matla—e leng Ntat’ae oa leholimo. Leha ho le joalo, ho tšepa ha hae Jehova ha ea ka ea e-ba halefeela. Ho tšepahala ha Jesu ho Ntat’ae ho ile ha putsoa ka hore Jehova ka boeena a mo tšehetse ka botšepehi.—Pesaleme ea 18:25; Baheberu 7:26.
18 Nakong eohle ea tšebeletso eo Jesu a e entseng lefatšeng, Jehova o ile a fa Mora oa hae seo a neng a se hloka hore a tšepahale ho fihlela a e-shoa. Ka mohlala, nakoana ka mor’a kolobetso ea Jesu, eo ka eona a neng a bontša hore o qala tšebeletso, o ile a utloa lentsoe la Ntat’ae le bolelang hore oa amoheloa le le tiisang hore Oa mo rata. Ha Jesu a ne a hloka ho tšehetsoa, Jehova o ile a romela mangeloi hore a mo matlafatse. Ha Jesu a ne a tobane le teko e khōlō ka ho fetisisa qetellong ea bophelo ba hae ba lefatšeng, Jehova o ile a utloa ka kamohelo thapeli ea hae le kōpo ea hae e matla. Ka sebele sena sohle e ile ea e-ba thuso e matlafatsang ho Jesu.—Mareka 1:11, 13; Luka 22:43.
19, 20. Re ka kholiseha joang hore Jehova o tla re matlafatsa ha ho hlokahala?
19 Le ho rōna Jehova o batla ho ba Mohloli o ka sehloohong oa matla. (2 Likronike 16:9) Mohloli oa ’nete oa bonatla bohle bo boholo le matla ’ohle a maholo e ka ba thuso e re matlafatsang ha ho hlokahala. (Esaia 40:26) Ntoa, bofutsana, ho kula, lefu, kapa ho se phethahale ha rōna ka borōna ho ka re hatella haholo. Ha ho bonahala liteko tsa bophelo li re imela joaloka ‘sera se matla,’ Jehova e ka ba matla a rōna le bonatla ba rōna. (Pesaleme ea 18:17; Exoda 15:2) O na le ntho e matla e ka re thusang—e leng moea oa hae o halalelang. Ka moea oa hae, Jehova a ka “fana ka matla ho ea khathetseng” e le hore a ka “nyoloha ka mapheo a kang a ntsu.”—Esaia 40:29, 31.
20 Moea oa Molimo ke matla a maholo ka ho fetisisa bokahohleng. Pauluse o ile a re: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.” E, Ntat’a rōna ea lerato oa leholimo a ka re kenya “matla a fetang se tloaelehileng” e le hore re mamelle mathata ’ohle a bohloko ho fihlela a “etsa hore lintho tsohle li be ncha” Paradeiseng ea hae e haufi haholo eo a e tšepisitseng.—Bafilipi 4:13; 2 Bakorinthe 4:7; Tšenolo 21:4, 5.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Vine’s Complete Expository Dictionary of Old and New Testament Words, ea W. E. Vine, e re: “Lentsoe [pa·re·go·riʹa] ha le sebelisitsoe e le leetsi, le bolela meriana e kokobetsang bohloko.”
Na Ua Hopola?
• Barab’abo Pauluse ba Roma ba ile ba bontša joang hore ke “thuso e matlafatsang” ho eena?
• Re ka ba “thuso e matlafatsang” ka litsela life ka phuthehong
• Ke joang Jehova e leng Mohloli oa rōna o fetisisang oa matla?
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Barab’abo Pauluse ba ile ba bontša hore ke “thuso e matlafatsang” ho eena ka ho mo tšehetsa ka botšepehi, ka ho mo khothatsa le ka ho mo sebeletsa
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Baholo ba etella pele ho matlafatseng mohlape