Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Ke hobane’ng ha Davida, eo e neng e le mohlanka ea tšepahalang oa Jehova, a ile a lumella Mikale mosali oa hae hore a be le setšoantšo sa terafime, kapa molimo oa setšoantšo, joalokaha 1 Samuele 19:12, 13 e bontša?
Ntlha ea pele, a re hlahlobeng ho se hokae boitsebiso bo amehang tabeng ena. Ha mosali oa Davida a utloa ka morero oa Morena Saule oa ho bolaea Davida, o ile a nka khato hang-hang. Bibele e re: “Mikale a etsa hore Davida a theohe ka fensetere, e le hore a ka tsamaea ’me a balehe a phonyohe. Joale Mikale a nka setšoantšo sa terafime [seo kamoo ho bonahalang kateng se neng se lekana le motho se bile se bōpehile joaloka eena] ’me a se beha setulong se kang bethe, eaba o beha lesela la boea ba pōli sebakeng sa hlooho ea hae, ka mor’a moo a se koahela ka seaparo.” Ha manģosa a Saule a tla ho tla tšoara Davida, Mikale a re ho ’ona: “Oa kula.” Leqheka lena le ile la khanna nako, ’me Davida a khona ho phonyoha.—1 Samuele 19:11-16.
Se sibolotsoeng ke baepolli ba lintho tsa khale se fana ka maikutlo a hore mehleng ea boholo-holo, litšoantšo tsa terafime li ne li sa bolokeloe tšebeliso ea bolumeli feela empa li ne li bolokeloa le merero e itseng ea molao. Feela joalokaha mangolo a ngoliso ea setša le mangolo a kabo ea thepa ea mofu a tsebahatsa litokelo tsa motho tsa lefa kajeno, ho ne ho le joalo le ka litšoantšo tsa terafime nakong eo ea boholo-holo. Kamoo ho bonahalang kateng, maemong a mang a itseng ho ba le terafime ho ne ho ka fa mokhoenyana tokelo ea ho ja lefa ha mohoe a hlokahetse. Sena se ka ’na sa hlalosa hore na ke hobane’ng ha ketsahalong e ’ngoe pejana, Ragele a ile a nka litšoantšo tsa ntat’ae tsa terafime le hore na ke hobane’ng ha ntat’ae a ne a li batla ka mahlo a matšo. Ketsahalong eo, Jakobo, e leng monna oa Ragele, o ne a sa tsebe seo mosali oa hae a se entseng.—Genese 31:14-34.
Ha Baiseraele e e-ba sechaba, ba ile ba fuoa Melao e Leshome, ’me oa bobeli o ne o hanela ka ho khetheha ho etsoa ha melimo ea litšoantšo. (Exoda 20:4, 5) Hamorao, moprofeta Samuele o ile a bua ka tsela e sa tobang ka molao ona ha a bua le Morena Saule. O ile a re: “Borabele bo tšoana le sebe sa bonohe, ’me ho iketelletsa pele ka ho inkela molao matsohong ho tšoana le ho sebelisa matla a boselamose le terafime.” (1 Samuele 15:23) Ka lebaka lena, ha ho bonahale eka terafime e ne e sebelisoa litabeng tsa lefa Iseraele. Leha ho le joalo, ho bonahala eka tumela-khoela ena ea Bajuda ea boholo-holo e ile ea tsoela pele malapeng a mang a Baiseraele. (Baahloli 17:5, 6; 2 Marena 23:24) Hore ebe Mikale o ne a ntse a e-na le setšoantšo sa terafime thepeng ea hae ho fana ka maikutlo a hore pelo ea hae e ne e se ho Jehova ka ho feletseng. E ka ’na eaba Davida o ne a sa tsebe ka setšoantšo seo sa terafime kapa o ile a se lumella hobane Mikale e ne e le morali oa Morena Saule.
Maikutlo a Davida ka ho inehela ho Jehova a ’notši a bontšoa ke mantsoe a hae a reng: “Jehova o moholo ’me o lokela ho rorisoa haholo, o lokela ho tšajoa ho feta melimo e meng kaofela. Etsoe melimo eohle ea lichaba ke melimo ea lefeela. Ha e le Jehova, o entse maholimo.”—1 Likronike 16:25, 26.
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Molao oa bobeli ho e Leshome o ne o hanela ho etsoa ha melimo ea litšoantšo, e kang terafime e bontšitsoeng mona
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
From the book The Holy Land, Vol. II, 1859