Ho Sebetsa se Molemo Linakong Tse Thata
MOAPOSTOLA PAULUSE o ile a phehella: “A re sebetseng se molemo ho bohle, empa haholo-holo ho ba amanang le rōna tumelong.” (Bagalata 6:10) Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ho pota li leka ka matla ho sebelisa molao-motheo ona bophelong ba tsona, ho sebetsa se molemo ho bohle, haholo-holo ho balumeli-’moho le tsona. Sena se bonahala khafetsa linakong tse thata. A re hlahlobeng mehlala ea se sa tsoa etsahala linaheng tse tharo.
Ka December 2002, leholiotsoana le matla le ile la ruthutha Guam, le matha ka lebelo la lik’hilomithara tse fetang 300 ka hora. Matlo a mangata a ile a peperana, a mang ’ona a heleha ka ho feletseng. Ka potlako liphutheho tse ’maloa sebakeng seo li ile tsa hlophisa basebetsi ba hloekisang hore ba thuse malapa a Lipaki a senyehetsoeng haholo. Lekala la Guam le ile la fana ka thepa le basebetsi hore ho lokisoe mahae a senyehileng, ’me lekala la Hawaii la le tšehetsa. Ka mor’a libeke tse seng kae, ho ile ha fihla sehlopha sa babetli ba mapolanka ba tsoang Hawaii ba tlil’o thusa ka mosebetsi oa ho tsosolosa, ’me barab’abo rōna ba bang ba moo ba nka matsatsi a phomolo mosebetsing e le hore ba thuse sehlopha seo. Ho sebelisana hammoho ha bona ka thabo e ile ea e-ba bopaki ho bohle tikolohong eo.
Motseng o mong oa toropo Mandalay, Myanmar, mollo o ile oa qhoma haufi le Holo ea ’Muso. Pel’a teng ho ne ho e-na le ntlo ea morali’abo rōna ea neng a se a sa kopanele tšebeletsong le ba lelapa la hae. Moea o ne o fokela nģ’a ntlo ea hae, kahoo o ile a mathela holong ho ea kōpa thuso. Ka nako eo, ho ne ho ntse ho lokisoa holo, kahoo barab’abo rōna ba le bangata. Ba ile ba makala ha ba kopana le morali eo oabo rōna kaha ba ne ba sa tsebe hore o lula sebakeng seo. Ka potlako, barab’abo rōna ba ile ba thusa ho isa thepa ea lelapa leo moo ho sireletsehileng. Ha monna oa hae, eo e seng Paki, a utloa ka mollo oo, o ile a potlakela hae moo a ileng a fumana barab’abo rōna ba ntse ba thusa ba lelapa la hae. O ile a khahloa ke seo le ho se ananela, a ba a ikutloa a imolohile kaha hangata batho ba inkelang thepa ka likhoka ba nka menyetla ha maemo a le joalo. Ketso ena e mosa e entsoeng ke barab’abo rōna e ile ea susumelletsa morali eo oabo rōna le mora oa hae hore ba boele ba kopanele le phutheho ea Bokreste, ’me hona joale ba tla libokeng tsohle.
Selemong se fetileng sa tšebeletso, ba bangata Mozambique ba ile ba tobana le tlala ea boja-likata ka lebaka la komello le ho shoa ha lijalo. Ka potlako ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova sebakeng seo e ile ea fana ka lijo ho ba hlokang. Lijo li ne li ajoa Liholong Tsa ’Muso, ka linako tse ling ka mor’a liboka tsa phutheho. Morali’abo rōna e mong ea hōlisang bana a se na molekane o ile a re: “Ke tlile sebokeng mona ke nyahame, ke sa tsebe hore na ke il’o fepa bana eng ha re khutlela hae.” Thuso e lerato eo barab’abo rōna ba faneng ka eona e ile ea phakisa ea mo khothatsa. O ile a re: “Ho ’na e ne eka ke tsoho ea bafu!”
Lipaki li boetse li ‘sebetsa se molemo’ ka tsela ea moea ka ho buisana le ba bang ka molaetsa oa Bibele oa matšeliso le tšepo. Li lumellana le seo monna e mong ea bohlale oa boholo-holo a neng a se lumela: “Ha e le ea [mamelang bohlale ba bomolimo], o tla lula a sireletsehile ’me a ke ke a khathatsoa ke ho tšaba tlokotsi.”—Liproverbia 1:33.
[Litšoantšo tse leqepheng la 31]
1, 2. Ho ajoa ha lijo ho ba hlokang Mozambique
3, 4. Leholiotsoana le ile la senya matlo a mangata Guam
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Child, left: Andrea Booher/FEMA News Photo; woman, above: AP Photo/Pacific Daily News, Masako Watanabe